Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 11/8 maq. 13-14
  • Likokoana-hloko Tse Manganga—Li Kotsi Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likokoana-hloko Tse Manganga—Li Kotsi Hakae?
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nakong eo Likokoana-hloko li ke Keng Tsa Ntša Mang Kapa Mang Kotsi
    Tsoha!—2003
  • Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele
    Tsoha!—2003
  • Ho Atleha le ho Hlōleha ho Loantša Mafu
    Tsoha!—2004
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 11/8 maq. 13-14

Likokoana-hloko Tse Manganga—Li Kotsi Hakae?

Likokoana-hloko tse sa bolaoeng ke lithibela-mafu le ke meriana e meng li kotsi lefatšeng. Ho tlile joang hore ho be tjee? U ka etsa’ng hore u itšireletse le lelapa la hao?

KA October 1997, Hollie Mullin, lesea la libeke tse tharo, o ile a tšoaroa ke tsebe. Eitse ha e sa fole ka mor’a matsatsi a seng makae, ngaka ea hae ea laela hore a fuoe lithibela-mafu tsa morao-rao. E ne e lokela hore ebe e ile ea phekoleha habonolo, empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Tšoaetso eo e ile ea khutla ’me ea tsoela pele ho etsa joalo ka mor’a letoto la ho phekoloa ka lithibela-mafu.

Selemong sa hae sa pele, Hollie o ile a fuoa lithibela-mafu tse sa tšoaneng tsa nako e itseng ka makhetlo a 17. Joale, ha a le likhoeli li 21, bokuli ba hae bo ile ba mpefala. Ka mor’a matsatsi a 14 a fuoa lithibela-mafu tse kenngoang ka methapo, tseo e neng e se e le tsona feela tse seng li tšepiloe, tšoaetso e ile ea qetella e folile.

Liketsahalo tse kang ena li ntse li tloaeleha haholoanyane, ’me hase maseeng le bathong ba baholo feela. Ho kula batho ba lilemo tsohle ’me ba bile baa shoa ka lebaka la tšoaetso eo e kileng ea phekoleha habonolo ka lithibela-mafu. Ha e le hantle, likokoana-hloko tse pholohang ha li phekoloa ka lithibela-mafu e ’nile ea e-ba bothata bo tebileng lipetleleng tse ling ho tloha ka bo-1950. Joale ka bo-1960 le ka bo-1970, likokoana-hloko tse itoanelang lithibela-mafung li ile tsa jaleha metseng.

Qetellong, bafuputsi ba tsa bongaka ba ile ba qala ho supa ho sebelisoa ha lithibela-mafu ho tlōla tekano bathong le liphoofolong, e le sona sesosa se ka sehloohong sa ho eketseha ha likokoana-hloko tse seng li sa phekoloe ke lithibela-mafu. Ka 1978, e mong oa bafuputsi bana ba lingaka o ile a hlalosa ho sebelisa lithibela-mafu ho tlōla tekano e le “ho tsoileng taolong ka ho feletseng.” Kahoo ka bo-1990, ho ne ho hlaha lihlooho tse kang tse latelang lefatšeng ka bophara: “Ho Fihlile Kokoana-hloko ea Nkokonono,” “Likokoana-hloko Tsa Linkokonono li ea Itsetsepela,” “Lithethefatsi Tse Kotsi—Ho Sebelisoa ha Lithibela-mafu ho Tlōla Tekano ho Hlahisa Likokoana-hloko Tsa Linkokonono.”

Na e ne e le ho fetelletsa lintho? Ha ho joalo ho latela mekhatlo e hlomphehang ea bongaka. Tlalehong e buang ka mafu a tšoaetsanoang ka 2000, motsamaisi e moholo oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) o itse: “Mathoasong a lilemo tsa likete tse peli, batho ba tobane le maqakabetsi a mang. Mafu a neng a phekoleha pele . . . hona joale a ntse a fetoha a sa phekoleheng ka lithibela-mafu.”

Boemo boo bo tebile hakae? WHO e ile ea tlaleha: “Phetoho ena e tšoenyang [ea likokoana-hloko tse sa phekoloeng ke lithethefatsi] e koala menyetla ea ho phekola mafu a tšoaetsanoang.” Kajeno ba bangata ba boholong ba bile ba bua ka ho khutlela ha batho “mehleng ea pele ho sebelisoa lithibela-mafu,” ha ho ne ho se na lithibela-mafu bakeng sa ho phekola tšoaetso.

Ha e le hantle, ho tlile joang hore likokoana-hloko tsee tse manganga li khone ho busa lefatše, le ho hlōla saense e tsoetseng pele hakaale? Na ho na le seo motho a ka se etsang ho itšireletsa kapa ho sireletsa ba bang? Hona ke tharollo efe e boneloang haufi bakeng sa ho loantša likokoana-hloko tse seng li sa bolaoe ke lithibela-mafu? Lihlooho tse latelang li fana ka likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela