Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 10/8 maq. 30-31
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bana?
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
  • Tikoloho—Kamoo e Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Bophelo bo Botle le Tikoloho
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 10/8 maq. 30-31

Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bana?

NAKO e se e le maobane ka bana ba limillione ba leng Linaheng tse Futsanehileng Moruong. Mekhoa eo ho boletsoeng ka eona mona e ne e ka boloka bana ba limillione—haeba ho ne ho ka finyelloa batsoali ba bona le ho ba kholisa hore ba e sebelise. Ho tla ’ne ho etsahale hore bana ba limillione ba tsoele pele ba e-shoa—butle, ba thōtse, ka tsela e ke keng ea qojoa.

Merero e meholo e phatlalalitsoeng haholo e fana ka tšepo e nyenyane. Ka mohlala Machaba a Kopaneng a tšehelitse ka chelete lenaneo la Lilemo tse Leshome tsa Tokisetso ea Machaba ea Phephelo ea Metsi a ho Noa le Matloana (1981-1990) ka sepheo sa ho fana ka “metsi a hloekileng le matloana bakeng sa bohle ka 1990.” Phello ke efe?

“Pakeng tsa 1980 le 1983,” ho tlaleha makasine oa World Health, “batho ba bang ba limillione tse 32 ba Afrika ba ile ba fuoa metsi, ’me ba bang ba limillione tse 12 ba amohela matloana a ntlafetseng.” Leha ho le joalo, ho na le keketseho e nyenyane feela lenaneng la batho ba thabelang metsi a hloekileng le matloana. Sepenya se eketsehang sa baahi se felisitse merero eo e meholo. Ha ho makatse ha pakane ea “metsi a hloekileng le matloana a lekaneng bakeng sa bohle ka 1990” e ’nile ea bitsoa “mosebetsi o ka ’nang oa se phethahale.”

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, boiteko ba ho thusa boa sitisoa, e seng ke ho haella ha lichelete kapa matla a basebetsi, empa ka meharo, kahlolo e fokolang, le likhohlano tse nyenyane. Linaha tse hōlang moruong li sebelisa chelete e ngata ka makhetlo a mane lihlomong le sesoleng ho feta eo li e sebelisang bakeng sa bophelo bo botle. Bakeng sa chelete e nyenyane e sebelisetsoang bophelo bo botle, boholo ba eona bo sebelisoa bakeng sa liphekolo tse phahameng tsa mahlale—’me ke ba ’maloa feela ba ruang molemo ka tsona.

Nahana hape ka phekolo e sa tureng ea ho Khutlisetsa Metsoako e Metsi ’Meleng ka Molomo. Ho tsejoa hantle hore phekolo ena e ne e ka boloka bophelo ba batho ba limillione. Leha ho le joalo, ho latela UN Chronicle, “lingaka tse ngata li tsoela pele ho fana ka lithethefatsi tse thibelang letšollo tse bitsang [liranta tse limillione tse 920] selemo le selemo le hoja boholo ba tsona li tsejoa li se na molemo, kapa li le kotsi.”

Kapa nahana ka lefu le bolaeang la kokoanyana e tšoaetsang tselana ea moroto leo hona joale le hlasetseng batho ba limillione tse 200, haholo-holo bana. “Thuto ea mahlale e tseba sesosa sa kokoanyana ena e tšoaetsang tselana ea moroto, e entse liteko tsa phekolo, ’me e qapile lenaneo le atlehang le ka fokotsang tšoaetso ena lilemong tse tlang,” ho ngola joalo June Goodfield ho Quest for the Killers. Ke hobane’ng ha lefu le ntse le phehella? Goodfield oa ngola, “Joale bothata e se e le ba lipolotiki.”

E, bana baa shoa, e seng feela ka hobane motho a se na tsebo kapa matla a ho ba boloka ba phela empa ka hobane a nka lipolotiki hammoho le ho ithuisa e le ho molemo ho feta bophelo ba motho. Mantsoe a Jeremia 10:23 ke ’nete: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Tšepo feela bakeng sa bana ba lefatše—hantle-ntle bakeng sa moloko ’ohle oa motho—ke hore Molimo o nke taolo ea Lefatše. Bibele e re bolella hore o rerile ho etsa hoo: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [mebuso ea kajeno], empa ’ona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Ka tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo, bana ba ke ke ba hlola ba sokeloa ke boloetse le lefu. Kahoo Lipaki tsa Jehova li letetse ka tjantjello ha Molimo o se o tsamaisa litaba tsa lefatše. Ba rapela joaloka ha Jesu a ba rutile: “Ho tle ’muso oa hao.” (Mattheu 6:9, 10) Bohloko ba bana ba leng linaheng tse futsanehileng moruong bo etsa hore batho ba joalo ba tšabang Molimo ba rapelle sena ka phehello.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., kapa ngolla bahatisi ba makasine ena. Ba tla thabela ho lokisetsa hore u eteloe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela