Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng
1 “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” (Liprov. 22:6) Batsoali, haeba le sa batle hore bana ba lōna ba ‘khelohe’ tsela ea ’nete, koetliso eo e lokela ho qala neng? Boseeng!
2 Ha Pauluse a ne a re Timothea o ile a rutoa lintho tsa moea “ho tloha boseeng,” ho totobetse hore o ne a bolela ho tloha bongoaneng. (2 Tim. 3:14, 15) Ka lebaka leo, Timothea ha a hōla e ile ea e-ba monna oa moea ea babatsehang. (Bafil. 2:19-22) Batsoali, le lōna le lokela ho qala “ho tloha boseeng” ho koetlisa bana ba lōna hamolemo e le hore ba ka “hōlela ho Jehova.”—1 Sam. 2:21.
3 Ba fe Metsi ao ba a Hlokang Hore ba Hōle: Joalokaha sethopo sa lifate se hloka ho nosetsoa joalo-joalo hore se ka hōla, ea e-ba sefate se seholohali, ho hlokahala hore bana ba lilemo tsohle ba nosetsoe ka metsi a ’nete ea Bibele e le hore ba ka hōla ea e-ba bahlanka ba Molimo ba hōlileng tsebong. Tsela e ka sehloohong ea ho ruta bana ’nete le ho ba thusa ho ba haufi-ufi le Jehova ke ka thuto ea lelapa ea Bibele ea kamehla. Empa batsoali ba lokela ho hlokomela nako eo ngoana ka mong a ka khonang ho e qeta a tsepamisitse mohopolo. Bakeng sa bana ba banyenyane, ho ka etsahala hore mananeo a khutsufalitsoeng a etsoang khafetsa a atlehe haholoanyane ho feta a seng makae a nako e telele.—Deut. 11:18, 19.
4 Ho se be le mohla u khellang fatše matla a bana ba hao a ho ithuta. Ba bolelle lipale tsa Bibele. E-re ba etse litšoantšo tsa liketsahalo tsa Bibele kapa ba etse tšoantšiso ea tsona. Sebelisa livideo le lik’hasete tsa rōna hamolemo, ho akarelletsa le litšoantšiso tsa Bibele. Etsa hore thuto ea lelapa e lokele lilemo tsa bana ba hao le matla a bona a ho ithuta. Koetliso e qalang e tla ba bonolo, e etsoe hanyane ka hanyane; empa ha ngoana a ntse a hōla, koetliso ea hae e lokela ho atoloha le ho tsoela pele. Etsa hore koetliso ea Bibele e thahasellise e be e feto-fetohe. U batla hore bana ba hao ba “hlaolele tabatabelo” ea Lentsoe, kahoo etsa ka hohle kamoo u ka khonang hore thuto e be monate.—1 Pet. 2:2.
5 Etsa Hore ba be le Karolo Phuthehong: Behela bana ba hao lipakane tse tsoelang pele e le hore ba be le karolo e feletseng phuthehong. Pakane ea bona ea pele e ka ’na ea e-ba efe? Batsoali ba bana ba babeli ba banyenyane ba itse: “Ka bobeli ba ile ba qala ka ho fumana koetliso ea ho lula ba khutsitse Holong ea ’Muso.” Hamorao, u thuse bana ho araba ka mantsoe a bona libokeng, le ho iketsetsa pakane ea ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Tšebeletsong ea tšimo, lipakane tse molemo tse ka finyelloang e ka ba ho nehelana ka pampitšana ntlong, ho bala lengolo, ho nehelana ka makasine le ho etsa hore mong’a ntlo a kopanele moqoqong o utloahalang.
6 Beha Mohlala o Bontšang Cheseho: Na bana ba hao kamehla ba utloa u bua ka Jehova le ho mo rapela? Na ba ee ba u bone u ithuta Lentsoe la hae, u e-ba teng libokeng, u kopanela tšebeletsong ea tšimo, ’me u thabela ho etsa thato ea Molimo? (Pes. 40:8) Ke habohlokoa hore ba u bone u etsa lintho tsena ’me le li etsa hammoho. Ha morali e moholoanyane a bua ka ’mè oa hae, ea neng a hōlisitse bana ba tšeletseng ho fihlela e e-ba Lipaki tse tšepahalang o ile a re: “Se ileng sa re khahla ka ho fetisisa ke mohlala oa ’Mè—o ne o bua ho feta lipolelo.” Motsoali ea nang le bana ba bane o ile a re: “Polelo e reng ‘Jehova o tla pele’ e ne e se feela polelo e tloaelehileng empa e ne e le tsela ea rōna ea bophelo.”
7 Batsoali, qalellang ho koetlisa bana ba lōna e sa le masea, le ba rute ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, le ba behele lipakane tse tsoelang pele, le ba behele mohlala o molemohali ka hohle kamoo le ka khonang. Le tla thabela hore ebe le entse joalo!