Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?
“E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.”—Matheu 28:19.
1, 2. (a) Batho ba bang ba kolobelitsoe tlas’a maemo afe? (b) Ho hlaha lipotso life ka kolobetso?
MORENA CHARLEMAGNE oa Lefrank o ile a qobella Masaxone ao a a hlōtseng hore a kolobetsoe a le mangata ka 775-77 C.E. Rahistori John Lord o re: “O ile a a qobella hore a sokolohe hore e be Bakreste ka lebitso.” Ka ho tšoanang, ha ’musi oa Lerussia Vladimir I a qeta ho nyala khosatsana ea Greek Orthodox ka 987 C.E., o ile a etsa qeto ea hore bafo ba hae e lokela ho ba “Bakreste.” O ile a laela hore batho ba hae ba kolobetsoe kaofela—a ba sokela ka lefu haeba ho hlokahala!
2 Na kolobetso e joalo e ne e nepahetse? Na e na le moelelo oa sebele? Na ho loketse ho kolobetsa mang le mang?
Kolobetso—E Etsoa Joang?
3, 4. Ke hobane’ng ha ho fafatsa kapa ho tšela hlooho ka metsi e se kolobetso e nepahetseng ea Bokreste?
3 Ha Charlemagne le Vladimir I ba qobella batho hore ba kolobetsoe, ketso ea babusi bana e ne e le khahlanong le Lentsoe la Molimo. Ha e le hantle, kolobetso ha e na thuso haeba e etsoa ka ho fafatsa, ho tšela hlooho ka metsi kapa esita le ho qoelisa batho ba sa kang ba rutoa ’nete ea Mangolo.
4 Nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu oa Nazaretha a e-ea ho Johanne Mokolobetsi ka 29 C.E. Johanne o ne a kolobetsa batho Nōkeng ea Jordane. Ba ne ba tlile ho eena ka boithatelo hore ba kolobetsoe. Na o ile a re ba eme ka har’a Jordane ha a ntse a tšela lihlooho tsa bona ka metsi a seng makae a nōka kapa a ba fafatsa ka ’ona? Ho ile ha etsahala’ng ha Johanne a kolobetsa Jesu? Matheu o tlaleha hore ka mor’a hore “Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing.” (Matheu 3:16) O ne a ile a theohela ka metsing, kaha o ne a qoelisitsoe Nōkeng ea Jordane. Ka ho tšoanang, ha leqhalaha le inehetseng la Moethiopia le kolobetsoa, tlaleho ea Bibele e re: “Ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha.” Joale e tsoela pele: “Ha ba nyolohetse ka ntle ho metsi . . . ” Kahoo kolobetso ea Jesu le barutuoa ba hae e ne e le ea ho qoelisoa ka ho feletseng.—Liketso 8:38, 39.
5. Bakreste ba pele ba ne ba kolobetsa batho joang?
5 Mantsoe a Segerike a fetoletsoeng e le “kolobetsa,” “kolobetso,” joalo-joalo, a bolela ho qoelisa, ho ina kapa ho kenya ka tlas’a metsi. Smith’s Bible Dictionary e re: “Ka ho loketseng le ka ho toba, kolobetso e bolela ho qoelisa.” Kahoo liphetolelo tse ling tsa Bibele li re “Johanne Moqoelisi” le “Johanne moini.” (Matheu 3:1, Rotherham; Diaglott, interlinear) History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries ea Augustus Neander e re: “Qalong kolobetso e ne e etsoa ka ho qoelisa.” Buka e tsebahalang ea Sefora Larousse du XXe Siècle (Paris, 1928) e re: “Bakreste ba pele ba ne ba kolobetsoa ka ho qoelisoa hohle moo ho nang le metsi.” New Catholic Encyclopedia e re: “Ho totobetse hore Kerekeng ea pele Kolobetso e ne e etsoa ka ho qoelisa.” (1967, Moqolo II, leqepheng la 56) Kahoo kajeno, ho kolobetsoa u le e mong oa Lipaki tsa Jehova ke mohato o etsoang ka boithatelo oa ho qoelisoa ka ho feletseng metsing.
Lebaka le Lecha la Kolobetso
6, 7. (a) Johanne o ne a kolobetsa ka morero ofe? (b) Ke eng e neng e le ncha ka kolobetso ea balateli ba Jesu?
6 Morero oa kolobetso ea Johanne o ne o fapane le oa kolobetso ea balateli ba Jesu. (Johanne 4:1, 2) Johanne o ne a kolobetsa batho e le pontšo ea phatlalatsa ea pako bakeng sa libe tseo ba li entseng khahlanong le Molao.a (Luka 3:3) Empa ho ne ho ameha ntho e ncha kolobetsong ea balateli ba Jesu. Ka Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a phehella bamameli ba hae: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe.” (Liketso 2:37-41) Le hoja a ne a bua le Bajuda le basokolohi, Petrose o ne a sa bue ka kolobetso e bontšang pako ea libe tse entsoeng khahlanong le Molao; ebile o ne a sa bolele hore ho kolobetsoa ka lebitso la Jesu ho bolela ho hlatsoa libe.—Liketso 2:10.
7 Ketsahalong eo, Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa pele ho “linotlolo tsa ’muso.” Ka morero ofe? Ka morero oa ho senolela bamameli ba hae tsebo ea hore ba na le monyetla oa hore ba kene ’Musong oa leholimo. (Matheu 16:19) Kaha Bajuda ba ne ba hanne hore Jesu ke Mesia, hore ba bake ’me ba bontše tumelo ho eena e ne e le taba e ncha le ea bohlokoa ho batleng ha bona tšoarelo ea Molimo le hore ba e fumane. Ba ne ba ka fana ka bopaki ba phatlalatsa ba tumelo e joalo ka ho qoelisoa metsing ka lebitso la Jesu Kreste. Ka tsela eo ba ne ba ka bontša boinehelo ba bona ho Molimo ka Kreste. Kajeno bohle ba lakatsang ho amoheloa ke Molimo ba lokela ho bontša tumelo e joalo, ba inehele ho Jehova Molimo, ’me ba kolobetsoe ka kolobetso ea Bokreste e le pontšo ea boinehelo bo feletseng ho Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.
Ho Hlokahala Tsebo e Nepahetseng
8. Ke hobane’ng ha e se motho e mong le e mong ea tšoanelehang bakeng sa kolobetso ea Bokreste?
8 Hase motho e mong le e mong ea tšoanelehang bakeng sa kolobetso ea Bokreste. Jesu o ile a laela balateli ba hae: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Pele batho ba kolobetsoa, ba lokela ho ‘rutoa ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng barutuoa ba hae.’ Kahoo, ho qobella batho ba hlokang tumelo e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo hore ba kolobetsoe ha ho na thuso ’me ho khahlanong le thōmo eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae ba ’nete.—Baheberu 11:6.
9. Ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate” ho bolela eng?
9 Ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate” ho bolela eng? Ho bolela hore ea kolobetsoang o amohela boemo ba Ntat’a rōna oa leholimo le bolaoli ba hae. Kahoo, Jehova Molimo o nkoa e le ’Mōpi oa rōna, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” le ’Musi oa Bokahohle.—Pesaleme ea 83:18; Esaia 40:28; Liketso 4:24.
10. Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Mora’ ho bolela eng?
10 Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Mora’ ho bolela ho amohela boemo ba Jesu le bolaoli ba hae e le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. (1 Johanne 4:9) Ba tšoanelehang bakeng sa kolobetso baa amohela hore ke ka Jesu Molimo a faneng ka “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28; 1 Timothea 2:5, 6) Hape ba kolobetsoang ba lokela ho amohela ‘boemo bo phahameng’ boo Molimo a phahamiselitseng Mora oa hae ho bona.—Bafilipi 2:8-11; Tšenolo 19:16.
11. Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la moea o halalelang’ ho bolela eng?
11 Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la moea o halalelang’ ho bolela eng? Sena se bontša hore ba kolobetsoang baa lumela hore moea o halalelang ke matla a sebetsang a Jehova, a sebelisoang ka litsela tse fapaneng tumellanong le morero oa hae. (Genese 1:2; 2 Samuele 23:1, 2; 2 Petrose 1:21) Ba tšoanelehang bakeng sa kolobetso baa lumela hore moea o halalelang o ba thusa hore ba utloisise “lintho tse tebileng tsa Molimo,” hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, le ho bonahatsa litholoana tsa moea e leng “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—1 Bakorinthe 2:10; Bagalata 5:22, 23; Joele 2:28, 29.
Bohlokoa ba Pako le Tšokoloho
12. Kolobetso ea Bokreste e amana joang le pako?
12 Ntle le tabeng ea motho ea se nang sebe Jesu, kolobetso ke letšoao le amoheloang ke Molimo le tsamaisanang le pako. Ha re baka, re ikutloa re soabile ka botebo kapa re hlomohile ka seo re se entseng kapa seo re hlōlehileng ho se etsa. Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba batla ho thabisa Molimo ba ile ba lokela ho bakela libe tsa bona khahlanong le Kreste. (Liketso 3:11-19) Balumeli ba bang ba Balichaba Korinthe ba ile ba bakela bohlola, borapeli ba litšoantšo, bosholu le libe tse ling tse tebileng. Ka lebaka la pako ea bona, ba ne ba “hlatsoitsoe hore ba hloeke” maling a Jesu; ba ne ba “halalelitsoe,” kapa ba beheletsoe ka thōko, bakeng sa tšebeletso ea Molimo; ’me ho ne “ho boletsoe hore [ba] lokile” ka lebitso la Kreste le ka moea oa Molimo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Pako ke mohato oa bohlokoa o etsang hore motho a be le letsoalo le letle le ho imoloha ho fanoeng ke Molimo ka lebaka la ho ikutloa a le molato ka lebaka la sebe.—1 Petrose 3:21.
13. Mabapi le kolobetso, tšokoloho e akarelletsa eng?
13 Re lokela ho sokoloha pele re kolobetsoa re le Lipaki tsa Jehova. Tšokoloho ke ketso ea boithatelo e etsoang ka bolokolohi ke motho ea entseng qeto e tlohang pelong ea ho latela Kreste Jesu. Batho ba joalo ba lahla tsela ea bona e fosahetseng ea nako e fetileng ’me ba ikemisetsa ho etsa se lokileng mahlong a Molimo. Ka Mangolong, maetsi a Seheberu le a Segerike a amanang le tšokoloho a na le moelelo oa ho furalla kapa ho reteleha. Ketso ena e bontša ho furalla tsela e fosahetseng le ho retelehela ho Molimo. (1 Marena 8:33, 34) Tšokoloho e hloka hore ho be le “mesebetsi e tšoanelang pako.” (Liketso 26:20) E hloka hore re lahle borapeli ba bohata, re sebetse tumellanong le litaelo tsa Molimo ’me re fe Jehova boinehelo bo eang ho eena a ’notsi. (Deuteronoma 30:2, 8-10; 1 Samuele 7:3) Tšokoloho e fella ka hore re fetole monahano oa rōna, lipakane tsa rōna le botho ba rōna. (Ezekiele 18:31) Rea ‘sokoloha’ ha mekhoa e mebe e nkeloa sebaka ke botho bo bocha.—Liketso 3:19; Baefese 4:20-24; Bakolose 3:5-14.
Ho Hlokahala Boinehelo ba Pelo Eohle
14. Boinehelo ba balateli ba Jesu bo bolela eng?
14 Kolobetso ea balateli ba Jesu e lokela ho etelloa pele hape ke boinehelo ba pelo eohle ho Molimo. Boinehelo bo bolela ho behella ka thōko bakeng sa morero o halalelang. Bohato bona ke ba bohlokoa hoo re lokelang ho bolella Jehova ka thapelo qeto ea rōna ea ho mo fa boinehelo bo eang ho eena a ’notši ka ho sa feleng. (Deuteronoma 5:9) Ho hlakile hore ha rea inehela mosebetsing kapa ho motho empa re inehetse ho Molimo ka boeena.
15. Ke hobane’ng ha ba kolobetsoang ba qoelisoa?
15 Ha re inehela ho Molimo ka Kreste, re bontša boikemisetso ba ho sebelisa bophelo ba rōna ho etsa thato ea Molimo joalokaha e boletsoe ka Mangolong. E le pontšo ea boinehelo boo, ba kolobetsoang ba qoelisoa metsing, ka mokhoa oo Jesu a ileng a kolobetsoa ka oona Nōkeng ea Jordane e le pontšo ea hore o itlhahisa ho Molimo. (Matheu 3:13) Re lokela ho hlokomela hore Jesu o ne a rapela nakong ea ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa.—Luka 3:21, 22.
16. Re ka bontša thabo ea rōna joang ka ho loketseng ha re bona batho ba kolobetsoa?
16 Kolobetso ea Jesu e ne e le ketsahalo e tebileng empa e thabisang. Le kolobetso ea kajeno ea Bakreste e joalo. Ha re bona batho ba bontša boinehelo ba bona ho Molimo, thabo ea rōna e ka ’na ea bonahatsoa ka ho opa liatla ka tsela e hlomphehang le ka pabatso e mofuthu. Empa re qoba ho etsa litlatse, ho letsa mololi, le ho etsa lintho tse kang tsena, ka lebaka la ho halalela ha pontšo ena ea tumelo. Re bontša thabo ea rōna ka tsela e hlomphehang.
17, 18. Ke eng se etsang qeto ea hore na ebe batho baa tšoaneleha bakeng sa kolobetso kapa che?
17 Ho fapana le ba fafatsang masea kapa ba qobellang matšoele a se nang tsebo ea Mangolo hore a kolobetsoe, ha ho mohla Lipaki tsa Jehova li qobellang batho hore ba kolobetsoe. Ha e le hantle, ha li kolobetse ba sa tšoaneleheng moeeng. Le pele motho e ka ba ’moleli ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo, baholo ba Bakreste ba etsa bonnete ba hore o utloisisa lithuto tsa Bibele tsa motheo, o phela tumellanong le tsona, ’me o araba ka e, potsong e kang ena, “Na ruri u batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova?”
18 Ntle ho mekhelo e seng mekae, ha batho ba e-ba le karolo e khōlō mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ’me ba bolela hore ba batla ho kolobetsoa, baholo ba Bakreste ba buisana le bona ho etsa bonnete ba hore ke balumeli ba seng ba inehetse ho Jehova le ba finyellang litlhokahalo tsa Molimo bakeng sa kolobetso. (Liketso 4:4; 18:8) Likarabo tseo ba fanang ka tsona lipotsong tse fetang 100 tsa lithuto tsa Bibele li thusa baholo ho etsa qeto ea hore na ebe ba finyella litlhokahalo tsa Mangolo bakeng sa hore ba qoelisoe kapa che. Ba bang ha ba tšoanelehe kahoo ha ba amoheloe hore ba ka kolobetsoa ka kolobetso ea Bokreste.
Na ho na le se U Sitisang?
19. Motheong oa Johanne 6:44, ke bo-mang bao e tlang ho ba majalefa-’moho le Jesu?
19 Ho ka etsahala hore ba bangata ba ileng ba qobelloa ho kolobetsoa e le letšoele ba ile ba bolelloa hore ba tla ea leholimong ha ba e-shoa. Empa ha Jesu a ne a bua ka balateli ba hatang mohlaleng oa hae, o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Jehova o huletse ho Kreste ba 144 000 bao e tlang ho ba majalefa-’moho le Jesu ’Musong oa leholimo. Ha ho mohla kolobetso e qobelloang e kileng ea khetha motho hore a be le sebaka seo se khanyang tokisetsong ea Molimo.—Baroma 8:14-17; 2 Bathesalonika 2:13; Tšenolo 14:1.
20. Ke eng e ka ’nang ea thusa ba itseng ba e-s’o kolobetsoe?
20 Haholo-holo ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1930, matšoele a nang le tšepo ea ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, a kene sehlopheng sa “linku tse ling” tsa Jesu. (Tšenolo 7:9, 14; Johanne 10:16) Aa tšoaneleha hore a kolobetsoe hobane a entse hore bophelo ba ’ona bo lumellane le Lentsoe la Molimo ’me a mo rata ‘ka pelo eohle, moea oohle, matla ’ohle, le kelello eohle.’ (Luka 10:25-28) Le hoja batho ba bang ba lemoha hore Lipaki tsa Jehova li ‘rapela Molimo ka moea le ka ’nete,’ ha ba e-s’o latele mohlala oa Jesu le ho fana ka bopaki ba phatlalatsa ba lerato la bona le tiileng ho Jehova le boinehelo ba bona bo isoang ho eena a ’notši ka hore ba kolobetsoe. (Johanne 4:23, 24; Deuteronoma 4:24; Mareka 1:9-11) Thapelo e tiileng le e tobileng mabapi le mohato ona oa bohlokoa e ka ba susumetsa ’me ea ba fa sebete sa hore ba lumellane ka botlalo le Lentsoe la Molimo, ba etse boinehelo bo feletseng ho Jehova Molimo ’me ba kolobetsoe.
21, 22. Ba bang ba lieha ho inehela le ho kolobetsoa ka mabaka afe?
21 Ba bang ba lieha ho inehela le ho kolobetsoa hobane ba tšoarehile ka litaba tsa lefatše kapa ho lelekisa leruo hoo ba se nang nako ea lintho tsa moea. (Matheu 13:22; 1 Johanne 2:15-17) Ba ne ba tla thaba hakaakang haeba ba ne ba ka fetola pono ea bona le lipakane tsa bona! Ho atamela haufi le Jehova ho ne ho tla ba entša moeeng, ho ba thuse ho fokotsa matšoenyeho ’me ho ba tlisetse khotso le khotsofalo e tlisoang ke ho etsa thato ea Molimo.—Pesaleme ea 16:11; 40:8; Liproverbia 10:22; Bafilipi 4:6, 7.
22 Ba bang ba bolela hore ba rata Jehova empa ha ba inehele le ho kolobetsoa hobane ba nahana hore ka ho etsa joalo ba qoba ho ikarabella. Empa e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo. Re ile ra jarisoa boikarabelo ha re ne re utloa lentsoe la Jehova. (Ezekiele 33:7-9; Baroma 14:12) E le ‘sechaba se khethiloeng,’ Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba tsoalloa sechabeng se inehetseng ho Jehova, kahoo ba ne ba tlameha ho mo sebeletsa ka botšepehi tumellanong le litaelo tsa hae. (Deuteronoma 7:6, 11) Kajeno ha ho motho ea tsoaloang e le mohlanka ea inehetseng oa Molimo, empa haeba re amohetse taeo e nepahetseng ea Mangolo, ho hlokahala hore re nke khato ka eona ka tumelo.
23, 24. Ke ho tšaba lintho life ho sa lokelang ho sitisa batho ho kolobetsoa?
23 Ba bang ba ka sitisoa ho kolobetsoa ke tšabo ea hore ha ba na tsebo e lekaneng. Leha ho le joalo, ho sa na le ho hongata hoo kaofela ha rōna re lokelang ho ithuta hona hobane ‘moloko oa batho o ke ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.’ (Moeklesia 3:11) Nahana ka leqhalaha la Moethiopia. Kaha e ne e le mosokolohi, le ne le e-na le tsebo e itseng ea Mangolo, empa le ne le sa tsebe sohle ka merero ea Molimo. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ithuta ka tokisetso ea Jehova ea poloko ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ka potlako leqhalaha le ile la kolobetsoa metsing.—Liketso 8:26-38.
24 Ba bang ba leqe ho inehela ho Molimo hobane ba tšaba hore ba tla oa. Monique ea lilemo li 17 o re: “Ke ’nile ka hana ho kolobetsoa ka lebaka la ho tšaba hore nke ke ka khona ho phelela boinehelo ba ka.” Leha ho le joalo, haeba re tšepa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, ‘o tla otlolla litsela tsa rōna.’ O tla re thusa hore re ‘tsoele pele ho tsamaea ’neteng’ re le bahlanka ba hae ba inehetseng ba tšepahalang.—Liproverbia 3:5, 6; 3 Johanne 4.
25. Joale ho hlokahala hore re nahane ka potso efe?
25 Ka lebaka la ho tšepa Jehova ka ho feletseng le ho mo rata ho tloha pelong, selemo le selemo batho ba likete ba susumetsoa hore ba inehele ’me ba kolobetsoe. Ka sebele bahlanka bohle ba inehetseng ba Molimo ba lokela ho tšepahala ho eena. Leha ho le joalo, re phela linakong tse mahlonoko, ’me re tobana le liteko tse ngata tsa tumelo. (2 Timothea 3:1-5) Re ka etsa’ng hore re phelele boinehelo ba rōna ho Jehova? Re tla hlahloba sena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Jesu o ne a se na sebe, ha aa ka a kolobetsoa e le pontšo ea pako. Kolobetso ea hae e ne e le pontšo ea hore o itlhahisa ho Molimo ho etsa thato ea Ntat’ae.—Baheberu 7:26; 10:5-10.
Na Ua Hopola?
• Kolobetso ea Bokreste e etsoa joang?
• Ho hlokahala tsebo efe hore motho a kolobetsoe?
• Ke mehato efe e lebisang kolobetsong ea Bakreste ba ’nete?
• Ke hobane’ng ha ba bang ba lieha ho kolobetsoa, empa ba ka thusoa joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Na ua tseba hore ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Ntate, la Mora, le la moea o halalelang ho bolela eng’?