Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/92 leq. 11
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rorisa Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Thusang ba Bacha ho Hatela Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 10/92 leq. 11

Lebokose la Lipotso

◼ Bana ba banyenyane bao batsoali ba bona e leng Bakreste ba ka kopanela tšebeletsong ea tšimo ho isa boholeng bofe pele ba ka nkoa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang?

Batsoali ba Bakreste ba batla hore bana ba bona ba hōle hore e be bahlanka ba hōlileng moeeng, ba inehetseng ba Jehova. (1 Sam. 2:18, 26; Luka 2:40) Esita leha ba sa le lilemong tse tlaase, bana ba tsoang malapeng a Bakreste ba lokela ho bua ka mokhoa o hlakileng ha ba emela tumelo ea bona e thehiloeng Bibeleng. Khōlo ea moea ea bana e potlakisoa ke ha ba tsamaea le batsoali ba bona tšebeletsong ea tšimo ho tloha boseeng. Empa ke habohlokoa hore bana ba susumetsehe ho tsoa pelong e le hore ba thabele tšebeletso ea tšimo, ba lakatse ho fetoha bahoeletsi ba sa kolobetsoang, le hore ba tsoele pele ba kopanela mosebetsing oa boboleli oa ’Muso. Ho hlokahala koetliso e etsoang ka hloko ke batsoali. (1 Tim. 4:6; 2 Tim. 2:15) Bahoeletsi ba bang ba tšoanelehang ba ka thusa ka linako tse ling haeba batsoali ba lumela.—Bona buka Tšebeletso ea Rōna, maqephe 99-100.

Nakong ea ha bana ba itšoereng hantle ba tsamaea le batsoali ba bona ba Bakreste mosebetsing oa ntlo le ntlo, ba ithuta mokhoa oa ho kopanela tšebeletsong. Empa ba ke ke ba nkoa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang ho fihlela ha ba na le tekanyo e itseng ea tsebo le bohlale. Batsoali ba Bakreste ba ka etsa qeto ea hore na ke ho isa bohōleng bofe ngoana a ka kopanelang ho faneng ka bopaki nakong eo ba sebetsang hammoho le eena. Bana ba e-song ho nkoe joaloka bahoeletsi ba sa kolobetsoang ha baa lokela ho ea tšebeletsong ea tšimo ka bobona kapa ba tsamaee le bana ba bang ha ba le tšimong. Batsoali ba ka lokisetsa bana ba bona bakeng sa tšebeletso ea tšimo ’me ba ba lumella hore ba kopanele ka litsela tse fapa-fapaneng, joaloka ho bala lengolo, ho nehelana ka pampitšana kapa makasine, kapa ho bontša mong’a ntlo setšoantšo ho e ’ngoe ea likhatiso. Etlare ha ngoana a hōla, a ka khona ho kopanela haholoanyane puisanong.

Ha bana ba koetlisoa ka mokhoa o loketseng, ba ithuta ho utloisisa botebo ba tšebeletso ha ba arabela tataisong ea batsoali ba bona ’me ba itšoara ka mokhoa o laolehileng. Batsoali ha baa lokela ho siea bana ba bona bao e seng bahoeletsi ba sa kolobetsoang libokeng tsa tšebeletso ea tšimo, ba lebelletse hore ba bang ba ba hlokomelle bona. Batsoali ba nang le kameho ba hlokomela boikarabelo ba bona ba botho ba ho hlahloba mesebetsi ea bana ba bona. Ha e le hantle, bahoeletsi ba bang ba nang le boikarabelo ba ka ithaopela ho thusa ho koetlisa bana ba banyenyane ka phuthehong ba bontšang thahasello ea ’nete ea ho sebeletsa Jehova tšebeletsong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela