Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 9/8 maq. 24-29
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Bang ba na le ’Ona, ba Bang ha ba na ’Ona
  • Lilemo Tse Leshome Tsa Tšepo
  • Keketseho ea Baahi e Eketsa Tlhokahalo
  • Tšilafalo
  • Metsi a Litšila aa Kulisa
  • Ho Arolelana Metsi a Linōka
  • Karolo e khōlō e bakang khohlano ke ho arolelana metsi a linōka. Ho ea ka mofuputsi e mong oa United States, Peter Gleick, karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše e phela haufi le linōka tse 250 tseo metsi a tsona a tsekoang ke lichaba tse fetang se le seng. Linōka tsa Brahmaputra, Indus, Mekong, Niger, Nile le Tigris e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e pholletsa har’a linaha tse ’maloa—linaha tse batlang ho hula metsi a mangata kamoo li ka khonang kateng linōkeng tseo. Liqabang li se li bile teng.
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
    Tsoha!—2001
  • Ho Batla Metsi a Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Metsi a Tšikhunyang a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 9/8 maq. 24-29

Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi

MARY, ea lulang United States, o qala letsatsi la hae ka ho shaoara, ho tsukunya meno ka metsi a tsoang pompong, ho hloekisa ntloana ka ho bulela metsi, ebe joale o hlapa matsoho. Le pele a lula lijong tsa hoseng, mohlomong o se a sebelisitse metsi a ka lekanang ho tlatsa bate e itekanetseng. Qetellong ea letsatsi, Mary, joaloka ba bang ba bangata ba phelang United States, o sebelisitse metsi a fetang lilithara tse 350, e leng metsi a ka tlatsang bate ka makhetlo a mabeli le halofo. Ho eena, ho fumana metsi a hloekileng, a mangata, ke taba feela ea ho bulela pompo e haufinyane. A lula a le teng; o a nka habobebe.

Bakeng sa Dede, ea lulang Afrika Bophirimela, boemo bo fapane. O tsoha e sa le ka malungoalungoana, oa apara, o roala nkho e khōlō hloohong, ’me o tsamaea lik’hilomithara tse robeli ho ea nōkeng e haufi. Ha a fihla moo oa hlapa, o tlatsa nkho ka metsi, ebe joale o khutlela hae. Mosebetsi ona oa letsatsi le letsatsi o nka lihora tse ka bang ’nè. Horeng e latelang, o sefa metsi ana e le hore a tlose likokoana-hloko ebe joale o a arolela linkhong tse tharo—e ’ngoe ke bakeng sa a noang, e ’ngoe ke bakeng sa ho sebelisoa ka tlung, ’me e ’ngoe ke bakeng sa ho hlapa mantsiboea. Liaparo tsohle tse hlatsuoang li tlameha ho hlatsoetsoa nōkeng.

Dede o re: “Mona re bolaoa ke leqeme la metsi. Ka mor’a ho qeta hoo e ka bang halofo ea nako ea hoseng u kha metsi, ke karolo e kae ea letsatsi e saletseng temo le mesebetsi e meng?”

Boemo ba Dede hase bo ikhethang. Ho ea ka World Health Organization (WHO), kakaretso ea nako eo matšoele a basali le bana a e qetang selemo le selemo a kha metsi le ho a roala ho tloha libakeng tse hōle, tseo hangata li silafetseng, e feta lilemo tse limilione tse leshome!

Ba Bang ba na le ’Ona, ba Bang ha ba na ’Ona

Kahoo le hoja metsi a hloekileng a le mangata lefatšeng ho pota, ha a ajoe ka ho lekana. Boo ke bothata ba pele bo ka sehloohong. Ka mohlala, bo-rasaense ba hakanya hore le hoja karolo ea 36 lekholong ea metsi a matša le linōka tsa lefatše e le Asia, k’honthinenteng eo ho lula baahi ba lefatše ba etsang karolo ea 60 lekholong. Ka ho fapaneng, karolo ea 15 lekholong ea metsi a linōka lefatšeng ke a Nōka ea Amazon, empa ke baahi ba etsang karolo ea 0,4 lekholong feela lefatšeng ba phelang haufi le eona hoo ba ka e sebelisang. Hoa tšoana le ka pula, ha e ne ka ho lekana. Libaka tse ling tsa lefatše li lula li e-na le komello hoo e batlang e le ka linako tsohle; tse ling, le hoja e se kamehla li bang le komello, ka linako tse ling li hlaseloa ke komello.

