Polanete ea Rōna e Senyehang Habonolo—Ho Tla Etsahala’ng Nakong e Tlang?
LILEMONG tse 200 tse fetileng, setsebi sa Leamerika ho tsa lipolotiki Patrick Henry se ile sa re: “Tsela feela ea ho bolela bokamoso esale pele ke ka ho hlahloba liketsahalo tse fetileng.” Ka nako e fetileng, motho o ile a hatakela tikoloho. Na o tla fetoha nakong e tlang? Ho fihlela hajoale, lipontšo hase tse khothatsang.
Le hoja ho se ho entsoe khatelo-pele e babatsehang, boholo ba eona ke moritaoke feela. Haeba ntlo e e-na le lehong le fatiloeng ke likokoanyana, ho penta mapolanka ho ke ke ha thibela ho soahlamana ha eona. E ka bolokoa feela ka ho boela e lokisoa ka ho feletseng. Ka ho tšoanang, ho lokela hore hape ho lokisoe tsela eo ka eona motho a sebelisang polanete ena. Ho leka ho lokisa moo ho senyehileng feela ha hoa lekana.
Ha se hlahloba liphello tsa lilemo tse 20 tsa ho laola tikoloho United States, setsebi se seng se ile sa etsa qeto ea hore “ho hlasela tikoloho ho ke ke ha laoloa ka katleho, empa ho lokela ho thibeloa.” Ka ho totobetseng, ho thibela tšilafalo ho molemo haholo ho feta ho phekola liphello tsa eona tse mpe. Empa ho finyella pakane e joalo ka sebele ho ne ho tla hloka phetoho ea motheo bathong le thahasellong e lebisang likhoebong tse khōlō. Buka e bitsoang Caring for the Earth ea lumela hore ho hlokomela lefatše ho hloka “melao-motheo, moruo le mekhatlo e fapaneng ho e mengata e atileng kajeno.” Ke melao-motheo efe e meng eo ho hlokahalang hore e fetoloe molemong oa ho pholosa polanete?
Lisosa Tse Metseng ka Metso Tse Bakang Maqakabetsi
Boithati. Ho beha lithahasello tsa polanete ka pele ho tsa batho ba hanyapetsang ke mohato oa pele o hlokahalang mabapi le ho sireletsa tikoloho. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba utloisise ho tlohela tsela ea bophelo ea borui, esita le hoja e ka ’na ea senya polanete ena bakeng sa meloko e tlang. Ha ’muso oa Netherlands—e ’ngoe ea linaha tse silafetseng ka ho fetisisa tsa Bophirimela tsa Europe—o ne o leka ho fokotsa ho tsamaea ka makoloi e le karolo ea letšolo le khahlanong le tšilafalo, khanyetso e pharaletseng e ile ea sitisa morero oo. Le hoja litsela tsa Netherlands e le tse nang le tšubuhlellano e fetisisang lefatšeng, bo-ramakoloi ba ne ba sa ikemisetsa ho tela tokoloho ea ho tsamaea ka makoloi a bona.
Lithahasello tsa boithati li ama ba etsang liqeto hammoho le sechaba ka kakaretso. Bo-ralipolotiki ba leqe ho kenya tšebetsong leano le ka ’nang la etsa hore ba se vouteloe, bo-raliindasteri ba sitisa litlhahiso leha e le life tse ka ’nang tsa sokela liphaello le ho hōla ha moruo.
Meharo. Tabeng ea ho khetha lipakeng tsa liphaello le ho baballoa ha lintho, kamehla chelete e na le matla le tšusumetso e khōloanyane. Liindasteri tse matla li susumetsa ba boholong ho nyenyefatsa ho laoloa ha tšilafalo kapa ho qoba melao ea ’muso ka ho feletseng. Tšenyo e entsoeng ho lera la ozone e bontša mohlala oa sena. Ho tla fihla morao-rao ka March 1988, molula-setulo oa k’hamphani e khōlō ea lik’hemik’hale ea United States o ile a re: “Hona joale, bopaki ba saense ha bo bontše tlhokahalo e khōlō ea ho fokotsa CFC e tsoelang moeeng.”
Leha ho le joalo, k’hamphani eona eo, e ile ea buella hore ho hang ho khaotsoe ho hlahisoa ha li-chlorofluorocarbon (li-CFC). Na e ne e le ho fetola boemo? Mostafa Tolba, mookameli-kakaretso oa Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng (UNEP) o ile a hlalosa: “Ha ho na moo ho amanang teng le hore na tikoloho ea senngoa kapa che. Ho ne ho le [mabapi] le hore na ke mang ea tla haisa ba bang [moruong].” Hona joale litsebi tse ngata tsa saense lia hlokomela hore tšenyo ea lera la ozone ke e ’ngoe ea likoluoa tse mpe ka ho fetisisa tsa tikoloho tse bakiloeng ke motho historing.
Ho hloka tsebo. Seo re se tsebang ke lefeela ha se bapisoa le seo re sa se tsebeng. Mookameli oa Missouri Botanical Garden, Peter H. Raven, oa hlalosa: “Re sa ntse re tseba ho fokolang haholo ka ho hongata ho amanang le bophelo merung ea linaha tse chesang, tse mongobo. Ho makatsang ke hore re tseba ho hongata—ho hongata haholo—ka khoeli.” Se tšoanang ke ’nete mabapi le tikoloho. Ke carbon dioxide e ngata hakae eo re ka ’nang ra e ntšetsa sebakeng re sa ame boemo ba leholimo lefatšeng ka bophara? Ha ho ea tsebang. Empa joalokaha makasine ea Time e boletse, “ke bohlasoa ho beha tlhaho tlas’a liteko tse khōlōhali joalo tseo qetello ea tsona e sa tsejoeng le liphello tse ka etsahalang e le tse tšosang haholo ho nahana ka tsona.”
Ho ea ka likhakanyo tsa UNEP, ho bonolo hore ho senyeha ha ozone ho elella qetellong ea leshome lena la lilemo ho tla qetella ho bakile makholo a likete a batho ba tšoaroang ke kankere e ncha ea letlalo selemo le selemo. Liphello lijalong le tšoasong ea litlhapi li ntse li e-s’o tsejoe, empa tebello ke hore e ka ba tse khōlōhali.
Ho hloka ponelo-pele. Ho fapana le likoluoa tse ling, mathata a tikoloho a re khukhunela ka bolotsana. Sena se sitisa liteko tsa ho qapa bohato bo momahaneng pele tšenyo ea nako e telele e ka etsoa. Buka e bitsoang Saving the Planet e bapisa boemo ba rōna ba hona joale le ba baeti ba ileng ba timela ha Titanic e soahlamana ka 1912: “Ke ba seng bakae ba ileng ba lemoha boholo ba tlokotsi e ka ’nang ea etsahala.” Bahlophisi ba lumela hore polanete e ka bolokoa feela haeba bo-ralipolotiki le bahoebi ba talimana le linnete ’me ba nahana ka litharollo tsa nako e telele ho e-na le melemo ea nakoana.
Maikutlo a boithati. Sebokeng sa Lefatše sa 1992, tona-khōlō ea Spain Felipe González o ile a supa hore “bothata bona ke ba lefatše lohle, ’me tharollo le eona e tlameha ho ba ea lefatše lohle.” Polelo eo ke ’nete, empa ho fumana litharollo tse amohelehang lefatšeng lohle ke mosebetsi o nyahamisang. Moemeli oa United States Sebokeng sa Lefatše ka mantsoe a tobileng o ile a re: “Maamerika a ke ke a tlohela mokhoa oa ’ona oa bophelo.” Ka lehlakoreng le leng, setsebi sa tikoloho sa Moindia Maneka Gandhi, se ile sa tletleba ka hore “ngoana a le mong oa Bophirimela o sebelisa lintho tse ka sebelisoang ke batho ba 125 ka Bochabela.” O ile a bolela hore “hoo e batlang e le tšenyeho eohle ea tikoloho ka Bochabela e teng ka lebaka la tšebeliso ea lintho ea Bophirimela.” Khafetsa boiteko ba machaba ba ho ntlafatsa tikoloho ha boa atleha ka lebaka la lithahasello tsa boithati tsa lichaba.
Ho sa tsotellehe mathata ana ’ohle a motheo, ho na le mabaka a ho lebella bokamoso ka tšepo. Le leng la ’ona ke tsamaiso ea matla a ho itšireletsa a polanete ea rōna.
Ho Phekola Lefatše
Joaloka ’mele oa motho, lefatše le na le matla a tsotehang a ho iphekola. Mohlala o khethehileng oa sena o etsahetse lekholong le fetileng la lilemo. Ka 1883 sehleke-hlekeng sa Indonesia sa Krakatau (Krakatoa) se foqohang seretse se chesang, ho ile ha e-ba le ho phatloha ho hoholo ho ileng ha utloahala lik’hilomithara tse 5000 ho tloha moo. Qubu ea boholo ba lik’hilomithara tse 21 e ile ea betsetsoa sebakeng, ’me karolo ea bobeli ea sehleke-hleke e ile ea nyamela ka tlas’a leoatle. Likhoeli tse robong hamorao letšoao feela la ntho e phelang e ne e le sekho se senyenyane ka ho fetisisa. Kajeno sehleke-hleke sohle se koahetsoe ke limela tse tlokomang tsa naheng e chesang, e mongobo, tseo ho tsona ho lulang makholo-kholo a mefuta ea linonyana, lianyesi, linoha le likokoanyana. Ha ho pelaelo hore ho hlaphoheloa hona ho ile ha tšehetsoa ke tšireletseho eo sehleke-hleke sena se e fumanang e le karolo ea Ujung Kulon National Park.
Tšenyo ea batho le eona e ka etsolloa. Haeba le ka fuoa nako, lefatše le ka iphekola. Potso ke hore, Na batho ba tla fa lefatše phomolo eo le e hlokang? Mohlomong ha ho joalo. Empa ho na le E Mong ea ikemiselitseng ho lumella polanete ea rōna hore e iphekole—Ea e bōpileng.
“Lefatše a le ke le Thabe”
Ha ho mohla Molimo a kileng a rera hore motho a senye lefatše. O ile a bolella Adama hore ‘a leme le ho lebela’ tšimo ea Edene. (Genese 2:15) Kameho ea Jehova bakeng sa hore tikoloho e sireletsoe e ile ea boela ea bonahala melaong e mengata eo a ileng a e fa Baiseraele. Ka mohlala, ba ile ba bolelloa hore ba lese tšimo hore e lale hang ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse supileng—selemong sa Sabbatha. (Exoda 23:10, 11) Ha khafetsa Baiseraele ba ne ba hlokomoloha molao ona le e meng ea bomolimo, qetellong Jehova o ile a lumella hore Bababylona ba hlokise naha baahi, eo joale e ileng ea e-ba lesupi ka lilemo tse 70 “ho fihlela lefatše le phetha Lisabatha tsa lona.” (2 Likronike 36:21) Ha ho talingoa mohlala ona oa histori, ha ho makatse ha Bibele e re Molimo o tla “senya ba senyang lefatše” e le hore lefatše le ka khutlela maemong a lona a pele ka mor’a hore motho a hlasele tikoloho ea lona.—Tšenolo 11:18.
Leha ho le joalo, khato eo e tla ba mohato oa pele feela. Joalokaha setsebi sa baeloji Barry Commoner se hlalosa ka ho nepahala, ho pholoha ha polanete ena, “ho itšetlehile ka ho lekanang ka ho khaotsa ho loantša tlhaho le ka hore re khaotse ho loantšana ka borōna.” Ho finyella pakane eo, batho ba lefatše ba tlameha ho “rutoa ke Morena” hore ba hlokomelane le ho hlokomela lehae la bona la lefatše. Ka lebaka leo, khotso ea bona e tla ba “kholo.”—Esaia 54:13.
Molimo o re tiisetsa hore ho tla nchafatsoa lefatše le tikoloho ea lona. Ho e-na le hore a tsoele pele ntle le ho khaotsa, mahoatata a tla ‘mela lipalesa joalo ka leshoma.’ (Esaia 35:1) Ho e-na le hore ho be le khaello ea lijo, “nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng.” (Pesaleme ea 72:16) Ho e-na le ho bolaoa ke tšilafalo, linōka tsa lefatše li tla ‘opa liatla.’—Pesaleme ea 98:8.
Phetoho e joalo e tla ba teng neng? Ha ‘Jehova a se a busa.’ (Pesaleme ea 96:10) Puso ea Molimo e tla tiisetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang lefatšeng tlhohonolofatso. Mopesaleme o re: “Lefatše a le ke le thabe. Leoatle a le ke le lume le tsohle tse ho lona; masimo a ke a nyakalle le tsohle tse ho ’ona. Joale lifate tsohle tsa meru li tla bina ka baka la thabo.”—Pesaleme ea 96:11, 12, New International Version.
Lefatše le hlohonolofalitsoeng ke ’Mōpi oa lona le le busoang ka ho loka le na le bokamoso bo khanyang. Bibele e hlalosa liphello: “Mohau le ’nete li teane, ho loka le khotso li akane; ’nete e mela lefatšeng, ’me ho loka ho talimile ho le maholimong. Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ea rōna e ntše litholoana tsa eona.” (Pesaleme ea 85:10-12) Ha letsatsi leo le chaba, polanete ea rōna e tla be e tsoile kotsing ka ho sa feleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Joaloka ’mele oa motho lefatše le na le matla a tsotehang a ho iphekola