Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 1/15 maq. 10-15
  • Ke Eng e u Thibelang ho Kolobetsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e u Thibelang ho Kolobetsoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha aa Kolobetsoa Kapele Haholo
  • Kolobetso ea Pele ea Bokreste
  • Ho Ruta le ho Kolobetsa
  • Seo Kolobetso e se Tšoantšetsang
  • Boinehelo ka Thapelo
  • Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Tsila-tsilang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Finyella se Hlokoang Bakeng sa Kolobetso ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 1/15 maq. 10-15

Ke Eng e u Thibelang ho Kolobetsoa?

“Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?”—LIKETSO 8:36.

1. Ho ne ho ntse ho etsahala eng tseleng e pakeng tsa Jerusalema le Gaza?

LENGELOI la Jehova le ile la bua, ’me ntho e ’ngoe e thahasellisang e ne e ntse e etsahala tseleng e seng e sa sebelisoe e tsamaeang pakeng tsa Jerusalema le Gaza. Moethiopia ea neng a ntse a bala Mangolo o ne a lutse koloing e ntseng e tsamaea. Ka potlako monna e mong a mathela pel’a koloi. A botsa: “Na u utloisisa seo u se balang na?” Moethiopia eo a arabela: “Nka utloisisa joang ha e mong e sa nkenye tseleng?” Tataiso eo e ile ea fanoa ke moevangeli Filippi, ea neng a rometsoe ke lengeloi. Hoba a hloelle holim’a koloi, Filippi a qala ho hlalosa boprofeta bo ngotsoeng ke Esaia ’me a “’molella tsa Jesu.”

2, 3. (a) Moethiopia o ile a arabela joang litabeng tse molemo? (b) Ketsahalo ee e phahamisa lipotso life?

2 Ha ba feta sebakeng se seng leetong la bona, Moethiopia eo a re ka lentsoe le phahameng: “Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?” Ha a rialo, a laela hore koloi e eme. Banna bao ka bobeli ba kena metsing ’me Filippi a mo kolobetsa. Eaba moea oa Jehova o isa moevangeli eo sebakeng se seng, ’me Moethiopia a ikela a thabile.—Liketso 8:26-39.

3 Haeba u kopanela le Lipaki tsa Jehova empa ha u e-s’o kolobetsoe, liketsahalo tsena li ka ’na tsa etsa hore u ipotse: Ke hobane’ng ha Moethiopia eo a ile a kolobetsoa kapele hakaalo? Kolobetso e lokela ho etsoa joang? Ke tšoantšetso ea eng? Hona ke eng e nthibelang ho kolobetsoa?

Ha aa Kolobetsoa Kapele Haholo

4. Moethiopia eo e ne e le mang?

4 Kaha Moethiopia eo ‘o ne a tlile Jerusalema ho rapela,’ e ne e le mosokolohi oa Mojode ea bolotseng. E ne e le “leqhalaha” empa eseng ka kutloisiso ea nama, hobane banna ba tlositsoeng litho tse ling tsa botona ba ne ba thibetsoe ho kena phuthehong ea Iseraele. (Deuteronoma 23:1) Boemong ba hae, “leqhalaha” le ne le bolela ofisiri, hobane e ne e le ‘letona le neng le le tlas’a Mofumahali Kandase oa Ethiopia ’me e le moalosi oa maruo a hae kaofela.’—Liketso 8:27, NW.

5. Ke hobane’ng ha leqhalaha la Ethiopia le ne le ka kolobetsoa kapele hakaalo?

5 Moethiopia eo e ne e le monna oa molichaba. Leha ho le joalo, kaha o ne a sokolohetse bolumeling ba Bajode, o ne a ka kolobetsoa joaloka morutuoa oa Kreste pele molaetsa oa ’Muso o ea ho Balichaba ba sa bollang ba kang Kornele ka 36 C.E. Joaloka mosokolohi oa Mojode, Moethiopia eo o ne a tseba ka Molimo le Lentsoe la Oona, le hoja a ne a hloka thuso moeeng. Kahoo Filippi o ile a laeloa hore a e’o bolella monna enoa ’me o ne a ka mo kolobetsa pele litaba tse molemo li ea ho Balichaba.

Kolobetso ea Pele ea Bokreste

6. Moethiopia eo o ile a kolobetsoa joang, ’me ke hobane’ng ha u arabela joalo?

6 Moethiopia eo o ile a kolobetsoa joang? Lentsoe “kolobetsa” le tsoa lentsoeng la Segerike ba·ptiʹzo, le bolelang ho “tipa, tebisa.” Lentsoe la mofuta o tšoanang le sebelisitsoe bakeng sa “tebisa” ho 2 Marena 5:14 ho Septuagint ea Segerike. Hape ke ho thahasellisang ho hlokomela hore Moethiopia eo o ile a kōpa hore a kolobetsoe ha eena le Filippi ba fihla ‘metsing a mangata.’ Bakeng sa kolobetso, ba ile “ba theohela ka metsing,” ka mor’a moo ba “tsoa ka hare ho” ’ona. (Liketso 8:36-39, NW) Ka hona, leqhalaha la Ethiopia le ile la kolobetsoa ka ho qoelisoa metsing.

7. Ho ne ho e-na le mohlala ofe oa kolobetso ea ho qoelisa metsing?

7 Jesu ka boeena o kolobelitsoe ka ho qoelisoa metsing. Ka hona, ka mor’a kolobetso ea hae Nōkeng ea Jordane, ho boleloa hore o ile “a tsoa metsing.” (Mattheu 3:13, 16) Ha e le hantle, Johanne Mokolobetsi o ne a khethile sebaka se seng Khohlong ea Jordane haufi le Salime, e le sebaka se tšoanelehang sa kolobetso. Hobane’ng? “Kahobane metsi a na a le mangata teng.” (Johanne 3:23) Ka hona Mangolo a fana ka tumello ea hore kolobetso e etsoe metsing a mangata.

8. Mabapi le kolobetso, re ka fihlela qeto efe ho tsoa mekhoeng ea Bafarisi le Bajode ba bang?

8 Re ka fihlela liqeto tse utloahalang mabapi le kolobetso haeba re nahana ka meetlo ea Bafarisi le Bajode ba bang. Mongoli oa Tlaleho ea Molaetsa Mareka o itse: “Ha ba khutla ’marakeng, ha ba je ka ntle le hore ba itlhoekise ka ho iphafatsa [ran·tiʹzo, ka Segerike]; hape ho na le lineano tse ling tse ngata tseo ba li fumaneng tseo ba ka itšoarelletsang ka tsona, likolobetso [ba·pti·smousʹ] tsa likopi le lijeke le lijana tsa koporo.” (Mareka 7:3, 4, NW) Ka boikaketsi banna bana ba ne ba iphafatsa pele ba e-ja ha ba khutla ’marakeng. Empa ba ne ba kolobetsa, kapa ba qoelisa metsing, lintho tse fapafapaneng tseo ba neng ba li sebelisa nakong ea lijo.

9. Tertullian o itse’ng ka kolobetso?

9 Esita le ka mor’a hore bokoenehi bo kenelle, ntat’a kereke Tertullian (c. 160-230 C.E.) o buile tjena mabapi le kolobetso: “Ho hang ha ho letho le thatafatsang likelello tsa batho ho feta kamoo mesebetsi ea Molimo e bonahalang ketsong eo e leng bonolo kateng, ha e bapisoa le khanya eo ba e tšepisitsoeng ka mor’a moo e le phello eo e e tlisang; e le hore bona ’neteng ea hore ka mokhoa o bonolo hakaalo, ho sa etsoe mponeng, ho sa etsoe tokisetso leha e le efe e khōlō e ncha, qetellong, ho se litšenyehelo, motho o tiptjoa ka metsing, ka polelo ea mantsoe a seng makae, oa fafatsoa, ’me o nyoloha hape, eseng hakaalo e le (kapa ho hang e se) ea hloekileng, ho finyella bophelo bo sa feleng ho tlang ho latela, ho nkoa e le hoo batho ba ke keng ba ho kholoa.” Hlokomela hore Tertullian o boletse hore, “motho o tiptjoa ka metsing . . . ’me o nyoloha hape.”

10. Liithuti li re’ng ka mokhoa oa pele-pele oa kolobetso ea Bokreste?

10 Liithuti li boetse li bontša hore qalehong Bakreste ba ne ba kolobetsa batho ka ho ba qoelisa ka ho felletseng metsing. Buka ea liphuputso e tsebahalang ea France e re: “Bakreste ba pele ba kolobelitsoe ka ho qoelisoa kae kapa kae moo metsi a neng a fumaneha.” Hape The Catholic Encyclopedia e bolela hore: “Mokhoa oa khale ka ho fetisisa oo hangata o neng o sebelisoa ho se pelaelo e ne e le ho qoelisa.”—Moqolo II, leqephe 261 (khatiso ea 1907).

Ho Ruta le ho Kolobetsa

11. Jesu o nehile barutuoa ba hae thōmo efe?

11 Pele motho a kolobetsoa, o tlameha ho ba le tsebo e nepahetseng le ho e sebelisa. Sena se hlakisitsoe ha Kreste a bolella balateli ba hae hore: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Mattheu 28:19, 20.

12. Ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate” ho bolela eng?

12 Ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate” ho bolela hore motho ea eang kolobetsong o hlokomela boemo ba bobusi ba Molimo le tsamaiso ea oona. Jehova o boleloa e le “Ea Holimo-limo ea okametseng lefatše lohle,” ’Mōpi le ’Musi oa Bokahohle. (Pesaleme ea 36:9; 83:18, TLP; 2 Marena 19:15) Motho ea joalo o boetse o amohela Jehova e le Moahloli, Monei-molao, le Morena oa hae.—Esaia 33:22; Pesaleme ea 119:102; Tšenolo 15:3, 4.

13. Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Mora’ ho bolela eng?

13 Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Mora’ ho bolela ho amohela boemo ba bobusi ba Kreste le tsamaiso ea hae le ho mo hlokomela e le eena eo ka eena Molimo o lokiselitseng “topollo ea bohle.” (1 Timothea 2:5, 6) Hoba Jesu a shoe e le ea bolokileng botšepehi, ‘Molimo o mo phahamisitse ka ho fetisa,’ ’me ba batlang ho kolobetsoa ba tlameha ho amohela Kreste e le “Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.” (Ba-Filippi 2:9-11) Hape ba tlameha ho amohela Jesu e le “paki e tšepehang” ea Jehova le “Morena oa marena.”—Tšenolo 1:5; 19:16.

14. Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la moea o halalelang’ ho hloka eng?

14 Hape motho o tlameha hore a kolobetsoe ‘ka lebitso la moea o halalelang.’ O tlameha ho hlokomela hore moea o halalelang hase motho empa ke matla a sebetsang a Molimo, a sebelisitsoeng pōpong, ho bululela bangoli ba Bibele, joalo-joalo. (Genese 1:2, NW; 2 Samuele 23:1, 2; 2 Petrose 1:21) Moea oa Jehova o tlameha ho hlokomeloa e le oona o hlokahalang haeba re tla utloisisa lintho “tse tebileng tsa Molimo” ’me re bonahatse litholoana tsa bomolimo tsa “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.” (1 Ba-Korinthe 2:10; Ba-Galata 5:22, 23) Ho tlameha hore hape ho hlokomeloe hore moea oa Molimo oa hlokahala hore re tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli ba ’Muso.—Joele 2:28, 29.

Seo Kolobetso e se Tšoantšetsang

15. Ke hobane’ng ha kolobetso ea Bokreste e sa hlatsoe libe?

15 Johanne Mokolobetsi o ne a qoelisa batho ka tšehetso ea moea o halalelang. (Liketso 13:24) O ile a ba kolobetsa, eseng ho hlatsoa libe tsa bona, empa e le letšoao la pako ea bona. (Liketso 19:4) Johanne o ile a boela a kolobetsa Jesu, ea “sa kang a etsa sebe.” (1 Petrose 2:22) Hape Ananiase o ile a phehella Saule oa Tarese: “Ema, u kolobetsoe, ’me u hlatsuoe libe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena [Jesu].” (Liketso 22:12-16) Kahoo, ho qoelisoa metsing ha Bokreste ha ho hlatsoe libe. Hase kolobetso e etsang hore re fumane tšoarelo empa ke ho tšolloa ha mali a Jesu le ‘ho rapela lebitso la hae.’-Ba-Heberu 9:22; 1 Johanne 1:7.

16. (a) Kaha kolobetso ha e hlatsoe libe, e tšoantšetsa eng? (b) Ka tšoantšetso, ho etsahala eng ha motho a kolobetsoa?

16 Le hoja kolobetso ea Bokreste e sa hlatsoe libe, ke letšoao le bontšang hore motho ea qoelisoang metsing o entse boinehelo bo felletseng ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste. (Bapisa Mattheu 16:24.) Ho nehela ho bolela “ho phatlalatsa, ho tiisa, ho fana ka botlalo.” Ho inehela ho Molimo ho bolela ketso eo ka eona motho a behelloang ka thōko ho sa siuoe letho ka tumellano ea hore o tla etsa thato ea Molimo ka Kreste. Ka tšoantšetso, ha motho ea kolobetsoang a “patiloe” ka tlas’a metsi ka nakoana ’me a nyolloa ka hare ho ’ona, o shoela tsela ea hae ea bophelo ea nako e fetileng ’me o tsosetsoa tseleng e ncha ea bophelo, ho etsa thato ea Jehova a sa itšiele letho.—Bapisa Ba-Roma 6:4-6.

17. Ke hobane’ng ha kolobetso ea masea e se e loketseng?

17 Ka ho hlakileng, kolobetso ke bohato bo tebileng. Ho kolobetsa lesea ho fosahetse hobane lesea le ke ke la utloisisa, la etsa qeto, ’me la fetoha morutuoa. (Mattheu 28:19, 20) Ba neng ba kolobetsoa nakong ea tšebeletso ea Filippi Samaria e ne e le “banna le basali,” eseng masea feela. (Liketso 8:4-8, 12) Kolobetso e reretsoe ba seng ba hōlile ho lekana hore ba ka ithuta, ba lumela, ’me ba ba le tumelo. (Johanne 17:3; Liketso 5:14; 18:8; Ba-Heberu 11:6) Ntlheng ena, rahistori Augustus Neander o ngotse: “Ka mehla tumelo e ne e amahanngoa le kolobetso; ’me ka hona ho na le monyetla o moholo ka ho fetisisa . . . oa hore mokhoa oa kolobetso ea masea o ne o sa tsebjoe [lekholong la pele la lilemo C. E.]. . . . Hore o qalile ho nkoa e le neano ea baapostola nakong ea lekholo la boraro la lilemo, ke bopaki bo hananang eseng bo tšehetsang ho lumela hore a simolohile ho baapostola.”—History of the Planting and Training of the Christian Church by the Apostles (New York, 1864), leqephe 162.

18. (a) Ka Mangolo, ho hlokahala eng hore motho e be e mong oa Lipaki tsa Jehova? (b) Ke bopaki bofe ba tumelo bo bontšang hore motho a ka kolobetsoa? (c) Ke joang tumelo topollong e hatisoang ho batho ba eang kolobetsong?

18 Ka makhetlo-khetlo Mangolo a bolela ka kolobetso ea balumeli. (Liketso 4:4; 5:14; 8:13; 16:27-34; 18:8; 19:1-7) Hore motho a fetohe e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tlameha hore e be molumeli—ea nang le tumelo ’me a kolobetsoe. Esita le pele a kolobetsoa, tumelo e joalo e iponahatsa ka boitšoaro ba bomolimo, ho tšepa Jehova, ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba ’Muso, le ho amohela sehlabelo sa topollo sa Jesu. Tumelo topollong e hatisoa ho batho ba eang kolobetsong, hobane potso e qalang lipotsong tse peli tseo sebui se ba botsang tsona e re: “Motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste, na u baketse libe tsa hao ’me u inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae?” Motho a ka qoelisoa metsing ka mokhoa o amohelehang feela haeba a arabela ka e, ’me a boetse a utloisisa hore boinehelo ba hae le kolobetso ea hae li mo khetholla e le a mong oa Lipaki tsa Jehova kamanong le mokhatlo o hlophisitsoeng o tsamaisoang ke moea oa Molimo.

Boinehelo ka Thapelo

19. Ke hobane’ng ha motho a lokela ho etsa boinehelo ho Jehova ka thapelo?

19 Ba kolobetsoang ba tlameha ho ba le tumelo ho Molimo le Kreste. Empa ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li bolela hore boinehelo ho Molimo bo lokela ho etsoa ka thapelo? Lebaka ke hore ke ho loketseng hore re bolelle Jehova ka thapelo qeto ea rōna ea ho mo neha borapeli bo khethehileng bo mo loketseng. (Deuteronoma 5:8, 9; 1 Likronike 29:10-13) Ho hlakile hore ke thapelong moo Jesu a ileng a tsebahatsa takatso ea hae ea ho nehelana ka Tšebeletso e halalelang ka ho khethehileng ho Ntate oa hae oa leholimo. (Ba-Heberu 10:7-9) Koana, Jesu o ne “a ntse a rapela” leha a kolobetsoa! (Luka 3:21, 22) Kahoo ho hlakile hore boinehelo ho Molimo bo lokela ho etsoa ka thapelo.

20. Ke hobane’ng ha re lumela hore Bakreste ba pele ba ne ba phehella barutuoa ba bacha hore ba etse boinehelo ho Molimo ka thapelo?

20 Ho bonahala eka Bakreste ba pele ba ne ba phehella barutuoa ba bacha hore ba etse boinehelo ka thapelo, hobane esita le hamorao Tertullian o itse: “Ba seng ba le haufi le ho kolobetsoa ba lokela ho rapela ka lithapelo tse phetoa-phetoang, ho itima lijo, le ho khumama ka mangole.” Pejana, Justin Martyr (c. 100-165 C.E.) o ngotse: “Hape ke tla pheta mokhoa oo ka oona re ileng ra inehela ho Molimo ha re se re nchafalitsoe ka Kreste . . . Ha ba bangata ba sokolloa ’me ba lumela hore seo re se rutang le seo re se bolelang ke ’nete, ’me ba ikemisetsa hore ba tla khona ho phela tumellanong le sona, ba rutoa ho rapela le ho kōpa Molimo ka ho itima lijo, bakeng sa ho hlakoloa molato oa libe tsa bona tsa nakong e fetileng, re rapela re bile re itima lijo ’moho le bona.”

21. E ka ’na eaba ho ile ha etsahala joang, esita le haeba ho etsa boinehelo ka thapelo ho sa ka ha hatisoa ha u kolobetsoa lilemong tse fetileng?

21 Haeba ho etsa boinehelo ka thapelo ho sa ka ha hatisoa ha u ne u kolobetsoa lilemong tse fetileng, hoo ha ho hlile ha ho bolele hore kolobetso ea hao ha e na molemo. Ha ho pelaelo hore esita le mehleng eo, ba bangata ba ne ba tšoana le monna e mong eo ka hloko a hopolang ha a ne a khumame ’me a etsa boinehelo ba hae ho Jehova ka thapelo e tiileng ha e sa ntsane e le mohlankana feela nakong e fetang lilemo tse 40 tse fetileng. Hape ka nako eo, esita le haeba motho a ne a sa etsa boinehelo ka thapelo e tiileng pejana, o ile a nahanisisa ka bona ka thapelo ha batho ba eang kolobetsong le ba bang ba rapela ’moho ha ho fanoa ka puo ea kolobetso letsatsing leo a qoelisitsoeng ka lona.

Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Tsila-tsilang

22. Ke hobane’ng ha ba bang ba tsila-tsila ho kolobetsoa?

22 Kaha ho ba paki e inehetseng ea Jehova ke tokelo e hlohonolofalitsoeng hakana, ke hobane’ng ha ba bang ba tsila-tsila hore ba ka kolobetsoa? Lebaka le leng leo ka lona ba bang ba sa utloeng Lentsoe la Molimo, ba sa lateleng ketello-pele ea Jesu, le ho kolobetsoa, ke ho hloka lerato la ’nete. (1 Johanne 5:3) Ke ’nete hore hangata batho ba sa kolobetsoang ha ba bolele hore ba ke ke ba latela mohlala oa Jesu kapa ba utloa Molimo. Ho fapana le hoo, ba lula ba kenelletse litabeng tsa lefatše hoo ba bang le nako e fokolang bakeng sa lipakane tsa moea. Haeba bona ke bothata ba hao, na ho ke ke ha e-ba bohlale hore u fetole lintho tseo u li ratang, tseo u li thahasellang, le lintho tseo u li hahamalletseng? Ba ratang Molimo kannete ba ke ke ba boela ba rata lefatše lena. (1 Johanne 2:15-17) Hape u se ke ua itumella hore u koieetsoe ke boikutlo bo fosahetseng ba tšireletseho bo tlisoang ke “matla a thetsang a maruo.” (Mattheu 13:22, NW) Tšireletseho ea ’nete e fumaneha feela ka kamano ea boinehelo le Jehova Molimo.—Pesaleme ea 4:8.

23. Ke hobane’ng ha ba bang ba qoba ho etsa boinehelo ho Jehova le ho bo tšoantšetsa ka ho qoelisoa metsing?

23 Ba bang ba bolela hore ba rata Molimo empa ba tsila-tsila ho etsa boinehelo hobane ba ikutloa hore ka ho etsa joalo ba qoba boikarabelo ’me ba ke ke ba nkoa ba le molato. Ba ka thabela ho phela Paradeiseng, empa hajoale ba etsa ho fokolang kapa ha ba etse letho ka bona. (Liproverbia 13:4) Batho ba joalo ba ke ke ba qoba ho nkoa ba le molato hobane ba qalile ho ba le boikarabelo ha ba utloa lentsoe la Jehova. (Ezekiele 33:7-9) Haeba ba ka etsa boinehelo, ba tla paka hore ba utloisisa thato ea Molimo ’me ba chesehela ho e etsa. Ho e-na le hore e be moroalo ho bona, ho utloa ho joalo ho ka ba tlisetsa tlhohonolofatso ea Jehova ’me ha fella ka thabo hobane ba tla be ba phelela boipolelo ba bona ba hore baa mo rata.

24. Ba bang ba tsila-tsila ho kolobetsoa ka lebaka lefe?

24 Boikutlo ba hore ha ba na tsebo e lekaneng ea ho hlalosa Mangolo bo etsa hore ba bang ba qobe kolobetso. Empa leqhalaha la Ethiopia le ne le itokiselitse ho tšoantšetsa boinehelo ba lona ho Molimo ka mor’a ho buisana le Filippi ha ba ntse ba tsamaea ka koloi. Ka sebele, qalehong Moethiopia eo o ne a ke ke a arabela lipotso tsohle tsa batho bao a buisanang le bona ka ’nete. Empa pelo ea hae e ne e tletse teboho bakeng sa seo a se utloileng, ’me ha aa ka a tsila-tsila ka tšabo. “Ha ho tšabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tšabo.” (1 Johanne 4:18) Hase hlooho e tletseng likarabelo empa ke pelo e tletseng lerato e susumelletsang motho hore a inehele ho Molimo ’me a kolobetsoe.—Luka 10:25-28.

25. Jehova Molimo o lebelletse eng ho ba ipolelang hore baa mo rata?

25 Haeba ha u e-s’o kolobetsoe, ipotse: Molimo o lebelletse eng ho ba bolelang hore baa o rata? O batla borapeli bo khethehileng ’me o ntse o batla ba tla o rapela “ka moea, le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24; Exoda 20:4, 5; Luka 4:8) Leqhalaha la Ethiopia le ile la nehelana ka borapeli ba mofuta oo, ’me ha lea ka la qea-qea ha le fumana monyetla oa ho kolobetsoa. Na ha ua lokela ho nahanisisa ka thapelo e tiileng ka ho etsa boinehelo ho Jehova hona joale ’me u ipotse: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa?”

Lipotso Tsa Tlhahlobo

◻ Ke hobane’ng ha leqhalaha la Ethiopia le ne le ka kolobetsoa kapele hakaale?

◻ Mokhoa oa kolobetso har’a Bakreste ba pele e ne e le ofe?

◻ Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Ntate, la Mora, le la moea o halalelang’ ho bolela eng?

◻ Kolobetso ea Bokreste e tšoantšetsa eng?

◻ Ke hobane’ng ha motho a lokela ho etsa boinehelo ho Jehova ka thapelo?

◻ Mabaka a etsang hore ba bang ba tsila-tsile ho inehela le ho kolobetsoa ke afe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela