Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 4/8 leq. 18
  • Bophelo bo Botle le Tikoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Botle le Tikoloho
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tikoloho—Kamoo e Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bana?
    Tsoha!—1988
  • Lefatše le se Nang Maloetse
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 4/8 leq. 18

Bophelo bo Botle le Tikoloho

Ka mongolli oa Tsoha! Nigeria

Selemo se seng le se seng lefatšeng ka bophara, ho shoa batho ba limilione tse 49. Ho latela tlaleho ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO [World Health Organization]), hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea mafu ana ke e etsahalang pele ho nako, sesosa sa ’ona se tsamaisana le tikoloho e mpe le mokhoa oa bophelo. Nahana ka mehlala e meng:

◼ Kankere e bolaea limilione tse hlano selemo se seng le se seng. WHO e tlaleha hore boholo ba sena “bo ka lebisoa ka ho toba keketsehong e khōlō ea ho tsuba sakerete lilemong tse 30 tse fetileng.”

◼ Mafu a amanang le letšollo, a bolaea bana ba fetang limilione tse tharo ka selemo, hangata a bakoa ke lijo le metsi a silafetseng, hammoho le ho hloka tsamaiso e ntle ea likhoere-khoere.

◼ Lefuba, le bolaeang ba limilione tse tharo selemo le selemo, le anafala maemong a bofutsana le tšubuhlellano, haholo-holo moo ho se nang tsamaiso e ntle ea likhoere-khoere.

◼ Mafu a tšoaetsanoang ka ho hema, haholo-holo pneumonia, a bolaea bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba limilione tse tharo le halofo selemo se seng le se seng. Ba bangata ke ba lulang litoropong ba pepeselitsoeng litekanyong tse phahameng tsa tšilafalo ea moea.

Kantle le mafu ana, selemo le selemo batho ba ka bang limilione tse 2500—hoo e ka bang halofo ea baahi ba lefatše—ba tšoaroa ke boloetse bo bakoang ke khaello ea metsi kapa ho silafala ha ’ona le ho hloka tsamaiso e ntle ea likhoere-khoere. Ho phaella moo, WHO e amahanya ho fokolleloa ke bophelo bo botle ha ba bangata le lintho tsa hona joale tse kang pula ea asiti, lera la ozone le senyehang le ho futhumala ha lefatše. Ka kakaretso, tlaleho ea WHO e hlokometse hore batho ba fetang limilione tse likete tse peli ba phela tikolohong e sokelang bophelo kapa e sokelang bophelo bo botle.

Dr. Hiroshi Nakajima, motsamaisi-kakaretso oa WHO, oa lemosa: “Haeba re sa nke bohato hona joale, tlokotsi ea Lefatše le baahi ba lona e tla ba e mpe ka mokhoa o sa mamelleheng, ka tikoloho e ke keng ea hlola e bolokoa.”

Bibele e tšepisa hore ho tla ba le nako eo ka eona “ho [seng] moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Sena se ke ke sa finyelloa ka boiteko ba motho, empa ka ’Muso oa Molimo, o tlang ho felisa boloetse le tse bo bakang.—Tšenolo 21:3, 4.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

Godo-Foto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela