Lebaka Leo AIDS e Bolaeang ka Lona Hakana
HO UTLOISISA hamolemonyana kamoo re ka itšireletsang kateng ho AIDS, re lokela ho tseba lebaka leo e bolaeang hakana ka lona. Ke’ng se etsang hore ho be boima ho sebetsana le kokoana-hloko ena ho feta kokoana-hloko leha e le efe?
Likokoana-hloko tsena ke tse nyenyane haholo tse hlahisang mafu ’ohle, li nyenyane ho feta kokoana-hloko ea bacteria. Mokakallane, polio, le sefuba li hlahisoa ke likokoana-hloko tse fapaneng. Hang feela ha e le ka seleng ea ’mele, kokoana-hloko e ka bolaea sele kapa ea “ithoballa” ka ho eona ho fihlela e sebetsa hamorao. Ha e le kokoana-hloko ea AIDS eona, e ka nka lilemo tse hlano, kapa ho feta, pele matšoao a ho ba teng ha eona a bonahala.
Lebaka Leo e Bolaeang ka Lona
Se etsang hore kokoana-hloko ea AIDS e be e bolaeang ke hobane e hlasela lisele tse khōlō le ho li senya, ho kopanyelletsa le lisele tsa mali tseo ’mele o li hlahisang ho thusa ho loantša boloetse. Lisele tsena tsa mali (tse bitsoang T-4 lymphocyte) ke lisele tse khōlō tsa ’mele tse o sireletsang mafung.
Ha lisele tsena tsa mali li sentsoe ke kokoana-hloko ea AIDS, ha li tsebe ho etsa mosebetsi oa tsona. Ka baka leo, tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ea senyeha. Mafu a tšoaetsanang ao pele a neng a sa sokele bophelo ha joale a bo sokela. Ana a kopanyelletsa likokoana-hloko tse ling, likokoana-hloko tse phelang ka tse ling, bacteria, fungi, kapa likankere tse fapaneng.
Kaha ’mele o se o sa tsebe ho itoanela mafung a tšoaetsanang, lia hōla ho fihlela mohlaseluoa a e-shoa. Mafu ana a tšoaetsanang a bitsoa mafu a bang teng ka ho sebelisa monyetla o leng teng. A hatella boitšireletso ba ’mele mafung a mang. Motho ea nang le AIDS a ka ba le litšoaetso tse joalo tse ngatanyana ka nako e le ’ngoe.
Har’a matšoao a pele a AIDS ke: mokhathala oa nako e telele le o sa hlaloseheng; mathopa a ruruhileng a nkang likhoeli tse ngata pele a fola; feberu e phehellang kapa ho fufuleloa bosiu; letšollo le phehellang; ho theoha ha boima ba ’mele ho sa hlaloseheng; ho fetoha ha ’mala oa letlalo kapa lera le lesesane le sa feleng; ho hohlola ho phehellang, ho sa hlaloseheng; lera le letenya le le lesoeu lelemeng kapa khokhothong; ho tsoa likotsi habonolo kapa ho tsoa mali ho sa hlaloseheng. Hangata matšoao ana a pele a bitsoa “AIDS Related Complex,” kapa ARC (Marang-rang a Amanang le AIDS).
Ha AIDS e bonahala ka ho feletseng, maloetse a bolaeang a hōla. Har’a a tloaelehileng ke litšoaetsano tsa matšoafo tse bakiloeng ke likokoana-hloko tse tsejoang e le Pneumocystis carinii, le kankere ea letlalo e bitsoang Kaposi’s sarcoma, eo hape e kopanyelletsang litho tsa ka hare. Ho phaella mona, kokoana-hloko ea AIDS e ka ama boko, ea baka bohole, bofofu, bohlanya, qetellong lefu. Dr. Richard T. Johnson, moprofesara oa Johns Hopkins oa mahlale a methapo ea boko, o boletse: “HIV [kokoana-hloko ea AIDS] e teng bokong ba batho ba ka bang millione U.S.”
AIDS e bonahalang ka ho feletseng e tsamaisana le lehlaba le ho theoha ha boima ba ’mele ho sa laoleheng, ’me ’mele o fokola butle-butle ho fihlela lefu le fihla. Afrika, ho bolela The Lancet, AIDS “e ’nile ea tsamaisana le ‘boloetse ba ho ota,’ e leng lentsoe le hlalosang ho theoha ho ho hoholo ha boima ba ’mele le letšollo.” Ho tloha qalong ea lefu lena ho fihlela motho a e-shoa ho ka nka selemo kapa ka tlase, kapa ho ka nka lilemo tse ’maloa.
Kokoana-hloko e Phehellang
Ho na le ntlha e ’ngoe hape e tlatsetsang ho etseng hore kokoana-hloko ea AIDS e be e bolaeang ho feta tse ling. E na le tšebetso ea lik’hemik’hale ka hare ho eona e e nolofaletsang ho phela ho fapana le likokoana-hloko tse ling.
Ka mohlala, kokoana-hloko ea mokakallane e ka ba ka mothong ka matsatsi a se makae feela kapa libeke, ’me e susumetsa lithibela-mafu tse thusang ho sireletsa ea kulang ho tšoaetsoeng ke kokoana-hloko e ’ngoe hape ea mofuta ona. Hang feela ha kokoana-hloko ena e qeta ho sebetsa, ea nyamela. Kokoana-hloko ea mokhohlane ea 1918 e nkile hoo e ka bang selemo feela. Kokoana-hloko ea feberu e itšetlehileng ka menoang, e fokotseha ha nako ea selemo e fetoha. Sekholopane se ka ’na sa hlasela baahi ba pepesehetseng ho sona ’me se nyamele.
Leha ho le joalo, kokoana-hloko ea AIDS e nkoa e phehella. Ho bonahala e ka lula ka hare ho ’mele oa motho ka nako eohle ea ho phela ha hae ’me ha e e iphelise. Mohlaseluoa ha a fole ha a tšoeroe ke AIDS ’me kahoo ha a tsebe ho haha mofuta oa ho itšireletsa maloetseng o ka thibelang tlhaselo e ’ngoe.
Ho feta moo, kokoana-hloko ea AIDS e bontšitse phapang ea bohlokoa moetsong oa eona oa lefutso, o etsang hore ho be boima haholo ho sibolla meriana ea kentelo. Hangata likokoana-hloko tsena li fetola tšobotsi ea tsona. Ka mohlala, ho na le mefuta e mengata e fapaneng ea likokoana-hloko tsa mokakallane le sefuba. Ho se ho hlokometsoe mofuta oa bobeli oa kokoana-hloko ea AIDS Afrika le libakeng tse ling. Moriana o fapaneng oa ho entela o ka hlokahala bakeng sa mofuta ka mong oa kokoana-hloko.
Empa ke hobane’ng ha AIDS e atile hakaana? Ke mekhoa efe e amehang e thusitseng ho kena ha eona ka bolotsana lelapeng la motho?
[Lebokose se leqepheng la 7]
MABAKA A LOKISETSANG AIDS TSELA
Ho ea ka koranta ea meriana ea Brithani The Lancet, selemo ka seng batho ba eketsehileng ba fetang limillione tse 300 lefatšeng lohle ba tšoaetsoa ke mafu a fetisoang ka ho kopanela likamano tsa botona le botšehali, joaloka morotoana, mokaola, seso, le chlamydia. Mafu ana a ka fokolisa ’mele, ’me mohlomong a o etse hore o pepesehele kokoana-hlokong ea AIDS. Boithabiso, kapa tšebeliso eo e seng ea molao ea lithethefatsi, le tsona li ka etsa hore ’mele o se tsebe ho itšireletsa ho AIDS.
Hape, linaheng tse futsanehileng moruong ho haella ha phepo e ntle ka lebaka la bofuma, kapa ho haella ha libaka tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle ho sitisa ’mele ho haha tšireletso khahlanong le AIDS. Bophelo ba ba makholo a limillione libakeng tseo bo se ntse bo fokola haholo, bo etsa hore ho be bonolo bakeng sa kokoana-hloko ho fumana bahlaseluoa ba eketsehileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lisele tsa mali tsa T tsa tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ka tloaelo li loantša lintho tse kotsi tse kenang ’meleng.