Litsebi tse ’maloa li lumela hore batho ba ka ’na ba fetola boemo ba leholimo ho akarelletsa le ho na ha pula. Ho senngoa ha meru, temo e khathatsang mobu le ho senya lekhulo ka ho fulisa haholo ho lona kaofela li otisa mobu. Ba bang ba bolela hore ha seo se etsahala, mobu oa lefatše o khutlisetsa khanya e eketsehileng ea letsatsi sepakapakeng. Phello: Sepakapaka sea futhumala, maru aa qhalana ’me pula ea fokotseha.

Sebaka se letsoatlare le sona se ka ’na sa fokotsa ho na ha pula kaha pula e ngata e nang merung ke metsi a fetohileng mouoane a tsoang limeleng ka botsona—a tsoang makhasing a lifate le moferong o tlas’a tsona. Ka mantsoe a mang, limela li sebetsa joaloka seponche se seholo se monyang le ho boloka metsi a pula. Ho rema lifate le mofero o tlas’a tsona, ho fella ka ho fokotseha ha metsi a fumanehang ho etsa maru a pula.

Hore na liketso tsa batho li ama ho na ha pula haholo hakae ho sa ntse ho e-na le khang ka hona; liphuputso tse eketsehileng li ntse li lokela ho etsoa. Empa hona ke ’nete e tiileng: Khaello ea metsi e atile. Banka ea Lefatše e lemosa hore hona joale, khaello ea metsi e sokela moruo le bophelo bo botle linaheng tse 80. ’Me hona joale, karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše—e leng batho ba ka holimo ho limilione tse likete tse peli—ha e na metsi a hloekileng kapa matloana a sireletsehileng.

Ha li tobane le khaello ea metsi, hangata lichaba tse ruileng li ba le chelete e etsang hore li fumane mokhoa oa ho tsoa bothateng boo bo tebileng. Li haha matamo, ’me li sebelisa theknoloji e bitsang chelete e ngata bakeng sa ho hloekisa metsi a tsona e le hore li a sebelise hape, kapa esita le ho ntša letsoai metsing a leoatle. Lichaba tse futsanehileng ha li na menyetla e joalo. Hangata li tlameha ho khetha pakeng tsa ho itlama mala-masesaane tšebelisong ea metsi a hloekileng, e leng ho ka ’nang ha khina tsoelo-pele le ho fokotsa tlhahiso ea lijo, kapa li khethe ho sebelisa metsi ao a sa hloekisoang, e leng ho fellang ka ho jala mafu. Ha tlhokahalo ea metsi e ntse e eketseha libakeng tsohle, ho bonahala eka ho tla ba le khaello e tebileng ea metsi nakong e tlang.

Lilemo Tse Leshome Tsa Tšepo

Ka la 10 November, 1980, Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa bua ka kholiseho ka ho tla ha “Lilemo Tse Leshome Tsa Phepelo ea Machaba ea Metsi a Nooang le Matloana.” Seboka seo se ile sa phatlalatsa hore pakane ke ho fana ka metsi le matloana a sireletsehileng ho bohle ba phelang linaheng tse tsoelang pele moruong, ka selemo sa 1990. Qetellong ea lilemo tseo tse leshome, ho ne ho sebelisitsoe liranta tse ka bang limilione tse likete tse 594 ho isa metsi a hloekileng bathong ba fetang limilione tse sekete le ho kenyetsa ba fetang limilione tse 750 tsamaiso ea likhoerekhoere—e leng khatelo-pele e babatsehang.

Leha ho le joalo, katleho ena e finyeletsoeng e ile ea thefuloa ke ho eketseha ha palo ea baahi ba limilione tse 800 linaheng tse tsoelang pele moruong. Kahoo, ka 1990, ho ne ho e-na le batho ba fetang limilione tse sekete ba haelloang ke metsi a sireletsehileng le matloana a loketseng. Bothata bona bo bonahala bo pheta seo mofumahali a ileng a se bua ho Alice, paleng ea bana e bitsoang Through the Looking-Glass: “Ua bona, ho hlokahala hore u mathe ka lebelo lohle la hao e le hore u eme nģa e le ’ngoe. E le hore u fihle sebakeng se seng sesele, u tlameha ho kopola lebelo la hao bonyane habeli!”

Ho ea ka WHO, ho tloha ka 1990, ka kakaretso khatelo-pele ntlafatsong ea boemo ba ba hlokang metsi le matloana e bile e “fokolang.” Sandra Postel, nakong eo e neng e le motlatsi oa mookameli oa phuputso setsing sa Worldwatch Institute, o ile a ngola: “E sala e le boemo bo nyarosang hore ebe batho ba limilione tse likete tse 1,2 ba ke ke ba noa metsi kantle le ho ipeha kotsing ea ho tšoaroa ke mafu kapa ho shoa. Lebaka hase hakaalo leqeme la metsi kapa khaello ea theknoloji empa ho e-na le hoo ke khaello ea boikemisetso ba sechaba le ba lipolotiki ba ho khahlametsa litlhoko tsa motheo tsa bafutsana. Ho hakanngoa hore ho tla hlokahala keketso ea lidolara tse limilione tse likete tse 36 [liranta tse limilione tse likete tse 160] ka selemo, e leng hoo e ka bang karolo ea 4 lekholong ea litšenyehelo tsa sesole tsa lefatše, bakeng sa ho isetsa batho bohle seo ba bangata ba rōna hona joale ba se nkang hasesaane—e leng metsi a hloekileng a nooang le mekhoa e hloekileng ea ho lahla likhoerekhoere.”

Keketseho ea Baahi e Eketsa Tlhokahalo

Ho se anele ha metsi ho thatafatsoa ke bothata ba bobeli: Ha baahi ba ntse ba eketseha, le eona tlhokahalo ea metsi e ntse e eketseha. Lefatšeng ka bophara pula e batla e e-na ka tekanyo e sa feto-fetoheng, empa palo ea baahi ea eketseha. Tšebeliso ea metsi e imenne bonyane ka makhetlo a mabeli lekholong lena la lilemo, ’me ba bang ba hakanya hore e ka ’na ea imena habeli hape lilemong tse 20 tse latelang.

Ke ’nete hore palo e ntseng e eketseha ea batho ha e hloke feela metsi a eketsehileng a nooang empa hape le lijo tse eketsehileng. Ka lehlakoreng le leng, tlhahiso ea lijo e hloka metsi a mangata ho feta. Leha ho le joalo, temo e tlameha ho tsekisana metsi ao le litlhoko tsa indasteri le batho ka bomong. Hangata ha metse e meholo le libaka tsa indasteri li atoloha, temo ea lahleheloa. Mofuputsi e mong oa botsa: “Lijo li tla tsoa kae? Ke joang re ka khonang ho khahlametsa litlhoko tsa batho ba limilione tse likete tse 10 ha re se re ntse re thatafalloa ke ho khahlametsa litlhoko tsa batho ba limilione tse likete tse 5 ’me ha e le hantle re amoha temo metsi?”

Baahi ba eketseha haholo linaheng tse tsoelang pele moruong, moo hangata ho seng ho ntse ho e-na le leqeme la metsi. Ka masoabi, linaha tseo ke tsa ho qetela, licheleteng le tsoelo-peleng, tse khonang ho sebetsana le mathata a metsi.

Tšilafalo

Ho phaella mathateng a khaello ea metsi le litlhokong tsa baahi ba ntseng ba eketseha ho na le bothata ba boraro bo amanang le ana: tšilafalo. Bibele e bua ka ‘nōka ea metsi a bophelo,’ empa linōka tse ngata kajeno ke linōka tsa lefu. (Tšenolo 22:1) Ho ea ka khakanyo e ’ngoe, likhoerekhoere—tse tsoang malapeng le liindastering—tse kenang linōkeng tsa lefatše selemo le selemo e ka ba li-cubic kilometer tse 450. Linōka tse ngata le melapo e mengata li silafetse ho tloha mehloling ea tsona ho ea fihla pheletsong ea tsona.

Lichabeng tsa lefatše tse tsoelang pele moruong, hoo e ka bang nōka e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō e silafatsoa ka likhoerekhoere tse sa hloekisoang. Phuputso e ’ngoe ea linōka tse khōlō tse 200 tsa Russia e bontšitse hore tse 8 ho tse 10 li boemong bo kotsi haholo ba ho ba le baktheria le likokoana-hloko. Linōka le mehloli ea metsi linaheng tse tsoetseng pele haholo moruong, le hoja li sa phaphamale likhoerekhoere, hangata li silafatsoa ke lik’hemik’hale tse kotsi, ho akarelletsa tse tsoang menontšeng ea temo. Hoo e ka bang likarolong tsohle tsa lefatše, linaha tse mathōkong a leoatle li lahlela likhoerekhoere tse sa hloekisoang metsing a sa tebang a mabōpong, e leng ho silafatsang mabōpo haholo.

Kahoo, bothata ba tšilafalo ea metsi ke bo akaretsang. Ha e akaretsa boemo, bukana ea Audubon Society e bitsoang Water: The Essential Resource e re: “Karolo ea boraro ea batho e phela ka thata tlas’a boemo bo sa khaotseng ba ho kula kapa ho fokola ka lebaka la metsi a sa hloekang; karolo e ’ngoe ea boraro e sokeloa ke lik’hemik’hale tseo liphello tsa tsona tsa nako e telele li sa tsejoeng tse tšeloang metsing.”

Metsi a Litšila aa Kulisa

Ha Dede ea boletsoeng pejana, a ne a re “re bolaoa ke leqeme la metsi,” o ne a bua a tšoantšetsa. Leha ho le joalo, khaello ea metsi a hloekileng, a se nang litšila e hlile e bolaea ka tsela ea sebele. Ho eena le ho ba bang ba limilione ba kang eena, ha ho na boikhethelo haese ho sebelisa metsi a melapo le linōka, ao hangata e kang ke a sekoti sa metsi a litšila. Ho ea ka WHO, hase ho makatsang hore metsotsoana e meng le e meng e robeli ngoana o bolaoa ke lefu le amanang le metsi!

Ho ea ka makasine ea World Watch, karolo ea 80 lekholong ea mafu ’ohle e jaloa ke ho noa metsi a sa sireletsehang, linaheng tse tsoelang pele moruong. Likokoana-hloko tse jaloang ke metsi le tšilafalo li bolaea batho ba limilione tse 25 selemo le selemo.

Mafu a bolaeang a amanang le metsi—ho akarelletsa letšollo, k’holera le typhoid—a hlasela batho haholo Linaheng tse Chesang tse Mongobo. Leha ho le joalo, mafu a jaloang ke metsi ha a felle linaheng tse tsoelang pele moruong feela. Ka 1993, United States, ho ile ha kula batho ba 400 000 Milwaukee, Wisconsin, ka mor’a hore ba noe metsi a pompo a neng a e-na le kokoana-hloko e sa bolaoeng ke chlorine. Selemong sona seo, likokoana-hloko tse kotsi li ile tsa iphumanela tsela ea ho kena mehloling ea metsi metseng e meng e meholo ea United States—Washington, D.C.; New York City; le Cabool, Missouri—e leng ho ileng ha qobella baahi ba moo ho belisa metsi a tsoang lipompong tsa bona.

Ho Arolelana Metsi a Linōka

Mathata a amanang le khaello ea metsi, litlhoko tsa baahi ba eketsehang le tšilafalo e kulisang kaofela ke lisosa tse ka bakang khohlano le ntoa. Ha e le hantle, metsi hase ntho ea bokhabane. Ralipolotiki e mong oa Spain ea neng a sebetsana le qaka ea metsi o ile a re: “Ha e sa le ntoa ea moruo, empa e se e le ho loanela pholoho.”

Karolo e khōlō e bakang khohlano ke ho arolelana metsi a linōka. Ho ea ka mofuputsi e mong oa United States, Peter Gleick, karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše e phela haufi le linōka tse 250 tseo metsi a tsona a tsekoang ke lichaba tse fetang se le seng. Linōka tsa Brahmaputra, Indus, Mekong, Niger, Nile le Tigris e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e pholletsa har’a linaha tse ’maloa—linaha tse batlang ho hula metsi a mangata kamoo li ka khonang kateng linōkeng tseo. Liqabang li se li bile teng.

Ha tlhoko ea metsi e ntse e eketseha, likhohlano tse joalo li tla eketseha. Motlatsi oa mookameli oa Environmentally Sustainable Development, Bankeng ea Lefatše, o bolela esale pele: “Lintoa tse ngata lekholong lena la lilemo e ne e le tsa ho loanela oli, empa lintoa tsa lekholong le tlang la lilemo e tla be e le tsa ho loanela metsi.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Molek’hule o Lula o Tsamaea

A re ke re latelleng ho tsamaea ha mole k’hule o le mong oa metsi leetong la oona le sa feleng. Letoto la litšoantšo tse kenyelelitsoeng mona, tse nomoriloeng ho lumellana le taba e ngotsoeng, li bontša e ’ngoe feela ea litsela tse se nang palo tseo molek’hule o le mong oa metsi o ka li nkang ho khutlela sebakeng seo o tsoang ho sona.—Jobo 36:27; Moeklesia 1:7.

Re tla qala ka molek’hule o leoatleng.(1) Ha metsi a fetoloa mouoane ke matla a letsatsi, molek’hule oa nyoloha ho fihlela o phahametse lefatše ka limithara tse makholo a ’maloa.(2) Joale, o kopana le limolek’hule tse ling tsa metsi ho bōpa lerotholi le lenyenyane la metsi. Lerotholi lena le nkoa ke moea lik’hilomithara tse makholo-kholo. Ka mor’a nako e itseng, lerotholi le fetoha mouoane, ’me molek’hule o boela o nyoloha ho fihlela ha qetellong o kopana le lerotholi la pula le leholo ho lekana hore le ka rothela fatše.(3) Lerotholi la pula le rothela letsoapong le e-na le a mang a limilione tse likete; metsi ao a phallela tlaase molapong.(4)

Joale khama e noa metsi molapong, e noa molek’hule ea rōna.(5) Lihora hamorao khama ea rota, ’me molek’hule o oela fatše moo o monngoang ke motso oa sefate.(6) Ho tloha moo, molek’hule o nyolosa le sefate ’me qetellong o fetoha mouoane o tlohang lekhasing o kena moeeng.(7) Joaloka pele, oa nyolosa e le hore o tlatsetse ho bōpeng lerotholi le leng hape le lenyenyane. Lerotholi leo le lenyenyane le nkoa ke moea ho fihlela le kopana le leru le letšo, la pula e ngata.(8) Molek’hule oa rōna o boetse o theoha e le pula, empa lekhetlong lena o oela nōkeng e o isang leoatleng.(9) Moo o ka ’na oa qeta lilemo tse likete pele o hlahella ka holimo, le ho fetoha mouoane, ’me o nkuoa ke moea hape.(10)

Potoloho ena ha ho mohla e felang: Metsi a fetoha mouoane o tlohang maoatleng, a nyoloha ho tloha fatše, a theoha e le pula, ’me a phorosela ho khutlela maoatleng. Ka ho etsa joalo, metsi a boloka tsohle tse phelang lefatšeng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

Se ’Nileng sa Buelloa

Ho haha litsi tsa mechine e monyang letsoai metsing. Ena e tlosa letsoai metsing a leoatle. Hangata sena se etsoa ka ho pompela metsi liphaposing tseo ho tsona metsi a belisoang ke mocheso o fokolang ’me a futhumatsoa ho fihlela a bela. Metsi a fetoha mouoane ’me a lebisoa sebakeng se seng, a siea lithollo tsa letsoai. Ke tšebetso e litšenyehelo li boima, e ka nģ’ane ho matla a linaha tse ngata tse tsoelang pele moruong.

Ho qhibilihisa lipokello tse khōlō tsa maqhoa. Bo-rasaense ba bang ba lumela hore lipokello tsa litonanahali tsa maqhoa, tse nang le metsi a hloekileng, a se nang litšila, li ka huloa ka likepe tse khōlō tse nkang thepa ho tloha Ntlheng e ka Boroa ea Lefatše ’me tsa qhibilihisoa e le hore li fe linaha tse komellong Karolong e ka Boroa ea Lefatše metsi. Bothata bo bong: Hoo e ka bang halofo ea pokello e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō ea leqhoa e tla qhibilihela leoatleng pele e fihla moo e eang teng.

Ho hula metsi a tlas’a matlapa. Matlapa a nang le metsi ke majoe a hlahisang metsi a ka mpeng ea lefatše. Majoeng ana, metsi a ka pompuoa, esita le mahoatateng a omeletseng ka ho fetisisa. Empa ho hula metsi ana ho litšenyehelo li boima ’me ho fokotsa metsi mehloling ea metsi. Qaka e ’ngoe: Metsi a matlapeng a mangata a nang le metsi a kolla butle—’me ho a mang ha a kolle ho hang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

Photo: Mora, Godo-Foto

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Ho kha metsi ho ka nka lihora tse ’nè letsatsi le letsatsi

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Li-“cubic kilometer” tse 450 tsa likhoerekhoere li tšeloa linōkeng selemo le selemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela