Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 16-20
  • Kichine e ka ba Sebaka se Nyakallisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kichine e ka ba Sebaka se Nyakallisang
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ithutela ka “Phaposing ea ho Ithutela” ea Kichine
  • Ho Pheha ke Monyaka!
  • Ho ba Hammoho ha Lelapa
  • 2. Li Boloke li Hloekile
    Tsoha!—2012
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 16-20

Kichine e ka ba Sebaka se Nyakallisang

“TSOA ka kichineng!” Bana ba bangata ba lapileng ba ’nile ba fumana khalemelo eo ha ba leka ho ea utloa mofetolela. Leha ho le joalo, ho e-na le ho ba leleka, batsoali ba na le lebaka le letle la ho mema bana ba bona hore ba kene ka kichineng. Hobane’ng? Hobane, ha e le hantle, kichine ke phaposi ea ho ithutela e hlollang.

Kichine ke sebaka seo ho sona bana ba ka hōlisang boqapi le mahlale a ho rarolla mathata, sebaka seo ho sona ba ka ithutang ho sebeletsa ba bang le ho sebetsa e le karolo ea sehlopha, sebaka seo ho sona meqoqo e nang le seo e se bolelang, e amang pelo, e ka itlisang habonolo, sebaka seo ho sona ngoana a ka rutoang ka botebo melao-motheo e nkoang e le ea bohlokoa haholo, ho se lerata. E, ka har’a lik’habote le lilae tse tletseng le lirakeng tsa kichine e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tse ka ithutoang—tse loketseng hore li bontše bohlokoa ba tsona ha ho lokisoa lijo tse tlang ho jeoa.

Mehleng ee ea theknoloji le boitsebiso, ke hobane’ng ha ho ka sebelisoa kichine e le sebaka sa ho koetlisa bana? Lebaka ke nako. Batsoali ba bangata ba lemoha hore ho hang ha ho letho le ka nkang sebaka sa ho ipha nako ba e-na le bana ba bona—e ngata!a Bothata ke hore na e fumanoa hokae. Litsebi tse ling li phehella batsoali hore ba nahane ka mosebetsi oa kamehla oo ba o etsang tikolohong ea lelapa e le monyetla oa ho etsa lintho le bana ba bona le ho ba ruta. Sena se tumellanong le taelo eo Molimo a ileng a e neha batsoali sechabeng sa boholo-holo sa Iseraele: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:6, 7.

Kaha joang kapa joang kamehla re lokela ho qeta nako e itseng re le ka kichineng, ho bonahala e ka ba sona sebaka seo ka ho totobetseng mosebetsi o kopanetsoeng oa lelapa o ka etsetsoang ho sona. ’Me ho fapana le ho intša ho khethehileng, hoo hangata ho tlamehang ho ema ho fihlela re e-na le nako, matla kapa chelete hore re ho bulele sebaka, takatso e ntle ea lijo ha e lumele ho qheleloa morao. Ntle ho moo, ka tlhaho bana ba hoheloa ke ho ba ka kichineng. Ha e le hantle, ke hokae hape moo ba koetlisetsoang ho sebelisa lithipa ka hloko le ho tšoara lisebelisoa tse ling? Bana ba thabetseng seo ba se etsang ba ka ba ba etsa bohlasoa ka linako tse ling! Leha ho le joalo, kichine e ruta eng?

Ho Ithutela ka “Phaposing ea ho Ithutela” ea Kichine

Louise Smith—eo liithuti tsa hae tse lilemo li ’nè li mo tsebang e le ’Mè oa Bohobe ba Gemere—o ile a bolela tjena motheong oa phihlelo ea lilemo tse 17 tsa ho ruta bana ba banyenyane ho pheha: “Lijo ke sesebelisoa se seholo sa ho ruta hobane ke ntho eo bana bohle ba utloanang le eona. Matla a bona a ho fofonela, ho latsoa le ho ama a bohale ha ba le tlaase lilemong hoo ba hapehang ka ho feletseng. ’Me ka lijo, u ka ruta melumo ea lintho, lipalo le mahlale a ho rarolla mathata.” Ho tšela, ho tula, ho ebola, ho sefa, ho fuluha le ho ala hlama li thusa bana ho hōlisa matla a ho sebelisa matsoho le a tšebelisano pakeng tsa mahlo le matsoho. Ho hlophisa (ho beha mangangajane a morara le linate ka liqubu tsa tsona) le ho kolokisa ka tatellano (ho kolohanya likomiki tse methang ho ea ka boholo ba tsona) ho ruta likhopolo tse sebeletsang e le metheo ea ho ithuta lipalo. Ho latela risepe ke thuto ea ho sebelisa lipalo, litekanyo, nako e behiloeng, ho nahana le puo. ’Me motho a ke ke a phosumela mosebetsing o rarahaneng le o tletseng kotsi oa kichine a sa ithuta ho hong ka tšireletseho, boikarabelo, boitlhophiso le ho sebetsa le sehlopha.

Se ke keng sa hlokomolohuoa ke molemo oa ho ithuta ho pheha. Ho tloaelehile hore bana ba qalang ka ho thusa ka kichineng ba tsebe ho lokisa lijo tsohle tse tla jeoa pele ba fihla lilemong tsa bona tsa bocha. Ke motsoali ofe ea phathahaneng ea ke keng a thabela seo nako le nako? Ho feta moo, ho pheha ho thusa bacha ho hōlisa ho kholiseha le khotsofalo—e leng litšobotsi tse ka ba tsoelang molemo hamorao ha ba nka boikarabelo ba batho ba baholo, ebang ba kena lenyalong kapa ba lula e le masoha.—Bapisa le 1 Timothea 6:6.

Lee, ea ileng a lula e le lesoha ho fihlela a le ka holimonyana ho lilemo tse 30, oa hopola: “’Mè o ile a qala ho nkoetlisetsa mesebetsi e qalang ea kichine ha ke ne ke batla ke le lilemo li tšeletseng. Qalong, ke ne ke thahasella haholo ho etsa libiskiti, likuku le limonate tse ling. Empa ha ke le lilemo li robong, ke ne ke tseba ho rera le ho lokisetsa lijo tsohle tse tla jeoa ke lelapa leso, ’me ke ne ke ho etsa kamehla. Hamorao, ha ke le motho e moholo oa lesoha, ke ile ka fumana hore ho tseba ho etsa mesebetsi e sa tšoaneng ea lelapa, ho akarelletsa le ho pheha, ho ne ho nolofatsa bophelo. ’Me nka bolela ka tieo hore sena se tlatselitse haholo tabeng ea hore ebe hona joale ke thabela lenyalo le atlehileng.”

Ho Pheha ke Monyaka!

Ke joang motsoali a ka fumanang nako ea ho koetlisa bana ka kichineng? ’Mè e mong o etsa tlhahiso ea ho beha nako ea ha ho e-na le litšitiso tse fokolang haholo. Haeba u e-na le bana ba bangata, mohlomong u ka rata ho sebetsa le ngoana a le mong nakong ea ha ba qala ho ithuta ka kichine. Hore u etse joalo, khetha nako eo ka eona bana ba bang ba robetseng kapa ba leng sekolong. Lokisetsa ho qeta nako e teletsana ho feta haeba u ne u pheha u le mong. ’Me u itokisetse ho nyakalla ka kichineng!

Bakeng sa thuto ea hao ea pele, u ka ’na ua lumella ngoana oa hao hore a khethe ntho eo a thabelang ho e ja. Batla risepe e bonolo e lokang kapele. Tiisa hore e akarelletsa mosebetsi oo a ka o phethang ka katleho. Hore ngoana oa hao a se ke a khathala kapa a teneha, e-re esale pele a batle e meng ea metsoako le lintho tse ling tse sebelisoang tse hlokahalang. Mohlomong u ka ba ua lokisa karolo e ’ngoe ea metsoako esale pele e le hore nako ea lōna e se ke ea e-ba e telele le e khathatsang.

Bala risepe le ngoana oa hao, u mo bontša kamoo a ka etsang se seng le se seng se hlokahalang. Abela ngoana oa hao sebaka seo e leng sa hae ka kichineng—mohlomong lae e nang le likotlolo tse seng kae le lisebelisoa tse ’maloa—ebe u mo fa foreskoto. Ho e-na le hore moshemane a apare foreskoto sa basali, u ka ’na ua mo fumanela se etselitsoeng liapehi tsa banna. Ho tloha qalong feela, hatisa bohlokoa ba tšireletseho ’me u behe melao e nang le kelello bakeng sa kichine.—Bona lebokose le reng, “Thuto ea Pele—Tšireletseho,” leqepheng la 18.

Sa bohlokoa haholo, leka ho ho etsa hore ho nyakallise. U se ke ua etsa hore ngoana oa hao a u shebelle feela; e-re a hlape matsoho, ’me a phathahane tokisong ea sebele ea lijo. Mo fe monyetla oa hore a batlisise, a leke metsi ka lere le ho botsa lipotso. ’Me haeba a rahiloe ke pitsa, u se ke ua tšoenyeha. Haeba ngoana oa hao a phehile lijo tseo ka boeena, mohlomong o tla li ja, ho sa tsotellehe se etsahetseng!

Ho ba Hammoho ha Lelapa

Ntle ho pelaelo, melemo e fetisisang e tsoang ka kichineng e ama bonngoe le melao-motheo ea bohlokoa ea lelapa. E ka ’na eaba u hlokometse hore malapeng a mang kajeno, litho tsa lelapa li phathahana ka mesebetsi ea tsona ka bomong ho se moo li kopanang hakaalo-kaalo. Tlas’a maemo a joalo, lehae le ka ’na la fetoha sebaka seo ho fapoheloang ho sona bakeng sa phomolo, e be sebaka sa ho ja le ho ikela ka potlako. Ho fapana le hoo, lelapa le phehang hammoho, ho bonolo hore le je hammoho le be le hloekise hammoho. Mesebetsi ena e le fa menyetla ea kamehla ea ho buisana, ho etsa lintho hammoho le ho tsebisana litaba. ’Mè e mong o hopola hore: “Ke bile le lipuisano tse ling tse monate ka ho fetisisa le bashemane ba ka ha re hlatsoa lijana sinking ka kichineng.” ’Me Hermann, ntate e mong oa Mokreste, oa eketsa: “Re ile ra etsa ka boomo hore ka lilemo tse ngata re se ke ra ba le mochine o hlatsoang lijana, e le hore lijana li hlatsuoe le ho phumoloa ka matsoho. Bara ba rōna ba ne ba abetsoe ho phumula ka ho fapanyetsana linako. Ho ne ho se nako e molemo ho feta eo ea meqoqo e tloaelehileng.”

E, nako eo u e sebelisang ka kichineng le bana ba hao—beke le beke, selemo le selemo—e fana ka motheo oo melao-motheo ea moea le litšoaneleho tsa bomolimo li ka hōlisetsoang ho oona. Ke ka linako tse joalo tsa ho khatholoha hammoho moo meqoqo e senolang maikutlo pakeng tsa motsoali le ngoana e ka hlahang e sa qobelloe le moo tšusumetso ea mohlala oa motsoali e ka amang pelo ea ngoana butle-butle. Koetliso e joalo e ka ruisa ngoana molemo bophelo bohle, hobane Liproverbia 22:6 e re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”

Ka hona haeba joaloka motsoali u batla litsela tsa ho qeta nako e ngatanyana le bana ba hao, ke hobane’ng ha u sa ba meme hore ba u thuse ho etsa kuku kapa ho lokisa lijo tsohle tse tla jeoa? U ka ’na ua fumana hore ho sebetsa le bona ka kichineng ke mokhoa oa ho fepa le ho matlafatsa lelapa la hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano ka taba ena, bona sehlooho se reng “‘Quality Time’ Doled Out in Limited Quantities,” tokollong ea May 22, 1993, ea Awake!, leqepheng la 16-17.

[Lebokose le leqepheng la 18]

Thuto Ea Pele—Tšireletseho

Falimehela Tšireletseho

• Ka tsela e tiileng empa e le e sa tšoseng, hlalosa likotsi tsa ho sebetsa ka kichineng, hantle joalokaha u ne u tla hlalosa likotsi tsa sephethe-phethe tseleng e nang le likoloi tse ngata. Beha mohlala o motle ka bouena.

• Neng le neng ha bana ba sebetsa ka kichineng, lokisetsa hore ho be le taolo ea motho e moholo. U se ke ua lumella ngoana hore a sebelise sesebelisoa leha e le sefe, haholo-holo sa motlakase, ho fihlela ha a tseba ho se sebelisa ka mokhoa o sireletsehileng.

• Boloka kichine ea hao e hlophisehile. Hlakola lintho tse qhalaneng ’me u tlose mahleke kapele. Liphoofolo tse ruetsoeng bokhabane le litšitiso tse ling li lokela ho lula ka ntle ho kichine ha le ntse le phehile.

Sireletsa Menoana

• Mafehlo a motlakase le lisebelisoa tsa motlakase tsa ho khabela lijo li lokela ho sebelisoa feela tlas’a tataiso ea motho e moholo. Tiisa hore sesebelisoa se tinngoe ’me se hakolotsoe motlakaseng pele ngoana oa hao a kenya khaba e fuluhang ka sekotlolong sa sona.

• Boloka lithipa li le bohale, kaha thipa e nthithi e hloka ho hatelloa ka matla ’me ka hona ho bonolo hore e ka thella.

• Ha ngoana oa hao a ithuta ho sebelisa thipa, e-re a latele mehato ena: (1) a phahamise thipa ka mofeng oa eona, (2) a e tsepamise sejong, (3) a e tšoare ka morao ka letsoho le leng, ’me (4) a e hatelle hore e sehe sejo seo.

• Sehella holim’a boroto. Ho thiba meroho hore e se ke ea thella ha ngoana oa hao a ntse a leka ho e khabela, qala ka ho e arola likoto tse peli ebe u robatsa lehlakore le sehiloeng holim’a boroto.

Ela Hloko Hore a se ke a Cha

• Kamehla u time maifo a setofo le onto ha li sa sebetse. Boloka lithaole, libuka tsa ho pheha le masela a tšoarang lipitsa li le hōle le maifo.

• Shebisa mehoele ea lipitsa bohareng ba setofo, moo e ke keng ea thuloa habonolo eaba lijo lia qhalana.

• Haeba u lumella ngoana oa hao ho sebetsa setofong, tiisa hore o eme nthong e tsitsitseng le e tiileng.

• U se ke ua phahamisa ntho e chesang ntle leha u tseba hantle hore na u il’o e beha hokae. Tiisa hore u tsebisa ba bang ba ka kichineng ha u nkile ntho e chesang, haholo haeba u tla ba pota ka morao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela