Pono ea Bibele
Na ho Tantša ho Loketse Bakreste?
“NKE ke ka shebella sena. Ke tla tlameha ho tsoela kantle,” monna e mong e mocha o ile a sebela mosali oa hae joalo e le ha a phahama setulong sa hae ’me a tsoa kamoreng eo ho ea hahloa ke moea o pholileng oa bosiu. O ne a hlabiloe ke lihlong.
Eena le mosali oa hae ba ne ba menngoe ke metsoalle ho kopanela ketsahalong ea botsoalle. Ba ba memmeng ba ne ba entse qeto ea ho ba le letoto la lipontšo tse neng li akarelletsa basali ba bararo ba tantšang. Bashebelli ba bang kaofela ba ne ba bonahala ba sa tšoenyeha. Na o ne a ameha ka ho fetisisa ka ntho e sa reng letho? Na batho ba tantšang ba ne ba mpa ba sa bontše maikutlo a bona a ka hare le ho thabela tokoloho ea ho tantša? Ha re keng re leke ho utloisisa tantši ho ea ka pono ea Bokreste.
Ho Tantša ke Puisano
E ’ngoe ea litsela tseo batho ba buisanang ka tsona ke ka boitšisinyo ba ’mele kapa mokhoa oa ho itšisinya. Ka mohlala, ha ba le naheng esele, baeti ba bangata ba ’nile ba makala ho ithuta hore ho sisinyeha hoo ba neng ba ho talima ho se na molato ho na le moelelo o fapaneng sebakeng seo—mohlomong e le o sa rateheng. Eo pele e neng e le moromuoa Solomon Islands, Malaysia le Papua New Guinea o ile a hlalosa: “Libakeng tse ling ho sisinyeha ha ’mele ka tsela e itseng ho bolela ho itseng ho motho e motona kapa e motšehali. Ka mohlala, ha mosali a lutse fatše a namme maoto, ho talingoa ho sa lokela hore monna a tlōle litlhafu tsa hae. Ka ho tšoanang, e ntse e le ntho e se nang kelello hore mosali a tsamaee ka pel’a monna ea lutseng fatše. Maemong ao ka bobeli maikutlo a itseng ho e motona kapa e motšehali a hlokomeloa kapele-pele.” Ebang rea hlokomela kapa che, ho sisinyeha ha ’mele ea rōna hoa bua. Ka hona hase ho lokelang ho re makatsa ha ho tantša ho ’nile ha sebelisoa e le mokhoa oa puisano ho pholletsa le histori.
Maikutlo a sa tšoaneng a ka hlalosoa ka tantši—ho qala ka thabo le nyakallo ea ho keteka ho isa ketekelong ea tšebeletso ea bolumeli le neano. (2 Samuele 6:14-17; Pesaleme ea 149:1, 3) The New Encyclopædia Britannica ea bolela: “Motantši o buisana le bashebelli ka litsela tse peli tse ikhethang, ebang ke ka ho tšolla maikutlo ka ’mele hammoho le sefahleho kapa ka puo e rarahaneng ea ho etsisa le boitšisinyo ba ’mele.” Litantšing tse ling puisano e ka ’na ea bonahala e le e utloahalang le e utloisisehang habonolo. Mefuteng e meng ea litantši, puo ea teng e ka ’na ea utloisisoa ke ba seng ba kae ba nang le tsebo. Ka mohlala, ’minong o tloaelehileng oa ballet, letsoho le beiloeng pelong le bontša lerato, ha ho supa monoaneng oa bone oa letsoho le letšehali ho bontša lenyalo. Opereng ea Machaena, ho tsamaea ka har’a selika-likoe ho bontša leeto, ha ho potoloha sethala motho a ntse a tšoere sephali ho bolela ho palama pere; folakha e ntšo e pharalalitsoeng ka lehare sethaleng ke sefefo, ha e boputsoa bo hlakileng e bonahatsa moea o fokang hasesaane. Kahoo ’mele oa bua ho sisinyeheng le boitšisinyong ba oona. Empa na kamehla ke molaetsa o loketseng?
Ho Tantša—ho Loketseng le ho sa Lokelang
Ho tantša e ka ba mokhoa o thabisang oa boithabiso le boikoetliso. E ka ’na ea e-ba pontšo e hloekileng le e se nang boikaketsi, e bontšang karabelo e thabileng ka lebaka la ho thabela bophelo kapa kananelo ka molemo oa Jehova. (Exoda 15:20, NW; Baahloli 11:34) Litantši tse ling tsa sehlopha kapa litantši tsa setso e ka ba tse thabisang. Jesu, papisong ea hae ea mora ea lehlasoa, o bile a bua ka sehlopha sa batantši e le karolo ea meketjana e thabisang, ka ho totobetseng e ne e le sehlopha sa ho tantša se hiriloeng. (Luka 15:25) Ka ho hlakileng, Bibele ha e nyatse ho tantša ka bohona. Leha ho le joalo, e lemosa khahlanong le ho tsosa menahano le litakatso tse mpe. Ke ntlheng ena moo mefuta e itseng ea ho tantša e ka bang e sa hloekang, esita le e kotsi bomoeeng ba motho. (Bakolose 3:5) Ho tloha mehleng ea khale ho tantša ka linako tse ling ho ’nile ha tsosa takatso ea botona kapa botšehali ’me ha sebelisetsoa merero e kotsi.—Bapisa le Matheu 14:3-11.
Sera sa rōna, Satane Diabolose, oa tseba hore motsoako oa boitšisinyo ba ’mele ha motho a tantša le menahano e sa lokelang ke sebetsa se matla seo a nang le sona. (Bapisa le Jakobo 1:14, 15.) O tseba hantle ka khoheli e tsosang takatso ea ho sisinyeha ha ’mele le kamoo e ka susumetsang menahano ea takatso ea botona kapa botšehali kateng. Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore Satane o ikemiselitse ho re eka e le hore ‘likelello tsa rōna li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong tse lokelang Kreste.’ (2 Bakorinthe 11:3) Nahana kamoo Diabolose a neng a tla thaba kateng haeba ka ho shebella ha rōna kapa ho kopanela tantšing e sa hloekang, re ne re ka lumella likelello tsa rōna ho kheloha ebe li tšoasoa ke ho nahana ka boitšoaro bo bobe. O ne a tla thaba le ho feta haeba litakatso tsa rōna tse sa laoleheng li ne li ka lokoloha ’me ebe re tšoaseha liphellong tse bohloko tsa boitšoaro bo sa lokelang. Nakong e fetileng o ile a sebelisa ho sisinyeha ha ’mele le tantši ka sepheo sona seo.—Bapisa le Exoda 32:6, 17-19.
E Loketseng Kapa e sa Lokelang—Kamoo U ka e Hlokomelang
Ka lebaka leo, ebang tantši e etsoa ke lihlopha, ke banyalani kapa ke motho a le mong feela, haeba ho sisinyeha ha ’mele ho tsosa menahano e sa hloekang ka hare ho uena, joale tantši eo e kotsi ho uena, esita le hoja e ka ’na ea se be kotsi ho ba bang.
Ba bang ba hlokometse hore litantšing tsa morao tjena, ha ho hlokahale le hore balekane ba thetsane. Leha ho le joalo, na ho thetsana ke hona hoo e hlileng e leng taba? Britannica e akaretsa taba ka ho bolela hore “liphello lia tšoana—ho khotsofala ha ’mele ketsong ea ho tantša le ho tsosoa ha takatso ea likamano tsa botona le botšehali le molekane e mong, ebang o kopuoe kapa o talinngoe ka tsela e bontšang khahleho.” Na “ho tsosoa ha takatso ea likamano tsa botona le botšehali le molekane e mong” ke ntho e bohlale ka ntle ho litlamo tsa lenyalo? E seng ho ea ka polelo ea Jesu ea hore “e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Matheu 5:28.
Ebang u etsa qeto ea ho tantša kapa che khetho ke ea hao. Ho nahanisisa ka lipotso tse latelang ho ka ’na ha u thusa ho etsa qeto ka bohlale. Sepheo sa tantši ee ke sefe? E na le botumo bofe? Ho sisinyeha ha motho ha a etsa tantši ee ho hatisa eng? E tsosa menahano le boikutlo bofe ka hare ho ’na? E susumetsa litakatso life ho molekane oa ka kapa ho ba shebelletseng? Ka sebele, motho o lokela ho arabela letsoalong la hae, joaloka monna e mocha ea boletsoeng kenyelletsong ea rōna, ho sa tsotellehe seo ba bang ba se etsang.
Bibele e bontša hore ’Mōpi o batla hore re thabele limpho tsa botle, morethetho le ho sisinyeha ho khahlehang. E, ho li thabela—empa hopola hore ha u tantša, ’mele oa hao oa bua. Hopola tataiso ea Pauluse ho Bafilippi 4:8: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Picture Fund/Courtesy, Museum of Fine Arts, Boston