Rutang Bana ba Lōna ho Rorisa Jehova
1. Na bana ba banyenyane ba ka rorisa Jehova?
1 Pesaleme ea 148:12, 13 e khothaletsa bashanyana le banana hore ba “rorise lebitso la Jehova.” Mangolo a na le mehlala e mengata ea bana ba ileng ba etsa joalo. Ka mohlala, “Samuele o ne a sebeletsa ka pel’a Jehova, e le moshanyana.” (1 Sam. 2:18) Ke “ngoananyana” ea itseng ea ileng a bolella mosali oa Naamane hore moprofeta oa Jehova ea neng a le Iseraele o ne a ka phekola lepera la Naamane. (2 Mar. 5:1-3) Ha Jesu a kena ka tempeleng ’me a etsa mesebetsi e matla, “bashanyana” ke bona ba ileng ba hoeletsa ba re: “Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!” (Mat. 21:15) Batsoali ba ka ruta bana ba bona joang hore ba rorise Jehova?
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba behele bana babona mohlala o motle?
2 Mohlala: Pele batsoali ba Baiseraele ba kenya ’nete ka ho pheta-pheta lipelong tsa bana ba bona, ba ile ba laeloa hore ebe bona ba pele ba ratang Jehova le litaelo tsa hae lipelong tsa bona. (Deut. 6:5-9) Ha le bua hantle ka tšebeletso ebile le e kenya kemisong ea lōna ea beke le beke, bana ba lōna ba tla susumelletseha ho nka tšebeletso e le ntho ea bohlokoa le e khotsofatsang.
3. Morali e mong oabo rōna o ile a rua molemo joang mohlaleng oa batsoali ba hae?
3 Morali e mong oabo rōna oa thaba ha a hopola sena: “Ha ke sa hōla, kemiso ea lelapa leso e ne e akarelletsa ho ea tšimong beke le beke. Ke ne ke bona hore batsoali ba ka ba thabela boboleli e le kannete. Re hōtse re thabela boboleli.” Morali enoa oabo rōna e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ha a e-na le lilemo tse supileng ’me hona joale ke selemo sa bo33 a le tšebeletsong ea nako e tletseng.
4. Ho koetlisa bana hanyane ka hanyane ho bolela’ng?
4 Ba Koetliseng Hanyane ka Hanyane: Fang bana ba lōna ntho eo ba ka e etsang tšebeletsong. Mohlomong ba ka kokota, ba fa mong’a ntlo pampitšana, kapa ba bala temana e le ’ngoe. Sena se tla eketsa thabo ea bona le ho ba thusa hore ba be sebete ha ba bolela molaetsa oa ’Muso. Ha ba ntse ba hōla, ba lokela ho eketsa seo ba se etsang tšebeletsong. Kahoo, ba thuseng ho hatela pele le ho nahana ka lipakane tseo ba ka ipehelang tsona tsa ho ntlafatsa tšebeletso ea bona.
5. Ho hlokahala eng hore ngoana a tšoanelehe hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang?
5 Buisanang le baholo kapele feela ha le nahana hore bana ba lōna baa tšoaneleha hore e ka ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang le ha ba bolela hore ba lakatsa ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ha e e-ba bahoeletsi, ba tla bona hore ba na le boikarabelo ba ho rorisa Jehova. Hopolang hore ha ho hlokahale hore ngoana a be le tsebo e ngata joaloka batho ba baholo ba kolobelitsoeng, pele a tšoaneleha. Na ngoana oa lōna o utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele? Na o phela ka melao ea boitšoaro ea Bibele? Na o rata ho kopanela tšebeletsong le ho tsejoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Haeba ho joalo, baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea hore oa tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang.—Bona Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, maq. 79-82.
6. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho koetlisa bana ba bona?
6 Ho hloka boiteko ho ruta bana hore ba rorise Jehova ka lipelo tsa bona tsohle. Leha ho le joalo, hase lintho tse ngata tse thabisang batsoali ho feta ho bona bana ba bona ba hatela pele moeeng. Ntho ea bohlokoa haholo ke hore Jehova oa thaba ha bana ba bua ka mesebetsi ea hae e hlollang.