Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 6/1 maq. 6-7
  • Saense Hase Makhona-tsohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Saense Hase Makhona-tsohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Saense e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Ho Lumellanya Saense le Bolumeli
    Tsoha!—2002
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 6/1 maq. 6-7
Rasaense o ka laboratoring

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA SAENSE E NKETSE BIBELE SEBAKA?

Saense Hase Makhona-tsohle

Morao tjena, ho se ho e-na le libuka tse ’maloa tse reng Molimo ha a eo. Libuka tsena li khahla batho ba bangata ’me ho buuoa ka tsona haholo. Ha rasaense ea bitsoang David Eagleman a bua ka tsona o re: “Babali ba bang. . . ba lumela hore bo-rasaense ba tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa bo-rasaense ba sebele baa tenyetseha kaha nako le nako ba sibolla lintho tse ncha.”

Setsebi sa linaleli se shebile sebonela-hōle

Ho theosa le lilemo, bo-rasaense ba nang le boiphihlelo ba hatetse-pele ka tsela e hlollang liphuputsong tsa bona tse mabapi le tlhaho. Leha ho le joalo, ba bang ba entse liphoso tse khōlō lipatlisisong tsa bona. Isaac Newton ke e mong oa bo-rasaense ba hlaheletseng ka mahetla. O bontšitse kamoo matla a khoheli a kopanyang lipolanete, linaleli le lihlopha tsa tsona kateng hore e be bokahohle bo le bong. O ile a qapa thuto ea calculus, e leng mofuta oa lipalo o sebelisoang ha ho etsoa lik’homphieutha, lifofane tse isang batho sepakapakeng le saenseng ea nyutlelie. Leha ho le joalo, Newton o ile a boela a ithuta alchemy, e leng thuto eo ho neng ho thoe ke ea saense e sebelisang bonohe le boselamose e le hore a fetole loto le litšepe tse ling hore e be khauta.

Lilemo tse fetang 1 500 pele ho mehla ea Newton, setsebi sa linaleli sa Mogerike se bitsoang Ptolemy se ile sa hlahlobisisa sepakapaka se sa sebelise libonela-hōle. Se ne se hlahloba lipolanete bosiu se bile se tseba ho etsa limmapa. Empa se ne se lumela hore lefatše le bohareng ba sepakapaka. Ha setsebi sa linaleli se bitsoang Carl Sagan se bua ka Ptolemy se ile sa re: “Taba ea hore batho ba ’nile ba lumela khopolo ena e fosahetseng ka lilemo tse ka bang 1 500, e bontša hore le litsebi li ka fosa.”

Rasaense o bala Bibele

Kajeno bo-rasaense ba na le ho etsa liphoso tse kang eo ha ba etsa lipatlisiso. Na ba sa tla ke ba tsebe bokahohle ka ho feletseng? Le hoja re lokela ho ananela tsoelo-pele eo saense e e entseng le melemo eo e re tliselitseng eona, ha rea lokela ho lebala hore hase makhona-tsohle. Rasaense ea bitsoang Paul Davies o ile a re: “Ho ke ke ha etsahala hore batho ba utloisise bokahohle ka ho feletseng le hore ba bo hlalose ka tsela e tšoanang.” Ka mantsoe a mang re ka re: Batho ba ke ke ba utloisisa bokahohle ka ho feletseng. Kahoo, le hoja batho ba bangata ba ka ’na ba re saense ke makhona-tsohle, ke ho utloahalang ho hopola hore bo-rasaense ba ka fosa.

Ka sebele Bibele e ka re thusa ho feta saense

Ha Bibele e bua ka pōpo e hlollang ea Molimo e re: “Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena!” (Jobo 26:14) Ho sa na le lintho tse ngata tseo batho ba sa li tsebeng. Ruri moapostola Pauluse o ne a opile khomo lenaka ha a ne a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!”—Baroma 11:33.

Tataiso eo Bo-rasaense ba Hlōtsoeng ho Fana ka Eona

Le hoja saense e thusa batho hore ba tsebe ka lefatše, Bibele e fana ka melao le likeletso tse thusang batho hore ba phele ka khotso, ba thabile, ba bile ba khotsofetse. A re ke re hlahlobe mehlala e seng mekae.

  • Letsoho le entseng letšoao la ho ema

    Ho Thibela Tlōlo ea Molao

    Nka bophelo e le ba bohlokoa

    “U se ke ua bolaea.”—Exoda 20:13.

    “E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai.”—1 Johanne 3:15.

    Bōpa khotso

    “Furallang se sebe, ’me le etse se molemo; batlang ho fumana khotso, ’me le e phehelle.”—Pesaleme ea 34:14.

    “Litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.”—Jakobo 3:18.

    Qoba Pefo

    “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5.

    “U se ke ua honohela motho ea mabifi, kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae. Etsoe motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova.”—Liproverbia 3:31, 32.

  • Lelapa

    Thabo ea Lelapa

    Mamela batsoali ba hao

    “Bana, le mamele batsoali ba lōna bonngoeng le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.’”—Baefese 6:1-3.

    Ruta bana ba hao hantle

    “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.

    “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.

    Rata molekane oa hao u be u mo hlomphe

    “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Baefese 5:33.

  • Sefate

    Ho baballa tikoloho

    Ha Bibele e bua ka Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba silafatsa lefatše e re: ‘Naha e silafetse tlas’a baahi ba eona . . . Ba ahileng ho eona ba nkoa ba le molato.’ (Esaia 24:5, 6) Molimo o tla ahlola batho ba senyang tikoloho ka sehlōhō. O tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ba ke ke ba phonyoha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela