Bokahohle bo Susumetsang Tšabo
Seo Khopolo ea ho Phatloha ho Hoholo ha Matla e se Hlalosang—Seo e sa se Hlaloseng
HOSENG ho hong le ho hong e ba mohlolo. Ka hare-hare ho letsatsi le chabang hoseng, hydrogen e tsoakanngoa le helium litekanyong tsa mocheso oa likhato tse limilione. Karolong e bohareng ea letsatsi ho tsoa mahlaseli a X le a gamma ka matla a hlollang ’me a leba libakeng tse tikolohong ea letsatsi. Haeba letsatsi le ne le bonaletsa, mahlaseli ana a ne a tla phunyeletsa ho ea karolong e ka holimo e tobaneng le letsatsi ka metsotsoana e seng mekae e bataolang. Ho e-na le hoo, a qala ho tsoa athomong ka ’ngoe e tiileng ho ea ho e ’ngoe ea “sefokotsa-mocheso” oa letsatsi, ’me butle-butle a felloa ke matla. Ho feta matsatsi, libeke le makholo a lilemo. Lilemo tse likete hamorao, qetellong mahlaseli ana a kotsi a hlaha karolong e ka holimo ea letsatsi e le khanya e tšehla e kang lefafatsane le bobebe—a se a se na kotsi empa a loketse hantle bakeng sa ho koahela lefatše ka mofuthu oa ’ona.
Bosiu bo bong le bo bong e ba mohlolo ka ho tšoanang. Matsatsi a mang aa re phatsimela ho pholletsa le sepaka-paka se seholo sa sehlopha sa rōna sa linaleli. A na le mebala e mengata-ngata e sa tšoaneng, boholo, tekanyo ea mocheso le kamoo a teteaneng kateng. A mang a maholo ka ho fetisisa hoo haeba le leng la ’ona le ne le ka behoa karolong e bohareng ea letsatsi la rōna, ho neng ho ka sala e le lefatše la rōna ho ne ho tla ba ka har’a karolo e ka holimo ea naleli eo e khōlōhali. Matsatsi a mang a manyenyane, ke linaleli tse phatsimang hanyenyane—tse nyenyane ho feta lefatše la rōna, empa li le boima joaloka letsatsi la rōna. A mang a tla tsoela pele joalo ka khotso ka lilemo tse likete tse limilione. A mang a tsitsisoa hantle qalong ea ho phatloha ha linaleli tse khōlō tse tlang ho a senya ka ho feletseng, ’me ka bokhutšoanyane a phatsime ho feta sehlopha sohle sa rōna sa linaleli.
Batho ba boholo-holo ba ne ba hlalosa bokahohle ka ho bo tšoantšetsa ka liphoofolo tse tšosang tsa leoatleng le melimo e loanang, ka lidrakone le likolopata le litlou, ka lipalesa tsa mehalalitoe ea metsing le melimo e lorang. Hamorao, nakong ea ho bitsoang Mehla ea ho Beha Mabaka, melimo e ile ea nkeloa sebaka ke “bonohe” ba lipalo bo neng bo sa tsoa fumanoa le melao ea Newton. Hona joale re phela mehleng eo e seng ea lithoko le litšōmo tsa khale. Bana ba mehla ea kajeno ea athomo ba ikhethetse mohlala oa bona oa pōpo, e seng phoofolo e tšosang ea leoatleng ea boholo-holo, e seng “mochine” oa Newton, empa letšoao leo le laolang bohle la lekholong la bo20 la lilemo—bomo ea athomo. “’Mōpi” oa bona ke ho phatloha. Ba bitsa ho phatloha ha bona ha bokahohleng khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla.
Seo Khopolo ea ho Phatloha ho Hoholo ha Matla e se “Hlalosang”
Tlaleho e tloaelehileng ka ho fetisisa ea pono ea moloko ona mabapi le pōpo e bolela hore lilemong tse fetileng tse ka bang limilione tse likete tse 15 ho ea ho tse 20, bokahohle bo ne bo le sieo, le sebaka se feela se ne se le sieo. Ho se na nako, ho se na letho—ho se letho haese boemo bo teteaneng ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa, le bo bonyenyane ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa bo bitsoang boemo ba ho ba bonngoeng, bo ileng ba phatloha ho hlahisa bokahohle bo teng hona joale. Ho phatloha hona ho ile ha akareletsa nako e khutšoaane nakong ea karoloana ea pele ea motsotsoana ha bokahohle bo bonyenyane bo ne bo kokomoha, kapa bo atoloha, ’me seo se etsahala ka lebelo le fetang la khanya.
Nakong ea metsotso ea pele e ’maloa ea ho phatloha ho hoholo ha matla, ho qhibiliha ha nyutlelie ho ile ha etsahala bokahohleng bohle, ’me ha hlahisa metsoako ea hydrogen le helium eo hona joale ho ka lekanyetsoang bongata ba eona le bonyane karolo ea lithium e fumanehang sepaka-pakeng sa linaleli. Mohlomong ka mor’a lilemo tse 300 000, tekanyo ea mocheso ea khanare ea mollo ea bokahohleng bohle e ile ea theohela ka tlaasana ho tekanyo ea mocheso ea karolo e ka holimo ea letsatsi, e lumella lielektrone ho lula litselaneng tse pota-potileng liathomo ’me li ntša lehlaseli la li-photon, kapa khanya. Kajeno ho ka lekanngoa mocheso oa lehlaseli leno le ileng la hlaha ka lekhetlo la pele, le hoja tekanyo ea lona ea mocheso e batla e theohile, kaha mahlaseli a sa bonahaleng a bokahohleng a leng maqhubung a molumo a microwave a na le tekanyo ea mocheso e etsang 2,7 Kelvin.a Ha e le hantle, e bile ho sibolloa ha mahlaseli ana a sa bonahaleng ka 1964-65 ho ileng ha kholisa bo-rasaense ba bangata hore ho ne ho e-na le ho nepahala mabapi le khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla. Khopolo eo e boetse e bolela hore e hlalosa hore na ke hobane’ng ha bokahohle bo bonahala eka bo ntse bo atoloha ka litsela tsohle, ’me kamoo ho bonahalang kateng lihlopha tsa linaleli li ntse li nkile ka sekaja ho leba hōle le rōna le ho tloha sehlopheng ka seng sa tsona.
Kaha khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla e bonahala e hlalosa ho hongata hakana, ke hobane’ng ha re ka e belaela? Hobane ho boetse ho na le ho hongata hoo e sa ho hlaloseng. Ka mohlala: Setsebi sa linaleli sa boholo-holo Ptolemy o ne a e-na le khopolo ea hore letsatsi le lipolanete li ne li potoloha lefatše ka liphikoloho tse khōlō, li etsa liphikoloho tse nyenyane, tse bitsoang li-epicycle, ka nako e le ’ngoe. Khopolo eo e ne e bonahala e hlalosa ho tsamaea ha lipolanete. Ka makholo a lilemo ha litsebi tsa linaleli li ntse li bokella boitsebiso bo eketsehileng bo tšehetsang mabaka, kamehla litsebi tsa filosofi tse latelang khopolo-taba ea Ptolemy li ne li ekelletsa li-epicycle ho li-epicycle tse ling tsa tsona ’me li “hlalosa” boitsebiso bo bocha bo tšehetsang mabaka. Empa seo ha sea ka sa bolela hore khopolo eo e ne e nepahetse. Qetellong ho ne ho e-na le boitsebiso bo bongata ka ho fetisisa bo tšehetsang mabaka bo lokelang ho hlalosoa, ’me likhopolo tse ling, tse kang khopolo ea Copernicus ea hore lefatše le ne le potoloha letsatsi, li ile tsa hlalosa lintho hamolemo haholoanyane le ka tsela e bonolo haholoanyane. Kajeno ho thata ho fumana setsebi sa linaleli se latelang khopolo ea Ptolemy!
Moprofesa Fred Hoyle o ile a tšoantša boiteko ba litsebi tsa linaleli tse latelang khopolo ea Ptolemy tse lekang ho hloma bocha khopolo ea tsona e hlōlehang ha e tobane le litšibollo tse ncha le boiteko ba batho ba kajeno ba lumelang khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla ’me ba boloka khopolo ea bona e le e ka lumeloang. O ile a ngola bukeng ea hae The Intelligent Universe: “Boiteko bo boholo ba babatlisisi e ’nile ea e-ba ho pata likhanyetsano tse teng khopolong ea ho phatloha ho hoholo ha matla, ho haha khopolo e rarahaneng le ho feta le e thata.” Ka mor’a ho bua ka ho sa thuseng letho ka li-epicycle tsa Ptolemy tsa ho sireletsa khopolo ea hae, Hoyle o ile a tsoela pele: “Ha ke na qea-qeeo ho bolela hore ka lebaka leo hona joale khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla e setse e le tšokelong e kulisang. Joalokaha ke boletse pejana, ha tsela ea linnete e bapisoa le khopolo e itseng, phihlelo e bontša hore ke ka seoelo khopolo eo e hlaphoheloang.”—Leqepheng la 186.
Makasine ea New Scientist ea la 22/29 December, 1990, e ile ea pheta mehopolo e tšoanang: “Mokhoa oa Ptolemy o ’nile oa sebelisoa haholo . . . mohlaleng oa filosofi ea khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla.” Joale sehlooho sea botsa: “Re ka finyella tsoelo-pele ea sebele joang fisiksing ea matla a phahameng le filosofing ea khopolo e amanang le bokahohle? . . . Re tlameha ho bua ’nete le ho toba taba haholoanyane mabapi le hore likhopolo tse ling tsa rōna tse ratoang ka ho fetisisa ke lintho tse inahanetsoeng feela.” Hona joale ho hlahella lintho tse ncha tse hlokometsoeng.
Lipotso Tseo Khopolo ea ho Phatloha ho Hoholo ha Matla e sa li Arabeng
Phephetso e khōlō khopolong ea ho phatloha ho hoholo ha matla e hlahisitsoe ke litsebi tse hlahlobang tse sebelisang litšobotsi tse lokisitsoeng tsa saense ea ho ithuta ka khanya tsa Hubble Space Telescope bakeng sa ho lekanyetsa bolelele bo lipakeng tsa lihlopha tsa linaleli. Boitsebiso bo bocha bo tšehetsang mabaka bo etsa hore baqapi ba likhopolo-taba ba eme hlooho!
Haufinyane tjena setsebi sa linaleli Wendy Freedman le tse ling li ile tsa sebelisa Hubble Space Telescope ho lekanyetsa bolelele ba ho fihla sehlopheng sa linaleli se etsang bokahohle ka har’a sehlopha sa linaleli sa Virgo, ’me tekanyo ea hae e fana ka maikutlo a hore bokahohle bo ntse bo atoloha ka potlako, ’me ka hona bo bonyenyane ho feta kamoo pele ho neng ho nahanoa kateng. Ka June selemong se fetileng makasine ea Scientific American e ile ea tlaleha hore ha e le hantle, boitsebiso boo bo “bolela hore bokahohle bo na le lilemo tse ka bang limilione tse likete tse robeli.” Le hoja lilemo tse limilione tse likete tse robeli li utloahala eka ke nako e telele haholo, e batla e le halofo ea lilemo tseo hona joale ho hakanyetsoang hore bokahohle bo na le tsona. Sena se hlahisa bothata bo khethehileng, kaha, joalokaha tlaleho e tsoela pele ho hlokomelisa, “boitsebiso bo bong bo tšehetsang mabaka bo bontša hore linaleli tse ling bonyane li na le lilemo tse limilione tse likete tse 14.” Haeba lipalo tsa Freedman li ipaka e le ’nete, linaleli tseo tsa khale li ne li tla ipaka li na le lilemo tse ngata ho feta ho phatloha ho hoholo ha matla ka bohona!
Ho sa ntse ho le joalo, bothata bo bong ba khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla bo hlahile bopaking bo ntseng bo eketseha ba “libaka tsa sepaka-pakeng tse se nang lihlopha tsa linaleli” bokahohleng tseo boholo ba tsona bo akaretsang limilione tse 100 tsa lebelo leo khanya e mathang ka lona ka selemo, tse nang le lihlopha tsa linaleli karolong e kantle, ka hare li se na letho. Margaret Geller, John Huchra le ba bang ba Harvard-Smithsonian Center ba lefapha la Fisiksi ea Linaleli ba fumane seo ba se bitsang lerako le leholo la lihlopha tsa linaleli le nang le bolelele boo khanya e ka mathang ho bona ka lilemo tse ka bang limilione tse 500 ho haola le karolo ea sepaka-paka e ka leboea. Sehlopha se seng sa litsebi tsa linaleli, se ileng sa tsejoa e le Seven Samurai (Bahlabani ba Supileng), se fumane bopaki ba sehlopha se fapaneng sa linaleli bokahohleng, seo se se bitsang Mohoheli e Moholo, se leng haufi le lihlopha tsa linaleli tsa Hydra le Centaurus. Litsebi tsa linaleli Marc Postman le Tod Lauer li lumela hore e tlameha ebe ntho e khōlō le ho feta e lutse ka ’nģane ho sehlopha sa linaleli sa Orion, e leng e bakelang lihlopha tse makholo tsa linaleli tsa bokahohleng, ho akarelletsa le sa rōna, hore li phalle ka tsela eo joaloka liketsoana tse tsamaeang ‘nōkeng ea mofuta oa eona ea sepaka-pakeng.’
Sebōpeho sena sohle sea makatsa. Litsebi tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle li bolela hore ho qhōma ho ileng ha hlaha ho phatloheng ho hoholo ha matla ho ne ho khutsitse haholo ’me ho sa fetohe, ho latela mahlaseli a sa hlahellang ao ho nahanoang hore ho ile ha a siea ka morao. Qaleho e khutsitseng joalo e ne e ka lebisa libōpehong tse khōlōhali le tse rarahaneng joalo joang? Scientific American e lumela hore, “lihlopha tsa linaleli tsa bokahohle tse ngata-ngata tse sa tsoa sibolloa le tse hohelang li matlafatsa sephiri sa hore na ke joang sebōpeho se nang le lintho tse ngata hakaalo se neng se ka bōptjoa ka lilemo tse limilione tse likete tse 15 tseo bokahohle bo nang le tsona”—e leng bothata bo mpefalang le ho feta ha Freedman le ba bang ba fokotsa haholoanyane lilemo tseo ho hakanyetsoang hore bokahohle bo na le tsona.
“Re Lahlehetsoe ke Karolo e Itseng ea Motheo”
Limmapa tse nang le mahlakore a mararo tsa Geller tse nang le lihlopha tse likete tsa linaleli tse khobokaneng, tse lohellaneng le tse ikentseng maqhutsu li fetotse monahano oa bo-rasaense ka bokahohle. Geller ha a iketse eka o utloisisa seo a se bonang. Matla a hohelang a lefatše ka booona feela a bonahala a sa khone ho hlalosa linaleli tsa hae tse ngata-ngata. Oa lumela: “Hangata ke ikutloa hore re lahlehetsoe ke karolo e itseng ea motheo boitekong ba rōna ba ho utloisisa sebōpeho sena.”
Geller o ile a qaqisa lipelaelo tsa hae tjena: “Ka ho hlakileng ha re tsebe ho hlalosa ka botlalo sebōpeho sena se seholo ka moelelo oa Khopolo ea ho Phatloha ho Hoholo ha Matla.” Litlhaloso tsa sebōpeho sa bokahohle tse etsoang ho itšetlehiloe ka ’mapa oa hona joale oa maholimo li hōle haholo le hore e ka ba tse tiileng—ho batla ho tšoana le ho etsa ’mapa oa lefatše lohle ho itšetlehiloe ka litekanyetso tse etselitsoeng Rhode Island, U.S.A. Geller o ile a tsoela pele: “Ka letsatsi le leng re tla fumana hore re ne re ntse re sa hlalose boitsebiso bo tšehetsang mabaka ka tsela e nepahetseng, ’me ha re hlokomela seo, bo tla bonahala bo totobetse haholo hoo re tlang ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha re sa ka ra nahana ka seo esale pele.”
Seo se lebisa potsong e khōlō ka ho fetisisa: Ke’ng seo ho nahanoang hore se bakile ho phatloha ho hoholo ha matla ka bohona? Mohlomphehi Andrei Linde, e mong oa baqapi ba khopolo e ratoang haholo ea hore bokahohle bo hlahile lefeela-feeleng e leng khopolo e tsamaisanang le ea ho phatloha ho hoholo ha matla, o lumela ka botšepehi hore khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla ha e bue ka potso ena ea motheo. O re: “Bothata ba pele le bo ka sehloohong, ke ho ba teng ha ho phatloha ho hoholo ha matla ka bohona. Motho a ka ’na a ipotsa, Ke’ng ho tlileng pele ho moo? Haeba nakong eo sepaka-paka le nako li ne li le sieo, ke joang lintho tsee tsohle li neng li ka hlaha nthong e sieo? . . . Ho hlalosa boemo bona ba ho ba bonngoeng—hore na bo qalile hokae le hore na neng—ho ntse ho lutse e le pharela e ke keng ea lokisoa ho hang ea filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle ea mehleng ea kajeno.”
Haufinyane tjena sehlooho se seng makasineng ea Discover se ile sa etsa qeto ea hore “ha ho setsebi sa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohleng se nang le kelello se ka bolelang hore Khopolo ea ho Phatloha ho Hoholo ha Matla ke khopolo-taba ea ho qetela.”
Joale ha re ke re tsoeleng kantle ’me re nahanisiseng ka botle le sephiri sa leholimo le tletseng linaleli.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kelvin ke tekanyo ea mocheso kapa mohatsela sekaleng, eo likhato tsa eona li tšoanang le likhato tsa Celsius sekaleng sa tekanyetso ea mocheso kapa mohatsela, ntle le moo, sekala sa Kelvin se qala ho ha-ho-letho, ke hore 0 K.—e leng ho lekanang le likhato tse -273,16 Celsius. Metsi a fetoha leqhoa tekanyong ea serame ea 273,16 K. ’me a bela tekanyong ea mocheso ea 373,16 K.
[Lebokose le leqepheng la 5]
LEBELO LA KHANYA KA SELEMO—MOTHEO OA HO LEKANYA BOKAHOHLE
Bokahohle bo boholo haholo hoo ho lekanya bolelele ba bona ka limaele kapa lik’hilomithara ho tšoanang le ho lekanya bolelele ba ho tloha London ho ea Tokyo ka micrometer (mochine o lekanyang bolelele ba lintho tse nyenyane haholo). Tekanyetso ea bolelele e loketseng haholoanyane ke ea lebelo la khanya ka selemo, e leng bolelele boo khanya e bo akaretsang ka selemo, kapa lik’hilomithara tse ka bang 9460 000 000 000. Kaha khanya ke ntho e mathang ka lebelo le leholo ka ho fetisisa bokahohleng ’me e hloka feela metsotsoana e 1,3 ho ea khoeling le metsotso e ka bang e 8 ho ea letsatsing, ka sebele lebelo la khanya ka selemo le ne le tla bonahala le le leholo!