Kolobetso e Bolela’ng?
Karabo ea Bibele
Kolobetso ke ha motho a qoelisoa ka metsing ’me ka mor’a moo a ntšoa.a Ho na le litlaleho tse ngata ka Bibeleng tsa batho ba ileng ba kolobetsoa. (Liketso 2:41) E mong oa bona ke Jesu, ea ileng a qoelisoa Nokeng ea Jordane. (Matheu 3:13, 16) Lilemo hamorao, monna e mong oa Moethiopia o ile a kolobeletsoa ‘moo ho neng ho e-na le metsi’ a neng a le haufi le tsela eo a neng a tsamaea ho eona.—Liketso 8:36-40.
Jesu o ile a ruta hore balateli ba hae ba lokela ho kolobetsoa. (Matheu 28:19, 20) Moapostola Petrose le eena o ile a hatisa thuto eo.—1 Petrose 3:21.
Sehloohong sena
Ho bolela’ng ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moea o halalelang?
Batho ba bang ba ileng ba kolobetsoa ba tlalehiloeng ka Bibeleng
Kolobetso e bolela’ng?
Ha motho a kolobetsoa, o bontša batho hore o baketse libe tsa hae le hore o tšepisitse Molimo hore o tla etsa thato ea hae maemong ’ohle. Sena se bolela hore o tla mamela Molimo le Jesu linthong tsohle. Motho ea kolobelitsoeng o phela ka tsela eo Molimo a e batlang e le hore a tle a fumane bophelo bo sa feleng.
Ho qoela ka metsing ke tsela e hlakileng ea ho bontša hore motho o fetotse bophelo ba hae. Joang? Bibele e tšoantša ho kolobetsoa le ho patoa ha bafu. (Baroma 6:4; Bakolose 2:12) Ha motho a qoela ka metsing, o bontša hore o shoele mesebetsing eo a neng a e etsa pele. Ha a tsoa ka metsing, o bontša hore o qala bophelo bo bocha e le Mokreste ea inehetseng ho Molimo.
Bibele e re’ng ka kolobetso kapa tlhatsuo ea masea?
Ha ho na moo Bibele e buang ka “tlhatsuo”b ea masea ebile ha e rute hore masea a lokela ho kolobetsoa.
Ho kolobetsoa ha masea ha ho lumellane le thuto ea Bibele. Bibele e ruta hore ho na le lintho tseo motho ea batlang ho kolobetsoa a lokelang ho li etsa. Ka mohlala, bonyane o lokela ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele le ho phela tumellanong le tsona. O lokela ho bakela libe tsa hae. Hape o lokela ho inehela ho Molimo ka thapelo. (Liketso 2:38, 41; 8:12) Masea haa khone ho etsa lintho tsena.
Ho bolela’ng ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moea o halalelang?
Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba ‘etse batho barutuoa, ba ba kolobetse ka lebitso la Ntate, la Mora le la moea o halalelang. Ba ba rute ho mamela lintho tsohle tseo a ba laetseng tsona.’ (Matheu 28:19, 20) Ho kolobetsoa “ka lebitso la” ho bolela hore motho ea kolobetsoang oa utloisisa ebile o amohela matla le boemo ba Ntate le Mora ebile o utloisisa karolo e bapaloang ke moea o halalelang. Ka mohlala, Moapostola Petrose o ile a re ho monna ea neng a hlahile a holofetse: “Ka lebitso la Jesu Kreste oa Monazaretha, ema u tsamaee.” (Liketso 3:6) Sena se bontša hore Petrose o ne a utloisisa hore o atlehile ho folisa monna enoa ka mohlolo ka lebaka la matla a neng a tsoa ho Kreste.
“Ntate” ke Jehovac Molimo. Joaloka ’Mopi, Mofani oa Bophelo le Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova ke eena ea nang le bolaoli bo phahameng ka ho fetisisa.—Genese 17:1; Tšenolo 4:11.
“Mora” ke Jesu Kreste, ea faneng ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (Baroma 6:23) Re ke ke ra pholoha haeba re sa utloisise ebile re sa amohele karolo ea Jesu ho phethahaleng ha morero oa Molimo ka batho.—Johanne 14:6; 20:31; Liketso 4:8-12.
“Moea o halalelang” ke matla a Molimo a sebetsang.d Molimo o sebelisitse moea o halalelang ho bopa, ho fana ka bophelo, ho fa baprofeta le batho ba bang melaetsa le ho ba matlafatsa hore ba etse thato ea hae. (Genese 1:2; Jobo 33:4; Baroma 15:18, 19) Molimo o sebelisitse moea o halalelang ho susumetsa bangoli ba Bibele hore ba ngole menahano ea hae.—2 Petrose 1:21.
Na ke sebe ho kolobetsoa hape?
Batho ba bangata ba etsa qeto ea ho ea bolumeling bo bong. Empa ho thoeng haeba motho eo a se a kolobelitsoe kerekeng eo a neng a le ho eona pele? Na ke sebe hore a kolobetsoe hape? Batho ba bang ba re ke sebe hobane ba nahana ka se tlalehiloeng ho Baefese 4:5, e reng: “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.” Leha ho le joalo, temana ena ha e bolele hore motho a ka se kolobetsoe hape. Ke hobane’ng ha re cho joalo?
Moelelo. Moelelo oa Baefese 4:5 o bontša hore moapostola Pauluse o ne a hatisa bohlokoa ba hore Bakreste ba lumele lintho tse tšoanang ba be ba be le tumelo e le ’ngoe. (Baefese 4:1-3, 16) Bonngoe boo, bo ne bo ka ba teng feela haeba ba latela Morena a le mong, Jesu Kreste. Haeba ba e-na le tumelo e le ’ngoe kapa kutloisiso e tšoanang ea lithuto tsa Bibele ’me ba latela lintho tseo Bibele e reng ba lokela ho li etsa e le hore ba kolobetsoe.
Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa ba bang ba neng ba se ba kolobelitsoe hore ba kolobetsoe hape. O ile a etsa sena hobane ba ne ba kolobelitsoe ba se na kutloisiso e feletseng ea lithuto tsa Bokreste.—Liketso 19:1-5.
Mabaka a nepahetseng a ho kolobetsoa. E le hore kolobetso e amohelehe ho Molimo, e lokela ho thehoa linneteng tsa Bibele. (1 Timothea 2:3, 4) Haeba motho a kolobetsoa a rutiloe lithuto tse khahlanong le Bibele, kolobetso e joalo ha e amohelehe ho Molimo. (Johanne 4:23, 24) Le haeba motho ea joalo a ne a e-na le boikemisetso bo botle, ha aa etsa lintho “ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) E le hore a Molimo a mo amohele, o lokela ho ithuta linnete tsa Bibele, a sebelise seo a ithutileng sona bophelong ba hae, a inehele ho Molimo a be a kolobetsoe hape. Maemong ana, ho kolobetsoa hape e tla be e se sebe. Ha e le hantle, o tla be a etsa se nepahetseng.
Batho ba bang ba ileng ba kolobetsoa ba tlalehiloeng ka Bibeleng
Bibele e bua ka batho ba bang ba ileng ba kolobetsoa empa e le ka morero o fapaneng le oa balateli ba Kreste ba ileng ba qoela ka metsing. A re shebe e meng ea mehlala e latelang.
Kolobetso e entsoeng ke Johanne Mokolobetsi.e Bajuda le batho ba neng ba sokolohetse Bojudeng ba ile ba kolobetsoa ke Johanne ho bontša hore ba baketse libe tseo ba neng ba li entse ho latela Molao oa Moshe e leng Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele a sebelisa Moshe. Kolobetso ea Johanne e ne e lokisetsa batho ho amohela Mesia, e leng Jesu oa Nazaretha.—Luka 1:13-17; 3:2, 3; Liketso 19:4.
Kolobetso ea Jesu. Kolobetso ea Jesu e entsoeng ke Johanne Mokolobetsi e ne e ikhethile. Jesu e ne e le motho ea phethahetseng ea se nang sebe. (1 Petrose 2:21, 22) Kahoo, kolobetso ea hae e ne e sa kenyelletse ho baka kapa ho “kopa Molimo hore a mo thuse ho ba le letsoalo le khutsitseng.” (1 Petrose 3:21) Empa e ne e bontša hore o fana ka bophelo ba hae ho Molimo e le hore a etse thato ea hae joaloka Mesia ea tšepisitsoeng kapa Kreste. Sena se ne se bolela hore o fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona.—Baheberu 10:7-10.
Ho kolobetsoa ka moea o halalelang. Johanne Mokolobetsi le Jesu Kreste ka bobeli ba ile ba bua ka ho kolobetsoa ka moea o halalelang. (Matheu 3:11; Luka 3:16; Liketso 1:1-5) Mofuta oo oa kolobetso o ne o sa tšoane le ho kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang. (Matheu 28:19) Ke hobane’ng ha re cho joalo?
Ke palo e fokolang feela ea balateli ba Jesu e kolobelitsoeng ka moea o halalelang. Bana ke ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang hobane ba bitselitsoe ho il’o busa le Kreste leholimong e le marena le baprista.f (1 Petrose 1:3, 4; Tšenolo 5:9, 10) Ba tla be ba busa balateli ba Jesu ba limilione ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.—Matheu 5:5; Luka 23:43.
Ho kolobeletsoa ho Kreste Jesu le lefung la hae. Batho ba kolobelitsoeng ka moea o halalelang ba boetse ba “kolobeletsoa ho Kreste Jesu.” (Baroma 6:3) Kahoo, kolobetso ena e sebetsa feela ho balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng, ba tla busa le eena leholimong. Ha ba kolobeletsoa ho Jesu, e ba karolo ea phutheho ea hae e tlotsitsoeng. Ke Hlooho, bona ke ’mele.—1 Bakorinthe 12:12, 13, 27; Bakolose 1:18.
Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba boetse ba ‘kolobeletsoa lefung la Jesu.’ (Baroma 6:3, 4) Joaloka Jesu, ha ba sa iphelela empa ba phelela ho mamela Molimo ’me baa tseba hore ha ba sa na tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Kolobetso ea bona ea tšoantšetso lefung la Kreste, e fihla pheletsong nakong eo ba shoang ’me ba tsosetsoa ho ea phela leholimong e le libopuoa tsa moea.—Baroma 6:5; 1 Bakorinthe 15:42-44.
Ho kolobetsoa ka mollo. Johanne Mokolobetsi o ile a re ho bamameli ba hae: “Ea tlang ka mor’a ka eena o tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo. . . . O tšoere kharafu ea hae e olosang. O tla hloekisa seotlo sa hae ka ho feletseng, a bokelle koro ea hae ka setorong empa o tla chesa ’moko ka mollo o ke keng oa tima.” (Matheu 3:11, 12) Hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa ho kolobetsoa ka mollo le ho kolobetsoa ka moea o halalelang. Johanne o ne a bolela eng papisong ee?
Koro e tšoantšetsa ba tla mamela Jesu ’me ba boetse ba na le tšepo ea ho kolobetsoa ka moea o halalelang. ’Moko ona o tšoantšetsa ba sa tl’o mamela Jesu. Pheletso ea bona ke kolobetso ea mollo, e tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng.—Matheu 3:7-12; Luka 3:16, 17.
a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “kolobetso” le bolela “ho qoelisoa ka metsing, ho koaheloa ka metsi le ho tsoa ka ho ’ona,” ho latela Vine’s Complete Expository Dictionary of Old and New Testament Words.
b Lentsoe “tlhatsuo” ha le eo ka Bibeleng. Tlhatsuo ke tšebeletso eo likereke li e etsang ea ho “kolobetsa” masea ka ho ba fafatsa kapa ho ba tšela ka metsi hloohong le ho ba reha mabitso.
c Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”
d Bala sehlooho se reng “Moea o Halalelang Ke’ng?”
e Bala sehlooho se reng “Who Was John the Baptist?”
f Bala sehlooho se reng “Ke Bo-mang ba Eang Leholimong?”
g Ka linako tse ling, Bibele e sebelisa lentsoe “kolobetso” ho hlalosa ho hloekisa lintho tse amanang le bolumeli, joaloka ho inela lisebelisoa. (Mareka 7:4; Baheberu 9:10) Leha ho le joalo, sena se fapane ka ho feletseng le ho qoelisoa ha Jesu ka metsing le balateli ba hae.