Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 11/8 maq. 14-17
  • Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhōlo e Neng e Lebeletsoe e Ile ea Bjaramana
  • Ho Ngangabala ha Baktheria
  • Ho Itoanela Lithethefatsing Tse Ngata
  • Bokamoso bo Lerootho
  • Nakong eo Likokoana-hloko li ke Keng Tsa Ntša Mang Kapa Mang Kotsi
    Tsoha!—2003
  • Likokoana-hloko Tse Manganga—Li Kotsi Hakae?
    Tsoha!—2003
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Ho Atleha le ho Hlōleha ho Loantša Mafu
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 11/8 maq. 14-17

Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele

LIVAERASE, libaktheria, li-protozoa, li-fungus, le likokoanyana tse ling tse nyenyane haholo ho bonahala li ’nile tsa e-ba teng ho tloha ha lefatše le thehoa. Ho fetoha le maemo ho hlollang ha likokoana-hloko tsena, tseo e leng libōpuoa tse sa rarahanang ka ho fetisisa, ho entse hore li khone ho phela moo ho seng letho le ka phelang. Li fumanoa mapatsong a ntšang metsi a belang tlaase botebong ba leoatle hammoho le metsing a leqhoa a Arctic. Joale likokoana-hloko tsena li loantša lintho tsohle tse li hlaselang hore li li bolaee—e leng lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko.

Lilemong tse lekholo tse fetileng, ho ne ho tsebahala hore likokoana-hloko tse ling lia kulisa, empa ha ho motho ea neng a phela ka nako eo ea neng a kile a utloela ka meriana e loantšang likokoana-hloko. Kahoo, haeba motho a ne a kulisoa ke lefu le leng le tšoaetsanoang le kotsi, ho ne ho se seo lingaka tse ngata li ka se etsang haese feela ho mo tšelisa. Tsamaiso ea ’mele oa motho ea ho itšireletsa mafung e ne e tlameha ho itoanela tšoaetsong eo ka boeona. Haeba tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e ne e se matla ka ho lekaneng, hangata e ne e le ka liphello tse bohloko. Esita le mongoapo o monyenyane o tšoaelitsoeng ke kokoana-hloko hangata o ne o ka lebisa lefung.

Kahoo, ho fumanoa ha lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko—e leng lithibela-mafu—ho ile ha tlisa phetoho e khōlō lefapheng la bongaka.a Ho sebelisoa ha sethethefatsi sa sulfa ke lingaka ka bo-1930 le lithethefatsi tse kang penicillin le streptomycin ka bo-1940 ho ile ha lebisa ho sibolloeng ha tse ngata mashomeng a lilemo a latelang ao. Ka bo-1990, lithibela-mafu li ne li se li le ngata hoo li akarelletsang metsoako e 150 ea mefuta e 15 e sa tšoaneng.

Tlhōlo e Neng e Lebeletsoe e Ile ea Bjaramana

Ka bo-1950 le ka bo-1960, batho ba bang ba ne ba se ba qalile ho lumela hore ba hlōtse mafu a tšoaetsanoang. Litsebi tse ling tsa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane li bile tsa lumela hore mafu ana haufinyane e ne e tla ba toro feela. Ka 1969 ngaka e khōlō ea United States e ile ea bolella Congress hore haufinyane batho ba tla “khaotsa ho tšoenyeha ka mafu a tšoaetsanoang.” Ka 1972, mohapi oa khau ea Nobel, Macfarlane Burnet hammoho le David White ba ngotse: “Nakong e tlang ho tla be ho se na letho le thahasellisang le ka tlalehoang ka mafu a tšoaetsanoang.” Ka sebele, ba bang ba ile ba e-ba le maikutlo a hore mafu a joalo a ne a tla felisoa ka ho feletseng.

Tumelo ea hore mafu a tšoaetsanoang, ha e le hantle a ne a hlōtsoe, e ile ea fella ka hore hohle batho ba itšepe ho tlōla. Mooki e mong ea neng a tloaelane le tšokelo e khōlō eo likokoana-hloko li nang le eona pele ho hlaha lithibela-mafu o ile a hlokomela hore baoki ba bang ba banyenyane ba ne ba se ba nyehlisitse marapo tabeng ea bohloeki. Ha a ba hopotsa hore ba hlape matsoho, ba ne ba ee ba re: “U se ke ua khathatseha, hona joale re na le lithibela-mafu.”

Leha ho le joalo, ho itšetleha ka lithibela-mafu le ho sebelisoa ha tsona ho tlōla tekano ho bile le liphello tse bohloko. Mafu a tšoaetsanoang a ’nile a tsoela pele. Ho phaella moo, a boile sekoele hore e be sesosa se ka sehloohong sa ho shoa ha batho lefatšeng! Mabaka a mang a tlatselitseng ho ateng ha mafu a tšoaetsanoang a akarelletsa pherekano ea lintoa, khaello ea phepo e nepahetseng e atileng linaheng tse ntseng li hōla moruong, ho haella ha metsi a hloekileng, tsamaiso e mpe ea likhoerekhoere, lebelo leo batho ba tsamaeang ka lona ho ea linaheng tse ling le ho fetoha ha tlelaemete ea lefatše.

Ho Ngangabala ha Baktheria

Manganga a hlollang a likokoana-hloko tsa letsatsi le letsatsi a ipakile e le bothata bo boholo, boo ka kakaretso bo neng bo sa lebelloa. Leha ho le joalo, ha ho se ho nahanoa ka se etsahetseng, ho ka be ho ile ha hla ha lebelloa hore likokoana-hloko li ne li tla tloaela lithethefatsi. Hobane’ng? Ka mohlala, nahana ka ntho e ’ngoe e amanang le se etsahetseng ha ho qaloa ho sebelisa moriana o bolaeang likokoanyana oa DDT bohareng ba bo-1940.b Ka nako eo bo-ralebese ba ile ba thaba kaha ha e le hantle lintsintsi li ile tsa nyamela ka ho nyanyatsoa ka DDT. Empa ho ile ha phonyoha lintsintsi tse fokolang, ’me malinyane a tsona a ile a futsa ho itšireletsa ho DDT. Kapelenyana, lintsintsi tsena, li se li sa angoe ke DDT, li ile tsa ata ka lebelo le tšosang.

Esita le pele DDT e sebelisoa, le pele penicillin e fumaneha bakeng sa ho phekola bakuli ka 1944, libaktheria tse kotsi li ile tsa hla tsa iponahatsa li e-na le matla a makatsang a ho itoanela. Dr. Alexander Fleming, ea sibolotseng penicillin, le eena o ile a hlokomela sena. Laboratoring ea hae o ile a shebella ha meloko e latelang ea libaktheria tsa Staphylococcus aureus (hospital staph) e iketsetsa lekhoakhoa le ke keng la phunyeletsoa ke lithethefatsi tseo a li sibolotseng.

Sena se ile sa etsa hore Dr. Fleming a lemose lilemong tse 60 tse fetileng hore libaktheria tse kotsi mothong ea tšoaelitsoeng li ka itoanela hore penicillin e se hlole e sebetsa ho tsona. Kahoo, ha tekanyetso ea penicillin eo motho a e filoeng e sa bolaee palo e lekaneng ea libaktheria tse kotsi, malinyane a tsona a itoanelang a ne a tla ata. Ka lebaka leo, lefu leo le ne le tla boea sekoele ’me penicillin e se e ke ke ea le phekola.

Buka ea The Antibiotic Paradox e itse: “Seo Fleming a neng a se boletse esale pele se ile sa ipaka e le ’nete ka tsela e utloisang bohloko le ho feta kamoo a neng a nahanne kateng.” Joang? Joale, ho ile ha fumanoa hore mefuteng e meng ea libaktheria, liphatsa tsa eona tsa lefutso tsa DNA li hlahisa li-enzyme tse etsang hore penicillin e se ke ea sebetsa. Ka lebaka leo, esita leha motho a ka fuoa phekolo ea nako e telele haholo ea penicillin, hangata ho ipaka ho se na thuso. Eo e bile ntho e tšosang hakaakang!

E le ka boiteko ba ho hlōla ntoa ena ea mafu a tšoaetsanoang, lefapha la bongaka le ile la lula le hlahisa lithibela-mafu tse ncha ho tloha ka bo-1940 ho ea ho bo-1970, esita le tse ’maloa ka bo-1980 le bo-1990. Tsena li ne li ka phekola libaktheria tseo lithethefatsi tsa pele li neng li se li kuba ka holimo feela. Empa ka lilemo tse seng kae feela, mefuta ea libaktheria e ile ea hlaha eo le eona lithethefatsi tsena tse ncha li neng li se li kuba ka holimo feela.

Batho ba fumane hore libaktheria li itoanela ka tsela e bohlale bo makatsang. Libaktheria li na le matla a ho fetola mabota a lisele tsa tsona hore li thibele lithibela-mafu ho kena kapa ho iphetola e le hore lithibela-mafu li se ke tsa li bolaea. Ka lehlakoreng le leng, libaktheria li ka ’na tsa ntša lithibela-mafu ka potlako joalokaha li kena, kapa libaktheria li ka ’na tsa etsa hore lithibela-mafu li se ke tsa sebetsa ka hore li li tsekolle.

Kaha ho sebelisoa ha lithibela-mafu ho eketsehile, mefuta e itoanelang ea libaktheria le eona e atile ebile e hohle. Na li hlōlehile ka ho feletseng? Che, bonyane eseng maemong ’ohle. Haeba sethibela-mafu se le seng se sa sebetse tšoaetsong e itseng e ikhethang, hangata se seng sea sebetsa. Ho se phekolehe ha libaktheria e ’nile ea e-ba ntho e tenang, empa ho fihlela morao tjena li ile tsa laoleha.

Ho Itoanela Lithethefatsing Tse Ngata

Joale, ho makaleng ha tsona, litsebi tsa saense ea bongaka li ile tsa sibolla hore libaktheria li fapanyetsana liphatsa tsa lefutso. Pele ho ne ho nahanoa hore ke libaktheria tsa mofuta o le mong feela tse ka fapanyetsanang liphatsa tsa lefutso. Empa hamorao ho ile ha fumanoa ho itoanela ho tšoanang ha liphatsa tsa lefutso mefuteng ea libaktheria e sa tšoaneng ka ho feletseng. Ka ho fapanyetsana ho joalo, libaktheria tsa mefuta e sa tšoaneng li ’nile tsa itoanela lithethefatsing tse ngata tse sa tšoaneng tse sebelisoang ka ho tloaelehileng.

Joalokaha eka sena se ne se sa lekana, ka bo-1990 liphuputso li ile tsa bontša hore libaktheria tse ling li ka itoanela ka botsona lithethefatsing. Esita le botenng ba sethibela-mafu se le seng feela, mefuta e meng ea libaktheria e itoanela lithibela-mafung tse ngata tsa tlhaho le tsa maiketsetso.

Bokamoso bo Lerootho

Le hoja boholo ba lithibela-mafu kajeno bo ntse bo sebetsa bathong ba bangata, lithethefatsi tse joalo nakong e tlang li tla atleha hakae? The Antibiotic Paradox ea hlokomela: “Re ke ke ra hlola re lebella hore tšoaetso leha e le efe e tla phekoloa ka sethibela-mafu sa pele se khethiloeng.” Buka eo ea phaella: “Likarolong tse ling tsa lefatše, phepelo e fokolang ea lithibela-mafu e bolela hore ha ho lithibela-mafu tse teng tse sebetsang. . . . Bakuli ba ntse ba hlokofatsoa le ho bolaoa ke mafu ao ba bang ba ileng ba bolela lilemong tse 50 tse fetileng hore a ne a tla be a tlositsoe ka ho feletseng lefatšeng.”

Libaktheria hase tsona feela likokoana-hloko tseo lithethefatsi li seng li kuba ka holimo ho tsona lefapheng la bongaka. Livaerase hammoho le li-fungus le likokoana-hloko tse ling tse nyenyane le tsona li bontšitse ho ikamahanya le lintho ka tsela e makatsang, tse hlahisang lefatšeng mefuta e sokelang ho tlosa boiteko bohle bo entsoeng ba ho sibolla le ho hlahisa lithethefatsi tse li loantšang.

Joale, ho ka etsoa’ng? Na ho itoanela hoo ho ka felisoa kapa bonyane ha laoloa? Ho ka etsoa joang hore lithibela-mafu le meriana e meng e loantšang likokoana-hloko li tsoele pele ho atleha ho loantšeng tšoaetso lefatšeng lee le hlasetsoeng ke mafu a tšoaetsanoang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe le atisang ho sebelisoa, e leng “lithibela-mafu,” ke moriana o loantšang baktheria. “Moriana o loantšang likokoana-hloko” ke poleloana e akaretsang ’me e akarelletsa lithethefatsi leha e le life tse loantšang likokoana-hloko tse bakang mafu, ebang ke livaerase, libaktheria, li-fungus, kapa likokoanyana tse nyenyane tse phelang ho tse ling.

b Meriana e bolaeang likokoanyana ke chefo, empa ho joalo le ka lithethefatsi. Ka bobeli li ipakile li le molemo hape li le kotsi. Le hoja lithethefatsi li ka bolaea likokoana-hloko tse kotsi, lithethefatsi tsena li ka boela tsa bolaea le libaktheria tse molemo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

Meriana e Bolaeang Likokoana-hloko ke Eng?

Lithibela-mafu tseo u li filoeng ke ngaka li oela sehlopheng sa meriana eo ho thoeng e bolaea likokoana-hloko. E oela tlas’a sehlohoana se akaretsang se bitsoang “chemotherapy,” e leng ho phekoloa ha lefu le itseng ho sebelisoa lik’hemik’hale. Le hoja lentsoe “chemotherapy” le atisa ho sebelisoa mabapi le ho phekola kankere, pele-pele le ne le sebelisetsoa ho phekola mafu a tšoaetsanoang—’me ho ntse ho le joalo le kajeno. Maemong a joalo le bitsoa phekolo ea lik’hemik’hale e bolaeang likokoana-hloko.

Likokoana-hloko ke lintho tse phelang tse nyenyane tse ka bonoang feela ka thuso ea mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo. Meriana e bolaeang likokoana-hloko ke lik’hemik’hale tse loantšang likokoana-hloko tse bakang bokuli. Ka bomalimabe, lithibela-mafu tsena li ka boetse tsa loantša le likokoanyana tse molemo.

Ka 1941, Selman Waksman, e mong oa ba ileng ba sibolla streptomycin, o ile a sebelisa lebitso “lithibela-mafu” ha a bua ka meriana e loantšang libaktheria tse entsoeng ka likokoana-hloko tse itseng. Lithibela-mafu le meriana e meng e bolaeang likokoana-hloko tse sebelisoang ha ho alafshoa bakuli ke tsa bohlokoa ka lebaka la se bitsoang chefo e hloaeang. Hona ho bolela hore li ka e-ba chefo likokoana-hlokong ntle le hore li be chefo ho uena.

Leha ho le joalo, ha e le hantle, lithibela-mafu kaofela li batla li le chefo le ho rōna. Hore na moriana ha o nooa o ba le phello efe likokoana-hlokong kapa o ba kotsi hakae bathong, phapang eo e bitsoa matla a moriana. Ha phapang eo e le khōloanyane, sethethefatsi seo se bolokehile haholoanyane; ha e fokola, se kotsi haholoanyane. Ha e le hantle, ho fumanoe lintho tsa lithibela-mafu tse likete-kete, empa tse ngata ha li na molemo merianeng kaha li chefo haholo bathong kapa liphoofolong.

Sethibela-mafu sa pele sa tlhaho se neng se ka sebelisoa ho motho e bile penicillin, e neng e e-tsoa hlobong e bitsoang Penicillium notatum. Penicillin e ile ea sebelisoa ka lekhetlo la pele ka 1941 ka hore motho a entoe ka eona. Nakoana ka mor’a moo, ka 1943, streptomycin e ile ea ntšoa ho Streptomyces griseus, baktheria e mobung. Ka mor’a nako, ho ile ha etsoa lithibela-mafu tse ngata tse eketsehileng, tse ling tsa tsona li nkiloe linthong tse phelang ha tse ling e le tsa maiketsetso. Leha ho le joalo, baktheria e ile ea iqapela litsela tsa ho itoanela ho tse ngata tsa lithibela-mafu tsena, ea bakela lefapha la bongaka mathata lefatšeng.

[Setšoantšo]

Ho bokellana ha hlobo ea “penicillin” ho bonoang botlaaseng ba poleiti ho thibela hore baktheria e hōle

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Christine L. Case/Skyline College

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Mefuta ea Likokoana-hloko

Livaerase ke likokoana-hloko tse nyenyane ka ho fetisisa. Ke tsona tse bakang maloetse a tloaelehileng a kang sefuba, ntaramane le ho opeloa ke ’metso. Hape livaerase li baka mafu a tšabehang a kang pholio, Ebola le AIDS.

Libaktheria ke lintho tse phelang tse nang le sele e le ’ngoe, tse sa rarahanang hoo li se nang khubu ’me ka tloaelo li na le chromosome e le ’ngoe feela. Re na le libaktheria tse libilione-bilione ’meleng ea rōna, haholo-holo tšilong ea rōna ea lijo. Li re thusa ho sila lijo ’me ke tsona mohloli o ka sehloohong oa vithamine ea K, e hlokahalang bakeng sa ho hoama ha mali.

Ke mefuta e ka bang 300 feela ho e ka bang 4 600 ea libaktheria e nkoang e le e bakang mafu. Ho ntse ho le joalo, libaktheria ke sesosa sa lethathamo le lelelele la mafu limeleng, liphoofolong le bathong. Bathong mafu ana a akarelletsa lefuba, k’holera, ’metso o mosoeu, koatsi, ho bola ha meno, mefuta e itseng ea pneumonia le mafu a ’maloa a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.

Li-protozoa, joaloka libaktheria, ke lintho tse phelang tse nang le sele e le ’ngoe, empa li ka ’na tsa e-ba le likhubu tse fetang e le ’ngoe. Ho akarelletsoa li-amoeba le li-trypanosome hammoho le kokoana-hloko e phelang ho tse ling e bakang malaria. Hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea mefuta e phelang ke likokoana-hloko tse phelang ho tse ling—ho na le mefuta e sa tšoaneng e ka bang 10 000—le hoja e le tse seng kae tsa likokoana-hloko tsena tse phelang ho tse ling tse kulisang batho.

Li-fungus le tsona li ka baka maloetse. Lintho tsena li na le khubu ’me li etsa moloho o lohellaneng oa likhoele. Tšoaetso e tloaelehileng haholo ke setlapeli, joaloka monyokolane le candidiasis (Candida). Tšoaetso e mpe ka ho fetisisa ea fungi hangata e tšoara batho bao ho itšireletsa ha ’mele ea bona ho fokolisitsoeng ke khaello ea phepo e nepahetseng, kankere, lithethefatsi, kapa tšoaetso ea vaerase e hatellang tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.

[Litšoantšo]

Vaerase ea ebola

Baktheria ea “Staphylococcus aureus”

“Giardia lamblia protozoan”

Setlapeli sa “fungus”

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

CDC/C. Goldsmith

CDC/Janice Carr

Courtesy Dr. Arturo Gonzáles Robles, CINVESTAV, I.P.N. México

© Bristol Biomedical Image Archive, University of Bristol

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Alexander Fleming, ea sibolotseng penicillin

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela