Kokoana-hloko—E Bolaeang e Hlasela Zaire
KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA
KIKWIT, Zaire, ke toropo e hōlang ka ho sa tloaelehang e moeling oa moru oa lipuleng tse ngata tsa naheng e chesang e mongobo. Gaspard Menga Kitambala ea lilemo li 42, ea neng a lula kantle ho motse oo, e ne e le eena feela Paki ea Jehova lelapeng la hae. Menga e ne e le morekisi oa mashala a patsi. O ne a lokisetsa mashala a hae a patsi ka hare-hare ho moru, aa tlama, ebe o a roala hloohong ho leba Kikwit.
Ka la 6 January, 1995, o ile a kula. O ile a oela ka makhetlo a mabeli ha a leba hae a tsoa morung. Ha a fihla lapeng, o ile a re o tšoeroe ke hlooho le feberu.
Ka mor’a matsatsi a ’maloa, boemo ba hae bo ile ba mpefala. Ka la 12 January, lelapa la hae le ile la mo isa Kikwit General Hospital. Lipaki tsa phutheho ea habo Menga li ile tsa thusa lelapa leo ho mo hlokomela sepetlele. Ka bomalimabe, boemo ba hae bo ile ba mpefala le ho feta. O ile a qala ho hlatsa mali. Mali a ne a tsoa a sa laolehe ka linkong le ka litsebeng. Ka la 15 January, o ile a shoa.
Kapele-pele ba bang lelapeng la Menga ba neng ba amme ’mele oa hae ba ile ba kula. Mathoasong a March, batho ba 12 ba neng ba amana haufi-ufi le Menga ba ne ba shoele, ho akarelletsa le mosali oa hae le bana ba babeli ho bana ba bona ba tšeletseng.
Bohareng ba April, basebetsi ba sepetlele le ba bang ba ile ba qala ho kula le ho shoa ka mokhoa o tšoanang le oa Menga le lelapa la hae. Kapele boloetse boo bo ile ba namela litoropong tse ling tse peli tikolohong eo. Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokahala thuso e tsoang kantle.
Moprofesa Muyembe, setsebi se ka sehloohong sa likokoana-hloko sa Zaire, o ile a ea Kikwit ka la 1 May. Hamorao o ile a bolella Tsoha!: “Re ile ra etsa qeto ea hore Kikwit e ne e tšoeroe ke seoa se habeli: se seng e ne e le letšollo le bakoang ke baktheria, ’me se seng e le feberu e matla ea ho tsoa mali e bakoang ke kokoana-hloko. Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokahala hore re tiise tlhahlobo ena. Kahoo re ile ra bokella mali a tsoang ho bakuli ’me ra a romela ho ea hlahlojoa ke ba Centers for Disease Control (CDC), Atlanta, U.S.A.”
Ba CDC ba ile ba tiisa seo Muyembe le lingaka tse ling tsa Zaire ba neng ba se ntse ba se belaetse. Lefu leo e ne e le Ebola.
Lefu le Bolaeang
Kokoana-hloko ea Ebola e bohale bo tšosang. E ka bolaea ka potlako. Ha ho na kentelo e e thibelang, ’me ha ho na phekolo e tsejoang bakeng sa bao e ba hlaselang.
Ebola e ile ea hlokomeloa ka lekhetlo la pele ka 1976. Lefu lena le rehelletsoeng ka nōka ea Zaire, le ile la hlasela karolo e ka boroa ho Sudan ’me nako e khutšoanyane hamorao la hlasela karolo e ka leboea ho Zaire. Ka 1979 ho ile ha ba le seoa se senyenyane hape Sudan. Ka mor’a moo, lefu leo le ile la nyamela ka lilemo tse ngata, ntle le liketsahalo tse ikhethang tsa batho ba neng ba bolaoa ke matšoao a kang a Ebola.
Kokoana-hloko ea Ebola e kotsi hoo litsebi tsa saense tse ithutang ka eona Atlanta li ithutelang ka laboratoring e nang le tšireletso e matla e hahuoeng ’moho le tsamaiso ea moea e thibelang kokoana-hloko leha e le efe e tsamaeang ka moea ho phonyoha. Pele li kena ka laboratoring, litsebi tsa saense li apara liphahlo tse sireletsang tse kang “liaparo tsa ho ea sepaka-pakeng.” Ha li e-tsoa ka laboratoring li tola ka morianeng o bolaeang lipeō tsa mafu. Lihlopha tsa lingaka tse ileng tsa tla Kikwit li ile tsa tla le liaparo tse sireletsang—litlelafo tse lahluoang hang ka mor’a ho sebelisoa, likepisi, likokolose le lioforolo tse khethehileng tse sa lumelleng hore likokoana-hloko li phunyeletse.
Ka ho fapaneng, boholo ba baahi ba Kikwit ba ne ba se na tsebo hammoho le thepa ea ho itšireletsa. Ba bang ba ntse ba tseba, ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing kapa ba lahleheloa ke bona ha ba hlokomela baratuoa ba bona ba kulang. Metsoalle le ba lelapa ba ne ba jara bakuli le bafu ka mokokotlong kapa mahetleng ba sa itšireletsa ho hang. Phello e ile ea e-ba ho lahleheloa ke bophelo ka tsela e tšabehang; kokoana-hloko e ile ea ripitla malapa ’ohle.
Ho Laola Seoa
Mekhatlo ea machaba e ile ea arabela boipiletsong ba Kikwit bakeng sa thuso ka liphallelo tsa chelete le thepa ea meriana. Lihlopha tsa babatlisisi li ile tsa tla ka lifofane li e-tsoa Europe, Afrika Boroa le United States. Morero oa bona oa ho tla o ne o le habeli: oa pele, ho thusa ho laola seoa seo; ’me oa bobeli, ho fumana moo kokoana-hloko eo e neng e phela teng nakong ea ha seoa se khefulitse.
E le ho thusa ho emisa seoa seo, basebetsi ba bophelo ba ile ba ea seterata le seterata ba batla ho fumana motho leha e le ofe ea bontšang matšoao a lefu leo. Ba kulang ba ne ba isoa sepetlele, moo ba neng ba ka aroloa bathong ba bang le ho hlokomeloa ka polokeho. Ba ileng ba shoa ba ne ba thateloa ka polasetiki ’me ba patoa kapele-pele.
Ho ile ha qaloa letšolo le leholo la ho fana ka boitsebiso bo nepahetseng mabapi le lefu leo ho basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo le ho sechaba ka kakaretso. Karolo ea molaetsa oo e ile ea lemosa ka matla khahlanong le mekhoa ea lepato ea neano, eo ho eona ho ea ka moetlo malapa a tšoarang le ho hlatsoa bafu.
Ho Batla Mohloli
Litsebi tsa saense li ne li batla ho fumana hore na kokoana-hloko ena e ne e e-tsoa hokae. Se tsejoang ke hore: Likokoana-hloko ke lintho tse phelang tse itšetlehileng ka lintho tse ling, ha li khone ho ja, ho noa le ho ikatisa ka botsona feela. Hore li phele le ho tsoala, li tlameha ho hlasela le ho hanyapetsa karolo e rarahaneng ea lisele tse phelang.
Ha kokoana-hloko e tšoaetsa phoofolo, hangata kamano e bang teng ke ea hore li phelisane ’moho—phoofolo ha e bolaee kokoana-hloko, le kokoana-hloko ha e bolaee phoofolo. Empa ha motho a e-ba haufi le phoofolo eo e tšoaelitsoeng ’me ka tsela e itseng kokoana-hloko e fetela ho motho, kokoana-hloko eo e ka ’na ea e-ba kotsi.
Kaha kokoana-hloko ea Ebola e bolaea batho le litšoene kapele-pele, litsebi tsa saense li ile tsa nahana hore e tlameha ebe kokoana-hloko eo e khona ho phela ka har’a ntho e ’ngoe e phelang. Ha basebeletsi ba bophelo ba fumana hore na ke ntho ea mofuta ofe e phelang e jereng kokoana-hloko eo, joale ba ka ’na ba khona ho nka mehato e atlehileng ea ho laola le ho thibela seoa nakong e tlang. Potso e salang e sa arajoa ka Ebola ke hore, Kokoana-hloko ee e lula kae nakong ea ha seoa se khefulitse bathong?
Ho araba potso eo, babatlisisi ba tlameha ho menahana le mohlala ho ea mohloling oa kokoana-hloko eo. Boiteko ba ho fumana phoofolo eo kokoana-hloko ena e phelang ka ho eona ka mor’a seoa se tlileng pejana ha boa ka ba atleha. Empa seoa sa Kikwit se ile sa fana ka monyetla o mocha.
Litsebi tsa saense li ile tsa nahana hore mohlaseluoa oa pele oa seoa sa Kikwit e ne e le Gaspard Menga. Empa o ne a tšoaelitsoe joang? Haeba e ne e le ka phoofolo e itseng, e ne e le phoofolo ea mofuta ofe? Ka ho utloahalang, karabo e ne e ka ’na ea fumanoa morung oo Menga a neng a sebetsa ho oona. Lihlopha tsa ba bokellang boitsebiso li ile tsa cheha maraba a 350 libakeng tseo Menga a neng a sebeletsa ho tsona ho etsa mashala a hae a patsi. Ba ile ba pitla likhoto, likhoiti, linqaqana, mekholutsoane, linoha, menoang, liboba, liboseleisi, litšitšili, linta, matsetse a maholo le a manyenyane—kakaretso ea liphoofolo tse nyenyane tse 2200 le likokoanyana tse 15 000. Litsebi tsa saense, li apere liphahlo tse sireletsang, li ile tsa bolaea liphoofolo tsena ka khase e ilibanyang. Eaba li romela lisampole tsa lihlopha tsa lisele United States, moo li neng li ka hlahlojoa bakeng sa kokoana-hloko eo.
Kaha libaka tseo kokoana-hloko e ka ipatang ho tsona li batla li se na meeli, ha ho na kholiseho ea hore na mohloli o tla fumanoa. Dr. C. J. Peters, ea etelletseng pele lekala le khethehileng la CDC la lintho tse bakang mafu, o ile a re: “Ke nahana hore nakong ena ho na le monyetla oa karolo ea 50 lekholong oa hore re fumane moo kokoana-hloko ea Ebola e lulang teng.”
Seoa Sea Nyamela
Ka la 25 August, ho ile ha phatlalatsoa ka molao hore seoa seo se felile, kaha ho ne ho sa ka ha e-ba le liketsahalo tse ncha tsa lefu leo ka matsatsi a 42, e leng nako e imenneng habeli ea ho qhotsa ha kokoana-hloko. Ke hobane’ng ha lefu lee le sa ka la nama ka ho pharaletseng? Lebaka le leng e ne e le boiteko ba bongaka ba machaba bo ileng ba etsoa ho laola seoa seo. Lebaka le leng le ileng la fokotsa seoa seo e ne e le matla a lefu leo ka bolona. Kaha le ile la hlaha le ho bolaea kapele-pele ’me le fetisoa feela ke kopano e haufi-ufi, ha lea ka la namela bathong ba bangata haholo.
Litlaleho tsa molao li bontša hore batho ba 315 ba ile ba tšoaetsoa ke lefu leo ’me ba 244 ba bona ba ile ba shoa—e leng tekanyetso ea ho shoa e etsang karolo ea 77 lekholong. Ebola e sa khutsitse ka nakoana. Lefatšeng le lecha la Jehova, e tla thōlisoa ka ho sa feleng. (Bona Esaia 33:24, NW.) Ho sa le joalo, batho baa ipotsa, ‘Na Ebola e tla boela e hlaha hape ho tla bolaea?’ Mohlomong. Empa ha ho ea tsebang hore na hokae kapa neng.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Ebola ea bolaea, leha ho le joalo tšokelo e khōloanyane ho Maafrika e bakoa ke mafu a sa tšoseng hakaalo. Nakong ea seoa, mafu a mang a ile a ’na a bolaea a patile mohoasa. Ho ile ha tlalehoa hore lik’hilomithara tse makholo a seng makae ho ea ka bochabela ho Kikwit, batho ba 250 ba ne ba sa tsoa hlaseloa ke pholio. Ho ea ka leboea-bophirimela, mefuta e sa tšoaneng ea k’holera e ile ea ripitla Mali. Ho ea ka boroa, Angola, batho ba 30 000 ba ile ba hlaseloa ke lefu la borokoana. Ho phatlalla le sebaka se pharaletseng sa Afrika Bophirimela, ba likete ba ile ba bolaoa ke seoa sa meningitis. The New York Times e ile ea bolela: “Ho Maafrika, ho phahama potso e thata ea hore na ke hobane’ng ha ho se le e ’ngoe ea liketsahalo tsa kamehla tsa [Afrika], tse bolaeang tseo boholo ba tsona e leng mafu a ka thibeloang ho se mohla e sisinyang maikutlo a lefatše.”
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Litsebi tsa saense li batla mohloli oa kokoana-hloko e bolaeang