Pono ea Bibele
Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
BUA ka taba e amang bafu, ’me u tle u bone ha batho ba bangata ba qoba ho bua ka eona ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, hase feela hore ba bang ha ba thabele taba eo; ba tleloa ke tšabo. Kahoo ho tloaelehile ho fumana meetlo le lineano tse amanang le tšabo ea bafu litsong tse ngata ho pholletsa le lefatše. Ka mohlala, a re ke re shebeng meetlo e fumanehang Afrika ka boroa ho Sahara.
Mosali e mong oa motseng oa Afrika Bophirimela o hopola ka ho hlakileng se ileng sa etsahala ka mor’a hore setho se seng sa lelapa la hae se hlokahale. Oa hlalosa: “Kamehla mong ka ’na e mong o ne a lokisetsa mofu lijo ka poleiti ebe o e beha ka hloko kamoreng ea hae ea ho robala. Ha a ne a le sieo, ke ne ke e-ea ke fihle ke je lijo tseo. Ha mong ka ’na a khutla, o ne a thaba haholo! O ne a lumela hore mofu o jele lijo tseo tse monate. Sena se ile sa tsoela pele joalo ka nako e itseng ho fihlela ke kula. Ke ile ka felloa ke takatso ea lijo ’me ke sa je lijo leha e le life. Sena se ile sa ntšosa haholo! Beng ka ’na ba bangata ba ile ba etsa qeto ea hore ho kula ha ka ho bakoa ke mong ka rōna ea hlokahetseng. Ba ile ba nahana hore e tlameha ebe o halefetse e mong oa lelapa.”
Motseng oona oo, haeba lelapa le e-na le mafahla ’me le leng le hlokahala, ha ho na motho ea ka buang ka le hlokahetseng lapeng moo. Haeba motho e mong a botsa ka lefahla le hlokahetseng, ka tloaelo lelapa le araba ka ho re: “O tsoile, o sa il’o reka letsoai.” Ba lumela ka tieo hore lefahla le phelang le tla hlokahala haeba ho boleloa ’nete.
Hape, nahana ka ketsahalo ena: Monna ea neng a e-na le basali ba bararo oa hlokahala. Letsatsi ka mor’a lepato, basali bana ba etsetsoa liaparo tse tšoeu tse khethehileng. Ka nako e tšoanang, ho hahuoa sebaka se khethehileng se entsoeng ka lehong le ho ruleloa ka joang pel’a lapeng moo, moo basali bana ba tlang ho itlhatsoetsa teng ’me ba apare liaparo tse tšoeu. Ha ho na motho ea ka kenang moo ntle ho bona le mosali ea khethiloeng hore a ba thuse. Ha ba tsoa ka kamoreng ena ea ho itlhatsoetsa e khethehileng, lifahleho tsa basali bana li koaheloa ka lesira. Basali bana ba boetse ba roala khoeetsa, sekhama se roaloang molaleng bakeng sa ho “itšireletsa.” Ho itlhatsoa hona ha moetlo ho etsoa Labohlano le leng le le leng le Mantaha o mong le o mong ka matsatsi a 100. Nakong ena ba ke ke ba nka ntho leha e le efe ka ho toba ho motho e motona. Haeba monna a batla ho ba fa ntho e itseng, o tlameha hore pele a e behe fatše kapa tafoleng. Joale mosali o tla e nanabela. Ha ho motho ea lumeletsoeng ho lula kapa ho robala liphateng tsa basali bana. Neng le neng ha ba tloha lapeng, e mong le e mong oa bona o tlameha ho nka lere le khethehileng. Ba nahana hore ho ba le lere lena ho tla thibela monna oa bona ea hlokahetseng ho ba hlasela. Haeba litaelo tsena tse ka holimo li sa lateloe, ba nahana hore monna ea hlokahetseng a ka ’na a ba halefela haholo le ho ba ntša kotsi.
Liphihlelo tse joalo li tloaelehile karolong eo ea lefatše. Leha ho le joalo, meetlo ea mofuta ona hase ea Afrika feela.
Tšabo ea Bafu e Jele Setsi
Encyclopedia e ’ngoe, ea Encarta, e bolela se latelang ka tsela eo batho ba bangata ba talimang baholo-holo ba bona ba hlokahetseng: “Ho lumeloa hore beng ka bona ba hlokahetseng . . . ba fetohile batho ba matla ba moea kapa, ka ho tloaelehileng, ba fihletse boemo ba balimo. [Khopolo ena] e thehiloe tumelong ea hore baholo-holo ke litho tse mafolo-folo tsa sechaba, tse ntseng li thahasella litaba tsa beng ka tsona ba phelang. E ’nile ea tšehetsoa haholo lichabeng tsa Afrika Bophirimela . . . , Polynesia le Melanesia (tsa Badobu le Bamanus), har’a merabe e ’maloa ea Maindia a Europe (Mascandinavia le Majeremane a boholo-holo) ka ho khetheha le Chaena le Japane. Ka kakaretso, ho lumeloa hore baholo-holo ba sebelisa matla a maholo a ho laela, ba na le matla a khethehileng a ho susumetsa tsela eo lintho li etsahalang ka eona kapa ho laola boiketlo ba beng ka bona ba phelang. E ’ngoe ea lintho tse khōlō tseo ba amehileng ka tsona ke ho sireletsa lelapa. Ba nkoa e le babuelli pakeng tsa batho le molimo o phahameng ka ho fetisisa, kapa balimo, le hore ba ka khona ho buisana le ba phelang ka litoro le ka litaola. Boikutlo bo teng ka bona ke ba tšabo e kopaneng le tlhompho. Haeba ba hlokomolohuoa, baholo-holo ba ka ’na ba baka boloetse le bomalimabe bo itseng. Ho ba qekisa, ho etsa kōpo e tiileng, thapelo le sehlabelo ke litsela tse sa tšoaneng tseo ka tsona ba phelang ba ka buisanang le baholo-holo ba bona.”
Ka sebele, chelete ea lelapa e ka qetoa tu! ka lebaka la tšabo ea bafu. Hangata, mekete e meholo ea lijo le lino, liphoofolo tse phelang tsa ho etsa sehlabelo, le liaparo tse bitsang chelete e ngata li batloa ke ba lumelang ka matla hore bafu ba lokela ho tšajoa.
Empa na ka sebele beng ka rōna ba hlokahetseng ba boemong boo ho bona ba lokelang ho tšajoa le ho hlomphuoa? Lentsoe la Molimo, Bibele, le re’ng?
Na Bafu ba ka U Ntša Kotsi?
U ka ’na u thahasella ho tseba hore Bibele ea lumela hore ho na le litumelo tse joalo. Bukeng ea Deuteronoma, ho buuoa ka litloaelo tse amanang le bafu. Ea bolela: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea porofeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Deuteronoma 18:10-12.
Hlokomela hore Jehova Molimo o ne a nyatsa lineano tse joalo. Hobane’ng? Hobane li thehiloe leshanong. Leshano le ka sehloohong mabapi le bafu ke la hore moea o tsoela pele o phela. Ka mohlala, makasine ea The Straight Path e ile ea bolela sena mabapi le se etsahalang ka bafu: “Lefu hase letho haese feela ho tsamaea ha moea. . . . Lebitla ke polokelo ea ’mele feela, e seng ea moea.”
Bibele ha e lumellane le seo. Ipalle Ezekiele 18:4: “Bonang, meea eohle ke ea ka: moea oa ngoana le moea oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” Hape, boemo ba bafu bo ile ba hlalosoa ka ho hlakileng Lentsoeng la Molimo ho Moeklesia 9:5: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Sena se totobatsa hore na ke hobane’ng ha lijo tse sietsoeng bafu li sa jeoe ntle le haeba li jeoa ke motho e mong ea phelang.
Leha ho le joalo, Bibele ha e re siee re se na tšepo ka ba mabitleng. Ba ka phela hape! Bibele e bua ka “tsoho ea bafu.” (Johanne 5:28, 29; 11:25; Liketso 24:15) Sena se tla etsahala ka nako e loketseng ea Molimo. Ho sa le joalo, bafu ba robetse ba sa tsebe letho lebitleng, ‘ba robetse,’ ho fihlela nako ea Molimo ea hore ba ‘tsosoe.’—Johanne 11:11-14; Pesaleme ea 13:3.
Ka kakaretso batho ba tšaba ntho e sa tsejoeng. Tsebo e nepahetseng e ka lokolla motho litumela-khoeleng tse se nang motheo. Bibele e re bolella ’nete mabapi le boemo ba ba leng mabitleng. Ha ho boleloa ka ho toba feela, ha ho hlokahale hore u tšabe bafu!—Johanne 8:32.