Khaolo ea 35
Thuto e Tsebisahalang Haholo e Kileng ea Fanoa
KE PONO e ’ngoe ea tse hopolehang ka ho fetisisa historing ea Bibele: Jesu o lutse letsoapong la thaba, o fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e tsebisahalang. Sebaka ke haufi le Leoatle la Galilea, mohlomong haufi haholo le Kapernauma. Hoba a qete bosiu bohle a rapela, Jesu o sa tsoa khetha barutuoa ba hae ba 12 hore e be baapostola. Joale, a e-na le bona kaofela, o ne a theohetse sebakeng se motsitsa thabeng.
Ho tla fihlela joale, u ne u tla nahana hore, Jesu o ne a tla be a khathetse haholo ’me a batla ho robala. Empa matšoele a maholo a tlile, ba bang ba tsoa hōle joaloka Judea le Jerusalema, lik’hilomithara tse 100 ho isa ho tse 110. Ba bang ba tsoa lebōpong la leoatle la Tire le Sidone le ka leboea. Ba tlile ho tla mamela Jesu le ho phekoloa mafu a bona. Ho bile ho na le batho ba tšoenngoang ke bademona, mangeloi a khopo a Satane.
Ha Jesu a theoha, batho ba kulang ba atamela hore ba mo ame, ’me o ba phekola kaofela. Ka mor’a moo, ho bonahala Jesu a hloella sebakeng se holingoana thabeng. Moo o lula fatše ’me o qala ho ruta matšoele a qhalakaneng motsitseng o ka pel’a hae. Ak’u nahane ka sena! Ha ho motho lea mong har’a bamameli bohle ea hlokofatsoang ke lefu le tebileng!
Batho ba chesehela ho utloa moruti ea khonang ho etsa mehlolo ena e tsotehang. Leha ho le joalo, Jesu o fana ka puo ea hae haholo-holo molemong oa barutuoa ba hae, bao mohlomong ba mo pota-potileng. Hore le rōna re ka rua molemo, Mattheu le Luka ba ngotse tlaleho ena.
Tlaleho ea Mattheu ea thuto eo e telele ho feta ea Luka ka makhetlo a ka bang mane. Ho feta moo, likarolo tse ling tsa tlaleho ea Mattheu, Luka o li ngola e le tseo Jesu a li buileng ka lekhetlo le leng tšebeletsong ea hae, joalokaha ho hlokomeleha ha ho bapisoa Mattheu 6:9-13 le Luka 11:1-4, Mattheu 6:25-34 le Luka 12:22-31. Leha ho le joalo, hona ha hoa lokela ho makatsa. Ka ho hlakileng Jesu o rutile lintho tse tšoanang ka makhetlo a ’maloa, ’me Luka o ikhethetse ho tlaleha tse ling tsa lithuto tsena boemong bo fapaneng.
Se etsang hore thuto ea Jesu e be ea bohlokoa hakana hase feela botebo ba seo e se jereng moeeng empa bonolo le ho hlaka tseo a faneng linnete tsena ka tsona. O ne a bua ka liphihlelo tse tloaelehileng ’me a sebelisa lintho tseo batho ba li tloaetseng, kahoo a etsa hore maikutlo a hae a utloisisoe habonolo ke bohle ba batlang bophelo bo molemo ka tsela ea Molimo.
Ke Bo-mang ba Thabileng Kannete?
Motho e mong le e mong o batla ho thaba. A hlokometse sena, Jesu o qala Thuto ea hae ea Thabeng ka ho hlalosa bao kannete ba thabileng. Joalokaha re ka lebella, sena kapele se hapa tlhokomelo ea letšoele la hae la bamameli. Leha ho le joalo, mantsoe a hae a selelekela a tlameha ho utloahala a loantšana ho ba bangata.
Jesu o qala a tobisitse litlhaloso tsa hae ho barutuoa ba hae: “Ho thabile lōna bafumanehi, hobane ’muso oa Molimo ke oa lōna. Ho thabile lōna ba lapileng joale, hobane le tla khorisoa. Ho thabile lōna ba llang joale, hobane le tla tšeha. Ho thabile lōna neng le neng ha batho ba le hloea . . . Nyakallang letsatsing leo ’me le thenthetse, hobane, bonang! moputso oa lōna o moholo leholimong.”
Ena ke tlaleho ea Luka ea selelekela sa thuto ea Jesu. Empa ho latela tlaleho ea Mattheu, Jesu o boetse o re ba bonolo, ba mohau, ba pelo li hloekileng, le ba bōpang khotso ba thabile. Jesu o bontša hore bana ba thabile hobane ba tla rua lefatše, ba tla hauheloa, ba tla bona Molimo, ’me ba tla bitsoa bara ba Molimo.
Leha ho le joalo, seo Jesu a se bolelang ka ho thaba hase feela ho nyakalla kapa ho bobotheha joalokaha motho a natefetsoe. Thabo ea ’nete e tebile haholoanyane, e fana ka maikutlo a ho khotsofala, boikutlo ba ho se ngongorehe le ba thabo bophelong.
Ka hona Jesu o bontša hore bao kannete ba thabileng ke batho ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, ba soabisoang ke boemo ba bona ba boetsalibe, ’me ba tseba Molimo le ho o sebeletsa. Ka hona, le haeba ba hlouoa kapa ba hlorisetsoa ho etsa thato ea Molimo, ba thabile hobane baa tseba hore ba thabisa Molimo ’me ba tla fumana moputso oa hae oa bophelo bo sa feleng.
Leha ho le joalo, boholo ba bamameli ba Jesu, feela joaloka batho ba bang kajeno, bo lumela hore ho ateloa ke lintho le ho thabela menate ke hona ho thabisang motho. Jesu o tseba ka mokhoa o mong. Ha a fana ka papiso e tlamehang ho makatsa boholo ba bamameli ba hae, o re:
“Ho malimabe lōna batho ba ruileng, hobane le se le amohetse matšeliso a lōna. Ho malimabe lōna ba khotšeng hona joale, hobane le tla lapa. Ho malimabe, lōna ba tšehang hona joale, hobane le tla hlomoha le lle. Le malimabe neng le neng ha batho ba le bua hantle, hobane bo-ntat’a bona ba entse baprofeta ba bohata lintho tse joalo.”
Jesu o bolela eng? Ke hobane’ng ha ho ba le maruo, ho phehella menyaka ka thabo, le ho thabela lithoriso tsa batho ho tlisa bomalimabe? Ke hobane ha motho a e-na le lintho tsena, ’me a li rata haholo joale ho sebeletsa Molimo, hoo e leng hona feela ho tlisang thabo ea ’nete, ho qheleloa ka thōko bophelong ba hae. Ka nako e tšoanang, Jesu o ne a sa bolele hore ho futsaneha feela, ho lapa le ho hlomoha ho thabisa motho. Leha ho le joalo, hangata batho ba joalo ba haelloang ke lintho tsa bohlokoa ba ka amohela lithuto tsa Jesu ka hona ba hlohonolofatsoa ka thabo ea ’nete.
Ka mor’a moo, Jesu o re ho barutuoa ba hae: “Le letsoai la lefatše.” Ha e le hantle, ha a bolele hore ke letsoai la sebele. Ho e-na le hoo, letsoai ke ntho e bolokang lijo hore li se bole. Qubu e khōlō ea lona e ne e le haufi le aletare ea tempele ea Jehova ’me baprista ba sebeletsang ba ne ba le sebelisa ho nōka linyehelo.
Barutuoa ba Jesu ke “letsoai la lefatše” ka kutloisiso ea hore ba na le tšusumetso e bolokang bathong. Ruri molaetsa oo ba fanang ka ’ona o tla boloka bophelo ba bohle ba o amohelang! O tla tlisa bophelong ba batho ba joalo litšobotsi tsa ho mamella, botšepehi, le bokhabane tse tla ba thibela hore ba se oele tšenyehong efe kapa efe ea moea kapa ea boitšoaro.
Jesu o bolella barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” Lebone ha le koaheloe ka nkho empa le beoa seluloaneng sa lona, kahoo Jesu o re: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo.” Barutuoa ba Jesu ba etsa sena ka bopaki ba bona ba pontšeng, hammoho le ho sebeletsa e le mehlala e khanyang ea boitšoaro bo lumellanang le melao-motheo ea Bibele.
Tekanyetso e Phahameng Bakeng sa Balateli ba Hae
Baeta-pele ba bolumeli ba talima Jesu e le motlōli oa Molao oa Molimo ka hona ba rera ho ’molaea. Ha Jesu a tsoela pele ka Thuto ea hae ea Thabeng, oa hlalosa: “Le se ke la hlōma ekaba ke tlile ho felisa molao, leha e le baprofeta; ha kea tla ho felisa, ke mpa ke tlile ho phetha.”
Jesu o ne a hlonepha Molao oa Molimo ’me a khothalletsa ba bang ho etsa ho tšoanang. Ha e le hantle, o itse: “Ka baka leo, ea tlōlang o mong o monyenyane oa melao eo, ’me a ruta batho ho etsa joalo, o tla bitsoa e monyenyane ’musong oa maholimo,” ho bolelang hore motho ea joalo ho hang a ke ke a kena ’Musong.
Ho e-na le hore Jesu a nyelise Molao oa Molimo, o ne a nyatsa esita le maikutlo a tlatsetsang ho o roba. Ka mor’a ho qolla hore Molao o re: “U se ke ua bolaea,” Jesu a phaella: “Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea halefelang ngoan’abo feela, o tla tšoaneloa ke kahlolo.”
Erekaha ho halefela motsoalle ho le kotsi, mohlomong le ho isa polaong, Jesu o bontša hore na ke ho fihla bohōleng bofe motho a lokelang ho batla khotso. Oa laela: “Ka baka leo, ha u hlahisa kabelo ea hao [ea sehlabelo] aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.”
Ha Jesu a qotsa molao oa bosupa oa Melao e Shome, o tsoela pele: “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua feba.” Leha ho le joalo, Jesu o nyatsa le maikutlo a fokolang feela a bofebe. “Motho leha e ka ba mang le mang, ea talimang [“ka ho sa khaotseng,” NW] mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.”
Jesu ha a bue ka boikutlo bo bobe bo fetang kamano ea liphate empa ka ‘ho talima ho sa khaotseng.’ Ho talimela ruri ho joalo ho tsosa takatso, ha monyetla o hlaha, e ka isang bofebeng. Motho a ka thibela hona joang? Jesu o bontšitse mehato e matla e ka hlokahalang, ha a re: “Ekare ha leihlo la hao le letona le u lihela, u le honye, ’me u le lahlele hole le uena. . . . Hape, ha letsoho la hao le letona le u lihela, u le pome, ’me u le lahlele hole le uena.”
Hangata batho ba ikemiselitse ho tela setho sa sebele sa ’mele se kulang ho boloka bophelo ba bona. Empa ho ea ka Jesu, ke habohlokoa haholo ho ‘lahla’ ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le ntho e bohlokoa joaloka leihlo kapa letsoho, ho qoba menahano le liketso tse litšila. Ho seng joalo, Jesu o hlalosa hore batho ba joalo ba tla akheloa Gehenna (thotobolo ea matlakala e tukang haufi le Jerusalema), e tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng.
Hape Jesu o bontšitse kamoo ho ka sebelisanoang le batho ba khopisang. Keletso ea hae ke hore: “Le se ke la hanela ea le etsang hampe. Empa ekare ha motho a u jabela lerama le letona, u mo sekehele le lona le leng.” Jesu ha a bolele hore motho haa lokela ho itšireletsa kapa ho sireletsa lelapa la hae ha le hlaseloa. Ho jabela ha ho etsoe ka sepheo sa ho ntša kotsi, empa ho fapana le hoo ke ho tlontlolla motho. Kahoo, seo Jesu a se bolelang ke hore ha e mong a leka ho qholotsa ntoa kapa khang, ka ho jabela ha sebele ka seatla se bulehileng kapa ka mantsoe a nyefolang, ho tla be ho le phoso ho iphetetsa.
Ka mor’a hore Jesu a hlokomelise ka molao oa Molimo oa ho rata moahisani, o itse: “Empa ’na, ke re ho lōna . . . ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang.” Ha a fana ka lebaka le matla la ho etsa sena, oa phaella: “[Hore] le tle le be bana ba Ntat’a lōna ea maholimong; hobane o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae.”
Jesu o qetella karolo ena ea thuto ea hae ka ho eletsa: “’Me joale, phethehang, joale ka ha Ntat’a lōna a phethehile.” Jesu ha a bolele hore batho ba tla phetheha ka khopolo e felletseng. Ho e-na le hoo, ka ho etsisa Molimo, ba atolosetsa lerato la bona ho lira tsa bona. Tlhaloso ea mantsoe ana a Jesu ho Luka e re: “’Me joale, e-bang le lereko, joale ka ha Ntat’a lōna le eena a le lereko.”
Thapelo le ho Tšepa Molimo
Ha Jesu a tsoela pele ka thuto ea hae, o nyatsa boikutlo ba batho ba iketsang eka ba molemo. O itse: “Ka baka leo, ha u etsa thuso, u se ke ua letsa terompeta pel’a hao, joale ka ha ho etsoa ke baikaketsi.”
Jesu o tsoela pele ho eletsa: “Leha le rapela, le se ke la ba joale ka baikaketsi; ba ratang ho rapela ba eme masynagogeng le likoung tsa literata, hore ba bonoe ke batho.” Ho e-na le hoo, a ba laela: “Empa uena, ha u rapela, kena phaposing ea hao, ’me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring.” Jesu ka boeena o ne a rapela phatlalatsa, kahoo ha a nyatse lithapelo tse joalo. Seo a se nyatsang ke lithapelo tse etsoang ho khahla bamameli le ho hapa thoriso ea bona.
Jesu o tsoela pele ho eletsa: “Ha le rapela le se ke la touta joale ka bahedene.” Jesu ha a bolele hore ho pheta-pheta ka bohona ho fosahetse. Ka nako e ’ngoe, le eena o kile a “pheta mantsoe ’ona ane” ha a ne a rapela. Empa seo a se nyatsang ke ho “touta” lipoleloana tse ithutiloeng ka hlooho, joaloka ba pheta-phetang lithapelo tsa bona ka ho bala lifaha.
Ho thusa bamameli ba hae ho rapela, Jesu o fana ka thapelo ea mohlala e kopanyelletsang likōpo tse supileng. Tse tharo tsa pele li bontša bohlokoa ba Molimo le merero ea oona. Ke likōpo tsa ho khetheha ha lebitso la Molimo, hore ’Muso oa hae o tle, le ho etsoa ha thato ea oona. Likōpo tse ’nè tse setseng ke tsa botho, e leng, lijo tsa letsatsi le letsatsi, ho tšoareloa libe, ho se lekoe ho feta matla a motho a ho mamella, le ho re loela ho ea khopo.
Ha Jesu a tsoela pele o bolela ka leraba la ho buella haholo lintho tse bonahalang. Oa phehella: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome a jang teng, le moo masholu a utsoang.” Hase feela hore matlotlo ao a ka timetsoa, empa hape motho ha a iketsetse lebitso le letle le Molimo ka oona.
Ka lebaka leo, Jesu o re: “Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong.” Sena se etsoa ka ho beha mosebetsi oa Molimo pele bophelong ba hao. Ha ho motho ea ka u amohang lebitso le letle leo u iketselitseng lona ho Molimo kapa moputso oa oona o moholo. Kahoo Jesu oa phaella: “Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng.”
Ha Jesu a tsoela pele ho bontša leraba la lintho tse bonahalang, o fana ka setšoantšo: “Lebone la ’mele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli. Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifing.” Leihlo le sebetsang hantle ’meleng le joale ka lebone le bonesitsoeng sebakeng se lefifi. Empa hore leihlo le bone hantle, le lokela ho loka, le lokela ho tsepama nthong e le ’ngoe. Leihlo le sa tsepamang le lebisa kahlolong e fosahetseng ea lintho, ho beha lintho tse bonahalang ka pele ho mosebetsi oa Molimo, ho fellang ka ho fifala ha “’mele” oohle.
Jesu o fihlisa taba ena sehlohlolong ka setšoantšo se matla: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli: hobane kapa o tla hloea e mong, a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona.”
Ka mor’a hore Jesu a fane ka keletso ena, o eletsa bamameli ba hae hore ha ho hlokahale ba belaele ka litlhoko tse bonahalang haeba ba beha tšebeletso ea Molimo pele. O re: “Talimang linonyana tsa leholimo, hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa.” Joale oa botsa: “Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?”
Hape, Jesu o supa likhahla tsa naha ’me a bontša hore “esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona,” o tsoela pele, “Molimo ha o apesa joalo joang ba naha, . . . na haholo o ke ke oa le apesa, lōna batho ba tumelo e nyenyane?” Kahoo Jesu oa qetella: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? . . . [Hobane] Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”
Tsela e Isang Bophelong
Tsela e isang bophelong ke ea ho mamela lithuto tsa Jesu. Empa ha ho bonolo ho etsa sena. Ka mohlala, Bafarisi ba ne ba atisa ho ahlola batho ba bang hampe, ’me mohlomong batho ba bangata ba ile ba ba etsisa. Ha Jesu a tsoela pele ka Thuto ea Thabeng, o fana ka taelo ena: “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahloloa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka eona.”
Ho kotsi ho latela ketello-pele ea Bafarisi ba nyatsang ka ho fetelletseng. Ho ea ka tlaleho ea Luka, Jesu o tšoantšetsa kotsi ena ka hore: “Na sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Li ke ke tsa oela sekoting tse peli na?”
Ho nyatsa ba bang ka ho fetelletseng, le ho hōlisa liphoso tsa bona le ho li qoholla, ke phoso e tebileng. Kahoo Jesu oa botsa: “U ka bolella ngoan’eno joang, ua re: Lesa, ke ntše lehlokoana leihlong la hao? Moikaketsi, qala hle ho ntša tšiea e leihlong la hao, ke moo u tla bontšisa ho ntša lehlokoana leihlong la ngoan’eno.”
Sena hase bolele hore barutuoa ba Jesu ha baa lokela ho sebelisa masene mabapi le batho ba bang, hobane o re: “Se neeng lintja lintho tse halalelang, le se ke la lahlela liperela tsa lōna pel’a likolobe.” Linnete tse tsoang Lentsoeng la Molimo lia halalela. Li tšoana le liperela tsa tšoantšetso. Empa ha batho ba bang, ba kang lintja kapa likolobe, ba sa bontše kananelo linneteng tsena tsa bohlokoa, barutuoa ba Jesu ba ne ba tla ba tlohela ’me ba batle batho ba mamelang haholoanyane.
Le hoja Jesu a buile ka thapelo pelenyana Thutong ea hae ea Thabeng, joale o hatella bohlokoa ba ho phehella ho eona. Oa phehella: “Le ’ne le kōpe ’me le tla neoa.” Ho bontša kamoo Molimo o itokiselitseng ho arabela lithapelo, Jesu oa botsa: “Ana motho ke ofe ho lōna ea ka neang mora oa hae lejoe, ha a kōpile bohobe? . . . ’Me lōna, ba lonya ha le tseba ho nea bana ba lōna ntho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho eena tse molemo?”
Joale Jesu o fana ka se tsebahalang e le molao oa boitšoaro, oo ka tloaelo o bitsoang Molao oa Gauda. O re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” Ho phela ka molao ona ho kopanyelletsa bohato bo nepahetseng ba ho etsetsa ba bang molemo, ho ba tšoara kamoo u tla rata ha ba u tšoara ka teng.
Hore tsela e isang bophelong ha e bobebe ho bontšoa ke taelo ea Jesu: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebehebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”
Kotsi ea ho khelosoa e khōlō, kahoo Jesu oa hlokomelisa: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang.” Joalokaha lifate tse monate le lifate tse mpe li ka tsejoa ka litholoana tsa tsona, Jesu o bontša hore, baprofeta ba bohata ba ka tsejoa ka boitšoaro ba bona le lithuto.
Ha Jesu a tsoela pele, o hlalosa hore hase feela seo motho a se buang se mo etsang morutuoa oa Hae empa seo a se etsang. Batho ba bang ba bolela hore Jesu ke Morena oa bona, empa haeba ba sa etse thato ea Ntat’ae, o re ka bona: “Ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”
Qetellong, Jesu o fana ka sephetho se hopolehang thutong ea hae. O re: “Ka lebaka leo, e mong le e mong ea mamelang lipolelo tsa ka, ’me a etsa ka tsona, nka mo tšoantša ka monna ea bohlale, ea ahileng ntlo ea hae letlapeng; ’me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo; ’me ha ea ka ea oa, kahobane motheo oa eona o le letlapeng.”
Ka lehlakoreng le leng, Jesu oa bolela: “Empa e mong le e mong ea mamelang lipolelo tsa ka, ’me a sa etse ka tsona, a ka tšoantšoa le monna ea leoatla, ea ahileng ntlo ea hae lehlabatheng; ’me pula ea theoha, le meea ea foka, ea otla ntlo eo, ’me ea oa, ’me ho oa ha eona ea e-ba ho hoholo.”
Ha Jesu a phethela thuto ea hae, matšoele a makalla tsela eo a rutang ka eona, hobane o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le borena eseng joaloka baeta-pele ba bona ba bolumeli. Luka 6:12-23, NW; Mattheu 5:1-12; Luka 6:24-26, NW; Mattheu 5:13-48; 6:1-34; 26:36-45; 7:1-29; Luka 6:27-49.
▪ Jesu o hokae ha a fana ka thuto ea hae e hopolehang haholo, ke bo-mang ba leng teng, ’me ke eng se sa tsoa etsahala pele a fana ka eona?
▪ Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore Luka a tlalehe likarolo tse ling tsa thuto eo boemong bo fapaneng?
▪ Ke eng se etsang hore thuto ea Jesu e be ea bohlokoa hakaale?
▪ Ke bo-mang bao kannete ba thabileng, hona hobane’ng?
▪ Ke bo-mang ba malimabe, hona hobane’ng?
▪ Ke joang barutuoa ba Jesu e leng “letsoai la lefatše” le “leseli la lefatše”?
▪ Jesu o bontšitse tlhompho e phahameng Molaong oa Molimo joang?
▪ Jesu o fane ka taelo efe e fotholang motso o bakang polao le bofebe?
▪ Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho sekeheloe le lerama le leng?
▪ Re ka phethahala joang joalokaha Molimo o phethahetse?
▪ Ke litaelo life tseo Jesu a fanang ka tsona ka thapelo?
▪ Ke hobane’ng ha matlotlo a leholimo a le bohlokoa, ’me a fumanoa joang?
▪ Ke litšoantšo life tse fanoeng ho thusa motho ho qoba lintho tse bonahalang?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a itse ha ho hlokahale ho belaela?
▪ Jesu o re’ng ka ho ahlola batho ba bang; empa o bontša joang hore barutuoa ba hae ba lokela ho sebelisa bohlale mabapi le batho?
▪ Jesu o tsoela pele ho bua eng mabapi le thapelo, ’me o fana ka molao ofe oa boitšoaro?
▪ Jesu o bontšitse joang hore tsela e isang bophelong e ke ke ea ba bobebe le hore ho teng kotsi ea ho khelosoa?
▪ Jesu o phethela thuto ea hae joang, ’me e na le phello efe?