Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 6-9
  • Ho Pholoha Lefatšeng le Meharo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pholoha Lefatšeng le Meharo
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Sohle se Matleng a Hao Tlas’a Maemo
  • Qoba ho Tšoaetsoa ke Meharo
  • Le ka Mohla U se ke Ua Lahla Tšepo ea ho Pholoha
  • U ’Ne U Qobe Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Atleha ho Qoba Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Nahana ka Lefatše le se Nang Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 6-9

Ho Pholoha Lefatšeng le Meharo

“NKA pholoha joang?” James Scott o ile a tobana le potso eo ha a ne a lahlehile ka mokhoa o nyahamisang Lithabeng tsa Himalaya. O ne a hlile a le kotsing ea ho bolaoa ke serame kapa ho shoa ke tlala. O hopola ha a ne a bona batho ba litlhōlisanong tsa karate ba “felloa ke matla butle-butle, ho otloa ho hong le ho hong ho ba nyotobetsa maikutlo, ho fihlela . . . ba se ba se na mokhoa oa ho itšireletsa ka ho feletseng.” O ile a re: “Ke tsela eo ke ileng ka ikutloa ka eona ha ke ne ke qhoaela mokotla oa ka oa ho robala ’me ka ho tšerema ke e-ja lehloa le seng lekae. Maikutlo a ka a ne a nyotobetse ’me takatso eohle ea ho phela e ne e mpheletse. Ha ho mohla nkileng ka ikutloa ke hlōlehile hakaalo.”—Lost in the Himalayas.

Ba bangata kajeno, ka kutloisiso e itseng, ba tšoana le eena—ba qabeletsoe lefatšeng lena le busoang ke meharo. Mohlomong u ikutloa hore u felloa ke matla butle-butle ’me ua hlōleha. Ke batho ba seng bakae ba ka phemang ka ho feletseng liphello tse tlisoang ka ho toba ke meharo. Ho itšetlehile ka hore na u phela hokae lefatšeng, mathata ao u thulanang le ’ona a tla fapana haholo—meharo e ama batho linaheng tse tsoelang pele moruong ka mokhoa o fapaneng haholo le ba lichabeng tse ruileng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na mathata ke afe, mohlomong u ka ithuta tsela ea ho pholoha u sa ameha haholo ’meleng, maikutlong le moeeng ho fihlela ha pholoho e fihla. Joang? Ka ho latela keletso ea motheo e fanoeng ke litsebi tsa pholoho.

Lintlha tse peli lia hlokomeleha keletsong ea tsona. Ea pele ke ho qoba ho mpefatsa boemo bo seng bo ntse bo le thata. The Urban Survival Handbook e re: “Leqheka la hao e tlameha ho ba ho qoba likotsi tse sa hlokahaleng . . . le ho fokotsa tšenyo e bakiloeng ke tseo u ke keng ua li qoba.” Ea bobeli—’me mohlomong ebile e le ea bohlokoa ho feta—e amana le boikutlo. The SAS Survival Handbook e re: “Pholoho e amana haholo le boikutlo ba kelello joalokaha e amana le mamello ’meleng le tsebo.”

Etsa Sohle se Matleng a Hao Tlas’a Maemo

Staying Alive—Your Crime Prevention Guide ea tlaleha: “Motho e mong oa bolaoa United States metsotsong e meng le e meng e 22, oa utsoetsoa metsotsoaneng e meng le e meng e 47 ’me o hlaseloa ka mabifi metsotsoaneng e meng le e meng e 28.” Maemong a joaloka ao, ke’ng seo u ka se etsang? Bonyane, u ka leka ho qoba ho ipepesetsa tlhaselo e tobileng kapa ho ba ea hlaselehang habonolo. E-ba ea hlokolosi ’me u be masene. Etsa sohle se matleng a hao ho fokotsa kotsi.a

Ka mohlala, u se ke ua mpefatsa boemo ba hao ka ho ba ea thetsoang habonolo. The New York Times e tlaleha hore karolo ea 18 lekholong ea Maamerika e lumela hore e bile bahlaseluoa ba thetsitsoeng—ba qhekeletsoe ’me ba nkeloa lidolara tse likete-kete ke batho ba sa tšepahaleng ba tsomang bahlaseluoa ba hlaselehang habonolo. Hangata bahlaseluoa ke batho ba hōlileng ba tšoanang le mohlolohali e mong ea lilemo li 68 ea ileng a utsoetsoa $40 000 (R174 000). Phihlelo ea hae e ile ea susumelletsa lihlooho tsa litaba ho re: “Haeba Moriri o le Moputsoa, Baqhekelli ba Bona Makhulo a Matala [ho bolelang pampiri-chelete, kapa lidolara].”

Empa ha ho hlokahale hore u be mohlaseluoa e mong hape ea sa lemoheng, ea hlokang thuso ea emetseng ho tlatlapuoa. Staying Alive ea re lemosa: “Hlokomela phiri ka har’a lekoko la nku.” Nkhono e mong ea lilemo li 70 o ile a sebelisa keletso ena. O ne a khothalletsoa ho kenela inshorense e koahelang litšenyehelo tsohle tse amanang le tsa bongaka, ka ho lefa $10 (R44) feela ka khoeli. Tlaleho e re: “Ntho e le ’ngoe feela eo Nkhono a neng a lokela ho e etsa e ne e le ho neha morekisi $2500 [R10 875] esale pele.” Ha aa ka a etsa joalo. Ka ho letsetsa k’hamphani ea inshorense, o ile a fumana hore motho eo e ne e le molotsana. “Nakong eo a tšellang morekisi kopi ea bobeli ea tee, mapolesa a ile a fihla ’me a mo nka a tsamaea le eena.”

Ho etsa sohle se matleng a hao ho itšireletsa ho hlakisoa ke keletso e fanoang ke Bibele. “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15; 27:12) Ba bangata ba qhelela Bibele ka thōko e le e fetiloeng ke nako le e sa sebetseng. Empa keletso ea eona e utloahalang e ka u thusa hore u pholohe. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola: “Bohlale [joaloka bo fumanoang ka Bibeleng] ke tširelo, joalo ka ha le eona chelete e le tširelo, empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.”—Moeklesia 7:12.

Babali ba bangata ba Tsoha! ba fumane hona e le ’nete. Ka mohlala, ba bang ba ile ba fumana tšireletso e itseng ka ho tlatsa lerata ha ba sokeloa ka peto kapa ka pefo e ’ngoe e itseng, tumellanong le se boletsoeng ho Deuteronoma 22:23, 24. Ba bang ba latetse keletso ea Bibele ea ho qoba ntho leha e le efe “e silafatsang ebang ke ’mele kapa moea.” (2 Bakorinthe 7:1, The Twentieth Century New Testament) Kahoo ba itširelelitse ho barekisi ba koae le lithethefatsi, ba ithuisang ka ho senya bophelo ba batho ba bang. Babali ba bangata ba boetse ba qobile maraba a baboleli ba TV ba honyang chelete ka bolotsana le bo-ralipolotiki ba lapetseng puso. (Bona lebokose, leqepheng la 7.) Bala Bibele. U ka ’na ua makatsoa ke thuso e sebetsang eo e fanang ka eona.

Qoba ho Tšoaetsoa ke Meharo

Ka sebele, ho na le kotsi e ’ngoe ea meharo—u ka ba meharo ka bouena. Hona ho tla u amoha litšobotsi tsa boitšoaro tse molemo haholoanyane tse u khethollang ho liphoofolo. Ha a hlalosa monyaolo oa khoebo oo ho oona bo-rakhoebo ba hlōlisanang ba neng ba hloibila ho hong le ho hong hoo ba kopanang le hona, moshebelli e mong o ile a qotsoa a re: “Lihoki li ne li hlile li nyofa. Boemo ba meharo . . . bo ile ba fela ba tsoa taolong.” Mohlomong likolobe li bile li boea ka koano ha li bapisoa le bo-ramenyetla ba khoebo! Ka sebele ba ile ba bonahala ba hlokomolohile keletso e molemo e fanoeng ke Jesu Kreste: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le mofuta o mong le o mong oa ho chacheha ka mohono.”—Luka 12:15.

Jesu Kreste o ile a fana ka keletso eo hobane o ne a tseba kamoo u ka intšang kotsi kateng haeba meharo e u khomarela. Takatso e feteletseng ea lintho tse bonahalang—’me hape, ka ho hlakileng, takatso e feteletseng ea matla kapa likamano tsa botona le botšehali—e ka fetoha tšusumetso e matla haholo bophelong ba hao, ea u amoha nako leha e le efe kapa tšekamelo eo mohlomong u ka bang le eona ea ho ameha ka batho ba bang kapa lintho tsa bohlokoa tsa moea. Anthony Sampson, bukeng ea hae, The Midas Touch, o re: “Chelete e nkile litšobotsi tse ngata tsa bolumeli.” Joang? Chelete e fetoha molimo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoa sehlabelo aletareng ea meharo le leruo. Ntlha ea bohlokoa ke phaello. Ha e le ngata, ho molemo. Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na u e fa nako e ngata hakae, meharo ea lintho tse bonahalang ha ho mohla e tla khotsofatsoa ka ho feletseng. Moeklesia 5:10 e re: “Ea ratang silefera, silefera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona.” Ka ho tšoanang, “ea ratang” matla, matlotlo kapa likamano tsa botona le botšehali ha ho mohla a tla khotsofala, leha a ka li fumana ka bongata.

Le ka Mohla U se ke Ua Lahla Tšepo ea ho Pholoha

Senotlolo se seng sa bohlokoa bakeng sa ho pholoha ke ho ba le pono e nang le tšepo le e nepahetseng. Ka linako tse ling u ka khona ho etsa ho fokolang feela ho phema liphello tsa liketso tsa batho ba meharo. Ka mohlala, hangata batho ba lapang ba ka etsa ho fokolang feela ho phema mahlomola ao ba leng har’a ’ona. Leha ho le joalo, u se ke ua tela; u se ke ua inehela. The SAS Survival Handbook e re: “Ho bonolo hore u be u se u inehela, u putlama ’me u qetoa ke ho ikhauhela” ha u pepesehetse tikoloho e tletseng bora kapa e kotsi. U se ke ua inehela likhopolong le maikutlong tse seng molemo. U ka ’na ua hlolloa ke kamoo u ka khonang ho mamella kateng. Eona buka ena ea litaba tsa bohlokoa e re: “Banna le basali ba bontšitse hore ba ka pholoha maemong a bohloko ka ho fetisisa.” Ba entse hoo joang? E bolela hore ba pholohile “ka lebaka la boikemisetso ba bona ba ho etsa joalo.” Ikemisetse ho se hlōloe ke tsamaiso ena e meharo.

James Scott, ea boletsoeng pejana, qetellong o ile a pholosoa ho seo e ka beng e bile lebitla la hae Himalaya. O boletse hore ho sōkōla ha hae hore a pholohe bonyane ho mo rutile thuto e le ’ngoe ea bohlokoa. Thuto efe? O ile a re: “Ha ho phephetso eo ho leng thata haholo ho tobana le eona bophelong.” Tim Macartney-Snape, setsebi sa ho hloa lithaba se nang le phihlelo se ileng sa hlolloa ke hore James Scott o ile a khona ho tiisetsa nako e telele ka ho lekaneng hore a fumanoe a ntse a phela, le eena o ile a ithuta thuto e ’ngoe. O ile a re: “Hafeela ho ntse ho e-na le tlhasenyana ea tšepo, u se ke ua inehela le ka mohla.” Kahoo, ho sa tsotellehe hore na boemo bo ka bonahala bo le lerootho hakae, u mpa u mpefatsa lintho ho feta ha u lahla tšepo. Le ka mohla u se ke ua lahla tšepo ea ho pholoha.

Empa na ho na le ‘tlhasenyana leha e le efe ea tšepo,’ monyetla leha e le ofe oa sebele oa ho pholoha lefatšeng lee le tletseng hohle ka meharo? Na re tla ke re lokolohe bathong ba meharo ba senyang lefatše lee le ho senya bophelo ba ba limilione tse likete? Ha e le hantle, ho na le tšepo e tiileng ea ho pholoha. Hlahloba karabo ea Bibele sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Pefo—U ka Itšireletsa,” ho tokollo ea Tsoha! ea May 8, 1989, leqepheng la 28-31.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Likeletso Tsa Bibele Tse Nakong

Liproverbia 20:23 “Ponto Tsa Ho Lekanya Tse Peli Tse Fapaneng Ke Manyala Ho Jehova, Le Sekala Sa Thetso Ha Se Setle.”

Jeremia 5:26, 28 “Hobane ba babe ba teng sechabeng sa ka, ba nanarelang joalo ka ha ho khukhunela batšoasi ba linonyana; ba cheha sefi, ba tšoasa batho. Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlōlisa bobe bo ka boleloang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele khutsana, ’me ba atleha; ha ba etsetse nyeoe ea mafutsana kahlolo.”

Baefese 4:17-19 “Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se hlole le tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona, ha li ntse li le lefifing likelellong, ’me li arohile bophelong boo e leng ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa tsona. E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, li ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.”

Bakolose 3:5 “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse leng lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”

2 Timothea 3:1-5 “Empa tseba sena, hore matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle.”

2 Petrose 2:3 “Ka ho chacheha ka mohono [ba] tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng. Empa bakeng sa [bona], kahlolo ea ho tloha khale ha e tsamaee butle, le timetso ea [bona] ha e otsele.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela