’Mōpi a ka Etsa Hore Bophelo ba Hau bo be le Morero
“Li ke li rorise lebitso la Jehova; etsoe eena ka boeena o ile a laela, ’me tsa bōptjoa.”—PESALEME EA 148:5, NW.
1, 2. (a) Re lokela ho nahana ka potso efe? (b) Pōpo e kenella joang potsong ea Esaia?
“NA HA u tsebe?” Potso eo e ka ’na ea utloahala joaloka potso eo ho nang le moo e lebisang teng, e etsa hore ba bangata ba arabele, ‘Ha ke tsebe eng?’ Empa ke potso e tebileng. ’Me re ka utloisisa karabo ea eona haholo ka ho hlokomela boitsebiso bo potolohileng taba—khaolo ea 40 ea buka ea Bibele ea Esaia. Moheberu oa boholo-holo, Esaia, ke eena ea e ngotseng, ka hona, potso ena ke ea khale. Empa, e boetse ke ea mehleng ena, e amana le morero oa sebele oa bophelo ba hao.
2 Kaha ke ea bohlokoa, re lokela ho ela hloko ka ho tebileng potso ena e ho Esaia 40:28: “Na ha u tsebe, na ha ua ka ua utloa hobane Jehova ke Molimo oa ka mehla eohle, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše?” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, ‘ho tseba’ ho ama ’Mōpi oa lefatše, ’me moelelo oa taba o bontša hore ho kopanyellelitsoe ho fetang lefatše. Litemaneng tse peli tse tlang pele ho eo, Esaia o ile a ngola tjena ka linaleli (NW): “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo . . . Ka lebaka la bongata ba matla a hae a maholo, kaha o boetse o na le matla a sa feleng, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”
3. Esita le haeba u tseba ho hongata ka ’Mōpi, ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho tseba ho eketsehileng?
3 E, ha e le hantle potso ena “Na ha u tsebe?” e botsa ka ’Mōpi oa bokahohle ba rōna. E ka ’na eaba uena ka bouena u kholisehile hore Jehova Molimo ke “’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše.” Hape e ka ’na eaba u tseba ho hongata ka botho ba hae le litsela tsa hae. Empa ho thoe’ng haeba u kopana le monna kapa mosali ea belaelang hore ’Mōpi o teng ’me ka ho hlakileng a sa tsebe seo a leng sona? Ha ua lokela ho makala ha u ka thulana le boemo bo joalo hobane ho na le limilione-milione tsa batho ba sa tsebeng kapa ba sa lumeleng ho ’Mōpi.—Pesaleme ea 14:1; 53:1.
4. (a) Ke hobane’ng ha ho tšoaneleha hona joale ho nahana ka ’Mōpi? (b) Ke lipotso life tseo saense e sitoang ho li araba?
4 Likolo li hlahisa batho ba bangata ba nang le lipelaelo ba nahanang hore saense e na le (kapa e tla fumana) likarabo tsa lipotso tse mabapi le qaleho ea bokahohle le ea bophelo. Ho Tšimoloho ea Bophelo (sehloho seo ka Sefora: Aux Origines de la Vie), bangoli Hagene le Lenay baa hlokomela: “Ho tloha ha lekholo la bomashome a mabeli a motso o mong la lilemo le qala, ho sa ntse ho phehisanoa khang ka hore na bophelo bo simolohile hokae. Kaha bothata bona bo thata ho rarolleha, bo hloka lipatlisiso tsa mefuta eohle, ho qala ka sepaka-paka se seholohali ho isa ho ntho e nyenyane ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa.” Leha ho le joalo, khaolo ea ho qetela ea buka eo, e nang le sehlooho se reng “Potso eo e Ntse e Phela,” ea lumela: “Re ’nile ra batla likarabo tse itseng tsa saense potsong ena, Bophelo bo bile teng joang lefatšeng? Empa ke hobane’ng ha bophelo bo le teng? Na bophelo bo na le morero? Saense e sitoa ho arabela lipotso tsena. E mpa e batlisisa feela hore na lintho li etsahetse ‘joang.’ ‘Joang’ le ‘hobane’ng’ ke lipotso tse peli tse fapaneng ka ho feletseng. . . . Ha e le potsong ea ‘hobane’ng,’ filosofi, bolumeli le—ka holim’a tsohle—e mong le e mong oa rōna, o lokela ho ipatlela karabo.”
Ho Fumana Likarabo le Tlhaloso
5. Ke batho ba mofuta ofe bao ka ho khetheha ba ka ruang molemo ka ho tseba ho eketsehileng ka ’Mōpi?
5 E, re batla ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bophelo bo le teng—’me haholo-holo hore na ke hobane’ng ha re le teng. Ho feta moo, re lokela ho thahasella batho ba e-s’ong ho etse qeto ea hore ’Mōpi o teng ’me ka sebele e le ba tsebang ho fokolang ka litsela tsa hae. Kapa nahana ka bao semelo sa bona se akarelletsang ho ba le khopolo e fapaneng haholo le seo Bibele e se bolelang ka Molimo. Ba limilione tse likete ba hōletse Bochabela kapa libakeng tse ling moo boholo ba batho bo sa nahaneng ka Molimo e le motho, boleng ba sebele bo nang le botho bo ipiletsang. Ho bona, lentsoe “molimo” le ka etsa hore ba nahane ka matla a lerootho kapa sesosa se sa bonoeng. Ha ba ‘tsebe ’Mōpi’ kapa litsela tsa hae. Haeba bona, kapa ba limilione ba nang le maikutlo a tšoanang, ba ne ba ka kholiseha hore ’Mōpi o teng, ba ne ba tla fumana melemo e mekaakang, ho kopanyelletsa le litebello tsa ka ho sa feleng! Ba ka boela ba fumana ho hong ho ikhethileng—moelelo oa sebele, morero oa sebele le khotso ea kelello bophelong.
6. Bophelo ba ba bangata kajeno bo tšoana le phihlelo ea Paul Gauguin le se seng sa litšoantšo tsa hae joang?
6 Ka mohlala: Ka 1891, motšoantši oa Lefora Paul Gauguin o ile a tloha ho ea batla bophelo bo khotsofatsang Polynesia ea Fora, ho seo ho neng ho bonahala eka ke paradeise. Empa ka potlako, ho hloka boitšoaro ha hae ha nakong e fetileng ho ile ha tlisetsa eena le ba bang maloetse. Ha a utloa lefu le atamela, o ile a etsa setšoantšo se seholo se pentiloeng seo ho sona ho bonahalang a ne a ‘hlalosa bophelo e le sephiri se seholo.’ Na ua tseba hore na Gauguin o ile a reha setšoantšo seo eng? “Re Tsoa Hokae? Re Eng? Re ea Hokae?” E ka ’na eaba u utloile ba bangata ba botsa lipotso tse tšoanang. Ba bangata baa li botsa. Empa ha ba sa fumane likarabo tse khotsofatsang—ba sa fumane morero oa sebele bophelong—ba ka ea hokae? Ba ka ’na ba fihlela qeto ea hore bophelo ba bona ha boa fapana haholo le ba liphoofolo.—2 Petrose 2:12.a
7, 8. Ke hobane’ng ha lipatlisiso tsa saense ka botsona li sa lekana?
7 Ka hona, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho ea kang moprofesa oa fisiks, Freeman Dyson, a ne a ka ngola: “Ke na le maikutlo a tšoanang le a batho ba bangata ba molemo ha ke botsa hape lipotso tseo Jobo a ileng a li botsa. Ke hobane’ng ha re utloa bohloko? Ke hobane’ng ha lefatše le hloka toka hakaale? Morero oa mahlomola le koluoa ke ofe?” (Jobo 3:20, 21; 10:2, 18; 21:7) Joalokaha ho boletsoe, batho ba bangata ba retelehela saenseng bakeng sa likarabo, ho e-na le ho retelehela ho Molimo. Litsebi tsa baeloji, litsebi tsa maoatle le ba bang ba ntse ba eketsa tsebo ka lefatše la rōna le bophelo bo ho lona. Ha li batla lehlakoreng le leng, litsebi tsa linaleli le litsebi tsa fisiks li ntse li ithuta ka ho eketsehileng mabapi le potoloho ea rōna ea lipolanete, ka linaleli esita le ka lihlopha tsa linaleli tse hōle. (Bapisa le Genese 11:6.) Lintlha tseo li ka lebisa liqetong life tse utloahalang?
8 Bo-rasaense ba bang ba bua ka “kelello” ea Molimo kapa “mongolo oa letsoho” tse senotsoeng bokahohleng. Empa na seo ha se lahle ntlha ea sehlooho? Makasine ea Science e ile ea hlokomela: “Ha bafuputsi ba re filosofi ea khopolo-taba e amanang le bokahohle e senola ‘kelello’ kapa ‘mongolo oa letsoho’ tsa Molimo, ba amahanya Molimo le seo qetellong e ka ’nang ea e-ba tšobotsi e tlaasana ea bokahohle—sebōpeho sa bona.” Ha e le hantle, setsebi sa fisiks le mohapi oa khau ea Nobel, Steven Weinberg o ile a ngola: “Ha bokahohle bo bonahala eka bo tla utloisisoa haholoanyane, joale bo boetse bo bonahala bo se na thuso haholoanyane.”
9.Ke bopaki bofe bo ka re thusang, ba ba ba thusa le ba bang hore ba tsebe ka ’Mōpi?
9 Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua ba har’a ba limilione ba ithutileng taba ena ka botebo ’me ba lemoha hore morero oa sebele bophelong o amana le ho tseba ’Mōpi. Hopola seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola: “Batho ba ke ke ba re ha ba tsebe Molimo. Ho tloha qalehong ea lefatše, batho ba ne ba ka bona seo Molimo a leng sona ka lintho tseo A li entseng. Sena se bontša matla a Hae a teng ka ho sa feleng. Se bontša hore ke Molimo.” (Baroma 1:20, Holy Bible, New Life Version) E, ho na le lintlha ka lefatše la rōna le ka rōna ka borōna, tse ka thusang batho hore ba lemohe ’Mōpi le ho fumana morero mabapi le eena. Nahana ka litšobotsi tse tharo tsa tsona: bokahohle bo re potolohileng, tšimoloho ea bophelo le matla a likelello tsa rōna.
Mabaka a ho Lumela
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka “qaleho ea lintho”? (Genese 1:1; Pesaleme ea 111:10)
10 Bokahohle ba rōna bo bile teng joang? E ka ’na eaba ua tseba hore ho ea ka litlaleho tsa libonela-hōle tsa sepaka-paka le tlhahlobisiso ea sepaka-paka, boholo ba bo-rasaense baa hlokomela hore bokahohle ba rōna hase hore haesale bo ntse bo le teng. Bo bile le qalo ’me bo ntse bo atoloha. See se fana ka maikutlo afe? Mamela setsebi sa linaleli, Sir Bernard Lovell: “Haeba nakong e ’ngoe e itseng e fetileng Bokahohle bo kile ba e-ba sebōpehong se le seng se atamelaneng, se senyenyane se ke keng sa lekanngoa le se teteaneng haholo, re lokela ho botsa hore na pele ho ne ho e-na le eng moo . . . Re tlameha ho tobana le bothata ba Qaleho ea lintho.”
11. (a) Bokahohle bo boholo hakae? (b) Ho nepahala ho teng bokahohleng ho bontša eng?
11 Sebōpeho sa bokahohle, ho akarelletsa le lefatše la rōna, se bonahatsa ho lumellana ho makatsang. Ka mohlala, litšobotsi tse peli tse hlollang tsa letsatsi la rōna le linaleli tse ling ke ho bontša tšebetso e hlollang ea nako e telele le botsitso. Likhakanyo tsa morao tjena tsa lihlopha tsa linaleli bokahohleng bo bonahalang li tloha limilioneng tse likete li 50 (50 000 000-000) ho ea ho limilione tse likete li 125. Molala oa rōna oa linaleli o bitsoang Milky Way o na le linaleli tse limilione tse likete-kete. Joale nahana: Rea tseba hore enjine ea koloi e hloka ho ba le karo-karolelano ea bohlokoa ea petrole le moea. Haeba u e-na le koloi, u ka hira mak’henike ea koetlisitsoeng hore a u lokisetse enjine ea eona, e le hore koloi ea hao e ka tsamaea habonolo, ka mokhoa o motle haholoanyane. Ka mohlala, haeba ke habohlokoa hore enjine ena e pala e sebetse ka nepo joalo, ho thoe’ng ka letsatsi la rōna le “khanyang” ka ho nepahala? Ka ho hlakileng, matla a ka sehloohong a amehang a entsoe ka tsela e nepahetseng bakeng sa hore bophelo bo be teng lefatšeng. Na seo se iketsahalletse feela tjee? Jobo oa boholo-holo o ile a botsoa: “Na u ile ua phatlalatsa melao e busang maholimo, kapa ua rera melao ea tlhaho lefatšeng?” (Jobo 38:33, The New English Bible) Ha ho motho ea ileng a ho etsa. Kahoo ho nepahala hoo ho tsoa hokae?—Pesaleme ea 19:1.
12. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho nahana hore ho na le Bohlale bo matla bo keneletseng pōpong?
12 Na ebe mohlomong ho tsoa nthong e ’ngoe kapa ho E mong ea ke keng a bonoa ka mahlo a nama? Nahana ka potso ena leseling la saense ea kajeno. Litsebi tse ngata tsa linaleli hona joale li lumela hore ho na le lihloliloeng tsa leholimo tse matlahali—li-black hole. Li-black hole tsena li ke ke tsa bonoa, empa litsebi li kholisehile hore li teng. Ha ho bapisoa, Bibele e tlaleha hore sebakeng se seng ho na le libōpuoa tse matla tse ke keng tsa bonoa—libōpuoa tsa moea. Haeba libōpuoa tse matla joalo, tse sa bonahaleng li teng, na hase ho utloahalang hore ho nepahala ho sibolotsoeng ho pholletsa le bokahohle ho qaliloe ke Bohlale bo matla?—Nehemia 9:6.
13, 14. (a) Ha e le hantle, saense e qapile eng ka qaleho ea bophelo? (b) Boteng ba bophelo lefatšeng bo bontša eng?
13 Bopaki ba bobeli bo ka thusang batho ho lumela ho ’Mōpi bo ama qaleho ea bophelo. Ho tloha nakong eo Louis Pasteur a neng a etsa liteko ka eona, ho ’nile ha lumeloa hore bophelo ha bo hlahe nthong e sieo e itlhahetseng feela. Kahoo, bophelo ba lefatšeng bo qalile joang? Ka bo-1950, bo-rasaense ba ile ba leka ho paka hore mohlomong bo qalehile butle leoatleng la pele ha sepakapaka sa khale-khale se ne se lula se otloa ke letolo. Leha ho le joalo, bopaki ba haufinyane tjena bo bontša hore qaleho e joalo ea bophelo ba lefatše e ne e ke ke ea etsahala hobane mofuta oo oa sepakapaka ha ho mohla o kileng oa e-ba teng. Ka lebaka leo, bo-rasaense ba bang ba batlisisa tlhaloso e se nang liphoso tse ngata. Empa na le bona ba lahleheloa ke ntlha ea bohlokoa?
14 Ka mor’a hore a qete lilemo tse mashome a ithuta bokahohle le bophelo bo ho bona, rasaense oa Brithani Sir Fred Hoyle o ile a re: “Ho e-na le ho amohela monyetla o monyenyane o inahaneloang oa hore bophelo bo hlahile matleng a ke keng a hlalohanngoa a tlhaho, ho bonahala ho le molemo ho nahana hore qaleho ea bophelo e ne e le ketso e nahannoeng ke motho ea bohlale.” E, ha re ntse re ithuta haholoanyane ka limakatso tsa bophelo, e ba ho utloahalang haholoanyane hore bophelo bo tsoa Mohloling o mong o bohlale.—Jobo 33:4; Pesaleme ea 8:3, 4; 36:9; Liketso 17:28.
15. Ke hobane’ng ha ho ka thoe ua ikhetha?
15 Ka hona, ntlha ea pele ho beheng mabaka e amana le bokahohle, ’me ea bobeli ke qaleho ea bophelo lefatšeng. Hlokomela ea boraro—ho ikhetha ha rōna. Batho bohle baa ikhetha ka litsela tse ngata, kahoo, seo se bolela hore le uena ua ikhetha. Joang? Mohlomong u kile ua utloa hore boko bo ’nile ba tšoantšoa le k’homputha e matla. Leha ho le joalo, ka sebele litšibollo tsa morao tjena li bontša hore ho bapisa hona ho haelloa haholo. Rasaense e mong Setsing sa Theknoloji Massachusetts o ile a re: “Lik’homputha tsa kajeno ha li atamele le hanyenyane esita le ho motho ea lilemo li 4 matleng a tsona a ho bona, ho bua, ho tsamaea kapa ho sebelisa kelello. . . . Ho ’nile ha hakanngoa hore matla a ho sebetsa boitsebiso a k’homputha e matla ka ho fetisisa a lekana le a tsamaiso ea methapo ea khofu—e leng karoloana e nyenyane ea matla a fumanehang k’homputheng e matlahali e ka hare ho boko [ba hao].”
16. Bokhoni ba hao ba ho bua bo supa eng?
16 Puo ke bokhoni boo u nang le bona ka lebaka la boko ba hao. Batho ba bang ba bua lipuo tse peli, tse tharo kapa ho feta, empa bokhoni ba ho bua puo leha e le ’ngoe bo bontša hore rea ikhetha. (Esaia 36:11; Liketso 21:37-40) Baprofesa R. S. le D. H. Fouts ba ile ba botsa: “Na ke motho feela . . ea khonang ho buisana le e mong a sebelisa puo? . . . Liphoofolo tsohle tse khōlō ka sebele li buisana ka . . . boitšisinyo, menko, melumo, ho lla le lipina, esita le ho tantša ha linotši. Leha ho le joalo, ha ho bonahale liphoofolo li e-na le puo e hlophisehileng haese motho feela. ’Me liphoofolo li ke ke tsa etsa litšoantšo tsa tsona, e leng ho neng ho ka ba bohlokoa haholo. Seo li khonang ho se etsa feela ke mengoaponyana e sa reng letho.” Ka sebele, ke batho feela ba ka sebelisang boko ho bua puo e itseng le ho etsa litšoantšo tse bonahalang.—Bapisa le Esaia 8:1; 30:8; Luka 1:3.
17. Phapang e feletseng ea ha phoofolo e icheba ka seiponeng le ea ha motho a icheba ke efe?
17 Ho feta moo, ua itemoha; u ikela hloko. (Liproverbia 14:10) Na u se u kile ua shebella nonyana, ntja kapa katse ha e icheba ka seiponeng ebe joale ea kobola, ea rora kapa ea hlasela? E nahana hore e bona phoofolo e ’ngoe, ha e ikelelloe. Ho fapana le hoo, ha u icheba ka seiponeng, ua tseba hore ke uena. (Jakobo 1:23, 24) U ka ’na ua hlahloba ponahalo ea hao kapa ua ipotsa hore na u tla be u shebahala joang lilemong tse seng kae tse tlang. Liphoofolo ha li etse joalo. E, boko ba hao bo u etsa ea ikhethang. Tlotla e ea ho mang? Boko ba hao bo bile teng joang, haeba ha bo tsoe ho Molimo?
18. Ke matla afe a kelello a u arolang ho liphoofolo?
18 Boko ba hao bo boetse bo u lumella ho ananela bonono le ’mino hammoho le ho ba le boitšoaro. (Exoda 15:20; Baahloli 11:34; 1 Marena 6:1, 29-35; Matheu 11:16, 17) Ke hobane’ng ha e le uena ea khonang ho etsa joalo ’me liphoofolo li sa khone? Liphoofolo li sebelisa boko ba tsona bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa tsona tsa nakoana feela—ho fumana lijo, ho fumana molekane kapa ho etsa sehlaha. Ke batho feela ba nahanelang ka nģ’ane ho nako e khutšoanyane. Ba bang ba bile ba nahana ka hore na liketso tsa bona li tla ama tikoloho joang kapa litloholo tsa bona joang lilemong tse tlang. Hobane’ng? Moeklesia 3:11 (NW) e re ka batho: “Esita le nako e sa lekanyetsoang [’Mōpi] o e kentse ka lipelong tsa bona.” E, matla a hao a ho nahana se boleloang ke nako e sa lekanyetsoang kapa esita le ho nahana ka bophelo bo sa feleng ke a khethehileng.
Lumella ’Mōpi Hore a Etse Hore Bophelo ba Hau bo be le Morero
19. Ke mabaka afe a mararo ao u ka a sebelisang ho thusa ba bang ho nahana ka ’Mōpi?
19 Re buile ka likarolo tse tharo feela: ho nepahala ho bonahalang bokahohleng bo boholohali, qaleho ea bophelo lefatšeng le ho ikhetha ho ke keng ha latoloa ha boko ba motho, ka matla a bona a sa tšoaneng. Lintho tsee tse tharo li supa eng? U ka beha mabaka ka tsela e latelang ha u thusa ba bang ho fihlela qeto. U ka qala ka ho botsa: Na bokahohle bo bile le qalo? Ba bangata ba tla lumela hore bo bile le eona. Joale ebe ua botsa: Na qalo eo e ne e se na ea e qalileng, kapa ho bile le ea e qalileng? Batho ba bangata baa hlokomela hore qaleho ea bokahohle e na le ea e qalileng. Sena se lebisa potsong ea ho qetela: Na qaleho eo e qaliloe ke ntho e itseng e sa feleng kapa ke Motho e mong ea phelang ka ho sa feleng? Ka ho beha litaba ka tsela ena e hlakileng le e utloahalang, ba bangata ba ka lebisoa qetong ena: E tlameha ebe ho na le ’Mōpi! Haeba ho joalo, na ho ke ke ha etsahala hore bophelo bo be le morero?
20, 21. Ke hobane’ng ha ho tseba ’Mōpi e le habohlokoa ho fumaneng ha rōna morero bophelong?
20 Ho ba teng ha rōna ho feletseng, ho kopanyelletsa le tsela eo re ikutloang ka eona ka boitšoaro le boitšoaro ka bobona, li lokela ho amahanngoa le ’Mōpi. Dr. Rollo May o kile a ngola: “Motheo feela o loketseng oa boitšoaro ke o thehiloeng morerong oa sebele oa bophelo.” O ka fumanoa hokae? O ile a tsoela pele: “Motheo oa sebele ke botho ba Molimo. Melao-motheo ea Molimo ke melao-motheo e tšehetsang bophelo ho tloha tšimolohong ea lintho ho ea qetellong.”
21 Joale, re ka utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha mopesaleme a ile a bontša boikokobetso le bohlale ha a kōpa ’Mōpi: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute, hobane ke uena Molimo oa poloko ea ka.” (Pesaleme ea 25:4, 5) Ha a ntse a tseba ’Mōpi hamolemo, bophelo ba mopesaleme ka sebele bo ne bo tla ba le morero, sepheo le tataiso haholoanyane. Ho ka etsahala se tšoanang ka e mong le e mong oa rōna kajeno.—Exoda 33:13.
22. Ke eng se amehang bakeng sa ho tseba litsela tsa ’Mōpi?
22 Ho tseba “litsela” tsa ’Mōpi ho akarelletsa ho tseba hamolemonyana seo a leng sona, botho ba hae le litsela tsa hae. Empa kaha ’Mōpi ha a bonahale e bile o na le matla a susumetsang tšabo, re ka mo tseba hamolemo joang? Sehlooho se latelang se tla tšohla ntlha ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha a ngola ka liphihlelo tsa likampong tsa mahloriso tsa Nazi, Dr. Viktor E. Frankl o ile a hlokomela: “Matla a motheo bophelong ba motho ke ho batla morero, eseng ‘ho tšehetsa ho se nang thuso’ matla a tlhaho a susumetsang” a kang ao liphoofolo li nang le ’ona. O ile a phaella ka hore lilemo tse mashome ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, phuputso e ileng ea etsoa Fora e “ile ea bontša hore 89% ea batho bao ho fupulitsoeng ho bona e ile ea lumela hore motho o hloka ‘ntho e itseng’ molemong oa ho phela.”
U ka Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho fetela ka nģ’ane ho ho fumana boitsebiso ba saense ka bokahohle ba rōna?
◻ U ka ’na ua bua ka eng ha u thusa ba bang ho nahana ka ’Mōpi?
◻ Ke hobane’ng ha ho tseba ’Mōpi e le senotlolo sa ho fumana morero o khotsofatsang bophelong?
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Qeto ea Hao ke Efe?
Bokahohle ba Rōna
↓ ↓
Ha bo na Qalo Bo Bile le Qalo
↓ ↓
Ha bo na ea bo Entseng Bo na le ea bo Entseng
↓ ↓
Bo Entsoe ke Ntho Bo Entsoe ke Motho
ea ka ho ea Phelang ka ho
sa Feleng sa Feleng
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Boholo le ho nepahala tse bonahalang bokahohleng li entse hore ba bangata ba nahane ka ’Mōpi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pages 15 and 18: Jeff Hester (Arizona State University) and NASA