Pono ea Bibele
Na U Lokela ho Kolobetsoa Hape?
LUCILA o ne a tšoenyehile. Le hoja a hōlisitsoe e le Mok’hatholike, o ne a sa tsoa qala ho ithuta Bibele ka tieo a thusoa ke motsoalle eo eseng Mok’hatholike. O ne a bona hore Bibele e hlalosa kolobetso e le ntho e fapaneng le tšebeletso ea bolumeli eo a neng a e fumane boseeng. O ile a botsa ka tieo: “Na see se bolela hore ke tla lokela ho kolobetsoa hape? Ke tšaba hore ka ho etsa joalo ke tla khopisa Molimo.”
Batho ba limilione tse makholo, Mak’hatholike le Maprostanta, ba ile ba fafatsoa kapa ba tšeloa ka metsi ha e sa le bana tšebeletsong ea kolobetso. Batho ba bang ba limilione ba kolobelitsoe ka mofuta o mong oa ho qoelisoa metsing ha ba se ba le bahōloanyane. Sena se phahamisa potso ena, Ha e le hantle kolobetso ea Bokreste ke eng? Na ho na le maemo ao kolobetso ea bobeli e ka lumelloang tlas’a ’ona?
Pocket Catholic Dictionary e hlalosa kolobetso e le “sakramente eo ho eona, ka metsi le lentsoe la Molimo, motho a hloekisoang libe tsohle ’me a tsoaloang lekhetlo la bobeli ’me a halaletsoang ho Kreste bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Mabapi le kolobetso ea bobeli, mohloli o tšoanang o re “kolobetso e hatisa letšoao le sa hlakoheng sephefumolohing, ho bolelang hore e ke ke ea phetoa, hobane ha e ea lokela ho phetoa.” Na see ke seo Bibele e se bolelang?
Etsang Barutuoa, le ba Kolobetse
Ho Mattheu 28:19, 20, re bala taelo e amanang le kolobetso eo Kreste ea tsositsoeng bafung a ileng a e fa barutuoa ba hae pele a nyolohela leholimong. “Ka lebaka leo, e-eang, le etse barutuoa ba lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la Moea o Halalelang, ’me le ba rute ho boloka litaelo tsohle tseo ke le fileng tsona.” (The Jerusalem Bible) Ka ho hlakileng, ho hlokahala hore barutuoa ba Bakreste ba kolobetsoe—ba rutiloeng ho boloka litaelo tsa Kreste—eseng masea.a Sena se lumellana le ’nete ea hore likolobetso tsohle tse hlalositsoeng Mangolong li ne li ama barutuoa bao motheong oa bopaki bo teng ba neng ba qoelisoa ka ho feletseng metsing. Ka ho hlakileng ho ile ha e-ba joalo ha Kreste Jesu ka boeena a ne a kolobetsoa ke Johanne Mokolobetsi. Tlaleho ea Bibele e re ha a qeta ho kolobetsoa, Jesu “o ile a nyoloha metsing” a Nōka ea Jordane. (Mattheu 3:16, JB) Ka sebele, Mangolo a supa hore Johanne o ne a khetha libaka tsa kolobetso hantle e le hore ho ka ba le metsi a mangata.—Johanne 3:23.
Hamorao, ha e hlalosa kolobetso ea leqhalaha la Ethiopia, Bibele e re bolella hore “Filippi o ile a theohela metsing le leqhalaha leo ’me a le kolobetsa,” kamorao ho moo “ba tsoa metsing.” (Liketso 8:38, 39, The New American Bible) Likolobetso tsena tsa ho qoelisa li lumellana le moelelo o akaretsang oa lentsoe la Segerike ba·ptiʹzo, “ho kolobetsa,” le tsoang ho baʹpto, le bolelang “ho ina ka har’a kapa ka tlas’a,” e leng motso oa lentsoe la Senyesemane “baptism” (kolobetso).
Tlaleho ea Mangolo ea ho Kolobetsoa Hape
Empa ho thoe’ng ka batho ba limilione ba ileng ba kolobetsoa esale masea kapa ba sa kang ba qoelisoa ka ho feletseng? Na e ne e ka ba ho loketseng ho ba kolobetsa hape? Ketsahalo e tlalehiloeng ho Liketso 19:1-7 e re thusa ho araba lipotso tsena. Mohlomong e ne e le nakong ea mariha a 52/53 C.E. ha moapostola Pauluse a etela motse o ruileng oa Efese Asia Minor. Teng o ile a fumana barutuoa ba neng ba hloka ho kolobetsoa hape. Ka mor’a ho utloa hore banna bana ba ne ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne, Pauluse o ile a ba kolobetsa hape “ka lebitso la Morena Jesu.” Ha aa ka a ba le boikutlo ba hore ho etsa joalo ho tla khopisa Molimo. Ka ho hlakileng, Molimo o ile a lumellana le ho beha mabaka ha Pauluse, ’me ho e-na le ho khopisoa ke ho kolobetsoa hape hona, Molimo o ile a ho tiisa ka molao ka mpho ea moea o halalelang.
Hoja banna bao ba 12 ba ile ba qhela thuto ea Pauluse e mabapi le mofuta oa kolobetso le bohlokoa ba Messia, Kreste Jesu, ha ho pelaelo hore Pauluse a ka be a sa ba kolobetsa. Pele, banna bao ba ile ba lokela ho tšoanelehela kolobetso. Ke feela ka morao ho moo ba neng ba ka kolobetsoa hape ka tumello ea Molimo.
Mokhoa oa ho Tšoanelehela Kolobetso
Re ka tšoanelehela kolobetso joang? Nahana ka batho ba bangata ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E. Ba ile ba tšoaneleha joang? Pele, joaloka Bajode le basokolohi ba Bajode, ba ile ba qala ka motheo o motle ba tseba Jehova Molimo, litšebelisano tsa hae le batho ba hae, le boprofeta ba Bibele ka Messia oa hae ea tšepisitsoeng. Tabeng ea bobeli, ba ile ba fumana tsebo e nepahetseng e eketsehileng nakong ea bopaki bo bululetsoeng bo ileng ba fanoa ke moapostola Petrose letsatsing leo. Ka phello efe?
“Ha ba utloa sena, ba ile ba ameha ho fihla pelong ’me ba re ho Petrose le baapostola, ‘Re tlameha ho etsa eng, baena?’ Petrose o ile a araba, ‘Le tlameha ho baka, ’me e mong le e mong oa lōna o tlameha ho kolobetsoa ka lebitso la Jesu Kreste hore le tle le tšoareloe libe tsa lōna, ’me le tla amohela mpho ea Moea o Halalelang.’” (Liketso 2:37, 38, JB) Hlokomela hore ho beha bopaki ha Petrose e ne e se ho sa tebang. “O ile a bua le bona nako e telele a sebelisa mabaka a mangata.” Ba ile ba kholisoa ke ho beha mabaka ha hae, ’me ba ile ba amohela seo a neng a se bua eaba baa kolobetsoa. “Letsatsing lona leo ba ka bang likete tse tharo ba ile ba ekeletsoa lenaneng la bona.”—Liketso 2:40, 41, JB.
Lintho tse tšoanang lia hlokahala bakeng sa kolobetso e amohelehang ka Mangolo kajeno: (1) tsebo e nepahetseng, (2) pako ea sebele, le (3) phetoho, kapa ho retelehela ho Molimo le ho tloha ‘molokong ona o khelohileng.’ Ho feta moo, likolobetso tse amohelehang ka Mangolo li tlameha ho etsoa “ka lebitso la Jesu Kreste,” ke hore, li thehiloe kamohelong ea sehlabelo sa hae sa thekollo bakeng sa tšoarelo ea libe le ho ikokobeletsa eena kaha e le morena ea behiloeng teroneng oa Molimo.—Liketso 2:40, JB; Ba-Roma 5:12-19; 7:14-25.
Batho ba tšepahalang ba tšoanelehelang kolobetso ho ea ka Mangolo ha baa lokela ho tšoha hore ka ho kolobetsoa la bobeli ba tla khopisa Molimo. Ho fapana le hoo, kolobetso e nepahetseng ho ea ka Mangolo ea batho ba tšoanelehang e thabisa Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona sehlooho “Kolobetso—Na ke ea Masea?” se hlahang tokollong ea October 8, 1986, ea Tsoha!