Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 4-5
  • Meharo—E Etsa’ng ho Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meharo—E Etsa’ng ho Rōna?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Lapileng le ba Shoang
  • Makhoba
  • Lekhalo le Hōlang Pakeng Tsa Barui le Bafutsana
  • Atleha ho Qoba Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Mehla ea Meharo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • U ’Ne U Qobe Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 4-5

Meharo—E Etsa’ng ho Rōna?

MEHARO e harasoanya bophelo ba ba limilione. E etsa hore ba meharo ba hloke botho ’me e tlisetsa bahlaseluoa ba bona bohloko le mesarelo. Mohlomong bophelong ba hao u utloa liphello tsa meharo. Esita le ho utsuoa ho atileng ha thepa mabenkeleng ho phahamisa theko ea lintho tseo u li rekang. Haeba u fumana moputso o tlaase ’me litšenyehelo tsa litlhoko tsa letsatsi le letsatsi li ka ’nģane ho moputso oa hao, ho ka etsahala hore ebe u mohlaseluoa oa meharo ea motho e mong.

Ba Lapileng le ba Shoang

Lichaba tse meharo tse ipatlelang tse molemo li sitisa boiteko ba mebuso ba ho thusa bafutsana ka katleho. Morao koana ka 1952, setsebi sa saense le phepo e nepahetseng, Mohlomphehi John Boyd Orr o ile a re: “Mebuso e ikemiselitse ho kopanya batho le matlotlo bakeng sa ntoa ea lefatše empa Mebuso e Matla ha ea ikemisetsa ho kopana bakeng sa ho felisa tlala le bofutsana lefatšeng.”—Food Poverty & Power, ea Anne Buchanan.

Ke ’nete hore ho fanoa ka thusonyana e itseng. Empa seo e leng ’nete ke sefe ka bophelo ba bafutsana, boholo ba baahi ba lefatše ba hlokomolohiloeng? Tlaleho ea morao tjena e boletse hore ho sa tsotellehe tlhahiso e eketsehileng ea lijo libakeng tse ling, “tlala le khaello ea phepo e nepahetseng li ntse li sokela bafutsana ba bangata lefatšeng . . . Motho a le mong ho ba bahlano [ka holimo ho limilione tse sekete] lefatšeng o robala ka tlala letsatsi le leng le le leng.” Tlaleho e tsoela pele ho re: “Ho phaella moo, batho ba limilione tse likete tse peli ba qetoa ke ‘tlala e sa hlokomeleheng’ ka lebaka la . . . khaello [ea phepo e nepahetseng] e ka lebisang maloetseng a tebileng.” (Developed to Death—Rethinking Third World Development) Ka sebele lipalo tsena e lokela ho ba lihlooho tsa litaba!

Makhoba

Bo-’mampoli ba tlōlo ea molao ba ithuisa ka tahlehelo ea bahlaseluoa ba bona le ea sechaba ka kakaretso. Lithethefatsi, pefo, bootsoa le tšebeliso e mpe ea moruo li entse ba limilione makhoba. Hape, Gordon Thomas, bukeng ea hae, Enslaved, o re: “Ho ea ka Anti-Slavery Society, ho na le makhoba a hakanyetsoang ho limilione tse 200 lefatšeng. A ka bang limilione tse 100 ke bana.” Sesosa se ka sehloohong ke sefe? Tlaleho ea hlalosa: “Tšusumetso ea ho etsa makhoba e setse e le tšobotsi e mpe ea sebōpeho sa motho . . . [Bokhoba ke] tholoana ea takatso e feteletseng, ea meharo le lerato la matla.”

Ba matla ba amoha ba fokolang le ba ka hlaseloang habonolo lintho tsa bona ’me ba bolaea ba bangata. “Ho Maindia a limilione tse peli a neng a phela Brazil ha batho ba basoeu ba qala ho fihla, mohlomong hona joale ke a likete tse makholo a mabeli a ntseng a phela.” (The Naked Savage) Hobane’ng? Sesosa se ka sehloohong ke meharo.

Lekhalo le Hōlang Pakeng Tsa Barui le Bafutsana

The New York Times e tlalehile hore James Gustave Speth, motsamaisi oa United Nations Development Program, o boletse hore “batho ba phahameng sechabeng ba hlahellang lefatšeng lohle . . . ba ipokella ka maruo a mangata le matla, ha ka nako e tšoanang ba fetang halofo ea batho bohle ba siiloe ka thōko.” Lekhalo lena le kotsi pakeng tsa barui le bafutsana le totobatsoa haholo ke mantsoe ana a hae: “Re ntse re e-na le ba fetang halofo ea batho ba lefatšeng mona ba fumanang chelete e ka tlaase ho $2 [R9] ka letsatsi—batho ba fetang limilione tse likete tse tharo.” O ile a eketsa: “Ho bafutsana lefatšeng lena le lihlopha li peli, boemo bona bo tlisa ho nyahama, ho halefa, ho tsieleha.”

Ho nyahama hona ho eketsoa ke ’nete ea hore barui ba bangata ba bonahala ba se na letsoalo leha e le kutloelo-bohloko bakeng sa mahlomola a matšoele-tšoele ana a bafutsana le ba lapang.

Bahlaseluoa ba meharo ba hohle. Ka mohlala, hlokomela ponahalo ea ho tsieleha mahlong a baphaphathehi ba qabeletsoeng ke ntoa ea ho tseka matla Bosnia, Rwanda le Liberia. Bona lifahleho tse lahlehetsoeng ke tšepo tsa ba qetoang ke tlala har’a nala ea lefatše. Ke’ng se bakileng see sohle? Meharo—ka litsela tse sa tšoaneng!

Ke joang u ka pholohang ha u lika-likelitsoe ke batho ba meharo ba bobatana tikolohong e tletseng bora joalo? Lihlooho tse peli tse latelang li tšohla potso ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela