Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/1 maq. 8-9
  • Thapelo, le ho Tšepa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thapelo, le ho Tšepa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Tsebisahalang Haholo e Kileng ea Fanoa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Thuto ea Thabeng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Lipolelo Tsa Jesu li Susumetsa Lithapelo Tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Leihlo la Hao “le Lokile”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Thapelo, le ho Tšepa Molimo

HA JESU a tsoela pele ka thuto ea hae, o nyatsa batho ba ikaketsang ka hore ba molemo. O itse: “Ka baka leo, ha u etsa thuso, u se ke ua letsa terompeta pel’a hao, joale ka ha ho etsoa ke baikaketsi.”

Jesu o tsoela pele: “Leha le rapela, le se ke la ba joale ka baikaketsi; ba ratang ho rapela ba eme masynagogeng le likoung tsa literata, hore ba bonoe ke batho.” Ho e-na le hoo, a ba laela: “Empa uena, ha u rapela, kena phaposing ea hao, ’me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring.” Jesu ka boeena o ne a rapela phatlalatsa, kahoo ha a nyatse lithapelo tse joalo. Seo a se nyatsang ke lithapelo tse etsoang ho khahla bamameli le ho hapa thoriso ea bona.

Jesu a tsoela pele ho eletsa: “Ha le rapela, le se ke la touta joale ka bahedene.” Jesu ha a bolele hore ho pheta-pheta ka bohona ho fosahetse. Ka nako e ’ngoe, le eena o kile a “pheta mantsoe ’ona ane” ha a ne a rapela. Empa seo a se nyatsang ke ho “touta” lipoleloana tse ithutiloeng ka hlooho, joaloka ba pheta-phetang lithapelo tsa bona ka ho bala lifaha.

Ho thusa bamameli ba hae ho rapela, Jesu o fana ka thapelo ea mohlala e kenyeletsang likopo tse supileng. Tse tharo tsa pele li bontša bohlokoa ba Molimo le merero ea oona. Ke likopo tsa ho khetheha ha lebitso la Molimo, ’Muso oa oona o tle, le ho etsoa ha thato ea oona. Likopo tse ’nè tse setseng ke tsa botho, e leng, lijo tsa matsatsi ’ohle, ho tšoareloa libe, ho se lekoe ho feta matla a motho a ho mamella, le ho se isoe molekong oa ea khopo.

Ha Jesu a tsoela pele o bolela ka leraba la ho buella haholo lintho tse bonahalang. O’a phehella: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoele le mafome a jang teng, le moo masholu a utsoang.” Hase feela hore matlotlo ao a ka timetsoa, empa hape motho ha a iketsetse lebitso le letle le Molimo ka oona.

Ka lebaka leo, Jesu o re: “Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong.” Sena se etsoa ka ho bea mosebetsi oa Molimo pele bophelong ba hao. Ha ho ea ka nkang lebitso le letle leo u iketselitseng lona le Molimo kapa moputso oa oona o moholo. Kahoo Jesu o’a eketsa: “Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng.”

Ha Jesu a tsoela pele ho bontša leraba la lintho tse bonahalang, o fana ka setšoantšo: “Lebone la ’mele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli. Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifing.” Leihlo le sebetsang hantle ’meleng le joale ka lebone le bonesitsoeng sebakeng se lefifi. Empa hore leihlo le bone hantle, le lokela ho loka, le lokela ho tsepama nthong e le ’ngoe. Leihlo le sa tsepamang le lebisa kahlolong e fosahetseng ea lintho, ho bea lintho tse bonahalang ka pele ho mosebetsi oa Molimo, ho fellang ka ho fifala ha “’mele” ’ohle.

Jesu o fihlisa taba ena sehlohlolong ka setšoantšo se matla: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli: hobane kapa o tla hloea e mong, a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona [“Maruo,” NW].”

Kamor’a hore Jesu a fane ka keletso ena, o eletsa bamameli ba hae hore ha ho hlokahale ba belaele ka litlhoko tse bonahalang haeba ba bea tšebeletso ea Molimo pele. “Talimang linonyana tsa leholimo,” a rialo, “hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa.” Joale o’a botsa: “Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?”

Hape, Jesu o supa likhahla tsa naha ’me a bontša hore “esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona,” o tsoela pele, “Molimo ha o apesa joalo joang ba naha, . . . na haholo o ke ke oa le apesa, lōna batho ba tumelo e nyenyane?”

Jesu oa qetella: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? . . . [Hobane] Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” Mattheu 6:1-34; 26:36-45.

◆ Ke litaelo life tseo Jesu a fanang ka tsona ka thapelo?

◆ Ke ka lebaka la eng matlotlo a leholimo a le bohlokoa, ’me a fumanoa joang?

◆ Ke litšoantšo life tse fanoeng ho thusa motho ho qoba lintho tse bonahalang?

◆ Ke hobane’ng ha Jesu a itse ha ho hlokahale ho belaela?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela