Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Boitšoaro—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa Hakaale?
    Molula-Qhooa—1991 | November 15
    • Boitšoaro—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa Hakaale?

      “Ka ho tlatsetsa ha lona ka boiteko bohle bo tiileng ha le arabela, eketsang bokhabane tumelong ea lōna, bokhabaneng ba lōna le eketse tsebo, tsebong ea lōna le eketse boitšoaro.”—2 PETROSE 1:5, 6, NW.

      1. Ke pontšo efe e tsotehang ea boitšoaro ’meleng e ileng ea etsahala lekholong la bo19 la lilemo?

      NTLE ho pelaelo, e ’ngoe ea lipontšo tse tsotehang ka ho fetisisa ea ho laola ’mele e ile ea etsoa ke Charles Blondin halofong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo. Ho latela tlaleho e ’ngoe, o ile a tšela Phororo ea Niagara ka makhetlo a ’maloa, ka lekhetlo la pele o ile a e tšela ka 1859, a tsamaea holim’a mohala o bolelele ba limithara tse 340 ’me o phahametse metsi ka limithara tse 50. Ka mor’a moo, ka lekhetlo le leng le le leng o ile a e tšela a etsa lipontšo tse fapaneng ho latela tsebo ea hae: a ikoetse mahlo, a le ka har’a mokotla, a khanna kiribae, a tsamaea ka liikokotlelo, ’me a pepile motho. Boemong bo bong, o ile a etsa hlana-phetho a tsamaea ka liikokotlelo holim’a mohala o phahametseng lefatše ka limithara tse 52. Ho ne ho hlokahala boitšoaro bo matla ka ho fetisisa hore a boloke ho leka-lekana ho joalo. Bakeng sa boiteko ba hae, Blondin o ile a putsoa ka botumo le katleho.

      2. Ke mesebetsi ea mofuta ofe e meng e hlokang boitšoaro?

      2 Le hoja e le ba fokolang feela ba neng ba ka khona le ho etsisa lipontšo tseo, kaofela ha rōna re hlokomela bohlokoa ba boitšoaro tšebelisong ea tsebo e khethehileng lefapheng le itseng kapa lipapaling. Ka mohlala, ha sebini se seng se hlalosa seletsi se hloahloa sa piano se tummeng se hlokahetseng, Vladimir Horowitz, se itse: “Ntho e nkhapang maikutlo ke ho hlokomela taolo e felletseng . . . , ho hlokomela matla a tsotehang a sebelisoang.” Tlaleho e ’ngoe e buang ka Horowitz e buile ka “lilemo tse mashome a robeli tsa ho tsamaisa menoana ka potlako ka taolo e phethahetseng.”

      3. (a) Mofuta o mong oa taolo e hlokang ho hongata ka ho fetisisa ke ofe, ’me o hlalosoa joang? (b) Ke eng se boleloang ke lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boitšoaro” ka Bibeleng?

      3 Ho hlaolela tsebo e joalo ho hloka boiteko bo matla. Leha ho le joalo, boitšoaro ke bona ba bohlokoa haholoanyane le bo phephetsang haholoanyane. Bo ’nile ba hlalosoa e le “ho ithiba hoo motho a ho bontšang litaba-tabelong tsa hae, maikutlong a hae, kapa litakatsong tsa hae.” Ka Mangolong a Segerike a Bokreste, lentsoe le fetoletsoeng e le “boitšoaro” ho 2 Petrose 1:6, (NW) le libakeng tse ling, le ’nile la hlalosoa e le “tsebo ea motho ea ho laola litakatso le litaba-tabelo tsa hae, haholo-holo litakatso tsa hae tsa nama.” Ho ’nile ha thoe boitšoaro ba motho ka mong ke “sehlohlolo sa katleho eo motho a e finyelletseng.”

      Lebaka Leo ka Lona Boitšoaro e Leng ba Bohlokoa Haholo

      4. Ho haella ha boitšoaro ho hlahisitse litholoana life tse mpe?

      4 Ho haella ha boitšoaro ho ’nile ha hlahisa litholoana tse kaakang! Likhathatso tse ngata tse teng lefatšeng kajeno haholo-holo li bakoa ke ho haella ha boitšoaro. Ke ’nete hore re phela “mehleng ea qetello,” eo ho eona ho leng teng ‘linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Hangata batho ke “ba se nang boitšoaro” ka baka la meharo, eo mofuta o mong oa eona e leng ho ba “ba ratang menyaka ho fapana le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-5, NW) Re ’nile ra hlakisetsoa ka matla ’nete ena e soabisang ka ho tlosoa ha batho ba itseng ba fosang ba fetang 40 000 botsoalleng ba phutheho ea Bokreste selemong se fetileng sa tšebeletso, haholo-holo e le ka baka la boitšoaro bo fosahetseng haholo. Ho phaella moo, ho na le ba bangata ba ileng ba khalemeloa, haholo-holo ka baka la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ’me sena sohle se etsahetse ka baka la ho hlōleha ho sebelisa boitšoaro. Hape ho soabisang ke hore ba bang bao e bileng baholo ka nako e telele ba lahlehetsoe ke litokelo tsohle tsa bona tsa ho ba balebeli ka lebaka le tšoanang.

      5. Bohlokoa ba boitšoaro bo ka tšoantšoa joang?

      5 Bohlokoa ba boitšoaro bo ka tšoantšoa ka koloi. E na le mabili a mane a e nolofalletsang ho tsamaea, e na le enjini e matla e ka bilikisang mabili ao ka potlako e khōlō, ’me e na le mariki a ka emisang mabili ao. Leha ho le joalo, ho ka hlaha kotsi ha ho ke ke ha e-ba le motho ea lutseng setulong sa mokhanni hore a etse qeto ea hore na mabili ao a lokela ho ea hokae, hore na a lokela ho bilika ka potlako hakae, le hore na a lokela ho ema neng, ka ho sebelisa lebili la mokhanni, mafura, le mariki ka tsela e laolehileng.

      6. (a) Ke tšoaneleho efe ea lerato eo ka nepo e ka sebelisoang mabapi le boitšoaro? (b) Re tlameha ho hopola keletso efe e eketsehileng?

      6 Ho tla ba thata ho hatisa bohlokoa ba boitšoaro ho feta mona. Seo moapostola Pauluse a se buileng ho 1 Ba-Korinthe 13:1-3, (NW) ka bohlokoa ba lerato se ka buuoa ka nepo mabapi le boitšoaro. Ho sa tsotellehe hore na re libui tsa phatlalatsa tse kheleke hakae, ho sa tsotellehe hore na re fumane tsebo le tumelo e ngata hakae ka ho sebelisa mekhoa e metle ea ho ithuta, ho sa tsotellehe hore na re ’nile ra etsetsa ba bang mesebetsi efe e metle, ntle le hore re sebelise boitšoaro, lintho tseo kaofela ke lefeela. Re lokela ho hopola mantsoe a Pauluse: “Na ha le tsebe hore limathi li matha kaofela peisong, empa ke semathi se le seng feela se hapang moputso? Mathang ka tsela eo ka eona le tla o amohela. Ho feta moo, motho e mong le e mong ea kopanelang phehisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle.” (1 Ba-Korinthe 9:24, 25, NW) Temoso ea Pauluse e ho 1 Ba-Korinthe 10:12 e re thusa ho sebelisa boitšoaro linthong tsohle: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”

      Mehlala e Fanang ka Temoso

      7. (a) Ho haella ha boitšoaro ho ile ha theola batho boemong joang? (b) Mangolo a re fa mehlala efe e meng ea boholo-holo ea ho haella ha boitšoaro?

      7 Adama o ile a hlōleha ho sebelisa boitšoaro ka ho lumella boikutlo hore bo laole liketso tsa hae ho fapana le kahlolo e molemo. Ka baka leo, ‘sebe se kene lefatšeng ’me lefu le kene ka sebe.’ (Ba-Roma 5:12) Polao ea pele le eona e ile ea bakoa ke ho haelloa ke boitšoaro, hobane Jehova Molimo o ne a lemositse Kaine: ‘Ke hobane’ng ha u halefile hona ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se hloentse? Sebe se larile monyako, na u tla khona ho se laola?’ Kaha Kaine ha aa ka a khona ho laola sebe, o ile a bolaea ngoan’abo Abele. (Genese 4:6-12) Mosali oa Lota le eena o ile a hlōleha ho sebelisa boitšoaro. O ile a hlōleha ka ho felletseng ho hanela moleko oa ho hetla morao. Ho haelloa ha hae ke boitšoaro ho ile ha etsa hore a lahleheloe ke eng? Ho ile ha etsa hore a lahleheloe ke bophelo ba hae!—Genese 19:17, 26.

      8. Ke liphihlelo tsa banna bafe ba bararo ba boholo-holo tse re fang litemoso mabapi le bohlokoa ba boitšoaro?

      8 Mora oa Jakobo oa letsibolo, Rubene, o ile a lahleheloa ke tokelo ea hae ea tsoalo ka baka la ho haelloa ke boitšoaro. O ile a silafatsa liphate tsa ntat’ae ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le se seng sa lirethe tsa Jakobo. (Genese 35:22; 49:3, 4; 1 Likronike 5:1) Kaha Moshe o ile a halefisoa ke tsela eo Baiseraele ba ileng ba ’meha tekong ka eona ka ho korotla, ho belaela, le bofetoheli ba bona, o ile a haneloa ka tokelo eo a neng a e lakatsa haholo ea ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 20:1-13; Deuteronoma 32:50-52) Esita le Morena Davida ea tšepahalang, eo e neng e le ‘motho ea thabisang Molimo pelo,’ o ile a kena khathatsong e tebileng ka baka la ho haelloa ke boitšoaro ka nako e ’ngoe. (1 Samuele 13:14; 2 Samuele 12:7-14) Mehlala ena kaofela e re fa litemoso tse loketseng tsa hore ho hlokahala hore re sebelise boitšoaro.

      Seo ho Hlokahalang Hore re se Laole

      9. Ke mangolo afe a mang a totobatsang bohlokoa ba boitšoaro?

      9 Pele ho tsohle, boitšoaro bo akarelletsa menahano ea rōna le maikutlo. Hangata ka Mangolong ho buuoa ka lintho tsena ’me ho sebelisoa mantsoe a kang “pelo” le “liphio” ka tsela ea tšoantšetso. Seo re lumellang likelello tsa rōna ho nahana ka sona se ka re thusa boitekong ba rōna ba ho khahlisa Jehova kapa sa re sitisa. Ho hlokahala boitšoaro e le hore re ka utloa keletso ea Mangolo e fumanoang ho Ba-Filippi 4:8, ea hore re ’ne re nahane ka lintho tsa ’nete, tse hloekileng, le tse hlomphehang. Mopesaleme Davida o buile se tšoanang thapelong, o itse: “U khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova, lefika la ka le monamoleli oa ka!” (Pesaleme ea 19:14) Taelo ea leshome—e bolelang hore u se ke ua lakatsa ntho leha e le efe ea ngoan’eno—e ne e hloka hore motho a laole menahano ea hae. (Exoda 20:17) Jesu o ile a hatisa hore na ho tebile hakae hore re laole menahano le maikutlo a rōna ha a re: “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.”—Mattheu 5:28.

      10. Ke litemana life tsa Bibele tse hatisang bohlokoa ba ho laola lipuo tsa rōna?

      10 Boitšoaro bo boetse bo akarelletsa mantsoe a rōna, le lipuo tsa rōna. Ha e le hantle ho na le mangolo a mangata a re eletsang hore re laole maleme a rōna. Ka mohlala: “Molimo o maholimong, athe uena, u lefatšeng; ha ho le joalo, mantsoe a hao a be a se makae.” (Moeklesia 5:2) “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) “Mahlapa a se ke a tsoa melomong ea lōna, ho mpe ho tsoe lipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba li utloang . . . Felisang . . . lerata, le bonyefoli, le bobe bohle.” ’Me Pauluse o tsoela pele ho fana ka keletso ea hore re lahle lipuo tsohle tsa booatla le mesoaso e sa lokang.—Ba-Efese 4:29, 31, BPN; 5:3, 4.

      11. Jakobo o tšohla bothata ba ho laola leleme joang?

      11 Jakobo, ngoan’abo Jesu ka bo-’m’a bona, o nyatsa lipuo tse sa laoleheng ’me o bontša kamoo ho leng thata ka teng ho laola leleme. O re: “Leleme, leha e le sethoana se senyenyane, le ithorisa ka tse kholo. Bonang, molloana o monyenyane o ka chesa moru o mokakang! Le lona leleme ke mollo, ke naha ea bokhopo; mokhoa oa leleme har’a litho tsa rōna, ke ho silafatsa ’mele kaofela, ke ho kenya khanare tseleng eohle ea khōlo ea motho, etsoe le hotelitsoe ke mollo oa lihele [“Gehenna,” NW]. Athe mefuta eohle ea liphoofolo, le ea linonyana, le ea lihahabi, le ea [tse] phelang leoatleng, e na le ho thapisoa, ’me e se e kile ea thapisoa ke batho. Ha e le leleme, che, lona ha ho motho ea tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlōloeng; le tletse mahloko a bolaeang. Ka lona, re ee re boke Molimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo. Molomong o le mong ho tsoa poko le thohako! Banab’eso, taba ha lia tšoanela ho lula joalo.”—Jakobo 3:5-10.

      12, 13. Mangolo a mang a bontšang bohlokoa ba ho laola liketso le boitšoaro ba rōna ke afe?

      12 Ha e le hantle, boitšoaro bo akarelletsa liketso tsa rōna. Karolo e ’ngoe eo ho eona ho hlokahalang boitšoaro bo matla e amana le litšebelisano tsa rōna le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le rōna. Bakreste baa laeloa: “Balehang boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.” (1 Ba-Korinthe 6:18, New International Version) Banna ba khothatsoa ka matla hore thahasello ea bona ea likamano tsa botona le botšehali e felle ho basali ba bona feela, ba bolelloa tjena: “U noe metsi a sekoti see u se chekileng, metsi a phallang meeling ea seliba see e leng sa hao.” (Liproverbia 5:15-20) Re bolelloa ka ho hlaka hore “Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) Ba hlaolelang neo ea bosoha ke bona haholo-holo bao ho hlokahalang hore ba be le boitšoaro.—Mattheu 19:11, 12; 1 Ba-Korinthe 7:37.

      13 Jesu o ile a akaretsa taba eohle e amanang le liketso tsa rōna ho batho ba bang ha a ne a fana ka hoo ka tloaelo ho thoeng ke “Molao oa Gauda,” a re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna; hobane ke oona molao le baprofeta.” (Mattheu 7:12) Ke ’nete hore ho se lumelle litšekamelo tsa rōna tsa boithati kapa likhatello tse ka ntle kapa meleko hore li re susumelletse ho tšoara ba bang ka tsela e fapaneng le eo re batlang hore ba re tšoare ka eona ho hloka boitšoaro.

      14. Lentsoe la Molimo le fana ka keletso efe mabapi le lijo le lino?

      14 Taba e ’ngoe ke ea ho sebelisa boitšoaro tabeng ea lijo le lino. Ka bohlale Lentsoe la Molimo le eletsa tjena: “Se tsamaee le ba itlopang veine, kapa ba khetšèlakang linama.” (Liproverbia 23:20, BPN) Haholo-holo mabapi le mehla ea rōna, Jesu o lemositse: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi.” (Luka 21:34, 35) E, boitšoaro bo akarelletsa menahano le maikutlo a rōna, hammoho le mantsoe le liketso tsa rōna.

      Lebaka Leo ka Lona Boitšoaro e Leng Phephetso e Khōlō

      15. Mangolo a bontša joang hore khanyetso ea Satane khahlanong le hore Bakreste ba sebelise boitšoaro ke ea sebele?

      15 Boitšoaro ha bo itlise habonolo hobane, joalokaha Bakreste kaofela ba tseba, ho na le litšusumetso tse tharo tse matla tse lokiselitsoeng ho re sitisa ho sebelisa boitšoaro. Tabeng ea pele, ke Satane le bademona ba hae. Mangolo ha aa siee khoao mabapi le hore ka sebele ke batho ba teng. Ka hona, re bala hore “Satane a kena ho” Judase pejana a il’o eka Jesu. (Johanne 13:27) Moapostola Petrose o ile a botsa Ananiase: “Ke hobane’ng ha Satane a u betefalitse hore u thetse moea o halalelang?” (Liketso 5:3, NW) Ka ho loketseng haholo, Petrose le eena o lemositse: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.”—1 Petrose 5:8.

      16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlameha ho sebelisa boitšoaro lefatšeng lee?

      16 Ha Bakreste ba ntse ba iteka ho bonahatsa boitšoaro, ba boetse ba tlameha ho loantša lefatše lena le leng “ka tlas’a taolo ea ea khopo,” e leng Satane Diabolose. Mabapi le lona, moapostola Johanne o ngotse: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Ntle le hore re sebelise boitšoaro ’me re hanele ka matla tšekamelo leha e le efe ea ho rata lefatše, re tla inehela tšusumetsong ea lona, joaloka Demase eo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba mosebetsi-’moho le Pauluse.—1 Johanne 2:15-17; 5:19; 2 Timothea 4:10.

      17. Mabapi le boitšoaro, ke bothata bofe boo re tsoaloang re e-na le bona?

      17 Joaloka Bakreste, hape re hloka boitšoaro e le hore re ka loana ka katleho le mefokolo ea rōna ea nama le liphoso tseo re li futsitseng. Re ke ke ra iphapanyetsa hore “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.” (Genese 8:21, NW) Joaloka Morena Davida, ‘re tsoaletsoe bokhopong, ’me bo-’mè ba rōna ba re emoletse sebeng.’ (Pesaleme ea 51:5) Ngoana ea sa tsoa tsoaloa ha a tsebe letho ka boitšoaro. Ha a batla ntho e itseng, o lulela ho lla ho fihlela a e fumana. Tlaleho e ’ngoe e buang ka ho koetlisa bana e re: ‘Bana ba itlhalosa ka tsela e fapaneng ka ho felletseng le ea batho ba baholo. Bana ba na le boithati ’me hangata ha ba arabele tšusumetsong e loketseng ka ho fetisisa hobane ha ba khone ho “ipeha boemong ba motho e mong.”’ Ke ’nete hore “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana.” Leha ho le joalo, ha ho sebelisoa “thupa ea taeo,” butle-butle o ithuta hore ho na le melao-motheo eo a tlamehang ho e utloa le hore boithati bo tlameha ho loantšoa.—Liproverbia 22:15.

      18. (a) Ho latela seo Jesu a se boletseng, ke litšekamelo life tse fumanoang pelong ea tšoantšetso? (b) Ke mantsoe afe a Pauluse a bontšang hore o ne a hlokomela bothata ba ho sebelisa boitšoaro?

      18 E, litšekamelo tsa rōna tsa boithati tseo re tsoetsoeng ka tsona li re hlahisetsa phephetso ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisa boitšoaro. Litšekamelo tseo li fumanoa pelong ea tšoantšetso, eo Jesu a ileng a re ka eona: “Mehopolo e mebe, lipolao, lipōko, mafebe, likutso, liketselletso, le linyefolo, li tsoa pelong.” (Mattheu 15:19) Ke ka baka leo Pauluse a ileng a ngola: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. ’Me ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le ’na ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho ’na.” (Ba-Roma 7:19, 20) Leha ho le joalo, e ne e se boemo bo hlokisang tšepo, hobane Pauluse o boetse a ngola: “Ke otla ’mele oa ka le ho o khanna joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ’na ke tle ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.” Ho otla ’mele oa hae ho ne ho hloka hore a sebelise boitšoaro.—1 Ba-Korinthe 9:27, NW.

      19. Ka nepo, ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka re o otla ’mele oa hae?

      19 Ka nepo Pauluse o ne a ka re o otla ’mele oa hae, hobane ho sebelisa boitšoaro ho mpefatsoa ke mathata a mangata ’meleng, a kang khatello e phahameng ea mali, ho tšoaroa ke methapo, ho hlobaela, ho tšoaroa ke hlooho, ho pipitleloa, joalo-joalo. Sehloohong se latelang, re tla buisana ka litšoaneleho le lithuso tse tla re thusa ho sebelisa boitšoaro.

  • Ho Hlaolela Tholoana ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa—1991 | November 15
    • Ho Hlaolela Tholoana ea Boitšoaro

      “Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.”—BA-GALATA 5:22, 23, NW.

      1. Ke bo-mang ba re behetseng mehlala e metle ka ho fetisisa ea boitšoaro, joalokaha ho bontšoa ke mangolo afe?

      JEHOVA MOLIMO le Jesu Kreste ba re file mehlala e metle ka ho fetisisa ea boitšoaro. Ho tloha haesale motho a bontša ho hloka kutlo tšimong ea Edene, Jehova o ’nile a tsoela pele ho sebelisa tšoaneleho ena. (Bapisa le Esaia 42:14.) Ka Mangolong a Seheberu, ka makhetlo a robong re bala hore o ‘lieha ho halefa.’ (Exoda 34:6) Sena se hloka boitšoaro. Ka sebele Mora oa Molimo o ile a sebelisa boitšoaro bo matla, hobane “enere ha a rohakoa, o na a sa rohake.” (1 Petrose 2:23) Leha ho le joalo, Jesu a ka be a ile a kōpa Ntate oa hae oa leholimo hore a mo fe tšehetso ea “lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang.”—Mattheu 26:53.

      2. Ke mehlala efe e metle ea Mangolo eo re nang le eona ea batho ba sa phethahalang ba ileng ba sebelisa boitšoaro?

      2 Hape re na le mehlala e meng e metle ea Mangolo ea batho ba sa phethahalang ba ileng ba sebelisa boitšoaro. Ka mohlala, tšoaneleho ena e ile ea bonahala ketsahalong e ikhethang e etsahetseng bophelong ba Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo. Josefa o ile a sebelisa boitšoaro bo boholo hakaakang ha mosali oa Potifaro a leka ho mo hoka! (Genese 39:7-9) Hape ho na le mohlala o motle oa bacha ba bane ba Baheberu ba ileng ba sebelisa boitšoaro ka ho hana ho ja lijo tsa limenye-menye tsa morena oa Babylona ka baka la lithibelo tsa Molao oa Moshe.—Daniele 1:8-17.

      3. Ke batho bafe ba ikhethang ka baka la boitšoaro ba bona bo botle, joalokaha ho bontšoa ke bopaki bofe?

      3 Bakeng sa mehlala ea morao-rao ea boitšoaro, re ka supa Lipaki tsa Jehova ka kakaretso. Li tšoaneloa ke pabatso eo li e nehiloeng ke New Catholic Encyclopedia—ea hore ke “se seng sa lihlopha tse itšoereng hantle ka ho fetisisa lefatšeng.” Morupeli univesithing ea Philippines o ile a re “Lipaki li sebelisa ka hloko seo li ithutang sona ka Mangolong.” Mabapi le kopano eo Lipaki li neng li e tšoere Warsaw ka 1989, motlalehi oa litaba oa Poland o ngotse: “Ka matsatsi a mararo batho ba 55 000 ba ne ba sa tsube sakarete! . . . Pontšo ena ea koetliso e phahametseng ea motho e ile ea ’makatsa ea ba ea nkhapa maikutlo.”

      Ho Tšaba Molimo le ho Hloea ho Hobe

      4. E ’ngoe ea lithuso tse khōlō ka ho fetisisa ea ho sebelisa boitšoaro ke efe?

      4 E ’ngoe ea lithuso tse khōlō ka ho fetisisa ea ho hlaolela boitšoaro ke ho tšaba Molimo, tšabo e molemo ea hore re se halefise Ntate oa rōna oa leholimo. Hore tšabo e nang le borapeli ho Molimo e lokela ho ba ea bohlokoa hakae ho rōna ho ka bonoa tabeng ea hore Mangolo a bua ka eona ka makhetlo a mangata. Ha Abrahama a le lekhatheng la ho nyehela mora oa hae Isaaka, Molimo o ile oa re: “Se ise letsoho la hao ho moshanyana, u se ke ua mo etsa letho; hobane joale, kea tseba hoba u tšaba Molimo, ha u sa ka ua nkhanela le mora oa hao, ea mong ho uena.” (Genese 22:12) Ntle ho pelaelo ho ile ha ba le khatello e matla ea maikutlo nakong eo, kahoo e tlameha ebe ho ile ha hlokahala hore Abrahama a sebelise boitšoaro bo matla hore a ntšetse pele taelo ea Molimo ho isa bohōleng ba hore a phahamise thipa ea hae ’me a bolaee mora oa hae ea ratoang, Isaaka. E, ho tšaba Molimo ho tla re thusa ho sebelisa boitšoaro.

      5. Ho hloea bobe ho phetha karolo efe mabapi le ho sebelisa ha rōna boitšoaro?

      5 Ho hloea bobe ho amana haufi-ufi le ho tšaba Jehova. Ho Liproverbia 8:13 rea bala: “Ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe.” Joale, ho hloea ho hobe ho boetse ho re thusa ho sebelisa boitšoaro. Nako le nako, Mangolo a re bolella hore re hloee ho hobe—e, re ho nyonye. (Pesaleme ea 97:10; Amose 5:14, 15; Ba-Roma 12:9) Hangata ntho e mpe e thabisa haholo, e ipiletsa haholo, e khahleha haholo hoo re tlamehang ho e hloea ka ho felletseng e le hore re ka ba le matla a ho e loantša. Ho hloea ho hobe ka tsela eo ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho sebelisa boitšoaro ’me ka tsela eo hoa re sireletsa.

      Boitšoaro, ke Tsela e Bohlale

      6. Ke hobane’ng ha e le tsela e bohlale ho loantša litšekamelo tsa rōna tsa boithati ka ho sebelisa boitšoaro?

      6 Thuso e ’ngoe e khōlō e tla re thusa ho sebelisa boitšoaro ke ho ananela bohlale bo tlisoang ke ho sebelisa tšoaneleho ena. Jehova o re kōpa hore re sebelise boitšoaro molemong oa rōna ka borōna. (Bapisa le Esaia 48:17, 18.) Lentsoe la hae le na le keletso e ngata e bontšang kamoo ho leng bohlale ka teng ho loantša litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe ka ho sebelisa boitšoaro. Ho hang re ke ke ra qoba melao ea Molimo e sa fetoheng. Lentsoe la oona lea re bolella: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” (Ba-Galata 6:7, 8) Mohlala o totobetseng ke oa ho ja le ho noa. Mafu a mangata a bakoa ke hore batho ba ja haholo kapa ba noa haholo. Ho inehela boithating bo joalo ho amoha motho boitlhompho. Ho feta moo, motho a ke ke a inehela boithating ntle le hore a senye kamano ea hae le batho ba bang. Ho hobe le ho feta, ho haelloa ke boitšoaro ho senya kamano ea rōna le Ntate oa rōna oa leholimo.

      7. Sehlooho se seholo sa buka ea Liproverbia ke sefe, joalokaha se bontšoa ke litemana life tsa Bibele?

      7 Ka hona, re tlameha ho lula re ntse re ipolella hore boithati bo ka re ntša kotsi. Sehlooho se ikhethang sa buka ea Liproverbia, se hatisang ho ikhalemela, ke hore ho hang boithati ha bo putse le hore ho sebelisa boitšoaro ke ntho e bohlale. (Liproverbia 14:29; 16:32) Ho ke ho hlokomeloe hore ho ikhalemela ho akarelletsa ho hongata haholo ho feta ho qoba ho hobe. Ho ikhalemela, kapa boitšoaro, ho boetse hoa hlokahala e le hore re ka etsa se nepahetseng, e leng ho ka ’nang ha ba thata hobane ho khahlanong le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe.

      8. Ke phihlelo efe e totobatsang hore ke bohlale ho sebelisa boitšoaro?

      8 Se bontšang hore ke ntho e bohlale ho sebelisa boitšoaro ke taba ea e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a eme moleng bankeng eaba monna e mong o itšohlometsa ka pel’a hae. Le hoja Paki ena e ne e batla e tenehile, e ile ea sebelisa boitšoaro. Letsatsing lona leo e ne e lokela ho bona moenjinere ea itseng e le hore a ka tekenela lipolane tse itseng tsa Holo ea ’Muso. Moenjinere eo e ne e le mang? E ne e le eena monna eane ea ileng a itšohlometsa ka pel’a eona bankeng! Moenjinere enoa ha aa ka a e bontša botsoalle feela empa o ile a lefisa Paki ena chelete e ka tlaase ho tefello e tloaelehileng ka karolo ea leshome. Paki eo e ile ea thaba hakaakang hore ebe e ile ea sebelisa boitšoaro pejana letsatsing leo, ea se ke ea lumela hore e halefe!

      9. Ke tsela efe e bohlale eo re ka e nkang ha re teana le batho ba re nyefolang tšebeletsong?

      9 Nako le nako ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo kapa re eme likoung tsa literata re leka ho tsosa thahasello ea batho ba fetang ka tsela ka molaetsa oa rōna, re teana le batho ba re nyefolang. Tsela e bohlale ke efe? Ho Liproverbia 15:1 ho fanoa ka tlhaloso ena e bohlale: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” Ka mantsoe a mang, ho hlokahala hore re sebelise boitšoaro. Hase Lipaki tsa Jehova feela tse hlokometseng hore sena ke ’nete empa le batho ba bang ba se hlokometse. Basebetsi ba phekolo ea meriana ba ntse ba utloisisa ka ho eketsehileng bohlokoa ba boitšoaro bo nang le matla a ho phekola.

      Lerato le Hlokang Boithati Lea Thusa

      10, 11. Ke hobane’ng ha lerato e le thuso ea sebele ea ho sebelisa boitšoaro?

      10 Tlhaloso ea Pauluse ea lerato e ho 1 Ba-Korinthe 13:4-8, (NW) e bontša hore matla a lona a ka re thusa ho sebelisa boitšoaro. “Lerato lea mamella.” Ho mamella ho hloka boitšoaro. “Lerato ha le boulele, ha le ikhantše, ha le ikhohomose.” Tšoaneleho ea lerato e re thusa ho laola menahano le maikutlo a rōna, ho loantša tšekamelo leha e le efe ea ho boulela, ho ikhantša, kapa ho ikhohomosa. Lerato le etsa hore re se ke ra ba joalo, le etsa hore re be ba ikokobelitseng, ba nang le likelello tse ikokobelitseng, joaloka Jesu.—Mattheu 11:28-30, NW.

      11 Pauluse o tsoela pele ho re lerato “ha le itšoare hampe.” Ho itšoara hantle ka linako tsohle ho hloka boitšoaro. Tšoaneleho ea lerato e re thibela ho ba meharo, e re thibela ‘ho ipatlela lithahasello tsa rōna.’ Lerato “ha le halefe.” Ho bonolo hakaakang ho halefisoa ke seo ba bang ba se buang kapa ba se etsang! Empa lerato le tla re thusa ho sebelisa boitšoaro le hore re se ke ra bua kapa ra etsa lintho tseo re tla ikoahlaela tsona hamorao. Lerato “ha le boloke tlaleho ea khopiso.” Sebōpeho sa botho se na le tšekamelo ea ho koetla likhopiso kapa ho hōlisa lehloeo. Empa lerato le tla re thusa ho lahla menahano e joalo likelellong tsa rōna. Lerato “ha le thabele ho sa lokang.” Ho se thabele ho sa lokang, joaloka libuka le litšoantšo tsa bootsoa kapa lipale tse hlephisang boitšoaro tse tsoelang pele thelevisheneng, ho hloka boitšoaro. Lerato le boetse “le jara lintho tsohle” ’me “le mamella lintho tsohle.” Ho mamella lintho ho hloka boitšoaro, ho mamella lintho tse khopisang kapa tse boima le ho se li lumelle hore li re nyahamise, li re susumelletse ho iphetetsa ka se tšoanang, kapa ho re susumelletsa ho khaotsa ho sebeletsa Jehova.

      12. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang kananelo ea rōna ka eona ka sohle seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re etselitseng sona ke efe?

      12 Haeba kannete re rata Ntate oa rōna oa leholimo ’me re ananela litšoaneleho tsa hae tse tsotehang le sohle seo a re etselitseng sona, re tla mo khahlisa ka ho sebelisa boitšoaro ka linako tsohle. Hape, haeba kannete re rata Morena le Monghali oa rōna, Jesu Kreste, ’me re ananela sohle seo a re etselitseng sona, re tla utloa taelo ea hae ea hore ‘re jare thupa ea rōna ea tlhokofatso ’me re mo latele re sa khaotse.’ (Mareka 8:34, NW) Ka sebele seo se hloka hore re sebelise boitšoaro. Lerato bakeng sa baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste le tla boela le re thibele ho ba utloisa bohloko ka ho latela tsela e itseng ea boithati.

      Tumelo le Boikokobetso Joaloka Lithuso

      13. Ke hobane’ng ha tumelo e ka re thusa ho sebelisa boitšoaro?

      13 Thuso e ’ngoe e khōlō ea ho sebelisa boitšoaro ke ho bontša tumelo ho Molimo le litšepisong tsa oona. Tumelo e tla re nolofalletsa ho tšepa Jehova le ho letela nako ea hae e loketseng ea ho lokisa lintho. Moapostola Pauluse o hatisa ntlha eona ena ha a re ho Ba-Roma 12:19: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, . . . hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” Tabeng ena, boikokobetso le bona bo ka re thusa. Haeba re le ba ikokobelitseng, re ke ke ra khopeha ka potlako ka baka la khopiso eo re inahanelang eona kapa ea sebele. Re ke ke ra inkela molao matsohong ka lepotla-potla, empa re tla sebelisa boitšoaro ’me re ikemisetse ho letela Jehova.—Bapisa le Pesaleme ea 37:1, 8.

      14. Ke phihlelo efe e bontšang hore esita le batho ba haelloang haholo ke boitšoaro ba ka bo hlaolela?

      14 Hore re ka ithuta ho sebelisa boitšoaro ho ile ha hlakisoa ka matla ke phihlelo ea monna e mong ea neng a e-na le botho bo mabifi. O ne a e-na le botho bo mabifi hoo e itseng ha mapolesa a bitsoa ka baka la lerata leo eena le ntate oa hae ba neng ba le etsa, a ileng a otla mapolesa a mararo pele a mang a mo tšoara! Leha ho le joalo, ka mor’a nako o ile a teana le Lipaki tsa Jehova ’me a ithuta ho sebelisa boitšoaro, e leng e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23, NW) Kajeno, lilemo tse 30 hamorao, monna enoa o ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi.

      Ho Sebelisa Boitšoaro ka Lapeng

      15, 16. (a) Ke eng se tla thusa monna ho sebelisa boitšoaro? (b) Ke boemong bofe boo ho bona boitšoaro bo hlokahalang haholo, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo efe? (c) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore mosali a sebelise boitšoaro?

      15 Ka sebele ka lapeng ho hlokahala boitšoaro. E le hore monna a ka rata mosali oa hae joalokaha a ithata ho hlokahala hore a laole menahano ea hae, mantsoe, le liketso tsa hae ka matla. (Ba-Efese 5:28, 29) E, ho hlokahala hore banna ba sebelise boitšoaro e le hore ba ka utloa mantsoe a moapostola Petrose a ho 1 Petrose 3:7, (NW): “Lōna banna, tsoelang pele ho phela le bona ka mokhoa o tšoanang ho latela tsebo.” Haholo-holo ha mosali oa hae e le ea sa lumelang ho hlokahala hore monna ea lumetseng a sebelise boitšoaro.

      16 Ha re etsa papiso: Moholo e mong o ne a e-na le mosali ea sa lumelang ea bohale. Leha ho le joalo, o ile a sebelisa boitšoaro, ’me sena se ile sa mo ruisa molemo haholo hoo ngaka ea hae e ileng ea ’molella: “John, e tlameha e be ka tlhaho u motho ea nang le mamello e khōlō kapa ho seng joalo u na le bolumeli bo matla.” Ka sebele re na le bolumeli bo matla, hobane “Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello,” o re nolofalletsang ho sebelisa boitšoaro. (2 Timothea 1:7) Ho phaella moo, ho hlokahala hore mosali a sebelise boitšoaro e le hore e ka ba ea ikokobelitseng, haholo-holo ha monna oa hae e le motho ea sa lumelang.—1 Petrose 3:1-4.

      17. Ke hobane’ng ha boitšoaro e le ba bohlokoa litšebelisanong tsa motsoali le ngoana?

      17 Boitšoaro bo boetse boa hlokahala litšebelisanong tsa motsoali le ngoana. E le hore batsoali ba ka ba le bana ba nang le boitšoaro, pele ho tsohle bona ka bobona ba tlameha ho beha mohlala o motle. ’Me ha ho hlokahala hore bana ba khalemeloe ka tsela e itseng, ka linako tsohle ba lokela ho khalemeloa ka mosa le ka lerato, e leng ho hlokang boitšoaro ba sebele. (Ba-Efese 6:4; Ba-Kolosse 3:21) Hape, e le hore bana ba ka bontša hore ka sebele ba rata batsoali ba bona ho hlokahala kutlo, ’me ka sebele ho bontša kutlo ho hloka boitšoaro.—Ba-Efese 6:1-3; bapisa le 1 Johanne 5:3.

      Ho Sebelisa Thuso eo Molimo o Fanang ka Eona

      18-20. Ke litokisetso life tsa moea tse tharo tseo re tlamehang ho li sebelisa hamolemo e le hore re ka hlaolela litšoaneleho tse tla re thusa ho sebelisa boitšoaro?

      18 Ho hlokahala hore re sebelise hamolemo lithuso tsohle tseo Jehova Molimo a faneng ka tsona e le hore re ka hōla tšabong ea Molimo, leratong le hlokang boithati, tumelong, ho hloeeng ho hobe, le boitšoarong. A re buisaneng ka litokisetso tse tharo tsa moea tse ka re thusang ho sebelisa boitšoaro. Pele ho tsohle, ho na le tokelo ea bohlokoa ea thapelo. Le ka mohla ha re batle ho tšoareha haholo hoo re sitoang ho rapela. E, re lokela ho lakatsa ho ‘se phetse ho rapela,’ ho ‘tiisetsa thapelong.’ (1 Ba-Thessalonika 5:17; Ba-Roma 12:12, NW) A re rapelleng taba ea ho hlaolela boitšoaro. Empa ha re haelloa ke ho sebelisa boitšoaro, a re rapeleng Ntate oa rōna oa leholimo hore a re tšoarele ’me re bontše pako.

      19 Karolo ea bobeli e ka re thusang ho bonahatsa boitšoaro ke ho fumana thuso e tlisoang ke ho iphepa ka Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse re nolofalletsang ho utloisisa le ho sebelisa Mangolo. Ho bonolo haholo ho hlokomoloha karolo ena ea tšebeletso ea rōna e halalelang! Re tlameha ho sebelisa boitšoaro ’me re lule re ipolella hore ha ho sa na boitsebiso bo baloang boo e leng ba bohlokoa ho feta Bibele le boitsebiso bo fanoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ka hona re tlameha ho bo etelletsa pele. (Mattheu 24:45-47) Ka nepo ho ’nile ha thoe bophelong re tlameha ho itekanya mesikaro. Na kannete re banna le basali ba moea? Haeba re ela hloko tlhoko ea rōna ea moea, re tla sebelisa boitšoaro bo hlokahalang ba hore re time thelevishene ’me re lokisetse liboka tsa rōna kapa re bale Molula-Qhooa oo mohlomong re sa tsoa o fumana posong.

      20 Ntlha ea boraro, taba e ’ngoe ke ho etsa sohle seo re lokelang ho se etsa bakeng sa liboka tsa rōna tsa phutheho le likopano tse khōloanyane le likopano tse khōlō. Na re ikutloa re tlamehile ka ho felletseng ho ba teng libokeng tse joalo kaofela? Na re tla ho tsona re itokiselitse ho kopanela ’me ebe re etsa joalo ha re fumana monyetla? Ha re etsa sohle seo re lokelang ho se etsa bakeng sa liboka tsa rōna ka tekanyo e itseng, re tla matlafala ka tekanyo e tšoanang boikemisetsong ba rōna ba ho sebelisa boitšoaro tlas’a maemo ’ohle.

      21. E meng ea meputso eo re ka e thabelang haeba re hlaolela tholoana ea moea ea boitšoaro ke efe?

      21 Re ka lebella ho fumana meputso efe ha re leka ka matla ho sebelisa boitšoaro ka linako tsohle? Tabeng ea pele, le ka mohla re ke ke ra kotula litholoana tse bohloko tsa boithati. Re tla ba le boitlhompho le letsoalo le hloekileng. Re tla itšireletsa likhathatsong tse ngata ’me re tla lula re ntse re le tseleng e isang bophelong. Ho phaella moo, re tla khona ho etsetsa ba bang se molemo ka ho fetisisa. Ka holim’a tsohle, re tla be re bontša hore re utloa Liproverbia 27:11: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” Oo ke moputso o moholo ka ho fetisisa oo re ka o fumanang—tokelo ea ho thabisa pelo ea Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova!

      Na U sa Hopola?

      ◻ Ho tšaba Molimo ho re thusa ho sebelisa boitšoaro?

      ◻ Ke hobane’ng ha lerato le ka re thusa ho sebelisa boitšoaro?

      ◻ Boitšoaro bo ka thusa joang litšebelisanong tsa lelapa?

      ◻ Ke litokisetso life tseo re tlamehang ho li sebelisa hamolemo e le hore re ka hlaolela boitšoaro?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela