Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
LEKHOLO la bo20 la lilemo le bile le tsoelo-pele e tsotehang saenseng ea meriana. Ka lilemo tse likete, hoo e batlang e le ka ho feletseng, batho ba ’nile ba hloka tšireletso khahlanong le tlhokofatso ea likokoana-hloko tse bolaeang. Empa lintho li ile tsa qala ho fetoha bohareng ba lilemo tsa bo-1930 ha bo-rasaense ba sibolla sulfanilamide, e leng motsoako oa pele o neng o ka hlōla libaktheria ntle le ho lematsa ka ho tebileng motho ea tšoaelitsoeng.a
Lilemong tse ileng tsa latela, bo-rasaense ba ile ba hlahisa lithethefatsi tse matla tse ncha ho loantša mafu a tšoaetsanoang—chloroquine ho hlasela malaria le meriana e thibelang likokoana-hloko ho laola pneumonia, feberu e khubelu le lefuba. Ka 1965 ho ne ho entsoe lihlahisoa tse fapaneng tsa meriana e thibelang mafu tse fetang 25 000. Bo-rasaense ba bangata ba ile ba etsa qeto ea hore mafu a bakoang ke libaktheria e ne e se e se a bohlokoa haholo kapa a liphuputso tse thahasellisang. Etsoe, ke hobane’ng ha ba ne ba ka ithuta ka mafu ao haufinyane a neng a tla be a felile?
Linaheng tsa lefatše tse tsoetseng pele, ka potlako liente tse ncha li ile tsa fokotsa ho bolaea ho bakoang ke maselese, litemetoane le maselese oa Jeremane. Letšolo le leholo la kentelo ea pholio, le ileng la qaloa ka 1955, e ile ea e-ba le atlehileng hoo liketsahalo tsa lefu leo Europe Bophirimela le Amerika Leboea li ileng tsa fokotseha haholo ho tloha ho tse 76 000 selemong seo ho ea ho tse ka tlaase ho 1000 ka 1967. Sekholopane, lefu le leholo le bolaeang, le ile la ntšoa ka metso lefatšeng ka bophara.
Lekholong lena la lilemo ho ile ha boela ha qaptjoa maekroskoupu ea elektrone, e leng mochine o matla hoo o nolofaletsang bo-rasaense ho bona likokoana-hloko tse nyenyane ho feta lenala la monoana oa motho ka makhetlo a milione. Limaekroskoupu tse joalo, hammoho le lintho tse ling tsa theknoloji tse tsoetseng pele, li entse hore ho khonehe ho utloisisa le ho loantša mafu a tšoaetsanoang ho feta leha e le neng pele.
Tlhōlo e Ile ea Bonahala Eka e Tiile
Ka lebaka la litšibollo tsena, ba lefapha la meriana ba ne ba tletse tšepo. Likokoana-hloko tsa lefu le tšoaetsanoang li ne li hlōloa ka meriana ea mehleng ea kajeno. Batho ba ne ba na le tšepo ea hore tlhōlo ea saense likokoana-hlokong e ne e tla ba e potlakileng, e tiileng le e phethahetseng! Ba ne ba nahana hore haeba lefu le itseng le ne le e-s’o ka le fumaneloa phekolo, e ne e tla fumanoa kapele-pele.
Ho tloha khale koana ka 1948, mongoli oa ’muso oa United States George C. Marshall, o ile a ithorisa ka hore tlhōlo ea mafu ’ohle a tšoaetsanoang e ne e atametse. Lilemo tse tharo hamorao, World Health Organization (WHO) e ile ea tiisa ka matla hore haufinyane lefu la malaria la Asia e ne e “ke ke ea hlola e e-ba la bohlokoa haholo.” Bohareng ba lilemong tsa bo-1960, tumelo ea hore mehla ea tlokotsi le lefu la seoa e ne e fetile e ne e atile haholo hoo ngaka ea sesole ea United States, William H. Stewart e ileng ea bolella liofisiri tsa bophelo hore e ne e le nako ea ho khaotsa ho ameha ka mafu a tšoaetsanoang.
Mafu a Khale aa Khutla
Leha ho le joalo, ho hang ho ameha ka mafu a tšoaetsanoang ho ne ho sa lokela ho khaotsa. Likokoana-hloko ha lia ka tsa nyamela lefatšeng hobane feela saense e ne e qapile lithethefatsi le liente. Li le hōle haholo le ho hlōloa, likokoana-hloko tse tsebahalang haholo tse bolaeang li ile tsa khutla ka boiphetetso bo matla! Ho phaella moo, likokoana-hloko tse ling tse bolaeang li ile tsa hlahella—likokoana-hloko tseo pele li neng li sa tsejoe ke lingaka. Kahoo, likokoana-hloko tsa khale le tse ncha li ntse li e-ja setsi ka potlako, li sokela, li hlokofatsa, kapa li bolaea batho ba limilione tse ngata lefatšeng ka bophara.
Mafu a bolaeang ao pele ho neng ho nahanoa hore aa laoleha a hlahelletse hape, a bolaea ho feta leha e le neng pele ebile ho thata haholoanyane ho a phekola ka lithethefatsi. Mohlala o mong ke lefuba (TB). Haufinyane WHO e ile ea re: “Ho tloha ka 1944, lithethefatsi tsa TB li ’nile tsa sebelisoa ka ho pharaletseng Japane, Amerika Leboea le Europe ho fokotsa ka potlako liketsahalo tsa TB le mafu a mang. Leha ho le joalo, boiteko ba ho laola TB linaheng tse ntseng li tsoela pele bo hlokomolohiloe, . . . ’me ho nolofalelitse lefu leo hore le khutlele linaheng tse ruileng ka mefuta e kotsi haholoanyane le e hanang ho phekoloa ke lithethefatsi tse ngata.” Kajeno TB, eo ka tloaelo e bakoang ke libaktheria tse moeeng tse lulang ka matšoafong, e bolaea batho ba ka bang limilione tse tharo selemo se seng le se seng—ba fetang 7000 ka letsatsi. Ka selemo sa 2005, palo ea ba shoang e tla be e nyolohetse ho ba limilione tse ’ne ka selemo.
Mafu a mang a neng a bolaea pele a boetse aa hlahella. Hona joale k’holera e jele setsi likarolong tse ngata tsa Afrika, Asia le Latin America; e hlokofatsa le ho bolaea lipalo tse ntseng li eketseha tsa batho. Ho hlahile mofuta o mocha ka ho feletseng Asia.
Lefu la dengue le jaloang ke monoang oa Aëdes aegypti, le lona le ntse le eketseha ka potlako; hona joale le sokela batho ba limilione tse 2500 linaheng tse fetang 100 lefatšeng ka bophara. Ho tloha ka bo-1950, mofuta o mocha o bolaeang o ntšang mali oa lefu leo o ile oa hlaha ’me o jalehile ho pholletsa le Linaha tse Chesang tse Mongobo. Ho hakanyetsoa hore le bolaea batho ba ka bang 20 000 ka selemo. Joaloka mafu a mang a mangata a bakoang ke likokoana-hloko, ha ho na ente khahlanong le lefu leo ’me ha ho na sethethefatsi sa ho le phekola.
Malaria, eo saense e kileng ea nahana ho e ntša ka metso, hona joale e bolaea batho ba ka bang limilione tse peli ka selemo. Likokoana-hloko tsa malaria hammoho le menoang e e jarang li se li fetohile tseo ho leng thata ka ho eketsehileng ho li bolaea.
Mafu a Macha a Senyang
Mohlomong lefu le tsejoang ka ho fetisisa har’a mafu a macha a sa tsoa hlahella a hlokofatsang moloko oa batho ke AIDS e bolaeang. Lefu lena le sa phekoleheng le bakoa ke kokoana-hloko e neng e sa tsejoe lilemong tse ka bang leshome le metso e ’meli tse fetileng. Leha ho le joalo, bofelong ba 1994 palo ea batho ba neng ba tšoaelitsoe ke kokoana-hloko eo lefatšeng ka bophara e ne e le lipakeng tsa limilione tse 13 le tse 15.
Mafu a mang a tšoaetsanoang ao pele a neng a sa hlokomeloe a akareletsa bohloko bo sa tsebahaleng hantle ba matšoafo. Bo fetisoa ke litoeba tsa naheng, bo ile ba hlaha ka boroa-bophirimela ho United States ’me bo ile ba ipaka bo bolaea liketsahalong tse fetang halofo tse ileng tsa tlalehoa. Mefuta e ’meli ea feberu e ntšang mali—e mecha ka bobeli le e bolaeang—e hlahile Amerika Boroa. Ho boetse ho hlahile mafu a mang a tšabehang—likokoana-hloko tse nang le mabitso a makatsang, a sa tloaelehang—Lassa, Phula ea Rift, Oropouche, Rocio, Q. Guanarito, VEE, sekholopane sa litšoene, Chikungunya, Mokola, Duvenhage, LeDantec, kokoana-hloko ea boko ea Morung oa Kyasanur, lehlahana la Moru la Semliki, Crimean-Congo, O’nyongnyong, Sindbis, Marburg, Ebola.
Ke Hobane’ng ha ho Hlaha Mafu a Macha?
Kaha ho na le tsebo eohle le thepa ea bohlokoa tseo saense ea kajeno ea meriana e nang le tsona, ke hobane’ng ha likokoana-hloko tse bolaeang li ipaka li le thata hakaale ho hlōloa? Lebaka le leng ke mokhoa oa ho tsamaea o eketsehileng oa sechaba sa kajeno. Mokhoa oa ho tsamaea oa kajeno o ka etsa hore ka potlako seoa sa sebakeng se itseng e be sa lefatše lohle. Ho nka maeto ka lifofane tsa jete ho nolofaletsa mafu a bolaeang hore a tsamaee ho tloha karolong e ’ngoe ea lefatše ho ea karolong leha e le efe ea lefatše ka nako ea lihora, a ipatile ka har’a motho ea tšoaelitsoeng.
Lebaka la bobeli, le nolofaletsang likokoana-hloko hore li ate, ke khōlo e potlakileng ea baahi ba lefatše—haholo-holo metseng e meholo. Ka ho hlakileng, litšila li hlaha metseng e meholo. Litšila li na le lipolasetiki le lithaere tse tletseng metsi a pula a macha. Linaheng tse Chesang tse Mongobo, seo se fella ka ho ata ha menoang e tsamaisang mafu a bolaeang a kang malaria, feberu e tšehla le dengue. Ho phaella moo, feela joalokaha moru o teteaneng o ka baka mollo, ka ho tšoanang sepenya sa baahi se fana ka maemo a loketseng hantle bakeng sa hore lefuba, ntaramane le mafu a mang a tsamaisoang ke moea a ate ka potlako.
Lebaka la boraro la ho khutla ha likokoana-hloko ho bakoa ke liphetoho boitšoarong ba batho. Likokoana-hloko tse tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali li eketsehile haholo ’me li atile ka lebaka la ho ba le likamano tsa botona le botšehali le balekane ba bangata ka tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng, e leng tsona tse khethollotseng karolo e qetellang ea lekholo la bo20 la lilemo. Ho ata ha AIDS ke mohlala o le mong feela.b
Lebaka la bone leo ka lona ho leng thata hakana ho hlōla likokoana-hloko ke hore motho o hlasetse likhoa le meru ea libakeng tseo ho nang pula e ngata. Mongoli Richard Preston oa bolela bukeng ea hae ea The Hot Zone: “Ho hlaha ha AIDS, Ebola le lisosa tse ling tse ngata tsa libakeng tseo ho nang pula e ngata ho bonahala e le phello ea tlhaho ea tšenyo ea bophelo le tikoloho libakeng tse chesang tse mongobo. Likokoana-hloko tse ntseng li hlaha li tsoa likarolong tsa lefatše tseo bophelo le tikoloho ea tsona li senyehileng. Bongata ba tsona bo hlaha meeling e litšila ea meru ea libaka tseo ho nang pula e ngata . . . Meru ea libaka tseo ho nang pula e ngata ke lipolokelo tse khōlō tsa bophelo polaneteng ena, ’me li na le mefuta e mengata ea limela le liphoofolo tsa lefatše. Meru ea libaka tseo ho nang pula e ngata e boetse ke lipolokelo tse khōlō ka ho fetisisa tsa likokoana-hloko, kaha lintho tsohle tse phelang li na le likokoana-hloko.”
Kahoo batho ba kopane haufi-ufi le likokoanyana le liphoofolo tse nang le mali a futhumetseng e leng tseo likokoana-hloko li lulang ka ho tsona, li tsoalloang teng le ho shoela teng li sa bake kotsi ea letho. Empa ha kokoana-hloko eo e “qhomela” mothong e e-tsoa phoofolong, kokoana-hloko eo e ka ’na ea bolaea.
Mefokolo ea Saense ea Meriana
Mabaka a mang ao ka ’ona mafu a tšoaetsanoang a boeang sekoele a amana le saense ea meriana ka boeona. Hona joale libaktheria tse ngata li hanana le meriana e thibelang likokoana-hloko eo pele e neng e li bolaea. Ka ho fapaneng, meriana e thibelang likokoana-hloko ka boeona e thusitse ho hlahiseng boemo bona. Ka mohlala, haeba moriana o thibelang likokoana-hloko o bolaea karolo ea 99 lekholong feela ea libaktheria tse kotsi mothong ea tšoaelitsoeng, joale karolo ea ’ngoe lekholong e phelang e hanneng moriana o thibelang likokoana-hloko e ka hōla ’me ea ikatisa joaloka letlōbo le lengata la lehola tšimong e qetang ho phetholoa.
Bakuli ba mpefatsa bothata ha ba sa qete meriana e thibelang likokoana-hloko eo ba e filoeng ke ngaka ea bona. Bakuli ba ka ’na ba khaotsa ho noa lipilisi hang ha ba ikutloa ba folile. Le hoja e ka ’na eaba likokoana-hloko tse se nang matla ka ho fetisisa li bolailoe, tse matla ka ho fetisisa lia phonyoha ’me li ikatisa ka lenyele. Ka nako ea libeke tse seng kae, lefu lane le hlahella hape, empa lekhetlong lena ho thata haholoanyane, kapa ha ho khonehe ho le phekola ka lithethefatsi. Ha letlōbo lena la likokoana-hloko le hanang lithethefatsi le hlasela batho ba bang, ho ka ’na ha hlaha bothata bo tebileng ba bophelo sechabeng.
Haufinyane tjena litsebi tsa WHO li boletse: “Ho hanana [le meriana e thibelang likokoana-hloko le metsoako e thibelang likokoana-hloko] ke seoa linaheng tse ngata ’me ho hanana le lithethefatsi tse ngata ho batla ho siile lingaka le monna oa mateneng morerong oa tsona oa ho phekola mafu a ntseng a eketseha ka palo. Lipetlele feela, ho hakanyetsoa hore letsatsi le letsatsi ho ba le litšoaetso tsa libaktheria tse milione lefatšeng ka bophara, ’me boholo ba tsona ke tse hananang le lithethefatsi.”
Litšelo tsa mali, tse ’nileng tsa sebelisoa ka ho eketsehileng ho tloha ntoeng ea bobeli ea lefatše, le tsona li tlatselitse ho atiseng mafu a tšoaetsanoang. Ho sa tsotellehe boiteko ba saense ba ho boloka mali a se na likokoana-hloko, litšelo tsa mali li tlatselitse haholo ho ateng ha lefu la sebete, cytomegalovirus, libaktheria tse hananang le lithethefatsi, malaria, feberu e tšehla, lefu la Chagas, AIDS le mafu a mang a mangata a tšabehang.
Boemo ba Litaba Kajeno
Le hoja saense ea meriana e bile le keketseho e khōlō ea tsebo lekholong lena la lilemo, ho sa ntse ho setse liphiri tse ngata. C. J. Peters o ithuta ka likokoana-hloko tse kotsi sebakeng sa Centers for Disease Control, e leng laboratori ea bophelo ea sechaba e hlahelletseng ka ho fetisisa ea Amerika. Puisanong ea lipotso ka May 1995, o ile a re mabapi le Ebola: “Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha e le kotsi hakana ho motho, ’me ha re tsebe seo e se etsang [kapa] moo e leng hona teng, nakong eo e sa bakeng seoa sena. Re sitoa ho e fumana. Ha ho na kokoana-hloko e ’ngoe ea mofuta ona . . . eo re hlokang tsebo ka ho tebileng hakana ka eona.”
Esita leha ho e-na le tsebo e sebetsang ea meriana, lithethefatsi le liente li le teng ho loantša mafu, ho li sebelisa ho batho ba li hlokang ho batla chelete. Batho ba limilione ba phela bofutsaneng. World Health Report 1995 ea WHO e re: “Bofutsana ke lebaka le leholo leo ka lona masea a sa entoeng, leo ka lona ho sa fanoeng ka metsi a hloekileng le bohloeki, leo ka lona lithethefatsi tsa phekolo le mekhoa e meng ea phekolo li sa fumaneheng . . . Selemo le selemo ho shoa bana ba limilione tse 12,2 ba nang le lilemo tse ka tlaase ho 5 linaheng tse tsoelang pele moruong, boholo ba bona e le ka lisosa tse ka beng li thibetsoe ka chelete e seng kae feela ea US bakeng sa ngoana ka mong. Boholo bo shoa ka lebaka la boiphapanyo ba batho ba bangata, empa haholo-holo bo shoa hobane ba futsanehile.”
Ka 1995, mafu a tšoaetsanoang le likokoana-hloko e ne e le babolai ba baholo ka ho fetisisa ba lefatše, li felisa bophelo ba batho ba limilione tse 16,4 selemo ka seng. Ka bomalimabe, batho ba limilione tse ngata ba phela maemong a loketseng hantle bakeng sa hore likokoana-hloko tse bolaeang li hlahe le ho ata. Nahana ka boemo ba kajeno bo utloisang bohloko. Batho ba fetang limilione tse sekete ba phela bofutsaneng bo otlang pelo. Halofo ea baahi ba lefatše ha e fumane phekolo ea meriana le lithethefatsi tse hlokahalang kamehla. Bana ba limilione ba lahliloeng kherehloa ba solla literateng tsa metse e meholohali e litšila, ’me boholo ba bona ba ikentela lithethefatsi ebile ba lemaletse botekatse. Baphaphathehi ba limilione ba lula boemong bo sithabetsang likampong tse sa hloekang har’a k’holera, letšollo le mafu a mang.
Ntoeng e pakeng tsa motho le likokoana-hloko, maemo a ’nile a tšehetsa likokoana-hloko.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sulfanilamide ke motsoako o hlakileng oo lithethefatsi tsa sulfa li etsoang ka oona laboratoring. Lithethefatsi tsa sulfa li ka sitisa khōlo ea libaktheria, tsa lumella hore mokhoa oa ’mele ka booona oa ho itšireletsa o bolaee libaktheria.
b Mehlala e meng ea mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali: Lefatšeng ka bophara ho na le batho ba ka bang limilione tse 236 ba tšoaelitsoeng ke trichomoniasis le batho ba ka bang limilione tse 162 ba tšoaelitsoeng ke chlamydia. Selemo le selemo ho ba le liketsahalo tse ncha tse ka bang limilione tse 32 tsa maqhutsu a hlahang lithong tsa botona kapa botšehali, tse limilione tse 78 tsa qhoshola, tse limilione tse 21 tsa lefu le bakang lipululana lithong tsa botona kapa botšehali, tse limilione tse 19 tsa mokaola le tse limilione tse 9 tsa mokaola o monyane.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Lipetlele feela, ho hakanyetsoa hore letsatsi le letsatsi ho ba le litšoaetso tsa libaktheria tse milione lefatšeng ka bophara, ’me boholo ba tsona ke tse hananang le lithethefatsi.” World Health Organization
[Lebokose le leqepheng la 25]
Ha Likokoana-hloko Li Iphetetsa
Kokoana-hloko e nyenyane e tsejoang e le baktheria “e na le boima bo bonyenyane bo etsang ligrama tse 0,00000000001. Lerua-rua le leputsoa la letonanahali le boima ba ligrama tse ka bang 100000 000. Leha ho le joalo baktheria e ka bolaea lerua-rua.”—Bernard Dixon, 1994.
Har’a libaktheria tse tšajoang ka ho fetisisa tse fumanehang lipetlele ke letlōbo le hananang le lithethefatsi la Staphylococcus aureus. Letlōbo lena le hlokofatsa ba kulang le ba fokolang, ’me le baka litšoaetso tsa mali tse bolaeang, pneumonia le ho tepella maikutlo ka ho teba. Ho latela kakaretso e ’ngoe ea lipalo, staph e bolaea batho ba ka bang 60 000 United States selemo ka seng—ho feta ba shoang likotsing tsa makoloi. Ho theosa le lilemo, letlōbo lena la libaktheria le fetohile le hananang haholo le meriana e thibelang likokoana-hloko hoo ka 1988 ho neng ho e-na le moriana o le mong feela o khonang ho li thibela, e leng sethethefatsi sa vancomycin. Leha ho le joalo, kapele-pele ho qalile ho hlaha litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle tsa letlōbo le hananang le vancomycin.
Leha ho le joalo, esita leha meriana e thibelang likokoana-hloko e etsa mosebetsi oo e loketseng ho o etsa, ho ka ’na ha hlaha mathata a mang. Bohareng ba 1993, Joan Ray o ile a ea sepetlele United States bakeng sa ho buuoa ho tloaelehileng. O ne a lebeletse hore o tla khutlela hae ka mor’a libeke tse seng kae feela. Ho e-na le hoo, o ile a tlameha ho lula sepetlele matsatsi a 322, haholo-holo ka lebaka la litšoaetso tseo a bileng le tsona ka mor’a ho buuoa. Lingaka li ile tsa loantša litšoaetso tseo ka meriana e matla e thibelang likokoana-hloko, ho akareletsa le vancomycin, empa likokoana-hloko li ile tsa iphetetsa. Joan o re: “Ke ne ke sitoa ho sebelisa matsoho a ka. Ke ne ke sitoa ho sebelisa maoto a ka. . . . Ke ne ke sitoa feela le ho nka buka ke bala.”
Lingaka li ile tsa ikitlaetsa ka matla ho fumana hore na ke hobane’ng ha Joan a ne a ntse a kula ka mor’a ho phekoloa ka meriana e thibelang likokoana-hloko ka mor’a likhoeli. Mosebetsi oa laboratoring o ile oa bontša hore ho phaella tšoaetsong ea staph, Joan o ne a e-na le mofuta o mong oa baktheria ’meleng oa hae—enterococcus e hananang le vancomycin. Joalokaha lebitso la eona le bolela, baktheria ena e ne e sa ntšoe kotsi ke vancomycin; hape e ne e bonahala eka ha e angoe ke meriana e meng kaofela e thibelang likokoana-hloko.
Joale lingaka li ile tsa hlokomela ntho e ’ngoe e ileng ea li makatsa. Hase feela hore libaktheria li ne li hanana le lithethefatsi tse neng li lokela ho li bolaea, empa ho fapana le seo li neng li se lebeletse, ha e le hantle li ne li sebelisa vancomycin ho phela! Ngaka ea Joan, setsebi sa mafu a tšoaetsanoang, e ile ea re: “[Libaktheria] li hloka vancomycin eo e le hore li ikatise, ’me ha li se na eona li ke ke tsa hōla. Kahoo, ka kutloisiso e itseng, li sebelisa vancomycin e le lijo.”
Ha lingaka li khaotsa ho fa Joan vancomycin, libaktheria tseo li ile tsa e-shoa, ’me bophelo ba Joan ba ntlafala.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Likokoana-hloko lia atleha ha bakuli ba sebelisa meriana e thibelang likokoana-hloko ka mokhoa o fosahetseng
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Litšelo tsa mali li jala likokoana-hloko tse bolaeang