Bokahohle bo Susumetsang Tšabo
‘Ho na le ho Hong ho Haellang’—Ke’ng?
KA MOR’A ho talima linaleli bosiung bo hlakileng, bo lefifi, re kena ka hare, re hatsetse ’me re ntse re panya-panya, likelello tsa rōna li ntse li nahana ka botle bo boholo le lipotso tse ngata-ngata. Ke hobane’ng ha bokahohle bo le teng? Bo tsoa hokae? Bo ea hokae? Tsena ke lipotso tseo ba bangata ba lekang ho li araba.
Ka mor’a hore sengoli sa saense Dennis Overbye a etse phuputso ka filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle ka lilemo tse hlano, e ileng ea mo isa libokeng tsa saense le litsing tsa phuputso lefatšeng lohle, o ile a hlalosa moqoqo oa hae le rafisiksi ea tsebahalang haholo lefatšeng Stephen Hawking: “Qetellong seo ke neng ke batla ho se tseba ho Hawking ke seo kamehla ke ’nileng ka batla ho se tseba ho Hawking: Moo re eang teng ha re e-shoa.”
Le hoja mantsoe ana a sa tobe taba, a senola ho hongata ka mehla ea rōna. Hase hakaalo hore lipotso tseo li mabapi le linaleli ka botsona le likhopolo-taba le lipono tse loantšanang tsa litsebi tsa linaleli tse ithutang tsona. Kajeno batho ba ntse ba na le takatso e matla ea ho fumana likarabo lipotsong tsa motheo tse ’nileng tsa tšoenya moloko oa batho ka lilemo tse likete: Ke hobane’ng ha re le teng? Na Molimo o teng? Re ea hokae ha re e-shoa? Likarabo tsa lipotso tsee li hokae? Na li ka fumaneha linaleling?
Sengoli se seng sa saense, John Boslough, se ile sa hlokomela hore kaha batho ba tlohetse bolumeli, bo-rasaense ba kang litsebi tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle ba fetohile “baprista ba phethahetseng ba moloko o sa ikamahanyeng le bolumeli. Bona, e seng baeta-pele ba bolumeli, ke bona bao joale ba tlang ho senola liphiri tsohle tsa bokahohle hanyane ka hanyane, e seng ka mokhoa oa tšenolo ea moea e etsahalang ea tšohanyetso empa ka mokhoa oa li-equation tse poteletseng ho batho bohle ntle ho batlotsuoa.” Empa na ba tla senola liphiri tsohle tsa bokahohle ’me ba arabe lipotso tsohle tse ’nileng tsa tšoenya moloko oa batho ka lilemo tse ngata?
Ke’ng seo litsebi tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle li se senolang hona joale? Tse ngata li tšehetsa pono ea “thuto ea bolumeli” ea khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla, e fetohileng bolumeli ba lefatše ba mehleng ea rōna, esita leha li ntse li feteletsa litaba ka ho tsoelang pele. Boslough o ile a hlokomela: “Leha ho le joalo, moelelong oa tlhaloso e ncha le e ikhanyetsang ka ho feletseng, khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla ka ho eketsehileng e qala ho bonahala e le tlhaloso e bonolo ka ho fetisisa mabapi le ho batlisisa ketsahalo ea pōpo. Mathoasong a lilemo tsa bo-1990 khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla e ne e . . . hlōleha ka ho eketsehileng ho araba lipotso tse ngata tsa motheo.” O ile a phaella ka hore “batho ba bangatanyana ba qapang likhopolo-taba ba bontšitse maikutlo a hore khopolo eo e ke ke ea tšoarella esita le ho ea fihla bofelong ba lilemo tsa bo-1990.”
Mohlomong tse ling tsa lintho tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle tseo hona joale li hakanyetsoang feela li tla ipaka li nepahetse, kapa mohlomong li fosahetse—feela joalokaha mohlomong ka sebele ho na le lipolanete tse hlahang mahlaseling a khanyang a linaleli tsa nebula tsa Orion, kapa mohlomong li le sieo. ’Nete e ke keng ea latoloa ke hore ha ho na motho lefatšeng lena ea hlileng a tsebang ka ho feletseng. Likhopolo li ntse li ata haholo, empa bahlokomeli ba tšepahalang ba pheta tlhokomelo e masene ea Margaret Geller ea hore ho sa tsotellehe taba e buehang habonolo, ho bonahala ntho e ’ngoe ea motheo e haella kutloisisong ea hona joale ea saense ka bokahohle.
Ho Haella—Boikemisetso ba ho Tobana le Linnete Tse Bohloko
Bo-rasaense ba bangata—’me bana ba akarelletsa litsebi tse ngata tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle—ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ba fumana e le ntho e bohloko ho lumela ’nete ea hore ho na le karolo e phethoang ke bohlale le morero pōpong, ’me ba tlakaselisoa ke ho bolela feela hore Molimo ke ’Mōpi. Ba hana esita le ho nahana ka bokhelohi bo joalo. Pesaleme ea 10:4 (NW), e bua ka nyeliso ka motho ea ikhohomosang “ea sa batlisiseng; likhopolo tsa hae tsohle ke hore: ‘Molimo ha a eo.’” Molingoana oa hae oa pōpo ke Monyetla. Empa ha tsebo e ntse e eketseha ’me monyetla hammoho le ketsahalo ea tšohanyetso li imeloa ke bopaki bo ntseng bo eketseha, bo-rasaense ba qala ho retelehela ho haneng ho joalo e le bohlale ebile e le morero. Nahana ka mehlala e latelang:
“Ka ho hlakileng karolo ea sehlooho e ’nile ea haella liphuputsong tse amanang le filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle. Tšimoloho ea Bokahohle e hloka bohlale, joaloka tharollo ea malepa a Rubik,” ho ngotse joalo setsebi sa fisiksi ea linaleli Fred Hoyle bukeng ea hae ea The Intelligent Universe, leqepheng la 189.
“Ha ke ntse ke hlahloba bokahohle ka ho eketsehileng ’me ke ithuta lintlha tsa kaheho ea bona, ke hona ke fumanang bopaki bo eketsehileng ba hore ka kutloisiso e itseng e tlameha ebe bokahohle bo ile ba tseba hore rea tla.”—Disturbing the Universe, ka Freeman Dyson, leqepheng la 250.
“Ke litšobotsi life tsa Bokahohle tse neng li hlokahala hore ho hlahe libōpuoa tse kang rōna tjee, ’me na e bile ka tšohanyetso feela, kapa na ke ka lebaka le leng le tebileng haholoanyane hore ebe Bokahohle ba rōna bo na le litšobotsi tsee? . . . Na ho na le morero o tebileng haholoanyane o tiisang hore Bokahohle bo entsoe ho nahanetsoe moloko oa batho?”—Cosmic Coincidences, ka John Gribbin le Martin Rees, maqepheng a xiv, 4.
Fred Hoyle le eena o hlalosa ka litšobotsi tsena leqepheng la 220 la buka ea hae e qotsitsoeng ka holimo: “Ho bonahala litšobotsi tse joalo li fohla lefatše la tlhaho joaloka tšoele ea likotsi tse thabisang. Empa liketsahalo tsena tse makatsang tse bonahalang eka li etsahetse ka tsietsi tse hlokahalang bakeng sa bophelo li ngata haholo hoo ho bonahalang ho hlokahala hore ho fanoe ka tlhaloso e itseng bakeng sa tsona.”
“Hase feela hore motho o tloaelane le bokahohle. Bokahohle bo tloaelane le motho. Ak’u nahane haeba bokahohleng ho ne ho ka fetoloa ka tsela e itseng ntho e le ’ngoe ea motheo e se nang mahlakore ea fisiksi ka karolo e seng kae lekholong? Motho o ne a ke ke a ba teng bokahohleng bo joalo. Sena ke sebaka se ka sehloohong sa molao-motheo oa ho phela ha motho. Ho ea ka molao-motheo ona, tšobotsi e fanang ka bophelo e bohareng ba mochine ona kaofela le tlhophiso ea lefatše.”—The Anthropic Cosmological Principle, ka John Barrow le Frank Tipler, leqepheng la vii.
Molimo, Tlhophiso le Lintho Tsa Fisiksi Tse sa Fetoheng
Tse ling tsa lintho tsee tsa fisiksi tsa motheo tse sa fetoheng tse hlokahalang bakeng sa hore bophelo bo be teng bokahohleng ke life? Tlaleho e ho The Orange County Register ea la 8 January, 1995, e ile ea thathamisa tse seng kae tsa lintho tsena tse sa fetoheng. E ile ea hlalosa kamoo litšobotsi tsena li tlamehang ho lumellana hantle kateng, e bolela hore: “Tekanyo ea lipalo-palo ea lintho tse ngata tsa motheo tse sa fetoheng tsa fisiksi tse hlalosang bokahohle—ka mohlala, ho ba le matla ha elektrone, kapa lebelo le sa fetoheng la khanya, kapa karolelano ea ho tiea ha matla a motheo tlhahong—ke tse nepahetseng ka mokhoa o hlollang, tse ling li nepahetse le ho fihla karolong ea bo120 ka mor’a decimal point. Ho tsoela pele ha bokahohle bo hlahisang bophelo ho ameha ka ho feteletseng haholo ka ho nepahala ha lipalo tsena. Haeba ho ne ho e-na le phetoho leha e le efe e nyenyane—mohlomong e le karolo ea motsotsoana ea limilione tse sekete mona, kapa bolelele ba mithara boo e leng karolo ea leshome ea limilione tse sekete—mohlomong bokahohle le bona bo ka be bo shoele ’me bo sa behe letho.”
Joale mongoli oa tlaleho ena o ile a bolela ntho eo ka tloaelo e sa boleloeng: “Ho bonahala e le ho utloahalang haholoanyane ho amohela hore tšekamelo e itseng eo e leng sephiri e ipatile ka har’a ketsahalo ena, mohlomong tšebetsong ea matla a bohlale le ea nang le morero ea ileng a lokisa bokahohle hantle a lokisetsa ho fihla ha rōna.”
George Greenstein, moprofesa oa botsebi ba linaleli le filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle, o ile a fana ka lethathama le lelelele la lintho tsena tsa tlhaho tse sa fetoheng bukeng ea hae ea The Symbiotic Universe. Har’a lintho tseo tse thathamisitsoeng ho ne ho e-na le lintho tse sa fetoheng tse nepahetseng haholo hoo haeba li ne li ka kheloha hanyenyane feela, liathomo, linaleli le bokahohle, li ka be li sa ka tsa e-ba teng. Makolopetso a likamano tsena a thathamisitsoe lebokoseng le tsamaisanang le sehlooho sena. Li tlameha ho ba teng e le hore bophelo ba sebele bo ka khoneha. Li rarahane ’me li ka ’na tsa se ke tsa utloisisoa ke babali bohle, empa li hlokomeloa ke litsebi tsa fisiksi ea linaleli tse koetlisitsoeng mafapheng ana, hammoho le ba bang ba bangata.
Ha lethathama lena le ntse le lelefala, Greenstein o ile a apareloa ke tšabo. O ile a re: “Ke lintho tse ngata hakaakang tse etsahetseng ka tšohanyetso! Ha ke ntse ke bala haholoanyane, ke ile ka kholiseha haholoanyane hore lintho tse joalo tse ‘etsahetseng ka tšohanyetso’ li ne li ke ke tsa etsahala ka tsietsi feela. Empa ha kholiseho ena e hōla, ntho e ’ngoe hape e ile ea hōla ka ho tšoanang. Esita le hona joale ho thata ho hlalosa ‘ntho ena e ’ngoe’ ka mantsoe. E ne e le ho nena ho matla, ’me ka nako e ’ngoe ho batla e le ha sebele. Ka sebele ke ne ke se na botsitso ho hang ka lebaka la ho tsieleha. . . . Na ke ntho e ka etsahalang hore ebe ka tšohanyetso, re sa rera, re khelohile bopaking ba saense ba ho ba teng ha Boleng bo Phahameng ka ho Fetisisa? Na ebe ke Molimo ea ileng a kenella ’me ka tataiso ea hae a etsa bokahohle molemong oa rōna?”
A ferotsoe libete le ho tšosoa ke khopolo eo, kapele-pele Greenstein o ile a koenehela seo a se boletseng, a tsosolosa ho iphaphatha ha hae le lithuto tsa bolumeli ba saense ’me a phatlalatsa hore: “Molimo hase eona tlhaloso.” Ho ne ho se na lebaka—ke feela hore e ne e le khopolo e sa lumelleheng hoo e neng e mo ferola libete!
Tlhoko ea Motho ea Tlhaho
Ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsena eo e leng ho nyenyefatsa mosebetsi o boima oa bo-rasaense ba tšepahalang, ho akareletsa le litsebi tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle. Lipaki tsa Jehova li ananela haholo-holo litšibollo tsa bona tse ngata mabapi le pōpo tse senolang matla le bohlale le lerato la Molimo oa ’nete, Jehova. Ba-Roma 1:20 (NW) ea phatlalatsa: “Etsoe litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa hae tsa ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.”
Lipatlisiso le mesebetsi e boima ea bo-rasaense ke karabelo ea batho ea tlhaho tlhokong eo e leng ea motheo ho moloko oa batho joaloka tlhoko ea lijo, bolulo le liaparo. Ke tlhoko ea ho tseba likarabo tsa lipotso tse itseng mabapi le bokamoso le morero oa bophelo. Molimo o “behile nako e sa feleng lipelong tsa batho; leha ho le joalo ba sitoa ho utloisisa seo Molimo a se entseng ho tloha tšimolohong ho ea qetellong.”—Moeklesia 3:11, The Holy Bible—New International Version.
Sena hase litaba tse mpe hakaalo. Se bolela hore ha ho mohla moloko oa batho o tlang ho tseba lintho tsohle, empa ha ho mohla ba tla felloa ke lintho tse ncha tseo ba ka ithutang tsona: “Ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi eohle ea Molimo motho a ka sitoa ho utloisisa mosebetsi le o mong o etsoang tlas’a letsatsi; leha motho a ka ikhathatsa joang le joang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ea bohlale a ka re, oa tseba, a ke ke a utloisisa.”—Moeklesia 8:17.
Bo-rasaense ba bang ba hanyetsa ka hore ho etsa Molimo “tharollo” bothateng ho felisa tšusumetso ea ho batlisisa ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, motho ea hlokomelang Molimo e le ’Mōpi oa maholimo le lefatše o na le boitsebiso bo bongata-ngata bo hlollang le bo eketsehileng boo a ka bo sibollang le liphiri tse thahasellisang tseo a ka li hlahlobisisang. Ho joalokaha eka o fuoe tumello ea ho tsoela pele a leba tšebetsong e thabisang ea ho sibolla le ho ithuta!
Ke mang ea ka hanyetsang memo e ho Esaia 40:26? “Lelalang holimo, le talime!” Re phahamiselitse mahlo a rōna holimo ka maqephe ana a seng makae, ’me seo re se boneng ke ‘ntho e ’ngoe e haellang’ e thatafaletseng litsebi tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle. Re boetse re fumane likarabo tsa motheo lipotsong tse hlahang hangata tse ’nileng tsa tšoenya kelello ea motho ho pholletsa le lilemo.
Likarabo li Fumaneha Bukeng
Haesale likarabo li ntse li le teng, empa joaloka batšehetsi ba bolumeli ba mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba koetse mahlo a bona, ba ithibile litsebe ’me ba thatafalitse lipelo tsa bona bakeng sa likarabo tse sa kang tsa lumellana le likhopolo tsa bona kapa mokhoa oa bophelo oo ba o khethileng. (Mattheu 13:14, 15) Jehova o re boleletse hore na bokahohle bo hlahile hokae, kamoo lefatše le bileng teng kateng le hore na ke bo-mang ba tla phela ho lona. O re boleletse hore baahi ba batho ba lefatše ba tlameha ho le lema ’me ka lerato ba hlokomele limela le liphoofolo tseo ba le kopanetseng le tsona. Hape o re boleletse hore na ho etsahala eng ha batho ba e-shoa, hore ba ka khutlela bophelong le hore na ba tlameha ho etsa eng hore ba phele lefatšeng ka ho sa feleng.
Haeba u thahasella hore u fumane likarabo ka puo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Bibele, ka kōpo bala mangolo a latelang: Genese 1:1, 26-28; 2:15; Liproverbia 12:10; Mattheu 10:29; Esaia 11:6-9; 45:18; Genese 3:19; Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5; Liketso 24:15; Johanne 5:28, 29; 17:3; Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:3-5.
Ke hobane’ng ha u sa bale mangolo aa le lelapa la hao kapa le moahisani oa hao kapa le sehlopha sa metsoalle lelapeng mantsiboeeng a mang? Kholiseha hore ho tla ba le puisano e rutang le e hlasimollang!
Na u hoheloa ke liphiri tsa bokahohle le ho susumetsoa ke botle ba bona? Ke hobane’ng ha u sa fumane tsebo e molemo ka Ea bo bōpileng? Takatso ea rōna ea ho batla ho tseba le ho makala ha rōna ha li bolele letho ho maholimo a se nang bophelo, empa Jehova Molimo, ’Mōpi oa ’ona, e boetse ke ’Mōpi oa rōna, ’me o hlokomela baikokobetsi ba thahasellang ho ithuta ka eena le ka pōpo ea hae. Hona joale memo ena e fanoa ho pholletsa le lefatše: “Tloo! Le ea utloang a ke a re: Tloo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.”—Tšenolo 22:17.
Ena ke memo e thabisang hakaakang e tsoang ho Jehova! Ho e-na le hore ebe ke ka ho phatloha ho se nang kelello le ho se nang morero, bokahohle bo ile ba bōptjoa ke Molimo ea nang le bohlale bo ke keng ba lekanngoa le morero o tiileng oo a neng a u hopotse ho tloha tšimolohong. Lipolokelo tsa hae tsa matla a se nang moeli li laoloa ka hloko ’me kamehla lia fumaneha bakeng sa ho hlokomela bahlanka ba hae. (Esaia 40:28-31) Moputso oa hao bakeng sa ho mo tseba e tla ba oa ka ho sa feleng joaloka bokahohle bo hlollang ka botle!
“Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.”—Pesaleme ea 19:1.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Lethathama La Lintho Ling Tsa Tlhaho Tse Sa Fetoheng Tse Hlokahalang Hore Bophelo Bo Be Teng
Matla a ho sebetsa a elektrone le a prothone a tlameha ho lekana ’me a fapane; neutron e tlameha ho imela prothone ka karolo e fokolang lekholong; ho tlameha ho be le ho lekana pakeng tsa tekanyo ea mocheso oa letsatsi le ea likarolo tse tala tsa semela tse amohelang mocheso pele limela li iketsetsa lijo makhasing ka thuso ea matla a khanya ea letsatsi; haeba matla a susumetsang a ne a fokola hanyenyane feela, letsatsi le ne le ke ke la hlahisa matla ka tšebetso ea nyutlelie, empa haeba a ne a le matla haholoanyane, mafura a hlokahalang bakeng sa ho hlahisa matla a ne a tla feto-fetoha ka mokhoa o tšosang; ka ntle ho limolek’hule tse peli tse hlollang tse arohaneng pakeng tsa likarolo tse ka hare-hare ho linaleli tse khōlōhali tse khubelu, ha ho motsoako o ka beng o entsoe; haeba sepaka-paka se ne se e-na le mahlakore a ka tlaase ho a mararo, litšebelisano tsa phallo ea mali le tšebetso ea methapo ea kutlo li ne li ke ke tsa khoneha; ’me haeba bokahohle bo ne bo e-na le mahlakore a fetang a mararo, lipolanete li ne li ke ke tsa potoloha letsatsi ka botsitso.—The Symbiotic Universe, maqepheng a 256-7.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Na ho na le ea Boneng Sehlopha sa ka se Seholo se Nyametseng?
Sehlopha sa linaleli sa Andromeda, joaloka lihlopha tse ling tsa linaleli tse potolohang, se potoloha sepaka-pakeng ka tsela e hlollang joalokaha eka ke leholiotsoana le matla. Litsebi tsa linaleli li ka khona ho lekanya lebelo la ho potoloha ha lihlopha tse ngata tsa linaleli letotong la mahlaseli a khanya, ’me ha li etsa joalo, li fumana ntho e ’ngoe e tsietsang. Lebelo leo li potolohang ka lona le bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala! Lihlopha tsohle tsa linaleli tse potolohang li bonahala li potoloha kapele-pele. Li itšoara joalokaha eka linaleli tse bonahalang tsa sehlopha sa linaleli ke karolo e bohareng ea selika-likoe se batlang se le seholoanyane sa karolo ea bokahohle, e ke keng ea bonoa ka ferekekere. Setsebi sa linaleli James Kaler sea lumela: “Ha re tsebe libōpeho tsa karolo ea bokahohle.” Litsebi tsa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle li hakanyetsa hore karolo ea 90 lekholong ea sehlopha se seholo se nyametseng ke e ke keng ea hlalosoa. Ba chesehela ka matla ho se fumana, ebang ke ka har’a mofuta o itseng oa karolo e khōlōhali e se nang matla kapa ntho e itseng e sa tsejoeng empa e le ea mofuta o moholohali.
Haeba u fumana sehlopha se seholo se nyametseng, etsa bonnete ba hore hang-hang u tsebise setsebi sa filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle sa sebakeng sa heno!