Bacha Baa Botsa . . .
Nka ba le Nako e Monate Joang?
“Ke nahana hore re lokela ho etsa lintho tse ngata tsa ho ithabisa. Phuthehong ea rōna, re etsa boiteko ba sebele ba ho ba hammoho. Re ba le nako ea ho ithabisa e molemo. Bacha ba bangata lefatšeng ba ke ke ba bua joalo.”—Jennifer.
BOIKHATHOLLO—e mong le e mong oa bo hloka ka linako tse ling. The World Book Encyclopedia e bolela hore boikhathollo bo ka ba ba fana ka “tlatsetso ea bohlokoa bophelong ba kelello le ba ’mele ba motho.” Hase feela Bibele ka boeona e bolelang hore ho na le “nako ea ho tšeha,” ke hore, nako ea ho ithabisa!—Moeklesia 3:1, 4, BPN.a
Lentsoe la Senyesemane “recreation” (boikhathollo) le nkiloe lentsoeng la Selatine le bolelang “ho etsa bocha, ho tsosolosa, ho khatholla.” (Webster’s New Collegiate Dictionary) Ka masoabi, lintho tse ngata tseo bacha ba li etsang bakeng sa “ho ithabisa”—tse kang liphathi tse hlaha kapa ho kopanela tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le tahi, kapa likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang—ho hang ha li khatholle le hanyenyane, empa lia senya. Ka hona, ho fumana lintho tse ka etsoang tsa boikhathollo tse thabisang le tse molemo e ka ba phephetso ea sebele. Empa joalokaha Jennifer ea qotsitsoeng qalong a bontša, li ka fumanoa!
Ho Etsa Lintho Hammoho
Haufinyane Tsoha! e ile ea buisana le bacha ba bangatanyana ka taba ena. Ba bangata ba itse ba thabela ho ba hammoho le bacha ba bang. Na u ikutloa ka tsela e tšoanang—empa hangata u iphumane u sa mengoa? Joale ke hobane’ng ha u sa nke bohato ba pele? Ka mohlala, ngoanana ea bitsoang Leigh oa Afrika Boroa o re: “Haeba ke lakatsa ho shebella filimi e itseng, ke founela e mong oa metsoalle ea ka, ’me re bolella metsoalle e meng ea rōna.” Hangata ba ea filiming ea hoseng. Ka mor’a moo, batsoali ba bona baa ba lata ’me kaofela ba ja lebenkeleng la lijo le sebakeng seo.
Lipapali le tsona li hlahisa menyetla bakeng sa boikoetliso bo matlafatsang le botsoalle bo molemo. (1 Timothea 4:8) Roelien e monyenyane o re: “Pele, ke buisana le lelapa leso hore na ke batla ho ea kae, ebe joale re mema sehlopha se senyenyane ho tsamaea le rōna.” Ka sebele, bacha ba Bakreste ba fumane pokello e tsotehang ea lipapali tse molemo tseo ba ka kopanelang ho tsona le ba bang: ho thellelisa, ho palama libaesekele, ho matha le ho bapala tenese, baseball, bolo ea maoto le volleyball, ha re bolela tse seng kae feela.
Ka sebele, ha ho hlokahale hore u sebelise chelete e ngata kapa u reke thepa ea boemo bo phahameng e le hore u ka ba le nako e monate. Mocha e mong oa Mokreste ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o re: “Re qetile lihora tse ngata tse thabisang le batsoali ba ka le metsoalle re tsamaea lithabeng tse haufinyane le libakeng tsa mahoatata ka morero oa ho ikhatholla. Ho hahloa ke moea feela u e-na le metsoalle e molemo, ho thabisa haholo!”
’Moka ea Botsoalle e Hahang
Leha ho le joalo, ho bacha ba bangata ho ithabisa ho bolela ho ba teng ’mokeng ea botsoalle. Aveda e monyenyane o re: “Re thabela ho memela metsoalle lijong le ho tla mamela ’mino.” ’Moka ea botsoalle e na le sebaka sa eona har’a Bakreste. Jesu Kreste ka boeena o ile a ba teng lijong tse khethehileng, manyalong le ’mokeng e meng ea botsoalle. (Luka 5:27-29; Johanne 2:1-10) Ka ho tšoanang, Bakreste ba pele ba ile ba thabela linako tsa ho ba ’moho bakeng sa lijo le botsoalle bo hahang.—Bapisa le Jude 12.
Haeba batsoali ba hao ba u lumella ho etsa ’moka, ke eng seo u ka se etsang ho qoba mathata le ho etsa bonnete ba hore e mong le e mong o ba le nako e monate? Tharollo ke ho lokisetsa hantle ka hloko. (Liproverbia 21:5) Ho etsa mohlala: Ke ho utloahalang ho mema feela metsoalle ea hao e mengata kamoo e tla khona ho hlokomeleha hantle. ’Moka e menyenyane hase hangata e fetohang “meketjana e lerata” kapa “liphathi tse hlaha.”—Bagalata 5:21; Byington.
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lemosoa hore ba qobe ho etsa setsoalle le ba ‘tsamaeang ka mokhoa o sa laoleheng.’ (2 Bathesalonika 3:11-15) ’Me kajeno, mokhoa oo joang kapa joang o senyang ’moka ke ho mema bacha ba tsebahalang ka ho ba morusu le ho se laolehe. Le hoja u batla ho ba hlokolosi tabeng ea hore na u mema bo-mang, u se ke ua be u se u khetha sehlopheng se le seng feela sa metsoalle. ‘Atoloha,’ ’me u iphe sebaka sa ho tseba ba bang, ho kopanyelletsa le ba hōlileng ka phuthehong.—2 Bakorinthe 6:13.
Na u tla fana ka lijonyana tse hlapholang? Haeba ho le joalo, hase hore e lokela ho ba matletse-tletse kapa e be tsa theko e boima e le hore baeti ba hao ba be le nako e thabisang. (Luka 10:38-42) Ngoanana oa Afrika Boroa, Sanchia o re: “Ka linako tse ling re ba le bosiu ba pizza.” Hangata baeti ba tla ithaopela ho tla le lintho tse seng kae tse jeoang.
Ke lintho life tseo u ka li etsang ’mokeng—ntle le ho shebella feela TV, ho mamela ’mino kapa ho qoqa? Sanchia o re: “Hangata re lokisetsa mantsiboea ao esale pele. Re ee re bapale lipapali kapa re be le e mong ea letsang piano e le hore re ka bina lipina hammoho.” Mocha oa Moafrika ea bitsoang Masene o re: “Ka linako tse ling re bapala likarete, draughts [moraba-raba] le chess.”
Jennifer ea qotsitsoeng pejana, o ile a bolella Tsoha!: “Phuthehong ea rōna re na le moholo ea re memelang ho ea bapala lipapali tsa Bibele. U lokela ho ba le tsebo e ntle ea Bibele e le hore u ka bapala hantle.” Moemeli oa Tsoha! o ile a botsa bacha ba bang: “Ha le nahane hore ho bapala lipapali tsa Bibele ha hoa nepahala?” Ba hla ba araba ka mantsoe a phahameng, “Che!”
Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o ile a re: “Ke phephetso.” E mong a re: “Hoa thabisa!” Ha lipapali tsa Bibele li bapalloa ho ithabisa, ’me moea oa tlhōlisano o le tlas’a taolo, e ka ba tse thabisang le tse rutang!—Bona “Ho Etsa ’Moka e Thabisang Empa e le Molemo,” tokollong ea Awake! ea June 22, 1972.
Ho Ithabisa ha Lelapa
Mehleng ea Bibele, ho ne ho tloaelehile hore malapa a be le mefuta e itseng ea boikhathollo hammoho. (Luka 15:25) Leha ho le joalo, bangoli ba banyenyane ba The Kids’ Book About Parents ba hlokomela hore “matsatsing ana batsoali le bana ba phathahane hoo ho seng ea nang le nako ea ho rera lintho tse ka etsoang . . . Re nahana hore ho bohlokoa bakeng sa batsoali le bana ho tiisa hore ba qeta nako e itseng ba le ’moho beke e ’ngoe le e ’ngoe ba etsa lintho tseo ka ho khetheha e leng tsa ho ithabisa feela.”
Mocha oa Moafrika ea bitsoang Paki o re: “Labohlano ke letsatsi la rōna la lelapa. Hangata re bapala lipapali hammoho.” ’Me a re se keng ra lebala banab’eno. Bronwyn e monyenyane o re: “Ke natefeloa ke ho tšoantša le ho etsa lintho tse ling tsa litšoantšo le moena oa ka.” Na u ka nka bohato ba pele le ho fana ka tlhahiso ea ntho e itseng ea boithabiso eo u ka e etsang le lelapa leno?
Haeba U le Mong Feela
Ho thoe’ng haeba u le mong? Hoo ha ho bolele hore u lokela ho boreha le ho jeoa ke bolutu. Ho na le litsela tse ngata tse molemo, tse thabisang tseo u ka sebelisang linako tse joalo ka tsona. Ka mohlala, mesebetsi ea ho itlosa bolutu. Ho tloha mehleng ea Bibele, banna le basali ba ’nile ba fumana ho ithuta ’mino e le ho ruisang molemo. (Genese 4:21; 1 Samuele 16:16, 18) Rachel o re: “Ke letsa piano. Ke ho hong hoo u ka ho etsang ha u borehile.” Haeba ha ua sekamela ’minong, u ka ’na ua thabela ho rōka, ho sebetsa serapeng, ho bokella litempe kapa ho ithuta puo e ’ngoe. E le moputso, u ka ba ua ’na ua hlaolela le tsebo e itseng e tla ipaka e le thuso lilemong tse tlang.
Bibele e re bolella hore banna ba tumelo, joaloka Isaka, ba ne ba batla linako tsa boinotši bakeng sa ho thuisa. (Genese 24:63) Mohlankana oa Moaustria ea bitsoang Hans o re: “Ka linako tse ling, ke ikela sebakeng se khutsitseng ka serapeng ’me ke lule fatše ke shebe ha letsatsi le likela. Sena se nthabisa haholo ’me se nthusa hore ke ikutloe ke atametse haufi haholo le Molimo oa ka, Jehova.”
‘Thabo’ Tšebeletsong ea Jehova
Bibele e ile ea profeta hore Kreste o ne a tla fumana ‘thabo’ ho sebeletseng Jehova Molimo. (Esaia 11:3) ’Me le hoja tšebeletso e halalelang ho Molimo e se boikhathollo hakaalo, e ka ba e khathollang le e khotsofatsang.—Matheu 11:28-30.
Hans, ea qotsitsoeng pejana, o hopola phihlelo e ’ngoe e mo thabisang. O re: “’Na le metsoalle ea ka re rata ho hopola mafelo-beke ao re neng re a qeta re sebetsa setšeng sa kaho sa Holo ea Kopano [bakeng sa borapeli]. Re ile ra ithuta ho sebetsa hammoho, ’me re ile ra tsebana hamolemonyana. Ha re nahana ka liketsahalo tseo, re na le boikutlo bo khotsofatsang ba hore re entse ho hong habohlokoa hoo hape e neng e le ho ithabisa.”
Polelo ea phatlalatsa ea bacha bana ba Bakreste e hlakisa ’nete e le ’ngoe feela: Ha ua lokela ho lahleheloa ke monyetla o motle oa ho ba le nako e monate. Latela melao-motheo ea Bibele. E-ba ea inahanelang! Nka bohato ba pele bo molemo! U tla fumana hore u ka natefeloa ka litsela tse tla u matlafatsa le tse ke keng tsa u nyahamisa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha Bacha ba Bang ba Ithabisa ka Hohle-hohle?” tokollong ea rōna ea August 8, 1996.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Ha ho hlokahale hore u senye chelete e ngata bakeng sa ho ba le nako e monate le metsoalle
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
“Ho hahloa ke moea feela u e-na le metsoalle e molemo, ho thabisa haholo!”