Re Fumane Ntho ea Bohlokoahali
JOALOKAHA HO BOLETSE FRANCIS DEL ROSARIO PÁEZ
Ka 1988, ’na le Bo-abuti, hammoho le lihlopha tse ling tsa libini, re ile ra bina ka pel’a batho ba likete ba neng ba re shebelletse sebakeng sa boithabiso sa Madison Square Garden, New York City. Sehlopha sa rōna, seo ke neng ke se tantšetsa, se ile sa amoheloa ka thabo e khōlō. Lilengoana pejana, Ntate o ile a nka mehato ea ho etsa hore re tle re atlehe tjena.
KAHA e ne e le sebini, Ntate o ile a lemoha hore bo-abuti ba ka ba supileng ba ne ba e-na le talenta ea ’mino. Kahoo, o ile a rekisa ntlo eso ’me a reka liletsa tsa ’mino le thepa e hlokahalang bakeng sa ho ba thusa ho theha sehlopha sa ’mino. Ka nako eo ke ne ke sa le ngoana, kaha ke ne ke hlahile lilengoana pejana, ka 1966. Ka nako eo, lelapa leso le ne le lula motseng oa Higüey, Dominican Republic.
Bo-abuti ba ile ba bina ka lekhetlo la pele ka 1978, ba binela holong ea motse oa Higüey. Hamorao ba ile ba fallela motse-moholo, Santo Domingo. Ba ile ba qala ho letsa le ho bina mofuta o mocha oa ’mino oa merengue ’me ka lebaka leo, ba ratoa ke batho ba bangata.a Sehlopha sa bona se ile sa tsebahala e le Los Hermanos Rosario (Bara ba ha Rosario).
Kaha e ne e le khale ke lakatsa ho ba motantši ea tummeng, ke ne ke batla ho bina le Bo-abuti. Phathing e ’ngoe, Abuti Pepe, eo e neng e le moeta-pele oa sehlopha, o ile a nkōpa hore ke tantše, a re: “Francis ke e mong oa likhaitselinyana tsa ka, oa ho fela, ’me o tseba ho tantša.” Tantši ea ka e ile ea khahla ba neng ba le teng. Ke ile ka sebelisa monyetla oo eaba ke bolella Abuti Pepe hore ke rata ho tantšetsa sehlopha sa bona. Ka hona, ha ke le lilemo li 16 ke ile ka qala ho tantša hohle moo sehlopha sa Los Hermanos Rosario se neng se bina teng.
Katleho Mosebetsing oa Rōna oa ’Mino
Pele ho mona, ho ne ho e-na le basali ba neng ba bina le lihlopha tsa merengue empa ho ne ho se mohla mosali a kileng a tantša sethaleng ka pel’a libini tsa banna. Ke ile ka iqapela mokhoa oa ho tjeka tantšing e ncha eo ke neng ke e etsa ha re bina merengue. Ka mor’a hore tsela eo ke tantšang ka eona e tume, e ile ea rehoa a lo Francis Rosario.
Re ne re e-na le pina e ’ngoe ea merengue e bitsoang “Cumandé,” eo mantsoe a mang a eona a neng a re: “Y ahora todo el mundo como Francis Rosario” (Joale e mong le e mong ha a etsise Francis Rosario). Joale batho ba ne ba nketsisa ha ke tantša. Ka linako tse ling ba ne ba itulela fatše ba nchebelle ho e-na le ho tantša. Qetellong, ho ile ha sebelisoa senepe sa ka feela ho phatlalatsa ha sehlopha sa rōna se ne se tla bina. Bohle ha ba se bona ba ne ba tseba hore seo se bolela hore sehlopha sa Los Hermanos Rosario se tl’o etsa konsarete.
Ka mor’a hore ke qale ho bina le Bo-abuti, sehlopha sa rōna se ile sa eketsa libini tse ling tse ncha, ho kopanyelletsa le bara ba motho bao fane ea bona e neng e le Páez. E mong oa bona ea bitsoang Roberto, ea neng a letsa terompeta, hamorao e ile ea e-ba monna oa ka. Bara ba Páez ba ile ba kenya letsoho katlehong ea sehlopha sa rōna. Sehlopha sa Los Hermanos Rosario se ile sa qala ho mengoa hangata hore se hlahe thelevisheneng Santo Domingo, hammoho le hore se etse likonsarete linaheng tse ling.
Ka 1988 re ile ra etela United States le Canada. E ’ngoe ea liketsahalo tseo re bileng le tsona ke e boletsoeng pejana ha re ne re bina Madison Square Garden. Lihlopha tse ngata tse neng li tumme haholo tsa merengue li ne li bina moo, ’me sehlopha sa rōna ke sona se ileng sa ratoa ka ho fetisisa. Ka mor’a ho bina moo, bahlophisi ba likonsarete hangata ba ne ba etsa hore sehlopha sa rōna e be sona se lihelang likhala likonsareteng. Batho ba bangata ba ne ba thahasella tantši ea ka ho feta leha e le neng pele, ’me sehlopha sa rōna sa Los Hermanos Rosario se ne se e-ba le batšehetsi ba ntseng ba eketseha. Lirekoto tsa rōna le tsona li ne li rekoa ka bongata haholo.
Re ne re tsamaea haholo, re etela Colombia, Ecuador, Panama, Puerto Rico, Curaçao, Spain, Jeremane le linaha tse ling. Ka potlako re iphumane re se re le se seng sa lihlopha tsa ’mino tse ratoang haholo Latin America. Tantši, sethala, liaparo le litlolo kaofela ha tsona e ile ea e-ba lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka.
Ha ke sa le lesoha, ke ne ke ee ke ipolelle hore haeba ho ka ba le mohlankana ea nthatang empa a sa rate tantši, re ne re ka mpa ra arohana ho e-na le hore ke tlohele ho tantša. Leha ho le joalo, ke ne ke le mothating oa ho fetola maikutlo ka lintho tse tlang pele bophelong.
Ho Lemoha Bohlokoa ba Lintho Tsa Moea
Phetoho ena e qalile ha re ne re etetse Canary Islands ka 1991. ’Na le Roberto re ne re sa tsoa nyalana. Moholoane oa hae, Freddy, eo le eena a neng a bina sehlopheng, o ne a qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me kamehla o ne a lula a na le lingoliloeng tsa bona.
Ka letsatsi le leng ke ile ka bona ka kamoreng ea Freddy buka e reng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ’me ke ile ka qala ho e bala. Ke ile ka khahloa ke khaolo e reng “Na Ruri ‘Lihele’ li Teng?” Ke ile ka se thahasella kaha ’Mè o ne a ile a re motho ea entseng lintho tse mpe o ne a tla cha liheleng. Ka hona, ke ne ke tšaba ho ea liheleng.
Libeke tse ’maloa hamorao, hona ha re ntse re le Canary Islands, ke ile ka senyeheloa. Ha ba nkisa sepetlele, ke ile ka bolella Roberto hore a kōpe Freddy hore a nkalime buka eo ke ileng ka e bona ka kamoreng ea hae. Ke ne ke batla ho e bala ha ke ntse ke hlaphoheloa. Ke ile ka rata buka eo. Har’a lintho tse ling, ke ile ka ithuta hore lihele tseo Bibele e buang ka tsona ke lebitla le tloaelehileng le hore Molimo le ka mohla ha a e-s’o ka a rera ho hlokofatsa le ea mong. (Jeremia 7:31) Ke ile ka khahloa ke hore Bibele e ruta hore bafu ha ba tsebe letho.—Moeklesia 9:5, 10.
Ha re khutlela Dominican Republic, Freddy o ile a romela e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a re etele. O ile a re bolella ka tšepo ea Bibele ea bophelo bo sa feleng paradeising lefatšeng, ’me sena se ile sa tsosa thahasello ea monna oa ka. (Pesaleme ea 37:29; Luka 23:43) Re ile ra kōpa thuto ea Bibele.
Ho Fetoha ha Litekanyetso Tsa Boitšoaro le Lintho Tse Tlang Pele Bophelong
Ha tsebo ea ka ea Bibele e ntse e eketseha, pono ea ka ka mosebetsi oo ke neng ke o rata haholo e ile ea qala ho fetoha. Melao-motheo ea Bibele e ile ea qala ho susumetsa monahano oa ka. (Baroma 12:2) Ke ne ke ee ke ipotse: ‘Na ke lokela ho tantša ka tsela ee ka pel’a batho baa bohle ba nchebileng? Sena hase seo ke se batlang.’ Ke ile ka rapela Molimo, “Ke kōpa u ’ntše boemong bona.” Ke ile ka bolella monna oa ka maikutlo a ka, ’me le eena o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang. O ile a re: “U se ke ua fela pelo Ratu. Ke uena ea tla tsoa pele sehlopheng sena, ’me ke tla latela.”
Ke ile ka ima hape, ’me kaha seo se ne se lekanyetsa kamoo nka tantšang kateng, ke ile ka lokoloha ho ea hangata libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. Sena se ile sa ’matlafatsa, sa matlafatsa le Roberto, kaha le eena o ne a ea, sa etsa hore re ananele bohlokoa bo boholo ba ho bokana hammoho le batho ba Jehova. Hore re tsoele pele re hōla tseleng ea ’nete ea Bibele, re ile ra hlakeloa hore re ne re hloka taeo le khothatso tseo liboka tsa Bokreste li fanang ka tsona. (Baheberu 10:24, 25) Esita leha re sebetsa re se Dominican Republic, ’na le Roberto re ne re batla Holo ea ’Muso ’me re kopanela libokeng.
Ka mor’a ho pepa, ke ile ka khutlela mosebetsing, empa pelo ea ka e ne e se e se moo. Phetoho eo e ile ea bonahala ’me likoranta tsa qala ho ’nyatsa. Hangata ke ne ke botsoa, “Ke hobane’ng ha u se u sa tantše joalo ka pele?” Ke ne ke lula ke rapela Jehova hore a mpontše mokhoa oa ho tsoa e le hore ke se ke ka ba le mathata le Bo-abuti. Ke ne ke se ke le e mong oa beng ba sehlopha sena, ’me ke ne ke sa batle ho loana le bona.
Ha ke ima hape, ke ile ka bolella Rafa, ea neng a okamela sehlopha ka mor’a lefu la Abuti Pepe, hore ke batla ho qeta nako e ngata le bana ba ka ’me ha ke sa tla khutlela mosebetsing. O ile a re ke etse seo ke nahanang hore se molemo. Ha ho le ea mong ho Bo-abuti ea kileng a hanyetsa ho ithuta ha ka Bibele. Sena se nthabisa haholo.
Bophelo bo Bocha ba ho Sebeletsa Jehova
Ka 1993, ka mor’a lilemo tse leshome ke le sehlopheng sa ’mino, ke ile ka khaotsa mosebetsi oa ka oa ho tantša ’me ka inehela ke sa itšiele letho ho Jehova. Ke ile ka ba mohoeletsi oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ’me ka mor’a hore Roberto a tlohele sehlopha, re ile ra kolobetsoa ka 1994. (Matheu 24:14) Freddy le Julio, baholoane ba bang ba Roberto, e ile ea e-ba Lipaki, hammoho le Manuel Pérez eo e neng e le e mong oa litho tsa sehlopha sa rōna. Le kajeno kaofela ba sa sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Batho ba bangata ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke tlohetse mosebetsi oa ho thabisa batho, haholo kaha ke ne ke thabela mosebetsi oa ka haholo. Ba bang, joaloka mohlahisi e mong oa lenaneo la thelevishene ea tummeng, ba ne ba nahana hore ke mpa ke nkuoe ke moea feela. O ile a re: “Joaloka libini tse ling, o tla hlaphoheloa ’me a khutlele sehlopheng.” Empa seo ha sea ka sa etsahala. Ke ne ke ikemiselitse ho inehela ka ho feletseng ka hohle kamoo nka khonang ho sebeletseng Jehova.
Hona joale re na le bana ba bararo: Katty, Roberto le Obed. Re leka ho ba ruta hore lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ke tsa moea, eseng tse bonahalang. Re boemong bo botle ba ho ba lemosa ka tšusumetso e lahlang ea lefatše le ho ba fa tataiso e ntle bophelong. Thuto ea rōna ea Bibele re le lelapa beke le beke e bile molemo haholo, e re thusitse ho lula re momahane lefatšeng lena leo malapa a ntseng a arohana.
Re lekile ho ruta bana ba rōna hore ba nke Jehova e le motho oa sebele eo ba ka mo tšepang. (Liproverbia 3:5, 6; Baheberu 11:27) Re boetse re ba bontšitse molemo oa ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho ba le seabo ho tsona. Ho bona bana ba rōna ba hōla tumellanong le ’nete ea Bibele ke mpho ea bohlokoahali. E se e le lilemo tse peli joale ke sebeletsa joaloka pula-maliboho ea thusang, e leng lebitso le sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova bakeng sa ba qetang lihora tse 50 kapa ho feta khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba bolella ba bang ka tumelo ea bona e thehiloeng Bibeleng. E se e le nako joale monna oa ka a sebeletsa e le moholo ka phuthehong ea Bokreste.
Ke ntse ke nka tantši ea merengue e le e ntle haholo. Empa ka bomalimabe, boholo ba merengue e tloaelehileng kajeno e fapane haholo le ea mehleng ea khale. Pele, ka tloaelo e ne e hloekile. Hona joale re lokela ho khetha ka hloko hore re fumane ’mino o amohelehang oa merengue.
Bohlokoa ba ho Sebeletsa Jehova
Lefatše le fana ka lintho tse ngata, empa motho o lokela ho lemoha se tsamaisanang le lintho tseo. Ho joalo le ka indasteri ea ’mino, eo ha e shebeloa thōko e bonahalang e khahlisa ebile e se kotsi. Empa ha ho joalo. Ba bangata ba indastering ena ba sebelisa lithethefatsi ’me boitšoaro ba bona bo bobe. Ho nka karolo ho thabiseng batho ho etsa hore motho a tloaelane le batho ba phelelang ho ikhotsofatsa hona joale ’me e le ba se nang letsoalo le le lenyenyane.—1 Bakorinthe 15:33.
Re hlokometse hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ho sebeletsa Jehova. Ke hopola ka lekhetlo le leng ha ke ne ke khutlela hoteleng ke nyahame haholo ka mor’a hore sehlopha sa rōna se bine ho e ’ngoe ea liketsahalo tse khōlōhali. Kea hlokomela joale hore ke ka lebaka la hobane re ne re sa khotsofatse tlhoko ea rōna ea bohlokoahali, e leng tlhoko ea rōna ea moea.—Matheu 5:3.
Hona joale mehopolo ea rōna e tsepame ho thabiseng ’Mōpi oa rōna, haholo-holo ka ho bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. (Matheu 24:14; Liketso 20:35) Sena se etsa hore lelapa la rōna le lule le thabile ’me le khotsofetse. Ka sebele re thabile haholo hore ebe re har’a batho ba Molimo ’me re na le metsoalle ea ’nete—bara le barali babo rōna tumelong—eo re nang le tšepo e le ’ngoe ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.—Mareka 10:29, 30; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.
Re ne re eme hantle haholo licheleteng ha re sa le lefatšeng la tsa boithabiso. Empa ka ho tseba Molimo oa rōna, Jehova, re fumane leruo la moea leo e leng la bohlokoa ho feta hōle leruo la lintho tse bonahalang. Re thabile haholo hore ebe re sebeletsa Molimo ea nang le morero, Molimo ea thabileng ea re memang hore re mo tšepe! (Pesaleme ea 37:3) Re kholisehile ntle ho tikatiko hore re fumane ntho ea bohlokoahali ho feta botumo le leruo la lintho tse bonahalang, ’me re rapela Jehova hore a re thuse ’moho le lelapa la rōna hore re etse thato ea hae ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Merengue ke ’mino oa tantši o nang le morethetho o otlang ka potlako. Ka tloaelo, ha sehlopha se ne se bina ’mino oa merengue se ne se letsa korosetina, guiro le tambora (moropa o monyenyane o tilinngoang ka mahlakoreng ka bobeli). Ha nako e ntse e feta, ho ile ha thehoa lihlopha tse khōloanyane (tse neng li tsejoa hape e le li-orquestas tsa Dominican Republic). Hona joale lihlopha tsa ’mino oa merengue li sebelisa piano, li-saxophone, literompeta le meropa ea mofuta oa conga, hammoho le mefuta e meng ea liletsa.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
’Na le litho tse ling tsa sehlopha ha ke sa tsoa kena sehlopheng sa ’mino
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ha re ne re bina New York City, ka bo-1990
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ka pel’a Holo ea ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Se kenyellelitsoeng: Nakong ea thuto ea lelapa ea Bibele