Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/92 maq. 3-10
  • Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ea 1992

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ea 1992
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho Boela a Bonolo le a Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa Maetong a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Thusa Batho ba Kang Linku Hore ba Hahe Holim’a Motheo o Tiileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 10/92 maq. 3-10

Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ea 1992

1 Jesu o boletse hore balateli ba hae e tla ba “leseli la lefatše.” (Matt. 5:14) Ka ho fapaneng, lefifi la lefatše la moea le la boitšoaro le ntse le hōla ha letsatsi le leng le le leng le feta. (Esa. 60:2; Ba-Roma 1:21) Boikarabelo ba rōna joaloka bajari ba leseli bo bolela ho hoholoanyane ha re ntse re atamela bofelo ba tsamaiso ena. Ka baka la ho hlokomela karolo ea bohlokoa eo re e phethang, re lebelletse ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ea 1992 ka thahasello e khōlō. Ea pele lethathamong lena e qala ka Labohlano, December 4.

2 Kopano ea Matsatsi a Mararo: Selemong sena re lokiselitse likopano tse 23 Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani. Ka ntle ho Senyesemane, lenaneo lohle le tla tšoaroa ka Seafrikaanse, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa, le Sezulu, likarolo tse ling ka Segerike le Sevenda. Libakeng tse peli lipuo li tla fetoleloa ka puo ea matsoho, e leng Durban le Johannesburg. Lenaneo le tla qala ka 10:20 hoseng ka Labohlano ’me le phethoe ka pina le thapelo ka hoo e ka bang 4:15 Sontaha motšehare oa mantsiboea. Mamati a tla buloa ka 7:30 hoseng, ’me ha ho motho ea tla lumelloa ho kena pele ho nako eo ntle le haeba a abetsoe mosebetsi. Batho ba Jehova kaofela ba tla batla ho kopanela lenaneong lohle. Na u entse qeto ea botho ea ho ba teng matsatsing aa a mararo kaofela? Tiiseha hore u rapela hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba hao.

3 Re lokela ho mamela lenaneo lohle ka hloko ho tloha puong e bulang ka Labohlano hoseng ho fihlela litlhalosong tse koalang ka Sontaha mantsiboea. Boitsebiso bo susumelletsang ketsong bo tla lokisetsoa le ho neheloa ka lipuo, lipontšo, lipuisano, le tšoantšiso. Lokisetsa ho ba setulong sa hao pele lenaneo le qala ka Labohlano. Hangata, letsatsing la pele ho hlokahala nako e ngata bakeng sa ho paka koloi, ho fumana litulo, le lintho tse ling. Kahoo iphe nako e ngata. Ka ho ba teng mananeong ’ohle le pineng e koalang le thapelo, re fumana molemo o felletseng lenaneong ’me re bontša kananelo ea rōna bakeng sa tokelo ea ho sebeletsa joaloka bajari ba leseli.

4 Etsa Hore Tsebe ea hao e Mamele ka Hloko: Mopesaleme o ile a re: “Ke mpa ke ela likeletso tsa hao hloko. Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pes. 119:95b, 97) Ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe eo re bokanang hammoho hore re lauoe ke Jehova, ho hlokahala hore re mamelisise ka hloko e seng feela ho mamela ka litsebe tsa rōna empa hape le ka lipelo tsa rōna. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re mamelisise ka hloko ha re le likopanong tse khōlō tse kang kopano ea setereke. Ho na le ho hongata hoo mahlo a ka ho bonang le hoo litsebe li ka ho utloang. E ka ba tahlehelo e khōlō hakaakang ea botho haeba re sebelisitse nako le chelete bakeng sa ho ba teng kopanong ebe re khutlela hae re na le lintlha tse seng kae tse molemo mabapi le tsela eo ka eona re ka ntlafatsang joaloka bajari ba leseli! Re tlameha ho etsa sohle seo re ka khonang ho se etsa ho tlosa litšitiso tsohle haeba re tla fumana molemo o felletseng lenaneong. Ke joang re ka tiisang hore boitsebiso bo tla theohela botebong ba lipelo le likelello tsa rōna qetellong ea lenaneo la kopano?

5 Ho mamela ke tsebo (art) ’me ho lokela ho hlaoleloa le ho sebelisoa. Lentsoe “mamela” le bolela “ho tsepamisa mohopolo tabeng.” Nahana ka litlhahiso tsena tse seng kae: (1) Leka ka hohle hore u fihle sebakeng sa kopano o khatholohile hamolemo hoseng ho hong le ho hong. Sena se tla hloka tlhophiso le tšebelisano ea lelapa. Haeba u khathetse ka baka la ho se robale hantle kapa u lapile ka baka la ho se je lijo tsa hoseng, kapa haeba u na le khatello ea methapo ka baka la ho tlameha ho potlaka haholo, u tla fumana ho fokolang haholo lenaneong. (2) Nahana ka seo u ka se lebellang mabapi le tsela eo ka eona sehlooho se tlang ho hōlisoa. Libeke tse seng kae pele ho kopano, e le karolo ea thuto ea lōna ea lelapa, e ka ba ho loketseng hore le lokisetse hore setho ka seng se fane ka tlhaloso tabeng ea hore na ho ba mojari oa leseli ho bolela’ng ho sona. Ha le le kopanong, hlahlobang karolo ka ’ngoe ea letsatsi leo pele lenaneo le qalisa. (3) Apara ka tsela e loketseng, ’me u qobe ho ja le ho noa nakong ea lenaneo. Ba bangata ba ile ba bonoa ba jella ka holong eo ho tšoareloang mananeo ho eona kapa lebaleng la lipapali nakong ea lenaneo. Sena se bontša ho hloka tlhompho, se sitisa ba bang ho mamela, ebile se bontša ho hloka boitšoaro.—Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1991, maqephe 8-18.

6 Re batla ho lebisa tlhokomelo e khethehileng tabeng ea ho ngola lintlha. Haeba ho etsoa ka tsela e nepahetseng, ho tla u thusa hore u latele libui ka hloko le ho boloka seo u se utloang. Kaha lebelo leo re nahanang ka lona le feta leo re buang ka lona ka makhetlo a mane, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thibela kelello ho lelera ke ho ngola lintlha. Joalokaha mongoli e mong a hlokometse, “Hangata ho mamela puo ho thata ho feta ho fana ka eona.” U ka ’na ua hopola hore Bakreste ba pele ba ne ba tumme ka ho nka maqetsoana a letlapa la letsopa ha ba ea libokeng ebe ba ngola mangolo ho ’ona ka enke. Re ka leboha hore ebe rōna re ka etsa mosebetsi o motle haholo ha re sebelisa buka ea boholo bo lekaneng ea ho ngola lintlha le pene kapa potloloto. Ho ba le tsebo ea ho nka lintlha ho bolela ho ngola tse lekaneng feela bakeng sa ho fumana mohopolo oa sehlooho empa eseng hakaalo hore re ngole re sa khaotse. Sena se ne se tla senya morero oa rōna se be se felle ka hore re lahleheloe ke lintlha tsa bohlokoa tse akarelitsoeng ke sebui. Ngola mantsoe a sehlooho, ’me u khutsufatse mantsoe. Lintlha tsa hao li tla u tsoela molemo haholo haeba u li hlahloba mantsiboeeng ao ’me u boela u li hlahloba pele ho puisano ea phutheho ea lintlha tse khōlō tsa lenaneo Sebokeng sa Tšebeletso.

7 ’Mino le Thapelo e Tlohang Botebong ba Pelo: Ho binela Jehova lithoriso le ho mo atamela ka tlhompho thapelong ke likarolo tsa bohlokoa tsa borapeli ba rōna. (2 Likron. 30:21, 27) Tsena ke litšobotsi tsa bohlokoa tsa kopano ea rōna tseo kaofela ha rōna re ka kopanelang ho tsona. Matsatsing ana a mararo a Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli,” re tla bina lipina tse 18 tse rorisang Jehova re be re kopanele lithapelong tse robeli tse eang ho Ntate oa rōna oa leholimo. Ruri tsena ke litokelo tse ke keng tsa lekanngoa. Jehova o re neha lihora tse ka holimo ho 12 tsa thuto ea moea le koetliso. Nakong ea metsotso e seng mekae e abetsoeng pina le thapelo, re leboha Jehova le ho mo rorisa bakeng sa limpho tseo a re fang tsona ka seatla se bulehileng. Kaha re tla ka pel’a Jehova ka thapelo re le letšoele le bokaneng hammoho, na re ka thabela hore a re talime joaloka batho ba ikhohomosang le ba se nang teboho ka baka la ho hlōleha ho kopanela pineng le thapelong feela hobane re hlōlehile ho hlophisa lintho hantle? Hape, lingoliloeng li tla ba teng ka bongata selemong sena kopanong ka ’ngoe, kahoo bao ka tsela e loketseng ba lulang litulong tsa bona ho fihlela ha lenaneo le phethiloe ba ke ke ba lahleheloa ke letho. Ka ho tšoanang, ha ho motho ea lokelang ho tsamaea pele lenaneo le fela e le hore a ka ema moleng oa lijo pele ho ba bang.—Matt. 7:12; Ba-Roma 12:10; Ba-Fil. 2:1-4.

8 Etsa Lintho Tsohle Bakeng sa ho Tlotlisa Molimo: Selemo se seng le se seng re fuoa likhopotso tse mosa ka bohlokoa ba mekhoa e metle le boitšoaro bo loketseng kopanong. Ba bangata ba lokela ho babatsoa ka ho ela hloko likhopotso tsena. Ha bofelo ba tsamaiso ena bo ntse bo atamela, re qobelleha haholoanyane ho kopana le batho bao re sebetsang le bona le bao re kenang sekolo le bona bao boitšoaro ba bona bo leng joalokaha bo boletsoe esale pele ho 2 Timothea 3:1-5. Ho kopana ho joalo ho ka ba le tšusumetso e mpe ho rōna haeba re sa itebela. Le ka mohla ha re batle ho fa motho leha e ka ba ofe lebaka la ho ‘re seba joaloka hoja re etsa bokhopo.’ (1 Pet. 2:12) Sena se hloka hore re ele hloko ka ho fetisisa botho ba rōna ba Bokreste. Kaofela re lokela ho lebela boitšoaro ba rōna ha re le likopanong le libakeng tse ling tsa sechaba, joaloka lihoteleng le mabenkeleng a lijo. Baholo ba thahasella baena ba bona bohle. (Ba-Fil. 2:4) Ba lokela ho thusa le ho babatsa ba bang bakeng sa boitšoaro ba bona bo botle. Hape baholo ba lokela ho ikutloa ba lokolohile ho fana ka keletso e lerato haeba e hlokahala, le hoja ba sa tsebe moena eo kapa khaitseli. Mathata leha e le afe a tebileng a hlokomeloang a lokela ho tlalehoa Ofising ea Tsamaiso kopanong.

9 Botho bo bocha boo Ba-Efese 4:24, (NW) e buang ka bona bo tšoantšoa le seaparo seo motho a se aparang ka mor’a ho hlobola botho ba khale. Phetoho ena e etsoang bothong e lokela ho bonahatsoa le liaparong tsa rōna tsa sebele. Ho hlokomeleha hore baena ba bang le bo-khaitseli, haholo-holo bacha, ba apara ka tsela e sa hlophisehang, esita le e sa itlhompheng ka linako tse ling. Ba bang ba rola lieta tsa bona ebe ba beha maoto a bona karolong e ka morao ea setulo se leng ka pel’a bona kapa ba tsamaea fatše ka likausi kapa ka maoto. Na re itšoara ka tsela ee ha re le Holong ea ’Muso? Hape, bakolobetsuoa ba bang ba ’nile ba apara likipa tse ngotsoeng lipolelo le mantsoe a bontšang lipakane tsa lefatše kapa tse nang le phatlalatso ea lintho tse fapaneng tsa khoebo. Baholo ba hlahlobang lipotso le ba lokisetsang ho kolobetsoa ba lokela ho tiiseha hore ba eang kolobetsong ba utloisisa se boleloang ka moaparo o loketseng boemo bona.—Bona Molula-Qhooa oa June 1, 1985, leqephe 30, le February 15, 1974, leqephe 96.

10 Lisebelisoa tsa ho Rekota: Le hoja lik’hamera tsa video li lumelletsoe, re kōpa hore ba li sebelisang ba nahanele ba bang, ba khethe seo ba se rekotang, ba be ba hlomphe ba ke keng ba thabela ho nkoa lifoto ha ba ntse ba e-ja, ha ba mametse lenaneo, kapa nakong ea thapelo. Mang le mang ea rekotang ka video kapa ea sebelisang sebapala-lik’hasete o lokela ho qoba ho ferekanya bamameli kapa ho ba sitisa ho mamela. Hase phoso ho rekota karolo e itseng ea lenaneo u le setulong sa hao. Empa nakong ea mananeo, e ke ke ea ba ho loketseng hore motho leha e le ofe a ’ne a pota-pote litselaneng tsa holo le ka pel’a bamameli, a ntse a rekota lenaneo. Haeba ho hlokahala, bahlokomeli ba lokela ho bua le motho ofe le ofe ea hlōlehang ho bontša lerato la boena tabeng ena. Ka kōpo hopola hore ha ho lik’hamera kapa lisebelisoa tse rekotang tse lokelang ho hokahanngoa le tsamaiso ea motlakase kapa ea molumo kopanong, kapa hore thepa leha e le efe e ka beoa litselaneng tsa holo kapa libakeng tseo batho ba fetang ho tsona.

11 Bakeng sa Batsoali: Re rata ho hatisa hape bohlokoa ba hore batsoali ba hlokomele bana ba bona ka linako tsohle, ho sa tsotellehe hore na ke ka hare ho sebaka sa kopano kapa ke sebakeng sa marobalo. (Liprov. 29:15b; Luka 2:48) Ha lenaneo le tsoela pele, tiiseha hore bana ba hao ba mametse ka hloko le ho ngola lintlha. Nakong ea khefu ho na le menyetla ea ho etela metsoalle e tsoang liphuthehong tse ling.

12 Ha re etsa mohlala o bontšang bohlokoa ba ho tseba moo bana ba hao ba leng teng ka linako tsohle, mokhanni oa taxi oa motseng o mong oa kopano o ile a tlalehela moena e mong hore o ile a nka banana ba babeli ba bacha sebakeng sa kopano. Ho ne ho bonahala eka ba rera ho ba sieo mananeong ’ohle a mantsiboea ’me ba bolella mokhanni oa taxi hore ’mè oa bona o ne a ke ke a tšoenyeha ka hore na ba hokae ho fihlela ka 5:00 motšehare oa mantsiboea. Mokhanni enoa oa taxi o ne a tšoenyehile ka boiketlo ba bona, empa ho thoe’ng ka ’mè oa bona? E ne e tla ba ntho e bohloko hakaakang haeba ba ne ba ka hlaheloa ke kotsi e itseng, re se re sa re letho ka nyefolo e tla ba lebitsong la Molimo le batho ba hae!

13 Tšebelisano-’moho ea hao e Felletseng ea Ananeloa: Ke habohlokoa hakaakang hore e mong le e mong oa rōna a sebetse tumellanong le tataiso ea Mokhatlo mabapi le ho ba teng kopanong eo phutheho ea rōna e abetsoeng ho eona? Mokhatlo le baena ba ikarabellang motseng ka mong oa kopano ba etsa litokisetso tse hlokolosi ha ba lokisetsa kopano e ’ngoe le e ’ngoe. Li akarelletsa ho lokisetsa litulo tse lekaneng, lijo, lingoliloeng, le lintho tse ling. Haeba baena ba bangata ba ba teng likopanong tseo ba sa abeloang ho tsona, ho ka fella ka mathata. Mohlomong maemo a tla qobella ba seng bakae ho ea kopanong e ’ngoe. Ho ka ’na ha bonahala eka libaka tse ling tsa kopano lia hohela ka mabaka a sa tšoaneng, empa haeba karolo e khōlō ea baena e ea moo e ikhethelang ho ea, phello e ka ba e ferekanyang.

14 Ho kōptjoa tšebelisano-’moho ea lōna tabeng ea ho boloka litulo. Ka kōpo hopolang hore LITULO LI KA BOLOKELOA FEELA LITHO TSE HAUFI TSA LELAPA LA HAO LE MOTHO LEHA E LE OFE EO U TSAMAEANG LE EENA KOLOING EA HAO. Likarolo tse khethehileng bakeng sa batho ba hōlileng le ba holofetseng li tla fumaneha likopanong tse ngata. Re kōpa hore e mong le e mong a mpe a hlokomele matšoao ’me a latele litaelo tsa bahlokomeli. Baena ba bang ba hōlileng ba ile ba tlameha ho batla litulo libakeng tse leng hōle hobane bacha ba tlatsitse litulo karolong ea ba hōlileng. Re kōpa hore u hauhele ba hōlileng. Re masoabi hore ebe ho ke ke ha amoheloa likōpo tsa liphaposi tse ka thōko kapa libaka tsa bao ’mele ea bona e hananang le menko kapa lintho tse itseng.

15 Ho etsoa tlhahiso ea hore re lekanyetse lintho leha e le life tsa botho tseo re tlang le tsona kopanong. Haeba ntho e itseng e sa lekane ka tlas’a setulo sa hao, ho ka ba molemo hore u e siee hae. Li-cooler tse khōlō ha lia lokela ho beoa litselaneng tsa holo ka mabaka a tšireletso, ’me haeba li beoa holim’a setulo se leng pel’a hao, sena se tla sitisa e mong ho fumana setulo.

16 Batho ba Jehova ba ananela ho kopana hammoho sebakeng se setle e le hore ba ka fumana molemo lenaneong la moea le lokiselitsoeng. Hape re ananela litšebeletso tse ngata le tse etsang hore re be le boiketlo tse fanoang lipokanong tse joalo. Ka tlhokomelo e khōlō le ka litšenyehelo tse boima ho Mokhatlo, litokisetso li se li entsoe bakeng sa litulo tse lekaneng, ho kenya tsamaiso ea molumo e theko e boima, Lefapha la Tšebeletso ea Lijo le sebetsang hantle, le litšebeletso tse ling tse ’maloa tse etsang hore ho ba teng kopanong e be ho thabisang le ho khathollang moeeng

17 Lijo li tla fumaneha likopanong tsohle. Re rata ho khothalletsa bohle ba leng teng hore ba je lijo tse lokiselitsoeng. Likopanong tsohle ho etsoa litokisetso tse tiisang hore lijo tse lekaneng lia fumaneha bakeng sa bohle ba tlileng kopanong. Moo lenane le leholo la batho ba tlileng kopanong le robalang likolong komiti ea kopano e tla hlokomela hore ho fanoa ka lino-mapholi bakeng sa mantsiboea esita le lijo tsa hoseng ka nako ea tsona. Sena se tla etsa hore ho se ke ha hlokahala hore batho ba tlileng kopanong ba tle le liporaema le litofo tsa gase kaha lintho tsena li baka bothata ba mollo mehahong eo batho ba tlileng kopanong ba robalang ho eona. Re khothalletsa bohle hore ba tšehetse tokisetso ea tšebeletso ea lijo ka pelo eohle. Re phaella ka ho bontša hore ka baka la litefello tsa libaka tsa likopano tse ntseng li phahama ho se ho le thata hore Lefapha la Tšebeletso ea Lijo le khahlametse litšenyehelo tsohle tsa libaka tsena. U hlokometse sena u ka ’na ua rata ho romela monehelo esale pele motseng oa kopano oo phutheho ea heno e tla ba ho eona. Haeba u rata ho romela cheke u ka bontša hore chelete eo e lefuoe ho “Watch Tower Convention.” Menehelo eohle e ananeloa haholo ’me Mokhatlo o rata ho le leboha esale pele bakeng sa ho fana ha lōna ka seatla se bulehileng le ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso ka tsela ena le kopane.—Luka 6:38.

18 E-ba Teng Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli”: Ka ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli,” re tla thabela ho utloa lebaka leo ka lona ho ba bajari ba leseli e leng tlotla e khōlō le tokelo. Re tla hopotsoa le hore ke boikarabelo bo tebileng. Ka ho ela hloko lintho tseo re li utloang kopanong ka tsela e fetang e tloaelehileng, re tla ntlafatsa tsebo le kananelo ea rōna bakeng sa karolo ea rōna re le bajari ba leseli. Lokisetsa hona joale hore u be teng mananeong ’ohle, ho tloha ka pina e bulang ka Labohlano ho fihlela thapelong e koalang ka Sontaha mantsiboea.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Likhopotso Bakeng sa Kopano ea Setereke

Marobalo: Bahoeletsi ba bangata ba tla iketsetsa litokisetso tsa marobalo. Leha ho le joalo, haeba u batla hore lefapha la tlhophiso ea kopano le u lokisetse marobalo u ka fumana Foromo ea Kōpo ea Kamore ho mongoli oa phutheho. Mongoli oa phutheho o tla romela foromo e tlatsitsoeng atereseng ea kopano e amehang. Likopanong tse ling ho ntse ho ba le bothata bo eketsehang ba ho fumanela batho ba bangata ba tlileng kopanong marobalo. Ho hlōla bothata bona likomiti tsa likopano li tla lokisetsa ho hira likolo tse leng sebakeng sa kopano joalokaha ho ’nile ha etsoa nakong e fetileng. Leha ho le joalo, ka baka la keketseho lenaneng la ba hlokang marobalo a mofuta ona joale re tla sebelisa seo ho thoe’ng ke “dormitory system.” Ka mantsoe a mang, bo-khaitseli ba tla robala ka liklaseng tse itseng ’me baena ka ho tse ling. Kahoo, ha ho sa tla hlola ho lumelloa malapa ho robala ’moho ka klaseng e le ’ngoe. (Ka kōpo hlokomela Tsoha! ea January 8, 1991, leqephe 29.) Ka linako tse ling tokisetso ena e na le litšitiso tse itseng empa re kholisehile hore bohle ba tla ananela lebaka la eona. Tokisetso ena e se e kile ea sebelisoa likopanong tse itseng ’me ea atleha haholo.

Likoloi tsa Bana (Li-Pram): Lefapha la Mollo le khothalletsa hore likoloi tsena li se ke tsa tlisoa sebakeng sa kopano ebe li beoa libakeng tsa holo tseo batho ba fetang ho tsona le litselaneng tsa holo kapa pakeng tsa litulo. Kaha batho ba bangata ba ka baka tšubuhlellano, likoloi tsa bana li ka ba kotsi eseng feela ho bana empa le ho motho ofe le ofe eo li ka mo khopang. Kahoo re kōpa hore le se ke la tla le tsona sebakeng sa kopano. Leha ho le joalo, litulo tsa masea kapa tseo a behoang ho tsona ka koloing li lumelletsoe, kaha li ka behoa litulong tse pel’a batsoali. Tšebelisano-’moho ea hao tabeng ena e tla ananeloa. Kae le kae moo ho khonehang Komiti ea Kopano e tla etsa boiteko ba ho lokisetsa phaposi eo bo-mè ba ka hlokomelang masea a bona ho eona ha ho hlokahala.

Kolobetso: Bakolobetsuoa ba lokela ho lula litulong tse khethehileng tseo ba li lokiselitsoeng pele lenaneo le qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong ea itokiselitseng ho kolobetsoa o lokela ho tla le liaparo tse hlomphehang tsa ho kena metsing le thaole. Ka mor’a puo ea kolobetso le thapelo e tla etsoa ke sebui, molula-setulo oa lenaneo o tla fana ka litsebiso tse khutšoanyane ho bakolobetsuoa le ho bolela pina. Ka mor’a hore ho binoe temana ea ho qetela, bahlokomeli ba tla lebisa bakolobetsuoa sebakeng sa ho qoelisoa kapa makoloing a tla ba isa moo. Kaha kolobetso e bontšang boinehelo ba motho ke taba ea lekunutu le ea botho pakeng tsa motho ka mong le Jehova, ha ho na tokisetso ea ho bitsoang kolobetso ea balekane eo ho eona bakolobetsuoa ba babeli kapa ba eketsehileng ba hakanang kapa ba tšoaranang ka matsoho nakong eo ba kolobetsoang. Ha ho hlokahale hore bakolobetsuoa ba hlahise lengolo le tsoang ho baholo le bontšang hore baa tšoaneleha bakeng sa kolobetso. Baholo ha baa lokela ho fana ka lethathamo la mabitso a ba tla kolobetsoa.

Tšebeletso ea Boithaopo: Thuso ea baithaopi ea hlokahala bakeng sa tšebetso e phollatsi ea kopano ea setereke. Esita le haeba u ka khona ho sebetsa karolo e itseng ea nako ea kopano, mosebetsi oa hao o tla ananeloa haholo. Ka kōpo itlhahise Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo ha u fihla kopanong haeba u ka khona ho thusa. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 le bona ba ka tlatsetsa tšebetsong e atlehileng ea kopano, empa ho hlokahala hore ba sebetse le motsoali kapa motho e mong e moholo ea ikarabellang. Re khothalletsa baithaopi bohle hore ba fihle ka nako likabelong tsa bona tsa mosebetsi. Ke habohlokoa haholo hore balebeli ba mafapha kapa balebeli ba karolo e itseng ea mafapha ba be likabelong tsa bona pele ho nako. Haeba ka mabaka a itseng ba ka lieha ho fihla re kōpa hore ba mpe ba tsebise molebeli oa kopano.

Libeche: Ka kōpo qhoaela beche e etselitsoeng kopano ka ho khethehileng ha u le kopanong le ha u ea sebakeng sa kopano kapa u khutla ho sona. Hangata sena se re nolofalletsa ho fana ka bopaki bo botle ha re ntse re tsamaea. U lokela ho iphumanela libeche ka phutheho ea heno, kaha li ke ke tsa fumaneha kopanong.

Lipina: Kaha ho bina ke karolo ea borapeli ba rōna re khothalletsa bohle ho itloaetsa lipina tse latelang tseo e tlang ho ba karolo ea lenaneo: 33, 91, 111, 38, 221, 217, 43, 128, 152, 177, 207, 201, 35, 89, 50, 168, 42, 45.

Seboka sa Bethele: Ho tla ba le seboka letsatsing la bobeli la kopano bakeng sa bahoeletsi leha e le bafe ba inehetseng ba pakeng tsa lilemo tse 19 le 35 ba ka ratang ho kenela tšebeletso ea Bethele. Ho tla etsoa tsebiso kopanong mabapi le nako e tobileng le sebaka seo seboka sena se tla tšoareloa ho sona.

Boiponahatso ba Pula-maliboho: Ho tla hlokahala hore bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla le ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang, baromuoa, le ba leng tšebeletsong ea Bethele kapa ba leng mosebetsing oa kaho ea Bethele ba tle le likarete tsa bona tsa Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho (S-202) kopanong. Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lethathamong ka likhoeli tse tšeletseng ba tla fumana litekete tse lekanang R22 ka ho hlahisa likarete tsa bona. Basebeletsi ba bang bohle ba nako e tletseng ba boletsoeng ka holimo ba tla fumana litekete tsa chelete e lekanang ho sa tsotellehe hore ba qalile tšebeletso ea nako e tletseng neng. Hlokomela karete ena ea Boiponahatso joaloka chelete hobane u ke ke ua nehoa e ’ngoe kopanong. Bo-pula-maliboho ba tla fumana litokollo leha e le life tsa mahala kapa libuka ka theko ea bo-pula-maliboho kamoreng ea libuka feela. Ka kōpo hopola ho tla le karete ea hao ea Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho.

Tlhokomeliso: Ho sa tsotellehe hore na u paka koloi ea hao hokae, u lokela ho e notlela ka linako tsohle ’me le ka mohla u se tlohele letho le bonahalang ka har’a eona. Notlella lintho tsohle tsa hao sebakeng se bolokang lithoto sa koloi haeba ho khoneha. Hape, hlokomela masholu le bak’hothotsi ba hoheloang ke liboka tse khōlō. Sena se akarelletsa ho se tlohele letho la bohlokoa le sa hlokomeloa litulong tsa kopano. Ho bile le litlaleho tse seng kae tsa batho ba bolotsana ba ileng ba leka ho hohela bana hore ba tlohe sebakeng sa kopano. Ka kōpo e-ba hlokolosi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela