Khaolo ea 70
Ho Folisoa Monna ea Tsoetsoeng e le Sefofu
HA BAJODE ba leka ho tlepetsa Jesu ka majoe, ha a tlohe Jerusalema. Hamorao, ka Sabbatha, eena le barutuoa ba hae ba ntse ba tsamaea motseng ’me ba bona monna e mong ea tsoetsoeng e le sefofu. Barutuoa ba botsa Jesu: “Rabbi, ke mang ea sitiloeng, kapa eena, kapa batsoali ba hae, ha e le moo a tsoetsoe a foufetse?”
Joaloka bo-rabbi ba bang, mohlomong barutuoa ba lumela hore motho a ka sitoa a sa ntsane a le pōpelong ea ’m’ae. Empa Jesu oa arabela: “Ha hoa sitoa eena, leha e le batsoali ba hae, empa e le hore mesebetsi ea Molimo e bonahatsoe ka eena.” Bofofu ba monna eo hase phello ea phoso e itseng kapa sebe se entsoeng ke monna eo kapa batsoali ba hae. Sebe sa motho oa pele Adama se ile sa fella ka hore batho bohle e be ba sa phethahalang, ’me ka hona ba ka hlaseloa ke mefokolo e kang ea ho tsoaloa ba foufetse. Mofokolo ona o ho monna enoa joale o fana ka monyetla oa hore Jesu a bonahatse mesebetsi ea Molimo.
Jesu o hatella ho potlaka ha ho etsa mesebetsi ena. O re: “E ka khona ke etse mesebetsi ea ea nthomileng, letsatsi le e-so ho likele; bosiu boa tla, boo motho a sitoang ho sebetsa ka jona. Ha ke sa le lefatšeng, ke leseli la lefatše.” Haufinyane lefu la Jesu le tla mo kenya lefifing lebitleng moo ho seng ho se letho leo a ka hlolang a le etsa. Pele hoo ho etsahala, ke mohloli oa leseli lefatšeng.
Ka mora’ ho bua lintho tsena, Jesu o tšoela mathe fatše ’me o luba seretse ka mathe ao. O neta mahlo a monna eo oa sofofu ka seretse sena ’me o re: “Ea iphotla letšeng la Siloe.” Monna eo o phetha taelo eo. ’Me hoba a etse joalo, o-oa bona! O thabile hakaakang ha a khutla, ha a bona ka lekhetlo la pele bophelong ba hae!
Baahisani ba hae le ba bang ba mo tsebang ba hloletsoe. Baa botsa: “Na enoa hase ea neng a lula a kōpa na?” Ba bang ba araba, “Ke eena.” Empa ba bang ha ba kholoe: “O tšoana le eena.” Empa monna eo o re: “Ke ’na.”
Batho bao ba batla ho tseba: “Mahlo a hao a tutubolohile ka mokhoa o joang?”
“Motho ea bitsoang Jesu o entse seretse, ’me o ’netile mahlo ka sona, a ntoo re ho ’na: E-ea letšeng la Siloe, u iphotle. Ke ile, ’me hobane ke iphotle, ka bona.”
Baa botsa: “Eo o kae?”
Oa arabela: “Ha ke tsebe.”
Joale batho ba isa monna eo e kileng ea e-ba sefofu ho baetapele ba bona ba bolumeli, Bafarisi. Bana le bona ba qala ho ’motsa hore na o khonne ho bona joang. Monna eo oa hlalosa: “O mpeile seretse mahlong, ’me ka iphotla, ka ba ka bona.”
Ka sebele, Bafarisi bao ba lokela ho nyakalla le mokōpa-kōpa o folisitsoeng! Empa ho e-na le hoo, ba nyatsa Jesu. Ba bolela hore: “Motho eo hase oa Molimo.” Ba rialo hobane’ng? “Hobane ha a boloke sabbatha.” Empa Bafarisi ba bang baa makala: “Motho oa moetsalibe a ka etsa joang mehlolo e kale ka oo na?” Kahoo ho na le karohano pakeng tsa bona.
Eaba ba botsa monna eo: “Uena, u re’ng ka eena, ha a u tutubolotse mahlo?”
Oa arabela: “Ke moprofeta.”
Bafarisi ba hana ho lumela sena. Ba kholisehile hore e tlameha ebe ho na le ’mommori pakeng tsa Jesu le monna enoa e le hore ba ka thetsa batho. Kahoo ho khaola khang, ba bitsa batsoali ba mokōpa-kōpa hore ba ba hlome lipotso. Johanne 8:59; 9:1-18.
▪ Bofofu ba monna eo bo ne bo bakiloe ke eng, ’me bo ne bo sa bakoa ke eng?
▪ Bosiu boo ka bona ho seng ho se motho ea ka hlolang a sebetsa ke bofe?
▪ Ha monna eo a folisoa, ba neng ba mo tseba ba itšoara joang?
▪ Bafarisi ba ne ba arohane ka maikutlo joang tabeng ea ho folisoa ha monna eo?