Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1993
LITAELO
Ka 1993 ho tla ba le litokisetso tse latelang ha ho tsamaisoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
LIBUKA: Bibele [biSU], “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” (Khatiso ea 1990) [siSU], Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo [sgSU], Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela [gtSU], Ho Bea Mabaka ka Mangolo [rsSU], le Lihlooho tsa Bibele tsa Puisano [tdSU] e tla ba tsona mohloli oa likabelo.
Sekolo se tla qala ka pina, thapelo, le mantsoe a kamohelo, ’me se tsoele pele ka mokhoa o latelang:
KABELO No. 1: Metsotso e 15. E lokela ho neheloa ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang. Lihlooho tsa puo ena li tla nkoa boitsebisong bo bukeng ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” kapa Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo. Kabelo ena e lokela ho fanoa e le puo ea taeo ea metsotso e 10 ho isa ho e 12 ’me e lateloe ke tlhahlobo ea molomo ea metsotso e 3 ho isa ho e 5, ho sebelisoa lipotso tse hatisitsoeng tse leng bukeng. Sepheo e se be feela ho akaretsa boitsebiso empa ho lebisa tlhokomelo molemong o sebetsang oa boitsebiso boo ho buisanoang ka bona, ho totobatsa lintlha tse tla fana ka thuso e khōlō phuthehong. Sehlooho se lokela ho khethoa ha ho hlokahala. Bohle ba khothalletsoa ho lokisetsa ka hloko esale pele hore ba rue molemo ka botlalo boitsebisong bona.
Baena ba abetsoeng puo ena ba lokela ho ba hlokolosi hore ba boloke nako eo ba e abetsoeng. Keletso e ka thōko e ka fanoa haeba ho hlokahala.
LINTLHA TSE KHŌLŌ TSA ’MALO OA BIBELE: Metsotso e 6. Lintlha tsena li buelloe ke molebeli oa sekolo kapa moholo e mong ea tšoanelehang kapa mohlanka ea sebeletsang ea li abetsoeng ke molebeli oa sekolo. E se be feela kakaretso ea ’malo o abiloeng. Ka mor’a ho fana ka kakaretso ea metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 ea likhaolo tse abetsoeng ho baloa, thusa bamameli ho utloisisa hore na ke hobane’ng hona ke joang ha boitsebiso boo bo leng molemo ho rōna. Hlahloba litokollo tsa Molula-Qhooa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ba lintlha tse khōlō. Ka mor’a moo molebeli oa sekolo o tla laela liithuti ho ea liklaseng tsa tsona tse fapaneng.
PUO No. 2: Metsotso e 5. Ona ke ’malo oa Bibele oa boitsebiso bo abiloeng ’me o fanoe ke moena. Kemiso e tšoanang e tla sebetsa sekolong se leng holong e khōlō le lihlopheng tse nyenyane. Hangata likarolo tse baloang li khutšoanyane ka ho lekaneng hoo seithuti se ka khonang ho etsa kenyelletso e khutšoanyane le litlhaloso tse koalang. Ho ka akarelletsoa taba ea histori, bohlokoa ba boprofeta kapa lithuto tsa Bibele, le kamoo melao-motheo e meng e sebetsang ka teng. Litemana tsohle tse abiloeng li lokela ho baloa ka ntle le ho khaotsa.
PUO No. 3: Metsotso e 5. Puo ena e tla abeloa bo-khaitseli. Lihlooho tsa puo ena li tla nkoa boitsebisong bo bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Seithuti se abetsoeng puo ena se lokela ho tseba ho bala. Ha seithuti se nehela puo, se ka ’na sa ema kapa sa lula. Molebeli oa sekolo o tla se abela mothusi a le mong, empa ho ka sebelisoa bathusi ba eketsehileng. Ho molemo hore boemo boo puo e neheloang ho bona (settings) e be ba tšebeletso ea tšimo kapa ba bopaki bo sa reroang. Ea fanang ka puo a ka qala puisano kapa (ba)mothusi a ka etsa joalo. Ntho ea bohlokoa e se be mokhoa oo puo e neheloang ka oona empa e be boitsebiso bo fanoang. Seithuti se lokela ho sebelisa sehlooho se fanoeng.
PUO No. 4: Metsotso e 5. E abeloa moena kapa khaitseli. Haeba e abetsoe moena, o lokela ho e nehela phuthehong eohle. Ho ka ba molemo ha moena a lokisetsa puo ea hae a hopotse bamameli ba leng Holong ea ’Muso, e le hore puo e be e nang le boitsebiso bo rutang le bo molemo ho ba e mametseng. Leha ho le joalo, haeba boitsebiso bo nyalana le kemiso e ’ngoe e sebetsang le e tšoanelehang ho bamameli, moena a ka khetha ho hōlisa puo ea hae ho lumellana le eona. Seithuti se lokela ho sebelisa sehlooho se fanoeng.
Ha puo ena e abetsoe khaitseli, boitsebiso bo tla fanoa ka tsela e tšoanang le ea Puo No. 3.
KELETSO LE LITLHALOSO: Ka mor’a hore seithuti ka seng se fane ka puo, molebeli oa sekolo o tla fana ka keletso e tobileng, ho sa hlokahale hore a latele lintlha tsa keletso tse thathamisitsoeng ka ho latellana leqetšoaneng la Keletso ea Puo. Ho fapana le hoo, o lokela ho hlokomela likarolo tseo seithuti se lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Haeba seithuti se tšoaneleha ho tšoauoa feela “H” ’me ho se ntlha ea keletso e tšoailoeng “N” kapa “S,” moeletsi o lokela ho etsa lesakana mabapi le karolo ea ntlha ea keletso eo seithuti se lokelang ho sebeletsa ho eona puong e latelang, ’me letšoao le tla ngoloa lebokoseng leo ka tloaelo ho ngoloang “H,” “N,” kapa “S.” O tla tsebisa seithuti ka sena hona mantsiboeeng ao le ho ngola ntlha ena ea keletso leqetšoaneng la seithuti la Kabelo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo (S-89). Ba fanang ka lipuo ba lokela ho lula litulong tse ka pele holong. Sena se tla boloka nako le ho thusa molebeli oa sekolo ho fana ka keletso e tobileng ho seithuti ka seng. Haeba nako e le teng ka mor’a ho fana ka keletso ea molomo e hlokahalang, moeletsi a ka hlalosa lintlha tse rutang le tse sebetsang tseo liithuti li sa kang tsa li akaretsa. Molebeli oa sekolo a hlokomele hore a se nke metsotso e fetang e ’meli ha a fana ka keletso le litlhaloso tse khutšoanyane ka mor’a puo ea seithuti ka seng. Haeba puo ea lintlha tse khōlō tsa Bibele e siile boitsebiso bo bong ba bohlokoa, ho ka fanoa ka keletso ka thōko.
HO LOKISETSA LIPUO: Baena ba fanang ka Kabelo No. 1 ba lokela ho ikhethela sehlooho ha ho hlokahala. Liithuti tse abetsoeng puo ea bobeli li lokela ho khetha sehlooho se tla li lumella ho akaretsa boitsebiso ka mokhoa o molemo haholo. Liithuti tse abetsoeng puo ea boraro le ea bone li lokela ho sebelisa sehlooho se fanoeng. Pele liithuti li fana ka puo, li lokela ho bala boitsebiso ba buka ea Tataiso ea Sekolo bo buang ka ntlha ea keletso eo li sebeletsang ho eona.
NAKO: Puo le keletso le litlhaloso tsa moeletsi le tsona ha lia lokela ho ja nako. Lipuo No. 2 ho ea ho 4 li lokela ho emisoa ka bohlale ha nako ea tsona e fetile. Ea abetsoeng ho etsa “pontšo ea ho emisa seithuti” o lokela ho etsa joalo kapele-pele. Ha baena ba fanang ka Kabelo No. 1 le ea lintlha tse khōlō tsa Bibele ba ja nako, ba lokela ho eletsoa ka thōko. Bohle ba lokela ho sheba nako ea bona ka hloko. Nako ea lenaneo lohle: metsotso e 45, ho sa akarelletsoe pina le thapelo.
TLHAHLOBO E NGOLOANG: Nako le nako ho tla ba le tlhahlobo e ngoloang. Bakeng sa ho e lokisetsa, ikhopotse boitsebiso bo neng bo abetsoe le ho qetella ’malo oa Bibele o abetsoeng. Ho tla sebelisoa Bibele feela tlhahlobong ena ea metsotso e 25. Nako e setseng e tla sebelisetsoa puisano ea lipotso le likarabo. Seithuti ka seng se tla tšoaea leqephe la sona. Molebeli oa sekolo o tla bala likarabo le ho lebisa tlhokomelo lipotsong tse batlang li le thata, ho thusa bohle ho utloisisa likarabo ka ho hlaka. Haeba, ka mabaka a itseng, maemo a sebaka sa lōna a le qobella, tlhahlobo e ngoloang e ka ngoloa bekeng e latelang ho fapana le kamoo ho bontšitsoeng ka teng kemisong.
LIPHUTHEHO TSE KHŌLŌ LE TSE NYENYANE: Liphutheho tse nang le liithuti tse ngolisitseng sekolong tse 50 kapa ho feta li ka rata ho lokisetsa lihlopha tse eketsehileng hore liithuti li fane lipuo tsa tsona pel’a baeletsi ba bang. Ho hlakile hore, batho ba sa kolobetsoang bao bophelo ba bona bo lumellanang le melao-motheo ea Bokreste le bona ba ka ngolisa sekolong le ho fuoa likabelo.
BA SA BENG TENG: Bohle ba ka phuthehong ba ka bontša kananelo sekolong sena ka hore ba etse boiteko ba ho ba teng lenaneong le leng le le leng la beke le beke, ka ho lokisetsa likabelo tsa bona hantle, le ho fana ka litlhaloso lipuong tse nang le lipotso. Ho tšeptjoa hore liithuti tsohle li tla nka likabelo tsa tsona ka botebo. Ha seithuti se le sieo nakong eo se abetsoeng puo, e mong a ka ithaopela kabelo eo, a sebelisa lintlha leha e le life tseo a ikutloang hore li loketse ho akaretsoa nakong eo e khutšoanyane eo a tsebisitsoeng ka eona. Kapa molebeli oa sekolo a ka akaretsa boitsebiso ka hore bamameli ba kopanele.
KEMISO
Jan. 4 ’Malo oa Bibele: 1 Samuele 25 ho ea ho 27
No. 1: sgSU maq. 84-8 lir. 1-9
No. 2: 1 Samuele 26:7-25
No. 3: Thuto ka Mohau (gtSU khao. 40)
No. 4: Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama ke Eng, ’me ho ‘Nkoa’ ho ba le Morena ha e le Hantle ho Bolela Eng? (rsSU leq. 157 ser. 1)
Jan. 11 ’Malo oa Bibele: 1 Samuele 28 ho ea ho 31
No. 1: 1 Samuele—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU maq. 57-8 lir. 27-35)
No. 2: 1 Samuele 30:7-25
No. 3: Jesu ke Mohloli oa Khanyetso (gtSU khao. 41)
No. 4: tdSU 11A Ke Hobane’ng ha Baholo-holo ba Shoeleng ba sa Lokela ho Rapeloa?
Jan. 18 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 1 ho ea ho 4
No. 1: Selelekela sa 2 Samuele (siSU leq. 59 lir. 1-5)
No. 2: 2 Samuele 1:1-4, 17-27
No. 3: Jesu o Nyatsa Bafarisi (gtSU khao. 42)
No. 4: Ke Bo-mang ba Tla ‘Nkeloa Marung’ ho ba le Morena? (rsSU leq. 157 ser. 2)
Jan. 25 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 5 ho ea ho 8
No. 1: sgSU maq. 88-90 lir. 10-15
No. 2: 2 Samuele 6:1-19
No. 3: Litšoantšo tse Hlano ha a Ntse a Palame Sekepe (gtSU khao. 43 lir. 1-8)
No. 4: tdSU 11B Le Hoja Batho ba ka Hlomphuoa ke Molimo Feela o Lokelang ho Rapeloa
Feb. 1 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 9 ho ea ho 12
No. 1: sgSU maq. 90-2 lir. 1-7
No. 2: 2 Samuele 10:1-14
No. 3: Kamoo Barutuoa ba Ruang Molemo Lithutong tsa Jesu (gtSU khao. 43 lir. 9-19)
No. 4: Ha Morena a ‘Theoha Leholimong,’ a ke ke a Bonahala (rsSU leq. 158 lir. 1, 2)
Feb. 8 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 13 ho ea ho 15
No. 1: sgSU maq. 92-5 lir. 8-18
No. 2: 2 Samuele 15:1-17
No. 3: Jesu o Hlohonolofatsa Barutuoa ba Hae ka Taeo e Eketsehileng (gtSU khao. 43 lir. 20-31)
No. 4: tdSU 15A Bokhopo bo Tla Felisoa Joang?
Feb. 15 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 16 ho ea ho 18
No. 1: sgSU maq. 96-9 lir. 1-10
No. 2: 2 Samuele 18:1-17
No. 3: Jesu o Khutsisa Sefefo se Tšosang (gtSU khao. 44)
No. 4: Ke ka Kutloisiso Efe Batho ba Tlang ho “Bona” Morena “a E-tla ka Leru”? (rsSU leq. 158 ser. 3)
Feb. 22 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 19 ho ea ho 21
No. 1: sgSU maq. 100-102 lir. 1-12
No. 2: 2 Samuele 19:1-14
No. 3: Motho ea Tšoeroeng ke Bademona o Fetoha Morutuoa (gtSU khao. 45)
No. 4: tdSU 15C Ke Hobane’ng ha Harmagedone e Tla ba Pontšo ea Lerato la Molimo?
Mar. 1 ’Malo oa Bibele: 2 Samuele 22 ho ea ho 24
No. 1: 2 Samuele—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU leq. 63 lir. 28-31)
No. 2: 2 Samuele 22:1-4, 24-36
No. 3: O Amile Kobo ea Hae (gtSU khao. 46)
No. 4: Lebaka Leo Bakreste ba ke Keng ba Nkeloa Leholimong ka ’Mele ea Bona ea Nama (rsSU leq. 159 lir. 1, 2)
Mar. 8 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 1 le 2
No. 1: Selelekela sa 1 Marena (siSU maq. 64-5 lir. 1-5)
No. 2: 1 Marena 1:32-48
No. 3: Likhapha li Fetoha Thabo e Khaphatsehang (gtSU khao. 47)
No. 4: tdSU 26A Kolobetso ke Tlhokahalo ea Bokreste
Mar. 15 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 3 ho ea ho 6
No. 1: sgSU maq. 103-8 lir. 13-21
No. 2: 1 Marena 3:10-28
No. 3: Jesu ha a Lumeloe ho sa Tsotellehe Mehlolo ea Hae (gtSU khao. 48)
No. 4: Na Bakreste ba Tšepahalang ba Tla Nkeloa Leholimong ka Lenyele, ba Nyamele Lefatšeng ba sa Shoe? (rsSU leq. 159 lir. 3, 4)
Mar. 22 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 7 le 8
No. 1: sgSU maq. 109-12 lir. 1-20
No. 2: 1 Marena 8:54-66
No. 3: Leeto la Boraro la Boboleli Galilea (gtSU khao. 49)
No. 4: tdSU 26B Kolobetso ha e Hlatsoe Libe
Mar. 29 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 9 ho ea ho 11
No. 1: sgSU maq. 113-16 lir. 1-16
No. 2: 1 Marena 10:1-13
No. 3: O Lokisetsa Barutuoa ba Hae ho Tobana le Mahloriso (gtSU khao. 50)
No. 4: Na Bakreste Bohle ba Tšepahalang ba Tla Tlosoa ka Mohlolo Lefatšeng Pele ho Mahlomola a Maholo? (rsSU leq. 160 lir. 1, 2)
Apr. 5 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 12 ho ea ho 14
No. 1: sgSU maq. 116-19 lir. 1-12
No. 2: 1 Marena 12:1-15
No. 3: Polao ka Letsatsi la Mokete oa Tsoalo (gtSU khao. 51)
No. 4: tdSU 3A Na ka Sebele Bibele e Bululetsoe?
Apr. 12 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 15 ho ea ho 17
No. 1: sgSU maq. 119-21 lir. 13-28
No. 2: 1 Marena 17:1-16
No. 3: Jesu o Fepa Likete ka Mohlolo (gtSU khao. 52)
No. 4: Bakreste ba Tla Sireletsoa Joang Mahlomoleng a Maholo? (rsSU leq. 160 lir. 3, 4)
Apr. 19 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 18 ho ea ho 20
No. 1: sgSU maq. 122-5 lir. 1-21
No. 2: 1 Marena 18:25-40
No. 3: Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi (gtSU khao. 53)
No. 4: tdSU 3C Lebaka Leo Bibele e Leng Tataiso e Sebetsang Mehleng ea Rōna
Apr. 26 Tlhahlobo e Ngoloang. Qetella 1 Samuele 25 ho ea ho 1 Marena 20
May 3 ’Malo oa Bibele: 1 Marena 21 le 22
No. 1: 1 Marena—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU maq. 68-9 lir. 23-26)
No. 2: 1 Marena 21:15-29
No. 3: Bohobe bo Tsoang Leholimong—Ke Mpho e Tsoang ho Mang? (gtSU khao. 54)
No. 4: Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Bang ba Nkeloa Leholimong, ’me na ba Tla Khutlela Lefatšeng Hore ba Phele ka ho sa Feleng? (rsSU leq. 161 lir. 4-7)
May 10 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 1 ho ea ho 3
No. 1: Selelekela sa 2 Marena (siSU leq. 69 lir. 1-4)
No. 2: 2 Marena 2:1-14
No. 3: Lebaka le Etsang Hore ba Bangata ba Khaotse ho Latela Jesu (gtSU khao. 55)
No. 4: tdSU 3F Bibele e Ngolletsoe Bo-mang?
May 17 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 4 ho ea ho 6
No. 1: sgSU maq. 126-9 lir. 1-22
No. 2: 2 Marena 5:1-14
No. 3: Ke Eng e Silafatsang Motho? (gtSU khao. 56)
No. 4: Bibele ha e Tšehetse Thuto ea ho Tsoaloa Hangata (rsSU leq. 173 ser. 1 ho ea ho leq. 175 ser. 2)
May 24 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 7 ho ea ho 9
No. 1: sgSU maq. 130-3 lir. 1-20
No. 2: 2 Marena 9:1-14
No. 3: Jesu o Utloela ba Saretsoeng Bohloko (gtSU khao. 57)
No. 4: tdSU 37A Litšelo tsa Mali ha li Hlomphe Khalalelo ea Mali
May 31 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 10 ho ea ho 12
No. 1: sgSU maq. 133-5 lir. 1-8
No. 2: 2 Marena 10:15-30
No. 3: Jesu o Lokisa Maikutlo a Fosahetseng (gtSU khao. 58)
No. 4: Thuto ea Bibele ka Sephefumolohi le Lefu ha e Lumelle ho Tsoaloa Hangata (rsSU leq. 175 ser. 3 ho ea ho leq. 176 ser. 2)
June 7 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 13 ho ea ho 15
No. 1: sgSU maq. 135-8 lir. 9-21
No. 2: 2 Marena 13:14-25
No. 3: Ha e le Hantle Jesu ke Mang? (gtSU khao. 59)
No. 4: tdSU 37B Na Motho o Lokela ho Boloka Bophelo ba Hae Joang Kapa Joang?
June 14 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 16 ho ea ho 18
No. 1: sgSU maq. 138-42 lir. 1-19
No. 2: 2 Marena 17:1-15
No. 3: Ho Bona Khanya ea Kreste ’Musong Pele ho Nako (gtSU khao. 60)
No. 4: Ho na le Phapang Efe Pakeng tsa ho Tsoaloa Hangata le Tšepo e Leng ka Bibeleng? (rsSU leq. 176 lir. 3, 4)
June 21 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 19 ho ea ho 22
No. 1: sgSU maq. 142-5 lir. 1-15
No. 2: 2 Marena 19:14-28, 35
No. 3: Matla a Tumelo (gtSU khao. 61)
No. 4: tdSU 16A Re Tseba Joang Hore Mehla ea Balichaba e Felile ka 1914?
June 28 ’Malo oa Bibele: 2 Marena 23 ho ea ho 25
No. 1: 2 Marena—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU leq. 74 lir. 33-36)
No. 2: 2 Marena 23:1-15
No. 3: Thuto ea Boikokobetso (gtSU khao. 62)
No. 4: Ke Hobane’ng ha ho na le Malumeli a Mangata Hakaale, Hona Mosusumelletsi oa Oona ke Mang? (rsSU leq. 71 ser. 4 ho ea ho leq. 72 ser. 1)
July 5 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 1 ho ea ho 3
No. 1: Selelekela sa 1 Likronike (siSU maq. 75-6 lir. 1-7)
No. 2: 1 Likronike 3:1-16
No. 3: Itebele Khahlanong le ho Khopisa ba Bang (gtSU khao. 63)
No. 4: tdSU 24A Kereke ea ’Nete ke Efe ’me Motheo oa Eona ke Mang?
July 12 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 4 ho ea ho 6
No. 1: sgSU maq. 145-9 lir. 16-34
No. 2: 1 Likronike 5:1-17
No. 3: Thuto ea ho Tšoarela (gtSU khao. 64)
No. 4: Lebaka Leo Eseng Malumeli ’Ohle a Amohelehang ho Molimo (rsSU leq. 72 ser. 2 ho ea ho leq. 73 ser. 3)
July 19 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 7 ho ea ho 10
No. 1: sgSU maq. 149-50 lir. 1-8
No. 2: 1 Likronike 7:1-12
No. 3: Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema (gtSU khao. 65)
No. 4: tdSU 24D Na Petrose ke “Lefika”?
July 26 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 11 ho ea ho 14
No. 1: sgSU maq. 151-3 lir. 9-21
No. 2: 1 Likronike 13:1-14
No. 3: Kotsi Moketeng oa Metlotloane (gtSU khao. 66)
No. 4: Nako e Loketseng ea ho Tlohela Bolumeli ba Batsoali ba Motho (rsSU leq. 73 ser. 4 ho ea ho leq. 74 ser. 2)
Aug. 2 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 15 ho ea ho 18
No. 1: sgSU maq. 154-6 lir. 1-14
No. 2: 1 Likronike 17:1-15
No. 3: Lebaka Leo Liofisiri li Hlōlehang ho Tšoara Jesu (gtSU khao. 67)
No. 4: tdSU 50A Na Saense ea ’Nete e Lumellana le Bibele?
Aug. 9 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 19 ho ea ho 22
No. 1: sgSU maq. 156-8 lir. 15-24
No. 2: 1 Likronike 22:6-19
No. 3: Tšimoloho ea Jesu ea Bomolimo le Bokamoso ba Hae Leholimong (gtSU khao. 68 lir. 1-11)
No. 4: Pono ea Bibele ka Tumelo e Kopanetsoeng (rsSU leq. 74 ser. 3 ho ea ho leq. 75 ser. 3)
Aug. 16 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 23 ho ea ho 26
No. 1: sgSU maq. 159-60 lir. 1-9
No. 2: 1 Likronike 23:1-5, 24-32
No. 3: ’Nete e Lokollang Batho (gtSU khao. 68 lir. 12-16)
No. 4: tdSU 50B Na Letsatsi la Pōpo le Bolelele ba Lihora tse 24?
Aug. 23 ’Malo oa Bibele: 1 Likronike 27 ho ea ho 29
No. 1: 1 Likronike—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU maq. 78-9 lir. 22-25)
No. 2: 1 Likronike 27:23-34
No. 3: Ho Tsekoa Ntate (gtSU khao. 69)
No. 4: Lebaka Leo Bolumeli ba ’Nete e Lokelang ho ba bo Hlophisitsoeng (rsSU leq. 75 ser. 4 ho ea ho leq. 76 ser. 4)
Aug. 30 Tlhahlobo e Ngoloang. Qetella 1 Marena 21 ho ea ho 1 Likronike 29
Sept. 6 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 1 ho ea ho 5
No. 1: Selelekela sa 2 Likronike (siSU maq. 79-80 lir. 1-6)
No. 2: 2 Likronike 5:1-14
No. 3: Ho Folisoa Monna ea Tsoetsoeng e le Sefofu (gtSU khao. 70)
No. 4: tdSU 53A Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile e Fanyehoa Thupeng ea Tlhokofatso?
Sept. 13 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 6 ho ea ho 8
No. 1: sgSU maq. 161-3 lir. 10-24
No. 2: 2 Likronike 7:1-16
No. 3: Mokōpa-kōpa o Ferekanya Bafarisi (gtSU khao. 71)
No. 4: Lebaka Leo ho Hlokahalang ho Fetang ho Rata Batho ba Bang (rsSU leq. 76 ser. 6)
Sept. 20 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 9 ho ea ho 12
No. 1: sgSU maq. 164-5 lir. 1-9
No. 2: 2 Likronike 9:1-14
No. 3: Jesu o Roma ba 70 (gtSU khao. 72)
No. 4: tdSU 53B Na Bakreste ba Lokela ho Rapela Sefapano?
Sept. 27 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 13 ho ea ho 17
No. 1: sgSU maq. 166-8 lir. 10-21
No. 2: 2 Likronike 13:8-22
No. 3: Ha e le Hantle Moahelani oa Rōna ke Mang? (gtSU khao. 73)
No. 4: Lebaka Leo ho Hlokahalang ho Fetang Feela Kamano ea Botho le Molimo (rsSU leq. 77 lir. 1, 2)
Oct. 4 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 18 ho ea ho 21
No. 1: sgSU maq. 168-70 lir. 1-14
No. 2: 2 Likronike 19:1-11
No. 3: Taeo ea Jesu ho Maretha (gtSU khao. 74 lir. 1-5)
No. 4: tdSU 28A Ke Hobane’ng ha Motho a Shoa?
Oct. 11 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 22 ho ea ho 25
No. 1: sgSU maq. 170-2 lir. 15-22
No. 2: 2 Likronike 23:1-15
No. 3: Bohlokoa ba ho Tiisetsa Thapelong (gtSU khao. 74 lir. 6-9)
No. 4: Lebaka Leo ho Bala Bibele Feela ho sa Lekanang (rsSU leq. 77 ser. 3 ho ea ho leq. 78 ser. 1)
Oct. 18 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 26 ho ea ho 28
No. 1: sgSU maq. 172-5 lir. 1-13
No. 2: 2 Likronike 26:11-23
No. 3: Karabelo e Nepahetseng Mehlolong ea Jesu (gtSU khao. 75)
No. 4: tdSU 28B Boemo ba Bafu ke Bofe?
Oct. 25 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 29 le 30
No. 1: sgSU maq. 175-8 lir. 1-14
No. 2: 2 Likronike 30:1-12
No. 3: Jesu o Pepesa Bafarisi le Babuelli ba Molao (gtSU khao. 76)
No. 4: Bolumeli bo Nepahetseng bo Theiloe Bibeleng ’me bo Tsebahatsa Lebitso la Molimo (rsSU leq. 78 lir. 2, 3)
Nov. 1 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 31 ho ea ho 33
No. 1: sgSU maq. 178-81 lir. 15-29
No. 2: 2 Likronike 32:10-22
No. 3: Jesu o Arabela Potso ea Lefa (gtSU khao. 77)
No. 4: tdSU 28C Na ho Bua le Bafu ho ka Etsahala?
Nov. 8 ’Malo oa Bibele: 2 Likronike 34 ho ea ho 36
No. 1: 2 Likronike—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU leq. 84 lir. 34-36)
No. 2: 2 Likronike 34:22-33
No. 3: Jesu o Phehella Barutuoa ba Hae Hore ba Lule ba Itokiselitse ho Khutla ha Hae (gtSU khao. 78)
No. 4: Bolumeli bo Nepahetseng bo Bontša Tumelo ea ’Nete ho Jesu Kreste (rsSU leq. 78 ser. 4)
Nov. 15 ’Malo oa Bibele: Esdrase 1 ho ea ho 3
No. 1: Selelekela sa Esdrase (siSU leq. 85 lir. 1-7)
No. 2: Esdrase 3:1-13
No. 3: Ho Lahloa Sechaba, Empa Eseng Kaofela (gtSU khao. 79 lir. 1-5)
No. 4: tdSU 14A Diabolose ke Mang?
Nov. 22 ’Malo oa Bibele: Esdrase 4 ho ea ho 7
No. 1: sgSU maq. 181-4 lir. 1-14
No. 2: Esdrase 6:1-13
No. 3: Ho Nyatsa ba Ipelaetsang ka ho Folisa ka Sabbata (gtSU khao. 79 lir. 6-9)
No. 4: Bolumeli ba ’Nete Hase Haholo-holo Litšebeletso Empa ke Tsela ea Bophelo (rsSU leq. 78 ser. 5)
Nov. 29 ’Malo oa Bibele: Esdrase 8 ho ea ho 10
No. 1: Esdrase—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU leq. 87 lir. 14-18)
No. 2: Esdrase 9:1-9, 15
No. 3: Masaka a Linku le Molisa (gtSU khao. 80)
No. 4: tdSU 14B ’Musi oa Lefatše ke Mang?
Dec. 6 ’Malo oa Bibele: Nehemia 1 ho ea ho 3
No. 1: Selelekela sa Nehemia (siSU leq. 88 lir. 1-5)
No. 2: Nehemia 3:1-14
No. 3: Lebaka Leo ba Lekang ho Bolaea Jesu (gtSU khao. 81)
No. 4: Litho tsa Bolumeli bo Nepahetseng Lia Ratana ’me li Ipoloka li Arohile Lefatšeng (rsSU leq. 79 lir. 1, 2)
Dec. 13 ’Malo oa Bibele: Nehemia 4 ho ea ho 6
No. 1: sgSU maq. 184-7 lir. 15-34
No. 2: Nehemia 6:1-13
No. 3: Ke Mang ea ke Keng a Bolokeha? (gtSU khao. 82 lir. 1-6)
No. 4: tdSU 14D Mademona a Simolohile Hokae?
Dec. 20 ’Malo oa Bibele: Nehemia 7 le 8
No. 1: sgSU maq. 188-91 lir. 1-13
No. 2: Nehemia 8:1-12
No. 3: Mesebetsi eo a e Etsang ha a Le Tseleng e Eang Jerusalema (gtSU khao. 82 lir. 7-11)
No. 4: Litho Tsohle tsa Bolumeli bo Nepahetseng ke Lipaki tse Mafolo-folo (rsSU leq. 79 ser. 3)
Dec. 27 Tlhahlobo e Ngoloang. Qetella 2 Likronike 1 ho ea ho Nehemia 8