Ho Lumellanya Saense le Bolumeli
“Hona joale ho se ho nkoa saense le bolumeli li lumellana.”—The Daily Telegraph, London, ea la 26 May, 1999.
SAENSE le bolumeli, ha li latela litekanyetso tse nepahetseng tsa boitšoaro, li batlisisa ’nete. Saense e sibolla tlhophiso e babatsehang ea lintho lefatšeng, bokahohle bo nang le lintho tse ikhethang tse bontšang hore bo entsoe ka bohlale. Bolumeli ba ’nete bo etsa hore lintho tsena tse sibolotsoeng li be le moelelo ka ho ruta hore ’Mōpi ea bohlale ke eena ea hlolileng lefatše.
Francis Collins, setsebi sa limolek’hule tsa baeloji, o re: “Ke hlokomela hore bolumeli bo etsa hore ke ananele saense le ho feta.” O tsoela pele: “Ha ke sibolla ho itseng ka liphatsa tsa motho tsa lefutso, ke hlolloa ke sephiri sa bophelo, ebe ke re, ‘Ruri ke Molimo feela ea se tsebileng esale pele.’ Ke boikutlo bo thabisang le bo susumetsang, bo nthusang ho ananela Molimo le bo etsang hore ke khotsofalle saense haholoanyane.”
Ke’ng e tla thusa motho ho lumellanya saense le bolumeli?
Lenyora le sa Timeng
Amohela meeli e teng: Ha ho bonahale eka lenyora la rōna la ho fumana likarabo ka bokahohle bo ke keng ba lekanngoa, sepakapaka le nako, le tla ke le fele. Setsebi sa baeloji, Lewis Thomas, se re: “Ha ho na mohla sena se tla ke se emise, kaha re batho ba labalabelang ho ithuta ho eketsehileng, ho etsa lipatlisiso, ho phenya-phenya le ho leka ho utloisisa lintho tse itseng. Ha ho mohla re tla khotsofala. Ha ke bone eka ho na le mohla batho bohle ba tla ke ba ikutloe ba imolohile ’me ba re, ‘Joale re utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’ Re tla lula re sa utloisise ka ho feletseng.”
Hoa tšoana le tabeng ea ’nete ea bolumeli, lenyora la tsebo ha le fele. Mongoli e mong oa Bibele, e leng Pauluse, o ile a re: “Hona joale re bona feela liriti tse sa hlakang ka seiponeng . . . Hona joale tsebo ea ka ha ea fella.”—1 Bakorinthe 13:12, The New English Bible.
Leha ho le joalo, ho ba le tsebo e sa fellang ka lipotso tsa saense le tsa bolumeli ha ho re thibele hore re etse liqeto tse utloahalang tse thehiloeng linneteng tseo re li tsebang. Ha ho hlokahale hore re tsebe ka ho feletseng hore na letsatsi le bile teng joang e le hore re kholisehe hore le tla chaba ka hosesane.
A re hlahlobeng linnete tse tsebahalang: Ha re ntse re batla likarabo, re lokela ho tataisoa ke melao-motheo e utloahalang. Ntle le hore re khomarele litekanyetso tse phahameng tsa bopaki bo teng, re ka lahleha habonolo phuputsong ea rōna ea ’nete ea saense le ea bolumeli. Ka ho utloahalang, ha ho le ea mong oa rōna ea ka lekanyetsang bonnete ba tsebo le likhopolo tsohle tsa saense, tse lilaebraring tsohle tse khōlō kajeno. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e fupere lithuto tsa moea tse ka batlisisoang habonolo tseo re ka li hlahlobang. Bibele e tšehetsoa ke linnete tse tsebahalang.a
Leha ho le joalo, ha ho tluoa tsebong e akaretsang, ho hlokahala boiteko bo matla ho khetholla ’nete ho khopolo-taba, taba ea sebele ho ea bohata—saenseng le bolumeling. Joalokaha mongoli oa Bibele Pauluse a ile a eletsa, re lokela ho hana “likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’” (1 Timothea 6:20) E le hore re lumellanye saense le Bibele, re lokela ho hlahloba linnete, kahoo re qobe ho etsa liqeto tse thehiloeng monahanong le khopolo-tabeng, ’me re hlahlobe kamoo ntlha ka ’ngoe e tšehetsang le ho tlatsa e ’ngoe kateng.
Ka mohlala, ha re utloisisa hore Bibele e sebelisa lentsoe “letsatsi” ho bolela linako tse sa tšoaneng, rea elelloa hore tlaleho e ho Genese ea matsatsi a tšeletseng a pōpo hase hakaalo hore e hanyetsa qeto eo saense e e fihletseng ea hore lefatše le na le lilemo tse ka bang limilione tse likete tse ’nè le halofo le le teng. Ho ea ka tlaleho ea Bibele, lefatše le bile teng pele matsatsi a pōpo a qala ka nako e sa boleloang. (Bona lebokose le reng “Matsatsi a Pōpo—Na e Bile a Lihora Tse 24 Letsatsi ka Leng?”) Le haeba saense e ka re e entse phoso ’me ea bolela lilemo tse ling tseo e reng lefatše la rōna le bile teng ka tsona, seo Bibele e se boletseng se tla sala e le ’nete. Ho e-na le ho hanyetsa Bibele, ntlheng ena le ho tse ling tse ngata saense e re fa boitsebiso bo bongata bo tlatsetsang bo buang ka lefatše, ba hona joale le ba nakong e fetileng.
Tumelo, eseng tumelo e se nang mabaka: Bibele e re fa tsebo ka Molimo le merero ea hae, tsebo eo re ke keng ra e fumana mohloling leha e le ofe o mong. Ke hobane’ng ha re lokela ho e tšepa? Bibele ka boeona e re khothalletsa hore re hlahlobe ho nepahala ha eona. Nahana ka bonnete ba litlaleho tsa eona tsa histori, likeletso tsa eona tse sebetsang, ho hloka leeme ha bangoli ba eona le ho tšepahala ha eona. Motho a ka ba le tumelo e tiileng ea hore Bibele e fela e le Lentsoe la Molimo ka ho hlahloba ho nepahala ha eona, ho akarelletsa litabeng tsa saense le ho phethahala ho sa foseng ha boprofeta ba eona bo makholo, e leng ho kholisang le ho feta. Ho lumela Bibele hase ho lumela ho se nang mabaka empa ke ho kholiseha ka ho nepahala ha seo Mangolo a se buang.
Hlompha saense; hlokomela hore tumelo ke ea bohlokoa: Lipaki tsa Jehova li khothalletsa batho ba se nang leeme litabeng tsa saense le tsa bolumeli hore ba kopanele ho batleng ’nete likarolong tseo ka bobeli. Liphuthehong tsa tsona, Lipaki li khothalletsa ho hlompha saense ka ho loketseng le lintho tseo e li sibolotseng tse pakiloeng hammoho le ho lumela ka tieo ’nete ea bolumeli e fumanoang ka Bibeleng feela, eo ka nepo e ipolelang hore ke Lentsoe la Molimo, e bileng e fanang ka bopaki bo bongata ba seo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13.
Ke ’nete hore joaloka tabeng ea saense, lithuto tsa bohata le litloaelo tse kotsi li ile tsa kenella bolumeling. Ka hona, ho na le bolumeli ba ’nete le bolumeli ba bohata. Ke kahoo batho ba bangata ba tsoileng malumeling a hlophisitsoeng, a tloaelehileng ’me ea e-ba litho tsa phutheho ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova. Ba soetsitsoe ke ho ikemisetsa ha malumeli a bona a pele ho khomarela lineano le litumelo tsa batho ho e-na le ho amohela ’nete e senotsoeng.
Ho feta moo, Bakreste ba ’nete ba na le morero oa sebele bophelong, hobane ba tseba ’Mōpi hamolemo joalokaha a senotsoe ka Bibeleng, ba bile ba tseba le merero ea hae ka batho le lefatše leo re phelang ho lona. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khotsofatsoa ke likarabo tse utloahalang, tse thehiloeng Bibeleng lipotsong tse kang tse reng, Ke hobane’ng ha re le moo? Re ea hokae? Li tla thabela ho buisana le uena ka boitsebiso bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Matsatsi a Pōpo—Na e Bile a Lihora Tse 24 Letsatsi ka Leng?
Ba bang ba lumelang hore sohle se ka Bibeleng se lokela ho nkoa joalokaha se le joalo ba bolela hore thuto ea hore lintho tsohle li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele ke eona e hlalosang histori ea pele batho ba e-ba teng ho fapana le khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ba bolela hore pōpo eohle e bonahalang e bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a bolelele ba lihora tse 24 letsatsi ka leng, neng-neng lilemong tse ka bang 6 000 ho isa ho tse 10 000 tse fetileng. Empa ka ho bolela sena, ba ntšetsa pele thuto e khahlanong le Mangolo e entseng hore ba bangata ba some Bibele.
Na ka Bibeleng ke kamehla letsatsi le leng bolelele ba lihora tse 24 tsa sebele? Genese 2:4 e bua ka ‘letsatsi leo ka lona Jehova Molimo a entseng lefatše le leholimo.’ Letsatsi lena le le leng le akaretsa matsatsi a mang a tšeletseng a pōpo a ho Genese khaolo ea 1. Ho ea ka Bibele, letsatsi ke nako ea bolelele bo itseng ’me e ka ba lilemo tse sekete kapa lilemo tse likete-kete. Matsatsi a Bibele a pōpo e ka ba lilemo tse likete letsatsi ka leng. Ho feta moo, lefatše le ne le se le ntse le le teng pele matsatsi a pōpo a qala. (Genese 1:1) Ka hona, ntlheng ena tlaleho ea Bibele e lumellana le saense ea ’nete.—2 Petrose 3:8.
Setsebi se seng sa limolek’hule tsa baeloji, Francis Collins, ha se hlahisa maikutlo a sona tabeng e boleloang ea hore matsatsi a pōpo e ne e hlile e le a lihora tse 24, se re: “Thuto ea hore lintho tsohle li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele e sentse tumelo ho feta ntho leha e le efe historing ea kajeno.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
Na Saense e na le Litekanyetso Tse Phahameng Tsa Boitšoaro?
Ka ho utloahalang, ba bangata ba lumelang saenseng ba ’nile ba khesa bolumeli ka lebaka la ho hanyetsa ha bona tsoelo-pele ea saense, tlaleho ea bona e nyarosang le boikaketsi le liketso tsa bona tse sehlōhō. Moprofesa oa baeloji ea lintho tse nyenyane tse phelang, John Postgate, o re: “Malumeli a lefatše a . . . bakile masetla-pelo a mahlabelo a etsoang ka batho, lintoa tsa bolumeli, lipolao tse sehlōhō le makhotla a otlang bakhelohi. Lehlakore lena le sa rateheng la bolumeli le kotsi le ho feta mehleng ea kajeno. Ho fapana le saense, bolumeli bo nka lehlakore.”
Ha a bapisa seo le maikutlo a hore saense e talima lintho ka tsela ea sebele ebile e na le boitšoaro bo laolehileng, Postgate o re “saense eona e na le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro.”
Na saense e hlile e latela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro? Che, ha ho joalo. Postgate ka boeena oa lumela hore “mekhatlo ea saense le eona e na le bothata ba mōna, meharo, lehloeo le mohono.” O phaella ka hore “bo-rasaense ba bang ba iponahalitse hore ba na le bokhoni ba ho bolaea e le ha ba re baa fuputsa, joalokaha ho etsahetse Jeremane ea Bonazi le lichankaneng tsa Japane.” Ha National Geographic e abela moqolotsi e mong oa litaba ho batlisisa hore na ho tlile joang hore e tlalehe leshano ka mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo, moqolotsi eo o ile a bolela hore “ho bile le taba ea mokunyata le ho se tšepane, ho phehisana ho matla, ho ipatlela litulo tse ka pele, ho tšepa ntat’a selala, ho ikhohomosa ho se nang kelello, phoso e tsamaeang le mohatisi, manganga, ho fetola lintho ka mano, ho buana hampe, ho bua leshano [le] bobolu.”
Bonneteng saense ke eona e fileng batho lisebelisoa tse kotsi tsa ntoa, tse kang likokoana-hloko tse bolaeang tse sebelisoang e le libetsa, khase e chefo, limisaele, libomo tse “cheoang” le tsa nyutlelie.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ant Nebula (Menzel 3), ho Hubble Space Telescope
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
NASA, ESA and The Hubble Heritage Team (STScI/AURA)
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Saense e sibollotse hore lefatše le na le lintho tse ngata tse ikhethang tse bontšang bohlale ba pōpo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lipaki tsa Jehova li khothalletsa ho hlompha saense ea ’nete le ho lumela Bibele