Ntoa ea ho Pholosa—Polanete ea Rōna
KA MONGOLLI OA TSOHA! SPAIN
YURY, ea phelang motseng oa Russia oa Karabash, o na le bana ba babeli, ’me baa kula ka bobeli ba bona. O tšoenyehile empa ha aa makala. Oa hlalosa: “Mona ha ho bana ba phelang hantle.” Batho ba Karabash ba hahlameloa ke chefo. Selemo se seng le se seng fektheri ea sebakeng seo e ntšetsa lithane tse 162 000 tsa lintho tse silafatsang moeeng—lithane tse robong bakeng sa monna, mosali le ngoana e mong le e mong ea phelang moo. Nikel le Monchegorsk tse leng Hloahloeng ea Kola, ka leboea ho Arctic Circle, “ke libaka tse peli tse khōlō ka ho fetisisa le tsa khale ka ho fetisisa lefatšeng tse qhibilisang nickel . . . tse ntšetsang likhase tse kotsi tsa tšepe e ngata le sulfur dioxide moeeng selemo le selemo ho feta lifektheri tsohle tse joaloka tsona Russia.”—The New York Times.
Moea ha oa hloeka Mexico City. Phuputso ea Dr. Margarita Castillejos e fumane hore esita le sebakeng seo ho lulang barui ho sona motseng oo, bana ba ne ba kula matsatsi a mane ho a mahlano. O ile a hlokomela: “Ho kula e se e le ntho e tloaelehileng ho bona.” O ile a re ntho e ’ngoe e ka sehloohong e ka behoang molato ke sesi se hohle se tsoang makoloing a likete-kete a phetheselang literateng tsa motse. Litekanyo tsa ozone li phahame ka makhetlo a mane ho feta tekanyetso ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo.
Australia kotsi ha e bonahale—empa le teng e ntse e le e bolaeang ka ho tšoanang. Hona joale bana ba lokela ho roala likatiba ha ba bapala mabaleng a sekolo. Ho senngoa ho hoholo ha tšireletso ea ozone Karolong e ka Boroa ea Lefatše ho entse hore batho ba Australia ba qale ho talima letsatsi e le sera e seng motsoalle. Ba se ba bone keketseho ea likankere tsa letlalo ka makhetlo a mararo.
Likarolong tse ling tsa lefatše, ho fumana metsi a lekaneng ke ntoa ea letsatsi le letsatsi. Ha Amalia a ne a e-na le lilemo tse 13, komello e ile ea e-ba teng Mozambique. Metsi a ne a haella selemong sa pele ’me a ne a le sieo selemong se latelang. Lijalo li ile tsa pona le ho shoa. Amalia le ba lelapa labo ba ile ba qobelleha hore ba je litholoana tsa naheng le ho fata mabōpong a linōka bakeng sa metsi a bohlokoa ao ba neng ba ka a fumana.
Seterekeng sa India sa Rajasthan, lekhulo le nyamela ka potlako. Phagu, setho sa morabe oa bo-hloma-u-hlomole, hangata o lula a tsekisana le balemi ba sebakeng seo. Ha a fumane lekhulo bakeng sa mohlape oa hae oa linku le lipōli. Ka lebaka la khaello e tsoelang pele ea masimo a chai, ho lulisana hammoho ka khotso ha lilemo tse makholo mahareng a balemi le bo-hloma-u-hlomole ho senyehile.
Boemo bo bobe le ho feta Sahel, masaba-sabeng a fokolloang ke pula moeling o ka boroa oa Sahara, Afrika. Ka lebaka la ho senngoa ha meru le komello ho ileng ha latela, mehlape eohle e ile ea shoa ’me liratsoana tsa koaheloa ke lehlabathe la lehoatata le ntseng le eketseha. Molemi oa Mofula oa Niger ka mor’a ho bona lijalo tsa hae tsa nyalothe li senyeha ka lekhetlo la bosupa o ile a ikana ka hore: “Nke ke ka hlola ke lema hape.” Likhomo tsa hae li ne li se li bolailoe ke ho hloka lekhulo.
Tšokelo e Hōlang
Likomello tsa morao tjena li na le litšobotsi tse tšosang tse tšoanang, chai e sa atleheng le moea o silafetseng o arubelitseng motse o mong le o mong o moholo. Ana ke matšoao a polanete e kulang, polanete e ke keng ea hlola e jara maima ’ohle ao motho a e imetsang ka ’ona.
Ha ho letho lefatšeng leo e leng la bohlokoa bakeng sa bophelo ba rōna ho feta moea oo re o phefumolohang, lijo tseo re li jang, le metsi ao re a noang. Ka masoabi, lintho tsena tsa bohlokoa tse tšehetsang bophelo lia silafatsoa kapa li ntse li kheketloa butle-butle—ke motho ka boeena. Boemo ba tikoloho linaheng tse ling e se e ntse e le bo sokelang bophelo. Joalokaha mopresidente oa mehleng oa Soviet, Mikhail Gorbachev a ile a hlalosa ka mokhoa o hlakileng, “mathata a ecology a sokela boteng ba rōna ka ho tebileng.”
Hase tšokelo e ka nkoang habobebe. Baahi ba lefatše ba eketseha ka sekhahla ’me matlotlo a fokolang a tlhaho a sebelisoa ho tlōla ka ho eketsehileng. Lester Brown, mopresidente oa Worldwatch Institute haufinyane o ile a hlalosa hore “tšokelo e khōlōhali bakeng sa bokamoso ba rōna hase tlhaselo ea sesole empa ke ho senyeha ha tikoloho ea polanete.” Na ho etsoa se lekaneng ho qoba tlokotsi?
Ntoa ea ho Sireletsa Polanete
Ho thata ho thusa lekhoba la tahi le kholisehileng hore ha le na bothata ba ho noa. Ka ho tšoanang, mohato oa pele oa ho ntlafatsa bophelo bo botle ba polanete ke ho hlokomela hore na bothata bo tebile hakae. Mohlomong, thuto e bile katleho e totobetseng mabapi le tikoloho lilemong tsa morao tjena. Batho ba bangata kajeno ba hlokomela ka ho hlakileng hore lefatše la rōna le ntse le futsanehisoa le ho silafatsoa—le hore ho tlameha ho etsoe ho hong ka sena. Tšokelo ea ho senyeha ha tikoloho hona joale e hlahella haholoanyane ho feta tšokelo ea ntoa ea nyutlelie.
Hase hore baeta-pele ba lefatše ba lebetse mathata ana. Lihlooho tse 118 tsa linaha li ile tsa e-ba teng Sebokeng sa Lefatše ka 1992, seo ho sona ho ileng ha nkoa mehato e seng mekae mabapi le ho sireletsa tikoloho le matlotlo a tlhaho a lefatše a ntseng a qepha. Linaha tse ngata li ile tsa saena selekane seo ho sona li ileng tsa lumela ho kenngoa tšebetsong ha tsamaiso ea ho tlaleha liphetoho ka carbon e ntšetsoang moeeng, pakane e le ho etsa hore ho ntšetsoa ha eona moeeng ho se ke ha phasalla bokamosong bo haufi. Hape li ile tsa nahana ka litsela tsa ho boloka palo e akaretsang ea mefuta ea limela le liphoofolo tsa polanete ea rōna. Ha hoa ka ha fihleloa tumellano mabapi le ho sireletsa meru ea lefatše, empa seboka se ile sa hlahisa litokomane tse peli—ea “Rio Declaration” le “Agenda 21,” tse nang le melao e tataisang linaha kamoo li ka finyellang “tsoelo-pele e tiileng.”
Joalokaha setsebi sa tikoloho Allen Hammond se bontša, “teko e khōlō e tla ba hore na boitlamo bo entsoeng Rio boa bolokoa—le hore na mantsoe ao a buuoeng ka sebete a tla isa liketsong likhoeling le lilemong tse larileng kapele.”
Leha ho le joalo, mohato o hlokomelehang o eang pele, e bile 1987 Montreal Protocol, e neng e ama tumellano ea machaba ea ho khaotsa ho sebelisoa ha li-chlorofluorocarbon (li-CFC) ka nako e behiloeng.a Ke hobane’ng ha ho e-na le ngongoreho? Hobane ho boleloa hore li-CFC li tlatsetsa ka potlako ho fokolisa lera la ozone le sireletsang lefatše. Ozone tikolohong ea sepaka-paka se ka holim’a lefatše e phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa ho thibela mahlaseli a kotsi a lefatše, a ka bakang kankere ea letlalo le ho senya lera la mahlo. Bona hase bothata ba Australia feela. Haufinyane, litsebi tsa saense li ile tsa lemoha ho theoha ho etsang karolo ea 8 lekholong tekanyong ea ozone mariha libakeng tse itekanetseng ka mocheso le mohatsela Karolong e ka Leboea ea Lefatše. Moea o se o isitse lithane tse limilione tse 20 tsa li-CFC karolong e holimo haholo ea sepaka-paka.
Ka lebaka la ho tobana le ho silafala ho kotsi ha tikoloho, lichaba tsa lefatše li ile tsa behella liphapang tsa tsona ka thōko ’me tsa nka khato e tiileng. Khato e ’ngoe ea machaba le eona e tseleng ho sireletsa mefuta e kotsing, ho Antarctica le ho laola khoebo ea litšila tse chefo.
Linaha tse ngata li nka mehato ea ho hloekisa linōka tsa tsona (hona joale tlhapi e bitsoang salmon e khutletse Nōkeng ea Thames, Engelane), ho laola tšilafalo ea moea (e ile ea fokotseha ka karolo ea 10 lekholong metseng ea United States e nang le sesi se bakoang ke lik’hemik’hale tse kotsi ka ho fetisisa), ho kha mehloling ea matla e sa senyeng tikoloho (karolo ea 80 lekholong ea mahae a Iceland e futhumatsoa ka matla a mocheso o tsoang mpeng ea lefatše), le ho boloka lefa la tsona la tlhaho (Costa Rica le Namibia li fetotse sebaka se etsang karolo ea 12 lekholong sa naha ea tsona lirapa tsa sechaba tsa boikhathollo).
Na lipontšo tsena tse ntle li paka hore moloko oa batho o nka kotsi ka ho teba? Na e se e le feela taba ea hore ho fete nako e itseng hore polanete ea rōna e khutlele bophelong bo botle hape? Lihlooho tse latelang li tla leka ho araba lipotso tseo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li-CFC li se li ’nile tsa sebelisoa haholo ho li-spray tsa aerosol, lihatsetsing, likaroloaneng tsa mechine e fehlang moea o pholileng kapa o futhumetseng, metsoako ea ho hloekisa le liindastering tsa foam insulation. Bona Awake! ea December 22, 1994, “When Our Atmosphere Is Damaged.”