Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 3 leq. 3
  • U ka Iketsetsa Qeto Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Iketsetsa Qeto Joang?
  • Tsoha!—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Mōpi a ka Etsa Hore Bophelo ba Hau bo be le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Matlafatsa Tumelo ea Hao ho ’Mopi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Bophelo bo Bile Teng Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ithute Seo ’Mōpi oa hao a Leng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 3 leq. 3
Mosali o shebile moruti ea tšoereng Bibele le ra-saense ea tšoereng setšoantšo sa DNA.

U ka Iketsetsa Qeto Joang?

“Lintho tsohle tse maholimong le tse mona lefatšeng li ikentse kaha li na le bokhoni ba ho etsa seo.”​—Stephen Hawking le Leonard Mlodinow, bao e leng litsebi tsa saense.

“Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.”​—Bibele lengolong la Genese 1:1.

Na lefatše le lintho tse ho lona li bopiloe ke Molimo kapa li bile teng ka mohlolo? Mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a litsebi tse peli tsa saense le a hlahang bukeng e qalang ea Bibele a fana ka likarabo tse peli tse fapaneng. Batho ba bang ba lumellana le mantsoe a Bibele ha ba bang bona ba lumellana le litsebi tsa saense. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha baa kholiseha ka seo ba se lumelang ebile ba ngangisana ka taba ena mananeong a TV le libukeng.

Ho ka ’na ha etsahala hore matichere a hao a u rutile hore leholimo, lefatše le lintho tsohle tse phelang li ikentse le hore ha ho na ’Mopi. Empa na ba ile ba u bontša bopaki ba hore ha ho na ’Mopi? Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha etsahala hore u kile oa utloa baeta-pele ba likereke ba ruta hore ho na le ’Mopi. Empa na ba ile ba u bontša bopaki ba seo ba se buang? Kapa na ba ile ba re haeba u na le tumelo u lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hoja u se na bopaki?

Mohlomong u kile oa ipotsa potso ena ’me oa utloa eka ha ho na bopaki bo hlakileng ba hore ehlile ’Mopi o teng. E ka ’na eaba sena se ile sa etsa hore u utloe eka ha ho bohlokoa hakaalo hore u fumane karabo ea potso eo.

Makasine ena ea Tsoha! e tla u bontša lintlha le bopaki bo ileng ba etsa hore batho ba lumele hore ho na le ’Mopi. E tla boela e bontše hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho fumana karabo ea hore na lintho tse phelang li bopiloe kapa che.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela