Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
Cherrapunji, India, ke se seng sa libaka tse mongobo ka ho fetisisa lefatšeng. Nakong ea lifefo, pula e tšolohelang maralleng a eona a leng mosikong oa Lithaba tsa Himalaya, e ba limilimithara tse 9 000. Leha ho le joalo, le hoja hoo ho bonahala ho hlolla, Cherrapunji le eona ke e ’ngoe ea libaka tse haelloang ke metsi.
KAHA ha ho na limela tse ngata bakeng sa ho tšoara metsi, a phalla ka potlako hang ha pula e tšoloha. Likhoeli tse peli ka mor’a lipula tseo tsa nakong ea lifefo, metsi a fumaneha ka thata. Bukeng ea hae ea Water: The International Crisis, Robin Clarke lilemong tse fetileng o ile a hlalosa Cherrapunji e le “lehoatata le mongobo ka ho fetisisa lefatšeng.”a
Haufi le moo molapo o phallelang teng ho tloha Cherrapunji, ke Bangladesh, naha e mabalane e nang le sepenya sa baahi, e angoang haholo ke lipula tsa nakong ea lifefo tse theohang maralleng a hlobotseng a India le Nepal. Ka lilemo tse ling, karolo ea bobeli ho tse tharo Bangladesh e ba le likhohola. Empa hang ha metsi a moroallo a kokobela, Nōka ea Ganges e khaotsa ho phalla ’me sebaka seo sea omella. Batho ba fetang limilione tse 100 Bangladesh ba tobane le boemo bona bo bohloko ba ho ba le lipula tsa likhohola hammoho le komello selemo se seng le se seng. Ho hobe le ho feta, metsi a liliba tsa moo a silafalitsoe ke chefo e bitsoang arsenic, eo e ka ’nang eaba e se e kene bathong ba limilione.
Nukus, Uzbekistan, haufi le Leoatle la Aral, teng bothata ke letsoai, eseng arsenic. Makhakhapha a masoeu a koahela limela tsa k’hothone ’me a li sitise ho hōla. Letsoai le pakellana ho tloha mobung o ka tlaase o nang le metsi ho fihlela mobung o ka holimo. Bothata bona ba letsoai le pakellanang mobung ha bo bocha. Temo ea Mesopotamia e ile ea putlama lilemong tse likete li ’nè tse fetileng ka lona lebaka leo. Ho nosetsa haholo moo ho se nang litselana tse ntle tsa ho tsamaisa metsi ho baka hore letsoai le pakellane ka holimo. E le hore ho tle ho be le kotulo e ntle, ho lokela ho sebelisoe metsi a macha khafetsa. Leha ho le joalo, qetellong mobu oa senyeha—bakeng sa meloko e tlang.
Hantle-ntle Metsi ’Ohle a ea Hokae?
Ka bomalimabe, boholo ba lipula tse nang ke tsa litloebelele. Sena ha se bake likhohola feela empa se boetse se etsa hore metsi a ee ka potlako leoatleng. ’Me libaka tse ling li fumana pula e ngata, ha tse ling li fumana e nyenyane. Cherrapunji e tsebahala ka ho ba le lipula tsa limilimithara tse fetang 26 000 ka selemo, athe Lehoatata la Atacama le ka leboea la Chile lona le ka ’na la qeta lilemo tse ’maloa le sa fumane pula.
Ho feta moo, batho ba bangata polaneteng ena ea rōna ba lula moo metsi a seng mangata. Ka mohlala, ke batho ba fokolang ba lulang libakeng tse chesang tse mongobo Afrika le Amerika Boroa moo pula e nang ka bongata. Nōka e khōlō ea Amazon e hlatsetsa Leoatleng la Atlantic metsi ao ka kakaretso e leng karolo ea 15 lekholong ea a nang ka selemo, leha ho le joalo, kaha baahi ba sebakeng seo baa fokola, ho hlokahala metsi a manyenyane haholo bakeng sa batho. Ka lehlakoreng le leng, batho ba limilione li 60 ba phela Egepeta, moo pula e fokolang teng ’me metsi ’ohle ao ba a hlokang a tlameha a tsoa Nōkeng ea Nile e haelloang ke metsi.
Lilemong tse fetileng, phapang e kaalo mehloling ea metsi e ne e sa bake mathata a tebileng. Ho latela phuputso e ’ngoe, ka 1950 ha ho sebaka leha e le sefe lefatšeng se neng se haelloa ke metsi haholo kapa ka ho fetisisa. Empa mehla eo ea ho ba le metsi a mangata e fetohile. Libakeng tse omeletseng haholo tsa Afrika Leboea le Asia Bohareng, bongata ba metsi a teng bakeng sa motho ka mong a theohile ka karolo ea leshome ha ho bapisoa le ka 1950.
Ntle le keketseho ea baahi hammoho le ho fokotseha ha pula libakeng tse ngata tse nang le sepenya sa baahi, tlhokahalo ea metsi e phahame ka mabaka a mang. Lefatšeng kajeno, khatelo-pele le katleho li tsamaisana le phepelo e lekaneng ea metsi.
Tlhokahalo e Eketsehang ea Metsi
Haeba u phela naheng ea liindasteri, ntle ho tika-tiko u hlokometse hore ho ba le lifeme tse ngata haholo pel’a linōka tsa bohlokoa. Lebaka le hlakile. Indasteri e hloka metsi bakeng sa ho hlahisa hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho tloha lik’homphieutheng ho fihlela lipeleteng tse tšoarang lipampiri. Ho hlahisoa ha lijo le hona ho hloka metsi a mangata ka ho hlollang. Libaka tseo ho fehloang motlakase ho tsona li na le lenyora le sa kholoeng la metsi ’me li fumaneha haufi le matša kapa linōka.
Metsi a hlokahala le ho feta bakeng sa temo. Libakeng tse ngata pula e fokola haholo kapa ha e tšepahale bakeng sa ho tiisa hore ho tla ba le kotulo e ntle, ka hona, ho bonahala ho nosetsa e le hona hoo e bang pheko bakeng sa ho fepa lefatše lena le lapileng. Ka lebaka la ho itšetleha ha batho ka lijalo tse nosetsoang, temo e sebelisa karolo e khōlō ea metsi a lefatše a hloekileng.
Ho phaella moo, metsi a sebelisoang malapeng a eketsehile. Lilemong tsa bo-1990, palo e hlollang ea baahi ba metse e mecha ba limilione li 900 e ile ea hloka tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere le ho fumana metsi a sireletsehileng. Mehloli ea tlhaho e kang linōka le liliba, ha e sa lekane bakeng sa metse e meholo. Ka mohlala, Mexico City hona joale e lokela ho pompa metsi a bohōle ba lik’hilomithara tse 125 ’me a tlōle mokoloko oa lithaba tse bophahamo ba limithara tse 1 200. Tlalehong ea hae ea Water: The Life-Giving Source, Dieter Kraemer o re boemo bona bo “ka tšoantšoa le octopus; matsoho a tsoela ka ntle ho motse ho leka ho fumana metsi.”
Ka hona, indasteri, temo le libaka tsa litoropo kaofela li ’nile tsa llela metsi a eketsehileng. ’Me bongata ba litlhoko tsa tsona boa khotsofatsoa hajoale, ka ho kha metsing a bolokiloeng a ka tlas’a lefatše. Mehloli e meholo ea metsi a tlhaho ke eona e ka sehloohong e fanang ka metsi a hloekileng. Empa le eona e ka cha. Pokello e joalo ea metsi e tšoana le chelete e bankeng. U ke ke ua lula u ntša chelete haeba u kenya e fokolang. Ho e-s’o ho ee kae, u tla kotula seo u se jetseng.
Tšebeliso e Ntle le e Mpe ea Metsi a ka Tlas’a Lefatše
Metsi a ka tlas’a lefatše ke ao re a nyollang ka pompo ha re cheka fatše. Tlaleho ea Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (United Nations Children’s Fund), Groundwater: The Invisible and Endangered Resource e lekanya hore halofo ea metsi a sebelisoang malapeng le bakeng sa ho nosetsa lijalo a tsoa mohloling ona. Kaha metsi a tsoang ka tlas’a lefatše hangata ha aa silafala joaloka a ka holim’a lona, ke ’ona ao re a noang metseng ea litoropo haesita le mahaeng. Haeba metsi a ka tlas’a lefatše a ne a sebelisoa ka tekanyetso, a ne a tla lula a le mangata kaha ka tloaelo a eketsoa ke metsi a pula ao butle-butle a kenellang pokellong ena e ka tlas’a lefatše. Empa ka lilemo tse mashome batho ba ’nile ba kha metsi a mangata ho feta ao potoloho ea tlhaho ea metsi e ka a busetsang.
Phello ke hore metsi a ka tlas’a lefatše a theohela tlaase, ’me ho tebela tlaase haholo e le hore a finyelloe e ba ho senyang chelete kapa ho seng bohlale. Ha liliba li e-cha, phello e ba mathata moruong hammoho le bathong. Litlokotsi tsa mofuta oo li se li bile li qalile ho etsahala India. Kaha lijo tsa batho ba limilione tse likete ba phelang lithoteng tse hare Chaena le India ba itšetlehile ka metsi a ka tlas’a lefatše, khopolo ena ea nyahamisa.
Tšilafalo le eona e eketsa ho fokotseha ha metsi a ka tlas’a lefatše. Manyolo, mantle a batho le a liphoofolo hammoho le lik’hemik’hale tsa liindasteri kaofela li fetela metsing a ka tlas’a lefatše. Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bolepi ba Boemo ba Leholimo ea hlalosa: “Hang ha mohloli o moholo oa metsi a tlhaho o silafala, mehato e lokisang boemo boo e ka nka nako e telele eaba ea ja chelete e ngata, mohlomong e be e hlōlehe. Ho kena butle-butle ha lintho tse silafatsang ho ’nile ha bitsoa ‘bomo ea lik’hemik’hale e behetsoeng nako.’ Ho sokela bophelo ba batho.”
Ketso ea ho qetela e ikhanyetsang ke ea hore metsi a pompuoang mohloling o moholo oa metsi a tlhaho a ka tlas’a lefatše a ka ’na a qetella a sentse sona sebaka se reretsoeng ho nosetsoa. Boholo ba libaka tse nosetsoang tse linaheng tse omeletseng kapa tse batlileng li omella lefatšeng hona joale li na le bothata ba ho pakellana ha letsoai mobung. India le United States—linaha tse peli tse ka sehloohong lefatšeng ho hlahiseng lijo—karolo ea 25 lekholong ea sebaka se nosetsoang e se e senyehile haholo.
Baballa U Tle U se ke Ua Hloka
Ho sa tsotelehe mathata ana ’ohle, boemo bo ne bo ke ke ba nyahamisa hakana haeba metsi a bohlokoa a polanete ena a ne a baballoa haholoanyane. Mekhoa e sa nepahalang ea ho nosetsa hangata e lahla karolo ea 60 lekholong ea metsi le pele a fihla lijalong. Ho nepahala ho eketsehileng ha mekhoa e sebelisoang—ho sebelisoa theknoloji e teng—ho ka fokotsa halofo ea metsi a sebelisoang ke liindasteri. Karolo ea 30 lekholong ea metsi a sebelisoang metseng e ne e ka fokotsoa haeba ho ne ho ka lokisoa liphaephe tse robehileng ka potlako.
Batho ba lokela ho ikemisetsa le ho sebelisa mekhoa e itseng haeba ba batla hore metsi a bolokehe. Na ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore metsi a bohlokoa a polanete ee ea rōna a tla bolokoa bakeng sa moloko oa ka moso? Sehlooho sa rōna sa ho qetela se tla tšohla potso ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Cherrapunji—Se Seng sa Libaka Tse Mongobo ka ho Fetisisa,” ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea May 8, 2001.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
METSI A PHELISA LEFATŠE
Mesebetsi eohle ea indasteri e sebelisa metsi a mangata.
◼ Ho ka sebelisoa lithane tse 280 tsa metsi ho hlahisa thane e le ’ngoe ea tšepe.
◼ Ho hlahisa k’hilograma e le ’ngoe ea pampiri ho ka hloka metsi a mangata ba lik’hilograma tse 700 (haeba feme e sa sebelise metsi ao hape).
◼ Ho etsa koloi United States, moetsi o sebelisa metsi a fetang boima ba koloi eo ka makhetlo a 50.
Temo le eona e ka hloka metsi a mangata, haholo-holo ha liphoofolo li ruiloe libakeng tse batlileng li omella tsa lefatše.
◼ Ho hlahisa k’hilograma e le ’ngoe ea seteiki sa nama ea khomo California ho hloka lilithara tse 20 500 tsa metsi.
◼ Ho hlotha le ho hloekisa khoho e le ’ngoe ho fihlela e le ka sehatsetsing, ho nka lilithara tse 26 tsa metsi.
[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
METSI A SEBELISOA HOKAE?
Lapeng 10%
Indastering 25%
Temong 65%
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Metsi a ka tlalang lilithara tse limilione aa senngoa ka lebaka la liphaepe tse tsamaisang metsi tse robehileng le ka lebaka la lipompo tse siuoang li butsoe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Richard Drew