Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 8/8 maq. 29-32
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mefokolo ea Saense
  • Ho Hlokahala Bohato bo Potlakileng
  • Ke Mang ea ka Rarollang Bothata?
  • Bophelo Nakong e Tlang e Haufi
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Saense e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 8/8 maq. 29-32

Karolo 6

Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele

E Finyella Liphephetso tsa Lekholo la bo21 la Lilemo

ROBONG, robeli, supa, ’me ho bala ho khutleloa morao ho ntse ho tsoela pele! Na ke ho bala ho khutleloa morao bakeng sa ho tsoibiloa ha rokete? Che, ho e-na le hoo, ke ho bala nako ho khutleloa morao bakeng sa lilemo tse sa ntseng li setse pele moloko oa batho o kena lekholong la bo21 leo ho sa tsejoeng hantle hore le tla tla le fupere eng.a

Batho ba bangata ka botšepehi ba ka ’na ba lumela hore saense e ka tseba ho sebetsana le liphephetso tseo lekholo la bo21 la lilemo le tlang le tsona ka lebaka la lintho tseo saense e li finyeletseng lekholong le fetileng la lilemo.b Mohlomong ba ikutloa joaloka mongoli oa Lefora qalong ea lekholo la bo20 la lilemo. O ile a ngola: “Kajeno saense e reretsoe ho busa lefatše. Ho tloha joale ho ea pele, ho busoa ha lefatše ha ho matleng a motho, ha ho matleng a molimo, empa ho matleng a saense, saense ke mpho le molokolli oa moloko oa batho.”

Hore saense e phethahatse litebello tsena, e tla lokela ho lokisa mathata a mangata ao e tlatselitseng ho a baka.

Kotsi eo e senyang tikoloho eo saense e ikarabellang bakeng sa eona ke e khōlō ka ho fetisisa. Buka 5000 Days to Save the Planet ea tiisa: “Haeba re tsoela pele ka sekhahla sa joale sa ho sebelisa tikoloho hampe, potso hase hore na mokhatlo oa joale oa batho o tla pholohela lekholong le latelang la lilemo, empa potso ke hore na o tla nyamela ka lenyele kapa tsela e totobetseng?”

Sena se bonahala e le khetho e ke keng ea amoheloa.

Mefokolo ea Saense

Buka The Scientist e re: “Bo-rasaense ba bangata ba lekholong la bo19 la lilemo . . . hangata ba ne ba ikutloa hore ka letsatsi le leng ba tla finyella ’nete e phethahetseng le kutloisiso e feletseng.” Buka ena e tsoela pele: “Bahlahlami ba bona ba bua feela ka ho finyella ‘kutloisiso e sa fellang’ ea ’nete e tsoelang pele empa le ka mohla ba sa e utloisise ka ho felletseng.” Ho haella hona ho felletseng ha tsebo ka mokhoa o tebileng ho lekanyetsa seo saense e ka tsebang ho se etsa.

Linnete tsa saense ha ho mohla li kileng tsa fetoha ho theosa le lilemo empa likhopolo tse inahaneloang tsa saense tsona li ile tsa fetoha—’me sena se etsahetse hangata. Ha e le hantle, ka linako tse ling likhopolo tsena li ile tsa feto-fetoha ho tloha mokhoeng o mong o feteletseng ho ea ho o mong. Lingaka li kile tsa nahana joalo, ka mohlala, li ne li nahana hore ho ntša mali ’meleng oa motho ea kulang haholo e ne e le ntho eo saense e ka e etsang. Hamorao li ile tsa nahana hore ho tšela motho mali e ne e le karabo. Hona joale tse ling li qala ho bona bohlale ba ho se etse joalo le ho batla mekhoa e meng ea phekolo e se nang kotsi.

Ka ho hlakileng, seo bo-rasaense ba se tsebang se fokola haholo ha se bapisoa le seo ba sa se tsebeng. The World Book Encyclopedia ea hlokomela: “Litsebi tsa bophelo ba limela li sa ntse li sa tsebe hantle hore na photosynthesis e sebetsa joang. Litsebi tsa kamoo lintho tse phelang li sebetsang ka teng le litsebi tsa metsoako ea lik’hemik’hale ha li e-s’o fumane karabo ea hore na bophelo bo qalile joang. Litsebi tsa linaleli le lintho tse ling tse leng sepaka-pakeng ha li fane ka tlhaloso e khotsofatsang kamoo bokahohle bo qalileng ka teng. Bo-rasaense le lingaka ha ba tsebe sesosa sa kankere kapa phekolo ea eona kapa mokhoa oa ho phekola likokoana-hloko tse fapa-fapaneng tse bakang mafu. . . . Lingaka ha li tsebe lisosa tsohle tsa mafu a kelello.”

Saense e boetse e na le bofokoli ka kutloisiso ea hore ha e molemo ho feta bo-rasaense ba e phehellang. Ka mantsoe a mang, ho haella ha tsebo ea rasaense ho kopane le ho se phethahale ha motho. Bangoli ba buka 5000 Days to Save the Planet ba hlokometse hore “nako le nako . . . mekhatlo e khethehileng ea liphuputso e sebelisitse liphuputso ka leeme, ea khopamisa liphuputso le boitsebiso bo molemo bakeng sa ho rekisa lihlahisoa tse kotsi kapa ho tsoela pele ka mesebetsi e leng kotsi bakeng sa tikoloho.”

Esita le haeba boholo ba bo-rasanse bo tšepahala, sena ha se lebaka la ho neha bona kapa mesebetsi ea bona tlotla e sa lokelang. Edward Bowen ea hlahetseng Brithane, eo ka boeena e leng rasaense o fana ka lebaka: “Ba itšoanela le batho ba bang. Kaofela ba na le mefokolo. Ba bang ke ba inehetseng, ba bang ke ba se nang melao, ba bang ke ba bohlale haholo, ba bang ha ba bohlale. Ke tseba a mang a mabitso a tummeng saenseng, a batho ba entseng lintho tse ngata molemong oa lefatše. Le hoja ke sa tsebe rasaense ea kileng a kenngoa teronkong, ke tseba ba bangata ba neng ba hlile ba tšoanela ho kenngoa teronkong.”

Ka ho hlakileng, ka lebaka la mefokolo ea eona e mengata, saense ea kajeno ha e boemong bo loketseng ba ho sebetsana le liphephetso tsa lekholo la bo21 ka katleho. Ka ho khethehileng e hlōlehile ho sireletsa tikoloho, ’me ho e-na le ho thusa ho felisa ntoa lefatšeng, e thusitse ho etsa libetsa tse ka timetsang batho ba bangata.

Ho Hlokahala Bohato bo Potlakileng

Motho e mong le e mong oa lumela hore kapele-pele ho na le ntho e tlamehang ho etsoa. Ka November ea selemo se fetileng, sehlopha sa bo-rasaense ba 1 575, ho kopanyeletsa le bahapi ba moputso oa Nobel ba 99, ba ntšitse setatemente se nang le sehlooho se reng “Bo-rasaense ba Lefatše, Temoso ho Moloko oa Batho” moo ba ileng ba ngola: “Ho setse mashome a se makae a lilemo pele re qoba litšoso tseo joale re tobaneng le tsona ’me litebello tsa batho li tla fokotseha haholo.” Ba ile ba tiisa: “Batho le lefatše baa qhoebeshana.”

Litemoso tse joalo li ile tsa boleloa pele. Ha e le hantle, ka 1952, Bertrand Russell, rafilosfi oa Brithane oa lekholong la bo20 la lilemo le ’muelli oa saense, o ile a re: “Haeba bophelo ba batho bo hlile bo tla tsoela pele ho sa tsotellehe saense, moloko oa batho o tlameha ho ithuta molao oa ho laola maikutlo, moo nakong e fetileng, ho neng ho sa hlokahale ho etsa joalo. Batho ba tlameha ho ikokobeletsa molao, esita le haeba ba nahana hore molao o na le leeme. . . . Haeba sena se sa etsahale moloko oa batho o tla timela, ’me o tla timela ka lebaka la saense. Ho tlameha hore ho etsoe khetho e hlakileng nakong ea lilemo tse mashome a mahlano, khetho mahareng a Lebaka le Lefu. ’Me ka ‘Lebaka’ ke bolela boikemisetso ba ho ikokobeletsa molao joalokaha o boletsoe ke bolaoli ba machaba. Ke tšoha hore moloko oa batho o ka ’na oa khetha Lefu. Ke tšepa hore ha kea etsa phoso.”

’Nete ke hore, batho ba ikemiselitseng ho ikokobeletsa litekanyetso tse lokileng mehleng ea kajeno ba ’maloa haholo. Ka ho nepahetseng moeta-pele oa litokelo tsa sechaba ea seng a shoele Martin Luther King o ile a hlokomela: “Matla a rōna a saense a feta matla rōna a bomoea. Re na le limisaele tse laoloang le batho ba sa laoloeng.” Leha ho le joalo, ha e le hantle Russell ka ho sa tsebe o ile a sibolla tharollo ea mathata a lefatše ha a ne a bolela hore moloko oa batho o tla lokela ho “ikokobeletsa molao o boletsoeng ke bolaoli ba machaba.”

Ke Mang ea ka Rarollang Bothata?

Ke ’nete hore Bertrand Russell o ne a sa bue ka molao oa Molimo ha a ne a bua ka molao o boletsoeng ke bolaoli ba machaba. Leha ho le joalo, ho utloa melao ea bolaoli bo joalo ke sona se hlileng se hlokahalang. Melao ea bolaoli ea batho ka sebele hase eona karabo. Le ka mohla e ke ke ea fetola lefatše ’me ka ho etsa joalo e thibele tlokotsi. Ho hlōleha hampe ha histori ho paka hore batho ba hloka puso ea Molimo.c

Ka sebele, Molimo o le mong o Matla ’Ohle, eo lebitso la hae e leng Jehova, o tseba ho fana ka bolaoli ba machaba ka matla lefatšeng lohle le ho thulana le liphephetso tsa lekholo la bo21 la lilemo. (Pesaleme ea 83:18) Bolaoli boo batho bohle ba lokelang ho ikokobeletsa bona haeba ba tla fumana bophelo ke ba ’Muso oa Molimo, oo e leng ’muso oa lefatšeng o laoloang ho tsoa leholimong o hlomamisitsoeng ke ’Mōpi, Jehova Molimo.

Ke khale haholo Bibele e boletse pele ka ’muso ona: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa . . . Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.” (Esaia 9:6, 7) Ngoana enoa eo ho boletsoeng ka eena e sa le pele, Jesu Kreste, o ile a ingoa ka mohlolo ke moroetsana Maria ’me o ile a hlahela Bethlehema oa Judea.—Luka 1:30-33.

Ha Jesu a le lefatšeng o ile a ruta balateli ba hae ho rapella ’muso oa Molimo ha a ne a re: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: . . . Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10) Ke moea oa Jehova Molimo feela o matla o halalelang, kapa matla a sebetsang, o ka thusang batho ba ikemiselitseng ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona tumellanong le melao e lokileng ea ’muso oa hae. Saense ha e tsebe ho etsa joalo. Lilemo tse likete-kete tsa ho hloka bonngoe le pherekano ke bopaki ba seo.

Jehova Molimo eo tsebo ea hae e nepahetseng ea saense e ke keng ea lekanngoa, o tla hlokomela hore lefatše le thabela maemo a Paradeise kamoo a neng a le ka teng tšimong ea Edene ha a bōpa monna le mosali ba pele. Nakong eo o ile a ba laela: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Genese 1:28) Le hoja ba sa ka ba utloa ’me ba sa phethahatsa kabelo eo, Jehova Molimo o tla hlokomela hore morero oa hae oa pele ka lefatše lena hore e be paradeise o oa phethahatsoa. O re: “Ke boletse, ’me ke tla phetha.” (Esaia 46:11) Empa morero oa Molimo oa pele ka lefatše o tla phethahatsoa neng?

Jesu Kreste le baapostola ba hae ba hlalositse ka maemo a neng a tla ba teng lefatšeng “mehleng ea qetello” pele ’Muso oa Molimo o nkela mebuso eohle ea batho sebaka. (2 Timothea 3:1-5; Mattheu 24:3-14, 37-39; 2 Petrose 3:3, 4) Ha motho a bala boprofeta ba Bibele bo qotsitsoeng mona le ho bo bapisa le maemo a lefatše, hoa hlaka hore re phela nakong eo ’Muso oa Molimo o tla nka khato joalokaha e hlalositsoe ka Bibeleng ho Daniele 2:44: “Empa mehleng ea marena ao [mebuso ea batho e busang hona joale], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”

Bophelo Nakong e Tlang e Haufi

Ak’u nahane hore seo se tla bolela’ng bakeng sa nako e tlang e haufi! Moloko oa batho o letetsoe ke lintho tse babatsehang hakaakang lekholong la lilemo le tlang, haeba mohlomong e ke ke ea e-ba pele ho moo! Liphello tse mpe tsa lilemo tse likete-kete tsa puso ea batho e sa phethahalang, boikaketsi ba bolumeli, khoebo e meharo le saense ea lefatše lena li tla nkeloa sebaka ke puso ea Molimo e tla hlohonolofatsa batho haholoanyane ho feta litebello tsa bona.

Ena ke tsela eo Bibele e hlalosang liketsahalo tseo ka sebele li tlang ho etsahala lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Ka lebaka leo, ntho ea bohlokoa haholo ho uena ke ho hlokomela ho bala ho khutleloa morao ho tla emisoa kapelenyana timetsong ea tsamaiso ena ea lintho eo e leng tlas’a taolo ea ’musi oa lefatše ea matla le ea sa bonahaleng, Satane Diabolose. (Johanne 12:31; 2 Ba-Korinthe 4:3, 4) Ke habohlokoa ho ithuta thato ea Molimo le ho e etsa hobane Bibele ea tšepisa: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

Kahoo, ha nako e sa lumela, sebelisa ka bohlale litokisetso tsa Jehova bakeng sa ho pholoha. Joale u tla ba le tokelo ea ho thabela bophelo nakong e tlang, e, lekholong la bo21 la lilemo le tlang—esita le nakong ea lekholo la bo22, la bo23 le makholo a mang a lilemo a tla latela ka mor’a moo.

Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bonneteng, lekholo la bo21 la lilemo le tla qala ka la January 1, 2001. Leha ho le joalo, ka tloaelo ho talingoa lekholo la pele la lilemo le qala selemong sa pele ho fihlela ka 99 (ho ne ho se selemo sa 0); lekholo la bobeli la lilemo, le simolla ho tloha ka selemo sa 100 ho fihlela ka 199; ’me ka ho loketseng, lekholo la bo21 la lilemo le tla simolla ho tloha ka selemo sa 2000 ho fihlela ka 2099.

b Ena ke karolo ea ho qetela letotong la lihlooho tse tšeletseng tse buang ka saense makasineng oa Tsoha!

c Ho hlōleha ha mebuso ea batho ho ile ha totobatsoa ka letoto la likarolo tse leshome ho Tsoha! (ho qala ka August 8, 1990 ho fihlela ka January 8, 1991) sehloohong se reng “Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng.”

[Lebokose le leqepheng la 29]

Har’a Litaba tse Mpe, Litaba tse Molemo

Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea saense, bana ba likete ba bolaoang ke tlala le batho ba fokolang ’meleng ba sa ntse ba le teng. Empa kapele tlas’a ’Muso oa Molimo oa Messia, “nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joale ka merokoli.”—Pesaleme ea 72:16.

Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea saense, khatello le pefo ke boemo ba batho ba limillione. Empa kapele Morena oa ’Muso oa Molimo oa Messia “o tla lopolla mofutsana ea kōpang thuso, esita le ea leng mahlomoleng esita leha e le mang ea hlokang mothusi. . . . O tla lopolla liphefumolohi tsa bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:12-14, NW.

Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea saense, lenane la batho ba hlokang bolulo, ba hlokang matlo le lijo tse lekaneng le ntse le tsoela pele ho eketseha lefatšeng lohle. Empa kapele tlas’a ’Muso oa Molimo oa Messia, batho ba “tla haha matlo, ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je litholoana tsa eona.”—Esaia 65:21, 22.

Ho sa tsotellehe tsoele-pele ea meriana, mafu a ka thibeloang a ntse a tsoela pele ho bolaea batho ba limillione. Empa kapele tlas’a ’Muso oa Molimo oa Messia, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Hohle lefatšeng bophelo e tla ba ntho e thabisang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Hartebeespoortdam Snake and Animal Park

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela