Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 6/8 maq. 4-7
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lifensetere Tse Peli”
  • “Bolumeli” ba Saense
  • Meeli ea Saense
  • ‘Tumelo ke Ntho ea Sebele’
  • Ho Hlalosa Lebaka
  • U ka Fumana Likarabo Hokae?
    Tsoha!—2004
  • Ho Lumellanya Saense le Bolumeli
    Tsoha!—2002
  • Saense e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 6/8 maq. 4-7

Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?

“Saense ka ntle ho bolumeli ea haella, bolumeli ka ntle ho saense bo foufetse.”—Albert Einstein.

MEHLENG ena ea rōna ho etsahala lintho tse makatsang tseo haesale li e-s’o bonoe. Lintho tse ncha tse sibolloang sepakapakeng li susumelletsa litsebi tsa linaleli ho fetola maikutlo a tsona ka tšimoloho ea bokahohle ba rōna. Batho ba bangata ba hlolloa ke tlhophiso e teng bokahohleng ’me ba botsa lipotso tseo e leng khale li botsoa ka boteng ba rōna ho bona: Bokahohle le bophelo li bile teng joang, hona hobane’ng?

Le haeba re sa shebe bokahohle—re icheba borōna—tšibollo ea morao tjena ea tsela eo liphatsa tsa lefutso li sebetsang ka eona e hlahisa lipotso: Lintho tse ngata tse phelang li ile tsa bōptjoa joang? Hona ke mang ea li bōpileng, haeba o teng? Ho rarahana ho hlollang ha liphatsa tsa rōna tsa lefutso ho ile ha susumetsa mopresidente oa United States hore a re “re ithuta tsela eo Molimo a bōpileng lintho tse phelang ka eona.” Rasaense e mong oa ba ka sehloohong ba sebetsanang le liphatsa tsa batho tsa lefutso o ile a re ka boikokobetso: “Re sibolotse karoloana feela ea buka ea rōna ea litaelo, eo pele e neng e tsejoa ke Molimo feela.” Empa potso e salang ke ea hore na ho tlile joang, hona hobane’ng?

“Lifensetere Tse Peli”

Bo-rasaense ba bang ba re sohle se etsahalang bokahohleng se ka hlalosoa ka ho hlahlobisisoa ka kelello e bulehileng, ha se hloke bohlale bo tsoang ho Molimo. Empa batho ba bangata, ho akarelletsa le bo-rasaense, ha ba khotsofalle maikutlo ao. Ba leka ho utloisisa ’nete ea taba ka ho hlahloba saense le bolumeli. Ba na le maikutlo a hore saense e sebetsana le hore na re bile teng joang le lintho tse re potolohileng bokahohleng, ha bolumeli bona bo sebetsana ka ho khetheha le hore na morero oa seo sohle ke ofe.

Ha se hlalosa tsela ena ea ho hlahloba mahlakore a mabeli a taba, setsebi sa fisiks, Freeman Dyson, se ile sa re: “Saense le bolumeli ke lifensetere tse peli tseo batho ba shebang ka ntle ka tsona ho leka ho utloisisa bokahohle bo pharaletseng.”

Mohlophisi William Rees-Mogg o fane ka maikutlo a hore “saense e sebetsana le ho ka lekanngoang, bolumeli bo sebetsana le ho ke keng ha lekanngoa.” O itse: “Saense e ke ke ea paka hore Molimo o teng kapa hore ha a eo, feela joalokaha e ke ke ea paka hore na tekanyetso e itseng ea boitšoaro e molemo kapa che. Ha ho lebaka leo saense e ka fanang ka lona la hore motho a rate moahelani oa hae kapa a hlomphe bophelo ba motho . . . Ho pheha khang ea hore ntho e itseng ha e eo haeba saense e ke ke ea e paka ke phoso e tšabehang ka ho fetisisa, e ka felisang hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nkang e le ea bohlokoa bophelong, eseng feela Molimo kapa bohlale ba motho, empa le lerato, boroki le ’mino.”

“Bolumeli” ba Saense

Hangata likhopolo tsa saense li bonahala li itšetlehile ka hore ba be le tumelo eo e leng ea bona. Ka mohlala, ha ho tluoa tabeng ea tšimoloho ea bophelo, ba bangata ba lumelang hore lintho li iphetotse ba khomarela likhopolo tse itseng tse hlokang hore ba lumele “lithuto” tse itseng. ’Nete e kopanngoa le khopolo-taba. Ha bo-rasaense ba sebelisa tsebo ea bona ho buella khopolo-taba ea ho iphetola ha lintho e se nang motheo, ha e le hantle ba fana ka maikutlo a kang: ‘Ha u ikarabelle ka tsela eo u itšoarang ka eona hobane u mpa u le sehlahisoa sa baeloji, k’hemistri le fisiks.’ Setsebi sa baeloji Richard Dawkins, se re bokahohleng, ‘ha ho na tlhophiso, ha ho morero, ha ho bobe le botle, ha ho letho haese feela ho se tšoane ho se nang thuso.’

E le hore ba tšehetse seo, bo-rasaense ba bang ba khetha ho hlokomoloha lipatlisiso tse entsoeng ka hloko tsa bo-rasaense ba bang ba hanyetsang motheo oa likhopolo-taba tsa bona ka tšimoloho ea bophelo. Esita le haeba re ka ema lilemo tse limilione tse likete, thuto ea lipalo e bontšitse hore hase ntho e ka etsahalang hore limolek’hule tse rarahaneng tse hlokahalang bakeng sa ho etsa sele e phelang li be teng ka tšohanyetso.a Kahoo, likhopolo-taba tse fumanoang libukeng tse ngata, tse tsitlallelang maikutlo ana ka tšimoloho ea bophelo ha lia lokela ho amoheloa.

Ho lumela hore bophelo bo bile teng ka tšohanyetso ho hloka tumelo e fetang ea hore bo bōpiloe. Setsebi sa linaleli David Block, se itse: “Motho ea sa lumeleng hore ’Mōpi o teng o tlameha ho ba le tumelo e fetang ea ea lumelang hore o teng. Ha motho a re Molimo ha a eo, o etsa polelo e akaretsang e se nang motheo o e tšehetsang—eo a nkang hore ke ’nete e thehiloeng ho seo a se lumelang.”

Lintho tseo bo-rasaense ba li sibolotseng li ka ’na tsa susumetsa ba bang ho ba le boikutlo ba tlhompho. Albert Einstein oa lumela: “Ke seoelo u ka fumanang hore ho na le eo maikutlo a hae a sa sekamelang bolumeling har’a ba hlileng ba lumelang saenseng. . . . Maikutlo a bolumeli a bonahatsoa ka ho hlolloa ke ho lumellana ha melao ea tlhaho, e senolang bohlale bo phahameng boo ha bo bapisoa le monahano oohle o hlophisehileng oa batho le liketso tsa bona, li tšoanang ka tekanyo e fokolang haholo.” Leha ho le joalo, hase hakaalo hore sena se etsa hore bo-rasaense ba lumele hore ’Mōpi, e leng Molimo, o teng.

Meeli ea Saense

Ho loketse ho hlompha tsebo eo saense e fanang ka eona le lintho tseo e li finyeletseng. Leha ho le joalo, ba bangata ba tla lumela hore le hoja saense e fana ka tsebo, hase oona feela mohloli oa tsebo. Sepheo sa saense ke ho hlalosa lintho tse etsahalang ka tlhaho le ho thusa ho araba potso ea hore na li etsahala joang.

Saense e re thusa ho utloisisa bokahohle bo bonahalang, ke hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e bonang. Empa leha saense e ka phenya ho le hokae ho batlisisa, e ke ke ea hlalosa lebaka—hore na ke hobane’ng ha bokahohle bo le teng.

Mohlophisi Tom Utley o re: “Ho na le lipotso tse ling tseo bo-rasaense ba ke keng ba khona ho li araba. E ka ’na eaba ho bile le ho phatloha ho matla ha karoloana e ileng ea fetoha bokahohle lilemong tse fetileng tse limilione tse likete tse 12. Empa hobane’ng ho bile teng? . . . Likaroloana tseo tsona li bile teng joang? Ho ne ho e-na le eng pele ho moo?” Utley o phethela ka ho re: “Ho bonahala . . . ho ntse ho hlaka ho feta le ha e le neng pele hore saense e ke ke ea khotsofatsa takatso ea motho ea ho fumana likarabo.”

Tsebo ea saense e fumanoeng ka lebaka la bohelehele ba eona ba ho batla ho tseba ho eketsehileng, ho e-na le hore e hanyetse hore e tlameha ebe ke liketso tsa Molimo, e mpa e tiisa hore re phela lefatšeng le rarahaneng, le tsotehang le le hlollang. Batho ba bangata ba nahanang ba fumana e le ho utloahalang ho etsa qeto ea hore melao ea fisiks le tšebetso ea lik’hemik’hale hammoho le ea DNA le mefuta-futa e hlollang ea bophelo kaofela e bontša hore ’Mōpi o teng. Ha ho bopaki bo hanyetsang seo.

‘Tumelo ke Ntho ea Sebele’

Haeba ke ’Mōpi ea entseng bokahohle, re ke ke ra lebella ho ithuta eena kapa merero ea hae ka ho sebelisa libonela-hōle, mechine e hōlisang ponahalo ea lintho, kapa lisebelisoa tse ling tsa saense. Nahana ka sebōpi sa lipitsa tsa letsopa le pitsa eo se e bōpileng. Ho hlahlobisisa pitsa eo ho ke ke ha araba hore na o e etselitse eng. Hore re fumane karabo, re lokela ho botsa sebōpi ka bosona.

Setsebi sa limolek’hule tsa baeloji, Francis Collins, se hlalosa kamoo tumelo le bomoea li ka koalang sekheo seo saense e se sieang: “Ha kea lebella hore bolumeli bo hlophise liphatsa tsa batho tsa lefutso feela joalokaha ke sa lebella hore saense e rute ka matla a phahametseng tlhaho. Empa lipotsong tse tebileng, tse kang ‘Ke hobane’ng ha re le moo?’ kapa ‘Ke hobane’ng ha batho ba labalabela lintho tsa moea?,’ ke fumana saense e sa khotsofatse. Ho bile le litumela-khoela tse ngata tse ileng tsa ’na tsa nyamela butle-butle. Tumelo e sa setse, ho bolelang hore ke ntho ea sebele.”

Ho Hlalosa Lebaka

Bolumeli ba ’nete, ha bo araba potso ea hore na ke hobane’ng le ha bo bua ka morero oa bophelo, bo fana le ka litekanyetso tsa boitšoaro le tse re tataisang bophelong. Rasaense Allan Sandage o hlalosa sena ka tsela ena: “Ha ke bale buka ea baeloji ho ithuta hore na ke lokela ho phela joang.”

Batho ba limilione lefatšeng ho pota ba nka hore ba tseba moo ba lokelang ho ea teng e le hore ba ithute tsela ea ho phela. Ba bile ba nka hore ba na le likarabo tse khotsofatsang e le kannete lipotsong tse kang tse reng: Ke hobane’ng ha re le moo? Hona re ea hokae? Likarabo lia fumaneha. Empa hokae? Bukeng ea khale e halalelang le e ajoang ka ho fetisisa, e leng Bibele.

Bibele e re bolella hore Molimo o lokiselitse batho lefatše ka ho khetheha. Esaia 45:18 e re ka lefatše: ‘Molimo . . . ha aa ka a le bōpela lefeela [empa] o le etselitse hore le be le baahi.’ Hape o entse hore lefatše le be le sohle seo batho ba se hlokang, eseng feela hore ba phele empa hore ba thabele bophelo ka ho feletseng.

Batho ba ile ba abeloa hore ba hlokomele lefatše, hore ‘ba le leme le ho le hlokomela.’ (Genese 2:15) Bibele e boetse e hlalosa hore tsebo le bohlale ke limpho tse tsoang ho Molimo le hore re lokela ho bontšana lerato le ho tšoarana ka toka. (Jobo 28:20, 25, 27; Daniele 2:20-23) Ka hona, batho ba ka ba le morero bophelong hafeela ba tseba seo Molimo a se rerileng ka bona ’me ba se amohela.b

Motho oa kajeno ea nahanang a ka koala lekhalo le teng pakeng tsa thuto ea saense le tumelo ea bolumeli joang? Ke melao-motheo efe e tataisang e ka thusang motho ho finyella seo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona khaolo ea 3 e tlas’a sehlooho se reng “Bophelo bo Simolohile Hokae?,” ho Is There a Creator Who Cares About You?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona bukana ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Seo Bo-rasaense ba Bang ba se Buang

Batho ba bang ba nka hore bo-rasaense ba bangata ba qoba ho bua ka litaba tsa moea le ka thuto ea bolumeli hobane e se balumeli kapa ba sa batle ho kena phehisanong e pakeng tsa saense le bolumeli. Seo ke ’nete ka bo-rasaense ba bang, empa eseng kaofela ha bona. Hlokomela seo bo-rasaense ba latelang ba ileng ba se bua.

“Bokahohle bo bile le qalo empa bo-rasaense ba sitoa ho hlalosa lebaka la teng. Hobane bo entsoe ke Molimo.” “Ke nka Bibele e le buka ea ’nete le e bululetsoeng ke Molimo. Lintho tse phelang tse rarahaneng e tlameha ebe li entsoe ke kelello e bohlale.”—Ken Tanaka, setsebi sa jioloji ea lipolanete sa U.S. Geological Survey.

“Lekhalo le pakeng tsa lithuto tse fapa-fapaneng (tsa saense le tsa bolumeli) ke le bakiloeng ke batho. . . . Ho tseba ’Mōpi le ho tseba pōpo ho amana haufi.”—Enrique Hernández, mofuputsi le moprofesa Lefapheng la Fisiks le Likhopolo tsa K’hemistri, Univesithi ea National Autonomous, Mexico.

“Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka boitsebiso bona [ba liphatsa tsa batho tsa lefutso], bo tla senola ho rarahana le ho tšehetsana ha tsena tsohle. Bo tla bontša hore li bile teng ka lebaka la ’mōpi ea bohlale, motho ea bohlale.”—Duane T. Gish, setsebi sa tšebeliso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang.

“Saense le bolumeli lia lumellana. Ka bobeli li latela ’nete e tšoanang. Saense e bontša hore Molimo o teng.”—D.H.R. Barton, moprofesa oa k’hemistri, Texas.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

NASA/U.S. Geological Survey

Photo: www.comstock.com

NASA and The Hubble Heritage Team (STScI/AURA)

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Na phuputso ea saense e ka araba hore na ke hobane’ng ha re le moo?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Arecibo Observatory/David Parker/Science Photo Library

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Stars on pages 2, 3, 5, and top of page 7: National Optical Astronomy Observatories

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela