Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 6/1 maq. 3-5
  • Saense e U Ama Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Saense e U Ama Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOFOKOLI BA SAENSE
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Ho Lumellanya Saense le Bolumeli
    Tsoha!—2002
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
  • U ka Fumana Likarabo Hokae?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 6/1 maq. 3-5
Khatelo-pele saenseng e akarelletsang ho etsoa ha likoloi, GPS, lisathelaete, lifofane, ho hlahloba boko

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA SAENSE E NKETSE BIBELE SEBAKA?

Saense e U Ama Joang?

Batho ba bangata ba re saense ke thuto e tebileng ea mahlale e akarelletsang ho hlahlobisisa le ho ithuta pōpo. Ho etsa sena sohle ke mosebetsi o boima o bileng o rarahaneng. Bo-rasaense ba qeta nako e telele ba etsa liteko le ho hlahlobisisa lintho. Ka linako tse ling liphuputso tsa bona ha li finyelle tharollo, empa hangata li ruisa batho molemo. Nahana ka mehlala e seng mekae.

K’hamphani e ’ngoe ea Europe e ile ea sebelisa polasetiki e thata le lisefe ho etsa sesebelisoa se hloekisang metsi e le hore a se ke a kulisa batho. Lisebelisoa tse kang seo li ’nile tsa sebelisoa ha ho e-na le likoluoa tse kang tšisinyeho ea lefatše e bileng teng Haiti ka 2010.

Sepakapakeng ho na le lisathelaete tse laolang litšupa-tsela (GPS). Le hoja pele li ne li etselitsoe masole, hona joale li thusa bakhanni ba likoloi, ba lifofane le ba likepe esita le litsomi le ba hloang lithaba hore ba fihle moo ba eang. Re leboha bo-rasaense ba entseng GPS hobane e nolofalletsa motho ho fihla moo a eang teng.

Na u sebelisa selefouno, k’homphieutha, kapa Inthanete? Na bophelo ba hao bo ntlafetse kapa u fumane kalafo e betere ka lebaka la khatelo-pele litabeng tsa bongaka? Na u ee u nke maeto ka sefofane? Haeba ho joalo, u rua molemo linthong tseo saense e li entseng ho ntlafatsa bophelo ba batho. Ruri saense e tsoetse batho molemo ka litsela tse ngata.

BOFOKOLI BA SAENSE

E le hore bo-rasaense ba eketse tsebo ea bona ka lefatše, ba tsoela pele ho etsa lipatlisiso. Litsebi tsa nyutlelie li ithuta athomo ka ho teba, ’me litsebi tsa linaleli li hlahlobisisa hore na bokahohle bo ne bo le joang lilemong tse libilione tse fetileng e le hore li utloisise tšimoloho ea bona. Ha bo-rasaense ba bang ba ntse ba teba thutong ea bona esita le ho ea fihla libakeng tse sa bonahaleng kapa tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, ba re haeba Molimo o teng, ba ka be ba mo fumane.

Bo-rasaense ba bang le bo-rafilosofi ba tummeng ba bua mahlabisa-lihlong a fetang. Ba lumellana le maikutlo a mongoli oa libuka tsa saense ea bitsoang Amir D. Aczel ea ileng a re: “Ha ho na bopaki ba saense bo bontšang hore Molimo o teng.” Ka mohlala, rasaense e mong ea tummeng o ile a re: “Hore ebe ha ho na bopaki ba hore ho na le Molimo ea phethang karolo ea bohlokoa bokahohleng ho bontša ka ho hlaka hore molimo ha a eo.” Ba bang ba re mesebetsi eo ho thoeng e entsoe ke Molimo e iketsahaletse ka “mohlolo” kapa e mpa e le “maqheka feela.”a

Leha ho le joalo, potso ke hore: Na bo-rasaense ba entse liphuputso tse lekaneng ka lefatše hore ba fihlele liqeto tse nepahetseng? Che. Bonneteng saense e hatetse pele haholo, empa bo-rasaense ba bangata baa lumela hore ho sa ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo ba sa li tsebeng le tseo mohlomong ho seng mohla ba tla li tseba. Rasaense e mong ea bitsoang Steven Weinberg ea fuoeng khau ea Nobel, ha a bua ka ho utloisisa tlhaho o itse: “Ho na le lintho tseo re ke keng ra li utloisisa.” Moprofesa Martin Rees, Setsebi se Tummeng sa Linaleli sa Great Britain o ile a re: “Mohlomong ho na le lintho tseo batho ba ke keng ba hlola ba li utloisisa.” Ke ’nete hore ho na le lintho tse ngata tseo bo-rasaense ba ntseng ba sa li utloisise. Hlokomela mehlala e latelang:

  • DNA

    Litsebi tsa lintho tse phelang ha li utloisise hore na sele e sebetsa joang. Bo-rasaense ba sitoa ho hlalosa ka ho hlakileng hore na sele e iphepa joang, e hlahisa liprotheine joang le hore e aroha joang.

  • Bokahohle

    Hangata matla a khoheli a laola bophelo ba rōna. Empa ke mohlolo ho bo-rasaense. Ha ba tsebe hantle hore na ho tla joang hore matla a khoheli a hulele motho fatše ha a qhoma kapa ke joang a etsang hore khoeli e tsitse sebakeng sa eona.

  • Moshanyana o lihela bolo

    Litsebi tsa kamoo bokahohle bo sebetsang kateng li hakanya hore lintho tseo bo-rasaense ba li sebelisang ha li khone ho bona hoo e ka bang liphesente tse 95 tsa lintho tse bokahohleng. Ba arola lintho tsena tse sa bonahaleng ka likarolo tse peli. Kahoo ha ba tsebe sebōpeho sa tsona.

Ho na le lintho tse ling tse emisang bo-rasaense hlooho. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Sengoli se seng se tummeng sa libuka tsa saense se re: “Lintho tseo re sa li tsebeng li ngata haholo ho feta tseo re li tsebang. ’Na ke lumela hore saense e lokela ho etsa hore re ikutloe re hloletsoe ’me re batla ho ithuta ho eketsehileng ho e-na le hore re be manganga.”

Kahoo, haeba u nahana hore saense e tla nkela Bibele sebaka ’me ho lumela ho Molimo e be ntho e sa utloahaleng, nahana ka sena: Haeba ho na le lintho tseo bo-rasaense ba hlalefileng ba nang le lisebelisoa tse matla ba sa khoneng ho li utloisisa, na hoa utloahala hore u potlakele ho qhelela ka thōko lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsetsa lipatlisiso? Ha Encyclopedia Britannica e phethela sehlooho sa eona se mabapi le histori le khatelo-pele thutong ea linaleli, e re: “Ka mor’a lilemo tse ka bang 4 000 bo-rasaense ba ithuta ka linaleli, ba ntse ba tšoana le Bababylona kaha ho na le lintho tse ngata tseo ba sa li utloisiseng.”

Lipaki Tsa Jehova lia utloisisa hore motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho iketsetsa qeto tabeng ena. Re loanela ho latela tataiso ea Bibele e reng: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Ke kahoo re u kōpang hore u hlahlobe hore na ke joang ho ka thoeng saense le Bibele lia lumellana.

a Batho ba bang ha ba lumele Bibele ka lebaka la lithuto tsa likereke, tse kang hore lefatše le khubung ea bokahohle kapa hore Molimo o bōpile lefatše ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Linnete Tsa Saense Tse Lumellanang le Bibele.”

Linnete Tsa Saense Tse Lumellanang le Bibele

Bibele hase buka ea saense. Leha ho le joalo, bangoli ba eona ba nepile ha ba bua ka lintho tseo bo-rasaense ba ka li thahasellang. A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae.

  • Bokahohle

    Lefatše le bokahohle li bile teng neng?

    Bo-rasaense ba hakanya hore lefatše le bile teng lilemong tse ka bang libilione tse 4 tse fetileng le hore bokahohle bo bile teng lilemong tse ka bang libilione tse 13 ho isa ho tse 14 tse fetileng. Bibele ha e bolele hore na bokahohle bo bile teng neng. Ha ho moo e reng lefatše le bile teng lilemong tse fetileng tse ka bang likete tse seng kae feela. Temana e qalang ea Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Polelo eo e tloaelehileng e thusa bo-rasaense ho hakanya hore na lefatše le bile teng neng ho latela melao ea saense.

  • Lithaba, limela le metsi

    Lefatše le etselitsoe hore le be le baahi

    Genese khaolo ea 1 e sebelisa lentsoe “letsatsi” ha e totobatsa mehato eo Molimo a e nkileng e le hore lefatše le be le lintho tse hlokahalang hore batho, limela le liphoofolo li ka phela ho lona. Qetellong Molimo o ile a bōpa batho. Bibele ha e bontše hore na “matsatsi” ana a tšeletseng a pōpo a bile bolelele bo bokae. Ho e-na le hoo, e fa bo-rasaense monyetla oa hore ba iketsetse liphuputso e le hore ba fumane hore na a ne a le malelele hakae. Seo re se tsebang ke hore “matsatsi” a pōpo a ne a feta hōle lihora tse 24.

  • Lefatše

    Moo lefatše le lutseng teng

    Bibele e re lefatše le ‘leketlile holim’a lefeela.’ (Jobo 26:7) Ha ho moo Bibele e reng lefatše le lutse mahetleng a senatla se itseng kapa mokokotlong oa litlou tse emeng holim’a sekolopata, joalokaha lipale tsa boholo-holo li ne li bolela. Ho e-na le hoo, Bibele e boetse e fa bo-rasaense monyetla oa ho iketsetsa lipatlisiso. Nicolaus Copernicus le Johannes Kepler ba ile ba hlalosa hore lipolanete li potoloha letsatsi ’me li khannoa ke matla a sa bonahaleng. Hamorao Isaac Newton o ile a bontša hore matla a khoheli a laola tsela eo lintho li tsamaeang ka eona sepaka-pakeng.

  • Baktheria e kang lere

    Litaelo tse mabapi le bophelo bo botle le bohloeki

    Lengolo la Levitike le na le litaelo tse fuoeng Baiseraele tse mabapi le kamoo ba neng ba lokela ho qoba ho ata ha mafu a tšoaetsanoang, ho akarelletsa le hore mokuli ea nang le lefu le tšoaetsanoang a aroloe sechabeng. Molao o ho Deuteronoma 23:12, 13 o ne o laela Baiseraele hore ba ee sebakeng se ka thōko ha ba il’o ithusa. Ba ne ba lokela ho cheka sekoti ebe ba ‘koahela mantle a bona.’ Ke lilemong tse 200 tse fetileng moo bo-rasaense le lingaka li boneng bohlokoa ba melao ena.

Mangolo a Bibele ao u sa tsoa a bala a ngotsoe lilemong tse makholo tse fetileng. Bangoli bao ba ile ba fumana boitsebiso boo bo nepahetseng hokae empa barutehi ba mehleng eo ba ne ba sa bo tsebe? Molimo e leng eena Mongoli oa Bibele o re: “Etsoe joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.”—Esaia 55:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela