Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/11 leq. 7
  • Koetlisang Bana ba Lōna Hore e be Baboleli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Koetlisang Bana ba Lōna Hore e be Baboleli
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • U Behetse Bana ba Hao Lipakane Life?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 1/11 leq. 7

Koetlisang Bana ba Lōna Hore e be Baboleli

1. Ho latela Pesaleme ea 148:12, 13 batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsa’ng?

1 Jehova o mema bacha hore ba mo rorise. (Pes. 148:12, 13) Ka lebaka leo batsoali ba Bakreste ba ruta bana ba bona linnete tsa Bibele le melao ea Molimo ea boitšoaro ba bile ba ba koetlisetsa hore e be baboleli ba litaba tse molemo. See se ka etsoa joang mohato ka mohato?

2. Mohlala o motle oa motsoali o tla ama bana ba hae joang?

2 Mohlala o Motle: Moahloli Gideone o ile a bua le banna ba hae ba 300 a re: ‘Ithuteng ka ho ntalima.’ (Baahl. 7:17) Ka tlhaho bana ba shebella batsoali ba bona ebe baa ba etsisa. Ntate e mong o sebetsa bosiu, empa ho e-na le hore ha a fihla hae hoseng ha Moqebelo a robale, o ea le bana ba hae tšimong le hoja a khathetse haholo. O ba ruta ka mohlala hore tšebeletso ea tšimo ke ea bohlokoa. (Mat. 6:33) Na bana ba hao ba bona u nyakaletse ha u kopanela likarolong tse sa tšoaneng tsa borapeli, tse kang ho rapela, ho bala Bibele, ho araba ka libokeng le ho bolela litaba tse molemo? Ke ’nete hore u ke ke ua beha mohlala o phethahetseng. Ha bana ba hao ba lemoha kamoo u ratang ho sebeletsa Jehova kateng, ho ka etsahala hore seo se ba susumetse haholoanyane hore ba u mamele ha u leka ho ba ruta ho sebeletsa Jehova.—Deut. 6:6, 7; Bar. 2:21, 22.

3. Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona hore ba ipehele lipakane life tsa moea ba be ba li finyelle?

3 Lipakane Tse ba Thusang Hore ba Hatele Pele: Batsoali ha ba khathale ha ba koetlisa bana ba bona hore ba tsebe ho tsamaea, ho bua, ho ikapesa le ho etsa lintho tse ling. Ha bana ba finyella lipakane tsa bohlokoa khōlong ea bona, ba beheloa tse ling. Haeba batsoali e le Bakreste, ba boetse ba thusa bana ba bona hore ba ipehele lipakane tsa moea ho latela lilemo tsa bona le bokhoni ba bona. (1 Bakor. 9:26) Na u ruta bana ba hao ho araba ka mantsoe a bona le ho lokisetsa lipuo tsa bona tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? (Pes. 35:18) Na u ba koetlisetsa ho kopanela litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso? Na u ba behela pakane ea hore ba kolobetsoe le ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Na ka mafolofolo u ba kopanya le baevangeli ba thabileng, ba chesehang ba tla ba khothatsa?—Liprov. 13:20.

4. Bana ba rua molemo joang ka ho ba le batsoali ba ba koetlisetsang boboleli ho tloha bonyenyaneng?

4 Mopesaleme o itse: “Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ho fihlela joale ke ntse ke bolela mesebetsi ea hao e hlollang.” (Pes. 71:17) Qala ho koetlisa bana ba hao ba sa le banyenyane hore e be baboleli. Motheo oo o ba thusang ho o rala kamanong ea bona le Jehova o tla ba tsoela molemo ho fihlela e e-ba batho ba baholo!—Liprov. 22:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela