Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/1 maq. 27-31
  • Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamano e Haufi-ufi le Jehova
  • E Etsa hore e be e Thabisang
  • Lelapa le Thabileng le le Lekalekaneng
  • Ba Thuse ho Ipeela Lipakane tse Molemo
  • Rapella Thuso
  • Le se ke la Tela
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na Bibele e ka U Thusa ho Koetlisa Bana ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/1 maq. 27-31

Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?

BATSOALI bohle ba Bakreste ba rata ho bona bana ba bona ba hōla ho ba batho ba hōlileng tsebong ba Bakreste. Ka bomalimabe, hona ha ho etsahale kamehla. Ha ho itlise hore ngoana oa motsoali oa Mokreste ka boeena a hōle ho ba Mokreste. Hobane’ng?

Re ka bona lebaka le leng mantsoeng a Petrose: “Le lapele haholo, joale ka bana ba tsoang ho tsoaloa, lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le hōlele poloko ke lona.” (1 Petrose 2:2, 3) Phehello, “le lapele” e fana ka maikutlo a hore bana ba rōna ba ke ke ba lapela lintho tsa moea ka tlhaho. Re ka ’na ra tlameha ho bōpa, kapa ho hlahisa tapo e joalo ka ho bona. Empa, joalokaha temana e boetse e bontša, ho ameha poloko. Feela joalokaha bana ba lokela ho ithuta ho rata lijo tse hahang e le hore e tle e be batho ba baholo ba phelang hantle ’meleng, ka ho joalo ba tlameha ho ithuta ho thabela lijo tsa moea haeba ba tla ‘hōlela polokong.’

Batsoali—na le na le bana ba e-song ho fihle lilemong tsa bocha? Na lenaneo la lōna la ho hōlisa bana le ho ba laea le le sebelelitse hantle ho tla fihlela ntlheng ee? Haeba ho joalo, ke hantle. Leha ho le joalo, lintho li ka ’na tsa fetoha nakong ea lilemo tsa bocha.

Ha e le hantle, ka linako tse ling ha mathata a ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng a feteletsoa, batsoali ba nang le phihlelo ba lemosa hore le lokela ho lebella linako tsa ho khathatseha ho itseng nakong eo. Na le ka li lokisetsa hona joale, ha ngoana oa lōna a sa le monyenyane? E, ho na le mehato e tobileng eo le ka e nkang. Ka mohlala, re lokela ho ba thusa ho haha . . .

Kamano e Haufi-ufi le Jehova

Samuele e monyenyane, eo tsoalo ea hae e neng e le karabelo thapelong ea Anna, ’m’ae, ‘a ’na a hōla pel’a Jehova.’ (1 Samuele 2:20, 21) Ke kholiso e ntle hakaakang! Hopola hape hore, ka lekhetlo le leng batsoali ba kile ba tlisa bana ba bona ho Jesu. Pele, barutuoa ba ile ba ba khalemela, empa “ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho ’na, ’me le se ke la ba thibela; hobane ’muso oa Molimo ke oa ba joale ka bona.” Jesu o ne a amohela ha bana ba tlisoa ho eena ke batsoali ba bona. O ile a nka bana ’me a ba hlohonolofatsa.—Mareka 10:13-16.

Na batsoali kajeno ba ka thusa bana ba bona hore ba ‘hōlele pel’a Jehova’ le ho ba tlisa ho Jesu Kreste, kahoo ba ba thusa ho haha kamano le Jehova le Jesu? Ba ka ho etsa, empa ho nka nako. Jesu o ne a utloisisa ho qeta nako a e-na le bana ba batho ba bang, kahoo ka sebele re ka qeta nako re e-na le bana ba rōna. Haeba ho khoneha, re lokela ho qala boseeeng, joalokaha ’m’a Timothea a entse. (2 Timothea 3:15) Re lokela ho bua ka Jehova le Jesu e le batho ba sebele, re ruta bana ba rōna ho ananela e meng ea mesebetsi ea Bona ea pōpo e babatsehang. Ha re ba isa lirapeng tsa lifate le lipalesa, polokelong ea liphoofolo, kapa re tsoela naheng, re ka ba thusa ho bona letsoho la Jehova ka mehlolo eo ba e bonang. Ka meqoqo ea rōna, re ka haha ka ho bona takatso ea ho etsa se nepahetseng hobane hona ho khahlisa Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Bapisa Deuteronoma 6:7.) Le se ke la chechisa ho etsa hona. Nako eo bana ba rōna ba leng banyenyane e khutšoaane haholo. Ba hōla ka potlako, kahoo nako e qetoang le bona ke ea bohlokoa.—Mattheu 19:13-15.

Ha e le hantle, tsela ea pele ea ho ruta bana ba rōna ’nete le ho ba thusa ho fumana kamano haufi-ufi le Jehova ke ka thuto ea Bibele ea lelapa. Leha ho le joalo, hona ho tla atleha haholo, haeba re . . .

E Etsa hore e be e Thabisang

’Mѐ ea ratang hore ngoana oa hae a thabele lijo tse hahang ha a mo qobelle hore a koenye mohlohlohali oa lijo. Ho e-na le hoo, o tla li lokisetsa ka mokhoa o hlabosang ’me a mo khothaletse ho ja likarolo tse nyenyane ka nako, butle-butle a haha tatso ea ho li lakatsa. Ho hlokahala ntho e ’ngoe e tšoanang ka lijo tsa moea. Hore na u qala lenaneo la ho ithuta ka lekhetlo la pele kapa u batla ho etsa ho hong ka lenaneo la hao hobane ngoana oa lōna a teneha, ho ntse ho hlokahala ntho e tšoanang. Loanela ho etsa hore lenaneo e be le thabisang.

Ho bana ba banyenyane ha ho hlokahale hore ho khomareloe mokhoeng o hlomamisitsoeng oa lipotso le likarabelo, leha e le hore le lokela ho etsa hore thuto e nke hora kaofela. Lumellanya thuto le ngoana oa hao. Mo bolelle lipale ka batho ba Bibele. Mo lumelle hore a etse litšoantšo tsa lipono tsa Bibele. Lumella bana hore ba tšoantšise liketsahalo tsa Bibele le litšoantšiso tsa eona. Ba fe seo ba ka se lokisetsang esale pele. Se phelise ’me e be se sa tsoaneng. U batla hore ngoana oa lōna a ‘lapele’ lijo tsa moea, kahoo li etse tse latsoehang kamoo u ka khonang.—1 Petrose 2:2, 3.

Liphello li tšoanela boiteko hobane ke tsa nako e telele. Haeba ngoana oa lōna a thabela lintho tsa moea ha a sa le monyenyane, a ka thusoa ho haha kamano e haufi-ufi le Jehova e tla lula e le teng bophelo bohle ba hae. “Qala moshanyana ka tsela e nepahetseng, ’me le botsofaling a ke ke a e tlohela.” (Liproverbia 22:6, The New English Bible) Empa ho na le ntho e ’ngoe hape e tla thusa ngoana oa lōna ho haha lerato la lintho tsa moea. Ke eng eona eo?

Lelapa le Thabileng le le Lekalekaneng

E, feela joalokaha semela se hōla hantle ha mobu o nonne ’me moea e le o nepahetseng hantle, ho joalo le ka ngoana, o tla atleha moeeng tikolohong ea lelapa le thabileng. Leha ho le joalo, hore ho tle ho be le tikoloho e joalo, litho tsa lelapa ho hlokahala li qete nako hammoho. Batsoali, na le tiisa hore litho tsa lōna tsa lelapa li qeta nako hammoho ’me lia buisana? Na le na le leano la lelapa la ho shebella thelefishene? boikhathollo? khetho ea ’mino? thuto ea lelapa? litšebeletso tse ling tsa lelapa? Moea oa lelapa ke ofe joaloka nakong ea lijo tsa mantsiboea? Malapeng a mangata, lijong tsa mantsiboea ke nako e molemohali ea ho ba hammoho hoa lelapa. Ke moo le fumanang monyetla oa ho buisana ka tse etsahetseng motšehare, ho arolelana moqoqo o monate le o khathollang. Ho ka ba molemo bakeng sa e mong le e mong.

Hape, hopola hore ha bana ba hloka litšebeletso tsa moea ’me ba lokela ho phethahatsa boikarabelo ba bona lapeng, ba boetse ba hloka le nako ea ho bapala. Charles R. Foster, bukeng ea hae Psychology for Life Today, o itse: “Ka ho hlokomela bohlokoa ba boikhathollo bophelong ba bana ba bona, batsoali ba lokela ho etsa tokisetso bakeng sa bana ho thabela liphihlelo tsena. . . . Bana, ha ba ntse ba hōla, ba lokela ho bona kamano pakeng tsa litšebeletso tsena le litšenyehelo tsa lelapa hammoho le boikarabelo ba lelapa. Haeba ba hlokomela likamano tsena, ’me ba sa sebelise boikhathollo ho balehela mesebetsi ea lelapa le boikarabelo ba lelapa, ho tla fella ka tikoloho e thabisang ka lapeng.”

Batsoali ba thusang ngoana oa bona ho haha boikutlo bo itekanetseng ka boikhathollo, mosebetsi, le litaba tsa moea, ba tlatsetsa haholo ho thabeleng hoa hae lintho tsa moea le bohaufi ba hae le Jehova. (Bapisa 2 Timothea 3:4b; Tite 3:3.) Tsoelo pele e joalo e tla ba tlisetsa thabo e khōlō. ’Me ho na le ntho e ’ngoe hape eo ba ka qalang ho e etsa ka ho haha kananelo ea ngoana oa bona ea lintho tsa moea bongoaneng:

Ba Thuse ho Ipeela Lipakane tse Molemo

Morena Salomone ea bohlale o fane ka keletso e ntle mabapi le ho hōlisa bana ha a re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) “Tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea” e ne e ka ’na ea bolela ho latela matla a hae, kapa, mohlomong, mokhoa oa bophelo, tsela, pakane bophelong, eo u neng u tla mo tlohela hore a ikhethele eona. Kahoo, e ’ngoe ea litsela tsa bohlokoahali eo motsoali a ka tlatsetsang thabong le bomoeeng ba ngoana oa hae ka eona ke ka ho mo thusa ho bea lipakane tse molemo. Lipakane tsena e lokela ho ba tse tšoanelehang le tsa sebele. Hape li lokela ho fumaneha ka nako e ntle. Joale, ha lipakane tse ling li finyelletsoe, hona ho tla khothatsa ngoana ho ipeela tse ling tse phahameng.

Ke phoso e tloaelehileng ho emela ngoana hore a ipeele lipakane bophelong. Phihlelo ea ngoana e nyenyane haholo. Haeba batsoali ba sa mo thuse ho ipeela lipakane, ho na le ea tla ho etsa—mohlomong bana ba bang sekolong kapa baeletsi ba sekolo. Batsoali ba Bakreste ba ka thusa ngoana ho ipeela lipakane tse lumellanang le kananelo ea hae bakeng sa lintho tsa moea. Bana ba banyenyane ba ka iketsetsa pakane ea ho tšoaneleha ho kopanela Sekolong sa Puso ea Molimo. Tšebeletsong ea tšimo, lipakane tse ka finyelloang ka bonngoe e ka ba ka ho fana ka pampitšana monyakong, ho nehelana ka makasine, ’me e be ho fana ka sehlooho sa puisano se bonolo. Ho ka beoa lipakane tsa thuto. Butle-butle bana ba ka ithuta libuka tsa Bibele ka tatelano le ho hopola litemana tse itseng tsa sehlooho. Lipakane tsa mosebetsi ho lokela ho hle ho buisanoe ka tsona esale pele. Ha baeletsi ba sekolo ba tla phahamisa mofuta o mong oa mosebetsi, batsoali ba Bakreste ba ka hatisa lipakane tse tla khotsofatsa thahasello ea ngoana e hōlang ho sebeletseng Jehova, tse kang tšebeletso ea bopula-maliboho, ea Bethele le ea boromuoa.

Batsoali ba boetse ba batla hore bana ba bona ba hōlise kutloisiso ea boikarabelo. Ba ka mo ruta ho koetlisa letsoalo la hae motheong oa litekanyetso tsa Bibele. Ha a ntse a hōla, ba lokela ho mo tsebisa hore ba mo tšepela ho etsa lintho tse nepahetseng. Boitekong bo bong ba ka ’na ba fana ka tokoloho e lekanyelitsoeng, ’me haeba ngoana a etsa phoso, ba ka mo thusa ho ithuta ka eona, ho e-na le ho mo nyatsa ka matla. Ho ikhapela lebitso ka lebaka la ho tšepahala ke boikitlaetso boo bana ba tlang ho ba motlotlo ka bona ’me bo tla tlatsetsa ‘ho hōleleng hoa bona polokong.’

Ha ngoana a ntse a hōla, batsoali ba shebile liphetoho ’me ka hloko ba fetolela koetliso le taeo maemong a macha. Ba tšepahala ka ho feletseng, ’me ba mo bulehetse. Ba buisana le eena kamoo ba ikutloang kateng ka liketso tsa hae le liphetoho tsa hae. Ka ho tšepahala le ho mo bulehela ba tšepa ho mo thusa hore a buisane le bona ka bolokolohi—a ke ke a fetoha moeti ka lapeng.

Davida ea monyenyane o ile a hlaolela taba-tabelo ea lintho tsa moea. Lipesaleme tseo a li ngotseng li senola kananelo e tebileng ea lerato la Jehova. (Pesaleme ea 23:1-6) Ho tšepa Jehova hona ho ile hoa mo tiisa ho emellana le ho tobana le bere, tau, ’me a qetella ka sehanyata sa Mofilista Goliathe ea neng a kentse tšabo lipelong tsa lebotho lohle la Baiseraele. U ka inahanela hore na Jese, ntat’a Davida, o ile a ba motlōtlō hakae ka lebaka la tumelo ea Davida! Davida a haha kamano e haufi-ufi le Jehova e ileng ea tiisetsa bophelo bohle ba hae. (1 Samuele 17:32-37, 45-50; Pesaleme ea 19:9, 10, 14; 15:1, 2; 24:3, 4) Bana ba rōna ba ka haha kamano e haufi-ufi joalo ’me ba re etsa hore re be motlōtlō ka ho tšoanang—ka thuso ea rōna. Empa re ke ke ra ho etsa re le bang.

Rapella Thuso

Ha Manoah a tseba hore e se e tla ba ntate, a kōpa tataiso ea ho hōlisa ngoana eo le mokhoa oa ho mo koetlisa. Jehova a arabela thapelo ea hae. (Baahloli 13:8, 12, 24) Batsoali kajeno, le bona, ha baa lokela ho hlokomoloha ho rapela Jehova mabapi le bana ba bona, ba mo kōpe bohlale ha ba ntse ba leka ho ba tataisetsa tseleng e isang bophelong. Samuele, moprofeta oa Jehova, o ile a ho nka e le ho “siteloa Jehova” haeba a ne a ka hlokomoloha ho rapella batho ba Jehova. (1 Samuele 12:23; bapisa Liproverbia 1:24, 25.) Re lokela ho ikutloa re e-na le boikarabelo bo tšoanang ka bana ba rōna. Re batla ba hahe boikutlo ba moea. Ho rapella thuso kamehla ke hoa bohlokoa.

Le se ke la Tela

Na ho na le ho bonolo ho tsee? Che. Hoa putsa empa ha ho bonolo. Ha ngoana oa rōna a fihla lilemong tsa bocha, mathata le maima ha ho pelaelo a tla hlaha. Ha a hlaha, le se ke la tšoha. Sebetsanang le oona ka bonngoe ’me le se ke la lebella mehlolo. E bang ba tiileng empa le se ke la feteletsa lintho; qobang ho bua lipuo tse hlabang empa sebetsanang le bothata bona ka mamello. Haeba re boloka maikutlo a rōna a khutsitse ka tsela ena, ka kakaretso mathata a feta, ’me re ka boetse ra thabela katamelano e haufi le ngoana oa rōna.

Batsoali bohle ba tšabang Molimo ba batlela bana ba bona se molemohali. Re batla ba ‘ananele lintho tse halalelang,’ ba lapele lentsoe la Molimo, leo ka lona ba ka ‘hōlelang polokong.’ Ka linako tse ling, ke ’nete hore ho sa tsotellehe mosebetsi o mongata o thata, batsoali ba Bakreste ba bona bana ba bona ba hōla ’me ba lahla ’nete. Leha ho le joalo, mosebetsi o matla ka lehlakoreng la rōna o tla fokotsa ketsahalo ena. Ka thuso ea Jehova re tla sebetsa ka thata ho koetlisa bana ba rōna ka tsela eo ba tšoanetseng ho e tsamaea. E se eka moputso oa rōna e ka ba ho ba bona ba mamella tseleng ea ’nete bophelong bohle ba bona.—Ba-Heberu 12:16; 1 Petrose 2:2; Liproverbia 22:6.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 28]

Jesu o ne a utloisisa ho qeta nako a e-na le bana ba batho ba bang. Ka sebele re ka qeta nako re e-na le ba rōna

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 29]

Haeba le rata hore ngoana oa lōna a ‘lapele lentsoe,’ le etseng hore le hlabosehe ho eena kamoo le ka khonang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela