Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/1 maq. 29-31
  • Ho Ikokobeletsa ha Rōna Jehova ka Boinehelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikokobeletsa ha Rōna Jehova ka Boinehelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ntumele Joale”
  • Qeto e Theiloeng Tsebong
  • Ho Apara ka Tšoanelo
  • Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Se Boleloang ke Kolobetso ea Hao
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/1 maq. 29-31

Ho Ikokobeletsa ha Rōna Jehova ka Boinehelo

“REA tseba hore re tsoetsoe ke Molimo, le hoba lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Ka polelo eo moapostola Johanne o tiisa ’nete e sa rateheng ho batho ba bangata, hore, lefatše lohle le rapaletse ka tlase “ho e mobe,” Satane. Leha ho le joalo, Satane, ha a ea ‘tiisa matla a hae’ ho ba tsoang ho Molimo oa ’nete, Jehova. Ka hona lelapa lohle la motho le tlameha ho iphumana le le tlas’a puso ea Satane kapa tlas’a puso ea Jehova. Ke taba ea boikhethelo ba motho. U tla ipea tlas’a mang? Satane kapa Jehova?—1 Johanne 5:18-20; New International Version; Today’s English Version.

Hona joale, ho feta leha e le neng pele ke nako ea hore e mong le e mong a khethe. (Luka 21:31, 32) Jesu o bontšitse hore ha ho na ho takalatsa. O itse, “Ea sa ntoaneleng, oa ntoantša; le ea sa bokelleng le ’na, oa hasanya.” (Mattheu 12:30) Re ka tiisa joang hore re bokella le Kreste? Ke malumeli a mangata le a arohaneng a ipolelang hore ke a Bokreste, a ‘pholositsoeng’ le a ‘tsoetsoeng la bobeli,’ hoo mantsoe ana a seng a nkiloe habobobe. (Mattheu 19:16-26; Johanne 3:3; 10:9) Tataiso ke ena: Na re lumela le ho bolela seo Jesu a neng a se lumela le ho se bolela? Joaloka Mojode, ruri ha a ka a leka ho itlotlisa ka ho ruta thuto ea mohlolo ea Boraro-bo-bong. (Johanne 14:28; 17:1-5) Empa o fetse a bolela molaetsa o hlakileng, oa ’Muso oa Molimo. Jesu a falimehetse seo a se rometsoeng a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.”—Luka 4:43.

“Ntumele Joale”

Pele Jesu a qalisa tšebeletso ea hae ea pontšeng ea ho tsebahatsa ’Muso oa Molimo o ile a nka bohato ba bohlokoa bo sebeletsang e le mohlala ho bohle bao, joaloka eena, ba neng ba tla ikokobeletsa Ntate oa hae. Tlaleho ea Mattheu e-ea re bolella: “Mohlang oo, Jesu a tsoa Galilea, a tla Jordane ho Johanne ho kolobetsoa ke eena.” Ha Johanne a ipelaetsa hore ke eena ea neng a lokela ho kolobetsoa, Jesu a arabela ka hore: “Ntumelle joale; hobane e ka khona re phethe joalo ho lokelang hohle.”—Mattheu 3:13-15.

Jesu o beile mohlala ‘ho sohle se lokileng’ ka ho qoelisoa Jordane, hamorao o ne a ka laela barutuoa ba hae: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Har’a tse ling bohato bona ba kolobetso bo ne bo tla sebeletsa ho khetholla ba ikhethetseng ho ikokobeletsa Molimo oa ’nete, Jehova, e seng ho ikokobeletsa Satane. Selemong se fetileng sa tšebeletso (Loetse 1983–Phato 1984) batho ba ka bang 180 000 lefatšeng lohle ba bontšitse khetho ea bona ka kolobetso ea metsing. Ba bontšitse hore ba ikhethela borena ba Jehova ho e-na le ba Satane.—Liproverbia 27:11.

Qeto e Theiloeng Tsebong

Ka ho tšoanang monongoaha ba liketekete ba rera ho nka bohato ba kolobetso nakong ea Likopano tsa “Baboloki ba Botšepehi” tse tla tšoareloa libakeng tse ngata lefatšeng lohle. Pele ba fihlela boemo bona, bohle ba tla kolobetsoa, ba ile ba hlahloba ka hloko le baholo ba phutheho lithuto tsa motheo tsa Bibele le tataiso ea eona bakeng sa boitšoaro ba Bokreste ho tiisa hore ba hlile ba tšoanelehela kolobetso. Ke kahoo qeto ea ho kolobetsoa ho hang e seng boitšoaro bo tlang ka tšohanyetso ba maikutlo. Ho e-na le hoo, e mong le e mong o ‘ipaketse hore na ho amohelehang le ho ratoang ke Molimo ke hofe’ ’me o rata ho ikokobeletsa thato eo.—Ba-Roma 12:2.

Qetellong ea puo ea kopano ea kolobetso ba eang kolobetsong ba tla be ba le boemong ba ho arabela ka kutloisiso e tebileng le kananelo e tlohang botebong ba pelo lipotso tse peli tse bonolo tse sebeletsang ho tiisa hore ba ela hloko makolopetso a ho latela mohlala oa Kreste. Potso ea pele e re:

Motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste, na u bakile libeng tsa hao ’me u inehetse ho Jehova hore u tla etsa thato ea hae?

Ea bobeli e re:

Na u utloisisa hore boinehelo ba hao le kolobetso ea hao li u tsebahatsa u le e mong oa Lipaki tsa Jehova kamanong le tlhophiso ea Molimo e tsamaisoang ke moea oa Molimo?

Ha u arabetse lipotso tsena, ka e ba eang kolobetsong ba boemong bo botle ba pelo hore ba ka feta tlas’a kolobetso ea Bokreste.

Ho Apara ka Tšoanelo

Ka linako tse ling ho botsoa lipotso ka moaparo o loketseng bakeng sa ba kolobetsoang. Ruri ho lokela hore ho laole bokhabane hore na motho o apara seaparo sa ho kena metsing se joang. Hona ke habohlokoa kajeno ha baqapi ba liaparo tsa ho sesa ho bonahala ba batla ho sollisa botona le botšehali le ho finyella hore batho ba hle ba tsole ho hang. Taba e ’ngoe e ka nahaneloang ke hore liaparo tse ling tsa ho sesa tse bonahalang hantle ha li omme ha li joalo hantle ha li kolobile. Ha ho lea mong ea kolobetsoang ea neng a tla batla ho ba mohloli oa tšitiso kapa khopiso ketsahalong e tebileng joaloka kolobetso.—Ba-Filippi 1:10.

Nakong e fetileng, ba bang ba ile ba feteletsa litaba ka ho fana ka limpho tse theko e boima le ho etsa meketjana e moholo bakeng sa batho ba sa tsoa kolobetsoa. Kolobetso ke ketsahalo ea thabo e khōlō e ka kopaneloang, empa mohlomong le mona temoso e loketse. Bibele e re: “Qetello ea taba . . . e fetisa qalo ea eona.” (Moeklesia 7:8) Kolobetso ke qalo—qalo ea peiso ea Bokreste bakeng sa ho pholohela bophelong. Ruri ha ho tlaleho ea letho e telele ea tšebeletso e tšepahalang e seng e theiloe. E be joale ba tsoa kolobetsoa ba ka etsoa hore ba ikutloe e le ba bohlokoa ntle ho mabaka hobane’ng?—Bapisa 1 Timothea 3:6.

Tlaleho ea Bibele e re ho ile ha etsahala joang kamor’a hore ba likete tse tharo ba kolobetsoe ka Pentekonta ea 33 C.E.? “Ba tiisetsa thutong ea baapostola, le kopanong ea boena, le ho ngoathoeng ha bohobe, le merapelong.” Ba bea likelello linthong tsa moea le ho amohelana boeting. (Liketso 2:41, 42) Kolobetso ke nako ea ho nahanisisa ka mokhoa o elileng. Rea nyakalla ho bona liithuti tsa rōna tsa Bibele li nka bohato bona ba bohlokoa. ’Me tsela eo re aparang ka eona sebakeng sa kolobetso e lokela ho bontša ba shebelletseng hore ho entsoe qeto ea bohlokoa—ho ikokobeletsa Molimo e le Morena ’Musi, u le paki ea Jehova, ho se be karolo ea lefatše le rapaletseng “ka tlase ho e mobe.”—1 Johanne 5:19; Mattheu 4:10.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 30]

Ho tloha ka Phuptjane 1984, Likopano tsa “Keketseho ea ’Muso” tse 808 tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoaroa lefatšeng lohle. Bohle ba bileng teng ke ba 5 002 684. Ho bona ha kolobetsoa ba 63 556.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela