Nakong eo Likokoana-hloko li ke Keng Tsa Ntša Mang Kapa Mang Kotsi
LIKOKOANA-HLOKO, kapa likokoanyana tse nyenyane ka ho fetisisa ke tsa bohlokoa bophelong. Li etsa karolo e khōlō ea mobu oa lefatše le ea ’mele ea rōna. Joalokaha lebokose le reng “Mefuta ea Likokoana-hloko” le leqepheng la 7 le bontša, “libaktheria tse teng ’meleng ea rōna ke tse libilione.” Boholo ba tsona li molemo—ha e le hantle ke tsa bohlokoa—bophelong bo botle. Le hoja e le tse fokolang feela tse bakang mafu, re ka kholiseha hore qetellong ha ho likokoana-hloko tse tla ntša batho kotsi.
Pele re hlahloba mekhoa eo likokoana-hloko tsohle tse kotsi li tlang ho felisoa ka eona, a re hlahlobeng boiteko bo etsoang hona joale ho loantša likokoana-hloko tse bakang mafu. Ka ntle le ho hlahloba lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena le reng, “Seo U ka se Etsang,” hlahloba boiteko ba litsebi tsa bophelo bo botle ba ho loantša likokoana-hloko tse itoanelang.
Maano a Lefatše
Dr. Gro Harlem Brundtland, eo e kileng ea e-ba motsamaisi e moholo oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), o ile a hlalosa boiteko bo entsoeng. Ho Report on Infectious Diseases 2000, sehloohong se reng “Ho Hlōla Likokoana-hloko tse Manganga,” o ile a totobatsa hore ho hlokahala hore ho thehoe “maano a lefatše a ho laola ho itoanela” ha likokoana-hloko. O boetse a bua ka ho theha mokhoa oa “tšebelisano pakeng tsa mafapha ’ohle a tsa bophelo,” a hatisa ka hore: “Re na le monyetla oa ho qala boiteko bo boholohali ba ho loantša mafu a tšoaetsanoang.”
Ka 2001, WHO e ile ea etsa tlhahiso ea hore ho be le “Leano la Lefatše la ho Laola ho Itoanela ha Likokoana-hloko.” Tokomane ena e ile ea hlahisa moralo o neng o lebisitsoe ho bahlokomeli ba tsa bophelo bo botle le ho batho ka kakaretso mabapi le “seo ba lokelang ho se etsa le mokhoa oa ho se etsa.” Leano leo le ne le akarelletsa ho ruta batho hore na ba ka qoba ho kula joang, hammoho le ho fana ka taeo ea hore ba ka sebelisa lithibela-mafu le meriana e loantšang likokoana-hloko tse ling joang ha ba fumana tšoaetso.
Ho phaella moo, basebetsi ba tsa bophelo bo botle—lingaka le baoki hammoho le ba bang ba sebetsang lipetlele le mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo—ba ile ba khothalletsoa ho nka mehato e hlokolosi hore ba qobe ho nama ha tšoaetso. Ka bomalimabe, liphuputso li senotse hore litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle li ntse li hlokomoloha ho hlapa matsoho kapa ho chencha litlelafo ha li qeta ho sebetsa mokuli.
Lipatlisiso li boetse li bontšitse hore lingaka li fana ka lithibela-mafu moo li sa lokelang. Lebaka le leng leo li etsang joalo ka lona ke hore batho ba qobella lingaka tsa bona hore li ba fe lithibela-mafu e le hore ba fole kapele. Kahoo, lingaka li inehela feela hore li thabise bakuli. Hangata lingaka ha li iphe nako ea ho ruta bakuli ba tsona kapa ha li na lisebelisoa tse li thusang ho fumana hore na ke tšoaetso ea kokoana-hloko efe. Hape li ka ’na tsa fa mokuli lithibela-mafu tsa morao-rao empa e le tse theko e boima tse khonang ho hlasela mefuta e sa tšoaneng ea libaktheria. Hona le hona ho tlatsetsa bothateng ba mafu a itoanelang lithethefatsing.
Libaka tse ling tseo Leano la Lefatše la WHO le neng le li shebile ke lipetlele, tsamaiso ea sechaba ea bophelo bo botle, bahlahisi ba lijo, lik’hamphani tse etsang meriana le ba etsang melao. Tlaleho eo e khothalletsa tšebelisano har’a bohle e le hore ho ka loantšoa kotsi ea lefatše lohle ea likokoana-hloko tse itoanelang lithethefatsing. Empa na lenaneo leo le tla sebetsa?
Litšitiso Tsa ho Atleha
Leano la Lefatše la WHO le supa litšitiso tse khōlō ka tsela e sa tobang tabeng ea ho rarolla mathata a bophelo bo botle. Ke ka sepheo sa ho etsa phaello—chelete. Bibele e bolela hore ho e rata ke hona ho bakang “mefuta eohle ea lintho tse mpe.” (1 Timothea 6:9, 10) WHO e re: “Ho lokela ho be le tšebelisano le indasteri e etsang meriana, ho kopanyelletsa le ho laola ka nepo ba buellang ho rekisetsoa ha lipetlele le litleliniki meriana le ho beha leihlo mananeo a thuto a tšehetsoang ke indasteri bakeng sa ba fanang ka meriana.”
Lik’hamphani tsa lithethefatsi li ile tsa hlahisa lintho tsa tsona ho lingaka ka ho li susutlella tsona. Hona joale li etsa joalo ka ho toba li bua le sechaba ka papatso ea TV. Hona ho hlakile hore ho tlatselitse tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, tseo le tsona e ’nileng ea e-ba lebaka le leholo la keketseho ea likokoana-hloko tse itoanelang lithethefatsing.
Khaolong ea eona ea ho sebelisoa ha meriana e loantšang likokoana-hloko liphoofolong tse hlahisang lijo, Leano la Lefatše la WHO le re: “Lingaka tsa liphoofolo linaheng tse ling li fumana hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong kapa ho feta ea moputso oa tsona ka ho rekisa lithethefatsi, kahoo ho na le tšitiso tabeng ea ho fokotsa ho sebelisoa ha meriana e loantšang likokoana-hloko.” Joalokaha ho pakiloe hantle, likokoana-hloko tse itoanelang li hlahile le ho ata ka lebaka la ho sebelisoa ha lithibela-mafu ka ho feteletseng.
Ha e le hantle, tlhahiso ea lithibela-mafu ke e makatsang. United States feela, ka selemo ho hlahisoa lithibela-mafu tse ka bang lik’hilograma tse limilione tse 20! Tlhahisong ea lefatše ka kakaretso, hoo e ka bang halofo e sebelisetsoa batho. Tse setseng li nyanyatsoa limeleng kapa li feptjoa liphoofolo. Ho tloaelehile hore lithibela-mafu li tsoakoe le lijo tsa liphoofolo tse rueloang lijo e le hore li hōle kapele.
Karolo ea Mebuso
Habohlokoahali ke hore, Kakaretso ea Motheo ea Leano la Lefatše la WHO e re: “Boholo ba boikarabelo ba ho sebelisoa ha leano leo e tla ba ba linaha ka bomong. Mebuso e na le karolo ea bohlokoa eo e lokelang ho e phetha.”
Ha e le hantle, mebuso e mengata e thehile mananeo a ho laola hore likokoana-hloko li se ke tsa itoanela merianeng e li loantšang, ’me e hatisa ho sebelisana ka hare le ka ntle ho meeli ea lichaba tsa eona. Mananeo ana a akarelletsa ho tlalehoa ho nepahetseng ha tšebeliso ea meriana e loantšang likokoana-hloko, le likokoana-hloko tseo tse itoanelang, ho laoloa ho ntlafalitsoeng ha tšoaetso, ho sebelisoa ho loketseng ha meriana e loantšang likokoana-hloko lefapheng la bongaka le temong, phuputso ea ho utloisisa ho itoanela ha tsona le ho etsoa ha meriana e mecha. Report on Infectious Diseases 2000 ea WHO e ne e se na tšepo. Hobane’ng?
Tlaleho eo e ile ea supa “ho hloka boikemisetso ha mebuso eo lintho tse ka sehloohong ho eona e ka ’nang ea se ke ea e-ba bophelo bo botle ba sechaba.” E ile ea phaella: “Mafu—le ho itoanela ha ’ona—le ’ona a ata maemong ao ho se nang botsitso ho ’ona, bofutsana, ho falla ha batho ka bongata le ho senyeha ha tikoloho moo batho ba bangata ba pepesehetseng mafu a tšoaetsanoang.” Ka bomalimabe, ’ona mathata ana ke ao mebuso ea batho ho seng mohla e kileng ea khona ho a rarolla.
Leha ho le joalo, Bibele e bua ka ’muso o ke keng oa rarolla feela mathata a bakang boloetse empa le ho felisa ho kula ka ho feletseng. U ka ’na ua nahana hore likokoana-hloko tse ling li tla lula li baka kotsi, empa ho na le mabaka a matle a ho lumela hore bokamoso bo tla ba molemo ho feta moo.
Nakong eo ho Seng Kokoana-hloko e Tla Baka Kotsi
Moprofeta oa Bibele Esaia o ile a supa khale ’musong o phahametseng motho ’me a bolela le ’musi oa oona. Hlokomela boprofeta boo, joalokaha bo hlaha phetolelong ea King James ea Bibele: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora: ’me ’muso o tla ba lehetleng la hae: ’me o tla bitsoa Ralimakatso, Moeletsi, Molimo ea matla, Rabosafeleng, Khosana ea Khotso.”—Esaia 9:6, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Ngoana eo ke mang, khosana eo, ea tlang ho amohela bobusi? Hlokomela hore na o tsebiloe joang le pele a hlaha. Lengeloi Gabriele le ile la bolella ngoanana oa moroetsana Maria hore: “Bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo . . . , ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”—Luka 1:31-33.
Ha Jesu a se a hōlile, o ile a fana ka bopaki ba hore ka sebele e ne e le ’Musi ea tšepisitsoeng oa puso ea ’Muso oa Molimo. Jesu ha aa ka a pholletsa le naha eo a bolela “litaba tse molemo tsa ’muso” feela empa o ile a boela a bontša matla a hae a ho felisa ho kula hohle le boloetse bohle. Bibele e tlaleha hore “bongata bo boholo ba mo atamela, bo e-na le batho ba holofetseng, ba qhoalileng, lifofu, limumu, le ba bangata ba leng ka litsela tse ling, ’me ba ba akhela maotong a hae, ’me a ba phekola; hoo bongata bo ileng ba makala ha bo bona limumu li bua le ba holofetseng ba tsamaea le lifofu li bona.”—Matheu 9:35; 15:30, 31.
E, ho sa tsotellehe hore na motho o ne a tšoeroe ke lefu lefe kapa a holofetse, Jesu o ne a le phekola. O bile a tsosa le batho ba ’maloa ba neng ba shoele! (Luka 7:11-17; 8:49-56; Johanne 11:38-44) Ke ’nete hore ba ileng ba folisoa, esita le ba ileng ba tsosoa, ba ile ba qetella ba shoele. Ho ntse ho le joalo, mehlolo ea Jesu e ile ea bontša seo a tlang ho se etsetsa batho ba phelang lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso nakong e tlang. Bibele e tšepisa hore nakong eo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24; Tšenolo 21:3, 4.
Kajeno, joalokaha kaofela re hlakeloa hantle, motho e mong le e mong o tlas’a tsuo ea ho kula le lefu. Likokoana-hloko li lematsa batho ba limilione, hangata ho fella ka lefu. Leha ho le joalo, ’mele oa motho o bōpiloe ka tsela e babatsehang hoo ba bang ba ipotsang hore na ke hobane’ng ha batho ba kula. Ngaka ea meriana Lewis Thomas, o ile a ngola ka karolo ea bohlokoa e phethoang ke libaktheria ’me a hlokomela hore ho kula ho etsahala “joaloka kotsi.” A re: “E ka ’na eaba tsela ea ho itšireletsa ea bakuli e na le phoso ka tsela e ’ngoe e khethehileng.”
Ka sebele, ba nang le tsamaiso e matla ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ke ka seoelo ba tšoaetsoang ke libaktheria, le teng haeba li ba tšoaetsa. Leha ho le joalo, qetellong batho ba inehela botsofaling le lefung. Bibele e bolela hore sebe se futsitsoeng ho motho oa pele ea phethahetseng, Adama, ke sekoli se ikarabellang bakeng sa ho kula le lefu. Bibele ea hlalosa: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.
Leha ho le joalo, Molimo o ile a romela Mora oa hae lefatšeng ho tla fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo ho lokolla batho liphellong tsa sebe. (Matheu 20:28) Bibele ea hlalosa: “moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23; 1 Johanne 5:11) Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, liphello tse folisang tsa sehlabelo sa thekollo sa Kreste li tla phethahala. Joale likokoana-hloko tsohle, esita le tseo hona joale li bakang mafu, li ke ke tsa ntša mang kapa mang kotsi.
Na hase ntho e utloahalang ho ithuta ka puso ea ’Muso o tšepisitsoeng ka Bibeleng, o tlang ho fana ka tharollo mathateng a moloko oa batho? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho ithuta ho eketsehileng.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Seo U ka se Etsang
Ke eng seo u ka se etsang ho fokotsa tšokelo ea likokoana-hloko tse itoanelang? Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o fane ka tataiso. Taba ea pele, o thathamisitse mehato eo re ka e nkang ho fokotsa maloetse le ho jaleha ha tšoaetso. Ea bobeli, o hlalosa kamoo batho ba ka ntlafatsang kateng tšebeliso ea bona ea meriana e loantšang likokoana-hloko.
Ha e le hantle, tsela e molemohali ea ho fokotsa maloetse le ho jaleha ha ’ona ke ka ho etsa eng le eng e hlokahalang ho ipoloka re phela hantle. U ka etsa’ng hore u qobe ho kula?
Mehato ea ho Qoba ho Kula
1. Etsa ka matla ho fumana lintho tse tharo tse latelang: phepo e nepahetseng, ho ikoetlisa ka ho lekaneng le ho phomola ka ho lekaneng.
2. Itloaetse ho ba ea hloekileng ’meleng. Ba boholong ba hatisa ho hlapa matsoho e le mokhoa o ka sehloohong o atlehang haholo ho qoba ho kula le ho ipoloka motho a sa tšoaetse ba bang.
3. Etsa bonnete ba hore lijo tseo uena le lelapa la hao le li jang li sireletsehile. Ela hloko ka ho khethehileng hore matsoho a hao hammoho le sebaka seo u phehelang lijo ho sona li hloekile. Hape, etsa bonnete ba hore metsi ao u hlapang ka oona le ao u hlatsoang lijo ka oona a hloekile. Kaha likokoana-hloko li ata haholo lijong, phehisisa nama. Boloka lijo le ho li kenya ka sehatsetsing ka tsela e loketseng.
4. Linaheng tseo boloetse bo tebileng bo tsamaisoang ke likokoanyana tse fofang, fokotsa ho ba ka ntle bosiu kapa esale hoseng haholo nakong eo likokoanyana tsena li hlileng li tsoileng letšolo. ’Me kamehla u sebelise nete ea menoang.
5. Ente e ka thusa ho haha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho loantša likokoana-hloko tse ling tse tloaelehileng moo u phelang teng.
Tšebeliso ea Meriana e Loantšang Likokoana-hloko
1. Bona setsebi sa bophelo bo botle pele u reka kapa u noa lithibela-mafu leha e le life kapa meriana e loantšang likokoana-hloko. Meriana e fuoang moreki ka ho toba ntle ho lengolo la ngaka hangata e tsoela morekisi molemo ho feta moreki.
2. U se ke ua qobella ngaka ea hao hore e u fe lithibela-mafu. Haeba u e qobella, e ka ’na ea u fa tsona hobane feela e tšaba ho lahleheloa ke uena joaloka mokuli. Ka mohlala, sefuba se bakoa ke livaerase, ’me lithibela-mafu ha li phekole sefuba. Ho noa lithibela-mafu ha u e-na le vaerase ho ka ’na ha hatella libaktheria tse molemo, mohlomong ha etsa hore tse itoanelang li ikatise.
3. U se ke ua tsitlallela ho fumana meriana ea morao-rao—e ka ’na eaba hase e molemohali ho uena hape e ka ’na eaba e theko e phahameng ho sa hlokahale.
4. Ithute ka meriana leha e le efe mohloling o tšepahalang: Ke ea eng? Liphello tsa eona tse bohloko ke life? E sebelisana le lithethefatsi life ’me mabaka a mang a ka ’nang a etsa hore ho e-noa ho be kotsi ke afe?
5. Haeba meriana ea lithibela-mafu e hlile e loketse, u khothalletsoa hore u e qete kaofela, esita le haeba u ikutloa u hlaphohetsoe le pele u e qeta. Ho e qeta ho thusa ho etsa bonnete ba hore tšoaetso eohle e felile.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Tlas’a puso ea Molimo e lokileng, batho ba tla thabela bophelo ho se na likokoana-hloko leha e le life tse bakang kotsi