Lefatše le ka Pholosoa!
LIHLOOHO tse fetileng li hlakisitse hore motho a ke ke a tsoela pele a sebelisa matlotlo a lefatše ka lebelo leo a a sebelisang ka lona hona joale. Ke ’nete hore baeta-pele ba lefatše ba entse boiteko bo babatsehang ho fokotsa tšilafalo, ho senngoa ha meru le mathata a mang a tikoloho. Ho qala ka Seboka sa Machaba a Kopaneng sa Tikoloho ea Batho ka 1972, se ileng sa lateloa ke liboka tse ling tse ileng tsa tšoaroa joalo-joalo, lichaba tse ka bang 163 li ile tsa kopana ho tšehetsa morero oo oa hore ho nkuoe bohato. Empa phello e ’nile ea e-ba efe? Motsamaisi ea ka sehloohong oa Setsi sa Molao oa Machaba oa Tikoloho, David Hunter, o re: “Ka masoabi, lilekane tsena tse ngata, mehato e fapaneng le litokomane tse ’nileng tsa ngoloa kaofela ha lia fetola bothata bo teng lefatšeng ba ho senngoa ha tikoloho.” Ha e le hantle, Hunter o phaella ka ho re, “ho bonahala boemo ba tikoloho kajeno bo batla bo le bobe ho feta kamoo bo neng bo le kateng ha ho ne ho tšoaroa Seboka sa Machaba a Kopaneng ka 1992.”
Ke hobane’ng ha ho bile le tsoelo-pele e fokolang hakaale ka mor’a lilemo tse fetang 30 tsa ho sebetsana le mathata a tikoloho? Lebaka le leng ke khōlo ea moruo. Meruo ea lichaba e itšetlehile ka hore na batho ba sebelisa chelete hakae. Seo se hloka hore likhoebo li hlahise lintho, ’me hore tsona li li hlahise, li hloka lihlahisoa tse tala. Ke bothata bo ipheta-phetang hoo tikoloho e qetellang e le eona e utloang bohloko. Joale tharollo ke eng?
Mehato e Fosahetseng
Bibele e hlalosa hore na ke hobane’ng ha boiteko ba motho ba ho ipusa bo ile ba hlōleha ka tsela e hlomolang pelo hakana. Moprofeta Jeremia o itse: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ka sebele mantsoe ao a ipakile e le ’nete!
Na u se u kile ua etela serapa sa lipalesa kapa serapa sa boikhathollo? Re thabela ho bona lifate, lihlahla le lipalesa tse ntle hakaakang! Leha ho le joalo, serapa sa lipalesa se lokisitsoeng hantle ha se itlhahele feela tjee. Litsebi tsa lirapa tsa lipalesa li qeta lihora tse ngata li faola lifate, li kuta mohloa le ho lokisa mobu oo ho lengoang lipalesa ho oona e le hore li hlahe hantle. Ak’u nahane feela hore na lehae la rōna le ne le tla shebahala joang haeba lefatše lohle le ne le ka hlokomeloa ka tsela e tšoanang e lerato joalokaha ho hlokomeloa serapa sa lipalesa!
Ha e le hantle, ’Mōpi oa rōna o ne a rerile hore polanete ea rōna e hlokomeloe ka tsela e joalo. Ho latela tlaleho ea pōpo e Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, e re: “Jehova Molimo a nka motho a mo beha serapeng sa Edene ho se lema le ho se hlokomela.” (Genese 2:15) Ho feta moo, lelapa la motho le ile la laeloa hore le se ke la hlokomela feela Edene empa ho atolosa Paradeise eo ea pele ho fihlela e tlala lefatše lohle.—Genese 1:28.
Ka masoabi, ho se mamele ha Adama le Eva ho ile ha ba etsa ba sa phethahalang ’me ba lahleheloa ke monyetla oa ho hlokomela le ho atolosa meeli ea Paradeise. (Genese 3:1-6, 23) Joaloka bana ba batho bao ba babeli ba pele, re futsitse sebe sa bona le ho se phethahale. (Baroma 5:12) Ho sebelisoa hampe ha matlotlo a lefatše ke mohlala o le mong feela oa boiteko bo fosahetseng ba motho ba ho ipusa. Ka ho hlakileng, mathata a moloko oa batho a ka nģ’ane ho matla a bona a hore ba ka a rarolla. Ho hlokahala thuso e tsoang mohloling o mong.
Tsela e Lebisang ho Lokiseng Lintho
Ha a sa le lefatšeng, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapela: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Bibele e ruta hore tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo, lefatše le tla tlisoa boemong ba paradeise. (Pesaleme ea 37:10, 11) Ka nako eo lifate le limela li tla beha litholoana tikolohong e hloekileng. (Pesaleme ea 72:16) Tlas’a tataiso ea Molimo lefatše le tla boela le hloekisoe tšilafalo ’me moloko oa batho o tla ithuta mokhoa oa ho phela tumellanong e feletseng le tikoloho. Re ka kholiseha joang ka seo?
Bibele e bolela hore lefatše “le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Ka nako ea Molimo e loketseng, bohle ba tla beng ba phela ba tla thabela mahlohonolo a sa feleng, ho akarelletsa le bophelo bo botle, lijo tse ngata le matlo a matle. Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka merero ea Molimo? Bua le ba bang ba Lipaki Tsa Jehova. Ba tla thabela ho u thusa ho bona ka Bibeleng hore Lefatše le ka pholosoa le hore le tla pholosoa!
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Tlas’a tataiso ea Molimo, moloko oa batho o tla tšoara tikoloho eo o phelang ho eona hantle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Girl and farmer: © Jeremy Horner/Panos Pictures