Khaolo ea 77
Bothata ba Lefa
KA HO hlakileng batho ba tseba hantle hore Jesu o ntse a e-ja tlung ea Mofarisi. Ka hona ba phutheha ka likete kantle ’me ba laletse ha Jesu a tsoela kantle. Ho fapana le Bafarisi ba hanyetsang Jesu ’me ba leka ho mo tšoasa hore a bue ho hong ho phoso, batho ka cheseho ba mo mamela ka kananelo.
Ha a qala pele ka barutuoa ba hae, Jesu o re: “Le tšabe litomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.” Joalokaha ho ile ha bonahala nakong ea lijo, tsamaiso eohle ea bolumeli ea Bafarisi e tletse boikaketsi. Empa le hoja bokhopo ba Bafarisi e ka ’na eaba bo koahetsoe ke ho bonahala eka ba inehetse bolumeling, qetellong bo tla pepesoa. Jesu o re: “Ha ho letho le koahetsoeng le sa tl’o ka le koaholloa, leha ele ntho e patiloeng e sa tl’o ka e tsejoa.”
Jesu o tsoela pele ho pheta khothatso eo a ileng a e fa ba 12 ha a ne a ba romela leetong la ho bolela Galilea. O re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ’me kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang.” Kaha Molimo ha o lebale esita le serobele se le seng, Jesu o tiisetsa balateli ba hae hore Molimo o ke ke oa ba lebala. Oa bolela: “Etlare ha ba le isa masynagogeng, le pel’a baholo le babusi, . . . Moea o Halalelang o tla le ruta, ka eona nako eo, seo le tšoanetseng ho se bolela.”
Monna e mong har’a bongata oa bua. Oa kōpa: “Moruti, bolella ngoan’eso hore a arolelane lefa le ’na.” Molao oa Moshe o tiisa hore mora oa letsibolo o lokela ho amohela likarolo tse peli tsa lefa, ka hona ha hoa lokela ho ba le lebaka la ho tseka. Empa ho hlakile hore monna enoa o batla karolo ea lefa e fetang eo a lokelang ho e fumana.
Ka ho loketseng Jesu o hana ho itšunya-tšunya. Oa botsa: “Monna, ke mang ea mpeileng moahloli, leha e le moaroleli oa lōna?” Joale o fa bongata keletso ena ea bohlokoa: “Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” E, ho sa tsotellehe hore na motho a ka ba le lintho tse ngata hakae, ha e le hantle o tla shoa ’me a li siee kaofela. Ho hatisa ’nete ena, haesita le ho bontša bothoto ba ho hlōleha ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo, Jesu o sebelisa papiso. Oa hlalosa:
“Masimo a morui a na a beile haholo. Eaba o nahana ka ho eena, a re: “Ke tla etsa joang; hobane ha ke na moo nka bokellang lijo tsa ka teng? A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha meliko ea ka, ke hahe e meholo; ’me le tla bokella teng lijo tsa ka kaofela le mesebetsi ea ka; ’me ke tla re ho moea oa ka: Moea, u na le mesebetsi e mengata e bokelletsoeng lilemo tse ngata; phomola, u je, u noe, u nyakalle. Empa Molimo oa re ho eena: Leoatla tooe! Ka bona bosiu bona, moea oa hao o tla latoa ho uena; ’me lintho tseo u li lokisitseng, e tla ba tsa mang na?”
Ha a qetella, Jesu oa hlokomela: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.” Le hoja barutuoa ba ke ke ba tšoasoa ke bothoto ba ho bokella leruo, ka bonolo ba ka sitisoa ho sebeletsa Jehova ka moea oohle ke lipelaelo tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo. Ka hona Jesu o sebelisa boemo bona ho pheta keletso e ntle eo a kileng a e fana hoo e ka bang selemo le halofo pejana Thutong ea Thabeng. Ha a retelehela ho barutuoa ba hae, o re:
“Ka baka leo, ke re ho lōna: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa ’mele, ka seo le tla se apara. . . . Lemohang makhoaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le moliko; ’me Molimo oa a fepa. . . . Lemohang likhahla kamoo li melang kateng; ha li sebetse, ha li ohle; leha ho le joalo, ke re ho lōna: Esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona. . . .
“Ka baka leo le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se noa, ’me le se ke la ipelaetsa; hobane lintho tseo kaofela li batloa ke lichaba tsa lefatše; empa Ntat’a lōna o tseba hobane lea li hloka; le mpe le batle ’muso oa Molimo pele, ’me ntho tseo kaofela le tla li ekeletsoa.”
Mantsoe a Jesu a lokela ho eloa hloko haholo-holo nakong tsa khatello ea moruo. Motho ea belaelang ho tlōlisa ka litlhoko tsa hae tse bonahalang ’me a qala ho nyehlisa lithahasellong tsa moea, ha e le hantle o bontša ho haelloa ke tumelo matleng a Molimo a ho etsetsa bahlanka ba Hae lintho. Luka 12:1-31; Deuteronoma 21:17.
▪ Mohlomong, ke hobane’ng ha monna eo a ile a botsa ka lefa, ’me Jesu o ile a fana ka keletso efe?
▪ Jesu o ile a sebelisa papiso efe, ’me sepheo sa eona e ne e le sefe?
▪ Jesu o pheta keletso efe, ’me ke hobane’ng ha e loketse?