Boitšoaro—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa Hakaale?
“Ka ho tlatsetsa ha lona ka boiteko bohle bo tiileng ha le arabela, eketsang bokhabane tumelong ea lōna, bokhabaneng ba lōna le eketse tsebo, tsebong ea lōna le eketse boitšoaro.”—2 PETROSE 1:5, 6, NW.
1. Ke pontšo efe e tsotehang ea boitšoaro ’meleng e ileng ea etsahala lekholong la bo19 la lilemo?
NTLE ho pelaelo, e ’ngoe ea lipontšo tse tsotehang ka ho fetisisa ea ho laola ’mele e ile ea etsoa ke Charles Blondin halofong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo. Ho latela tlaleho e ’ngoe, o ile a tšela Phororo ea Niagara ka makhetlo a ’maloa, ka lekhetlo la pele o ile a e tšela ka 1859, a tsamaea holim’a mohala o bolelele ba limithara tse 340 ’me o phahametse metsi ka limithara tse 50. Ka mor’a moo, ka lekhetlo le leng le le leng o ile a e tšela a etsa lipontšo tse fapaneng ho latela tsebo ea hae: a ikoetse mahlo, a le ka har’a mokotla, a khanna kiribae, a tsamaea ka liikokotlelo, ’me a pepile motho. Boemong bo bong, o ile a etsa hlana-phetho a tsamaea ka liikokotlelo holim’a mohala o phahametseng lefatše ka limithara tse 52. Ho ne ho hlokahala boitšoaro bo matla ka ho fetisisa hore a boloke ho leka-lekana ho joalo. Bakeng sa boiteko ba hae, Blondin o ile a putsoa ka botumo le katleho.
2. Ke mesebetsi ea mofuta ofe e meng e hlokang boitšoaro?
2 Le hoja e le ba fokolang feela ba neng ba ka khona le ho etsisa lipontšo tseo, kaofela ha rōna re hlokomela bohlokoa ba boitšoaro tšebelisong ea tsebo e khethehileng lefapheng le itseng kapa lipapaling. Ka mohlala, ha sebini se seng se hlalosa seletsi se hloahloa sa piano se tummeng se hlokahetseng, Vladimir Horowitz, se itse: “Ntho e nkhapang maikutlo ke ho hlokomela taolo e felletseng . . . , ho hlokomela matla a tsotehang a sebelisoang.” Tlaleho e ’ngoe e buang ka Horowitz e buile ka “lilemo tse mashome a robeli tsa ho tsamaisa menoana ka potlako ka taolo e phethahetseng.”
3. (a) Mofuta o mong oa taolo e hlokang ho hongata ka ho fetisisa ke ofe, ’me o hlalosoa joang? (b) Ke eng se boleloang ke lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boitšoaro” ka Bibeleng?
3 Ho hlaolela tsebo e joalo ho hloka boiteko bo matla. Leha ho le joalo, boitšoaro ke bona ba bohlokoa haholoanyane le bo phephetsang haholoanyane. Bo ’nile ba hlalosoa e le “ho ithiba hoo motho a ho bontšang litaba-tabelong tsa hae, maikutlong a hae, kapa litakatsong tsa hae.” Ka Mangolong a Segerike a Bokreste, lentsoe le fetoletsoeng e le “boitšoaro” ho 2 Petrose 1:6, (NW) le libakeng tse ling, le ’nile la hlalosoa e le “tsebo ea motho ea ho laola litakatso le litaba-tabelo tsa hae, haholo-holo litakatso tsa hae tsa nama.” Ho ’nile ha thoe boitšoaro ba motho ka mong ke “sehlohlolo sa katleho eo motho a e finyelletseng.”
Lebaka Leo ka Lona Boitšoaro e Leng ba Bohlokoa Haholo
4. Ho haella ha boitšoaro ho hlahisitse litholoana life tse mpe?
4 Ho haella ha boitšoaro ho ’nile ha hlahisa litholoana tse kaakang! Likhathatso tse ngata tse teng lefatšeng kajeno haholo-holo li bakoa ke ho haella ha boitšoaro. Ke ’nete hore re phela “mehleng ea qetello,” eo ho eona ho leng teng ‘linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Hangata batho ke “ba se nang boitšoaro” ka baka la meharo, eo mofuta o mong oa eona e leng ho ba “ba ratang menyaka ho fapana le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-5, NW) Re ’nile ra hlakisetsoa ka matla ’nete ena e soabisang ka ho tlosoa ha batho ba itseng ba fosang ba fetang 40 000 botsoalleng ba phutheho ea Bokreste selemong se fetileng sa tšebeletso, haholo-holo e le ka baka la boitšoaro bo fosahetseng haholo. Ho phaella moo, ho na le ba bangata ba ileng ba khalemeloa, haholo-holo ka baka la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ’me sena sohle se etsahetse ka baka la ho hlōleha ho sebelisa boitšoaro. Hape ho soabisang ke hore ba bang bao e bileng baholo ka nako e telele ba lahlehetsoe ke litokelo tsohle tsa bona tsa ho ba balebeli ka lebaka le tšoanang.
5. Bohlokoa ba boitšoaro bo ka tšoantšoa joang?
5 Bohlokoa ba boitšoaro bo ka tšoantšoa ka koloi. E na le mabili a mane a e nolofalletsang ho tsamaea, e na le enjini e matla e ka bilikisang mabili ao ka potlako e khōlō, ’me e na le mariki a ka emisang mabili ao. Leha ho le joalo, ho ka hlaha kotsi ha ho ke ke ha e-ba le motho ea lutseng setulong sa mokhanni hore a etse qeto ea hore na mabili ao a lokela ho ea hokae, hore na a lokela ho bilika ka potlako hakae, le hore na a lokela ho ema neng, ka ho sebelisa lebili la mokhanni, mafura, le mariki ka tsela e laolehileng.
6. (a) Ke tšoaneleho efe ea lerato eo ka nepo e ka sebelisoang mabapi le boitšoaro? (b) Re tlameha ho hopola keletso efe e eketsehileng?
6 Ho tla ba thata ho hatisa bohlokoa ba boitšoaro ho feta mona. Seo moapostola Pauluse a se buileng ho 1 Ba-Korinthe 13:1-3, (NW) ka bohlokoa ba lerato se ka buuoa ka nepo mabapi le boitšoaro. Ho sa tsotellehe hore na re libui tsa phatlalatsa tse kheleke hakae, ho sa tsotellehe hore na re fumane tsebo le tumelo e ngata hakae ka ho sebelisa mekhoa e metle ea ho ithuta, ho sa tsotellehe hore na re ’nile ra etsetsa ba bang mesebetsi efe e metle, ntle le hore re sebelise boitšoaro, lintho tseo kaofela ke lefeela. Re lokela ho hopola mantsoe a Pauluse: “Na ha le tsebe hore limathi li matha kaofela peisong, empa ke semathi se le seng feela se hapang moputso? Mathang ka tsela eo ka eona le tla o amohela. Ho feta moo, motho e mong le e mong ea kopanelang phehisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle.” (1 Ba-Korinthe 9:24, 25, NW) Temoso ea Pauluse e ho 1 Ba-Korinthe 10:12 e re thusa ho sebelisa boitšoaro linthong tsohle: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”
Mehlala e Fanang ka Temoso
7. (a) Ho haella ha boitšoaro ho ile ha theola batho boemong joang? (b) Mangolo a re fa mehlala efe e meng ea boholo-holo ea ho haella ha boitšoaro?
7 Adama o ile a hlōleha ho sebelisa boitšoaro ka ho lumella boikutlo hore bo laole liketso tsa hae ho fapana le kahlolo e molemo. Ka baka leo, ‘sebe se kene lefatšeng ’me lefu le kene ka sebe.’ (Ba-Roma 5:12) Polao ea pele le eona e ile ea bakoa ke ho haelloa ke boitšoaro, hobane Jehova Molimo o ne a lemositse Kaine: ‘Ke hobane’ng ha u halefile hona ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se hloentse? Sebe se larile monyako, na u tla khona ho se laola?’ Kaha Kaine ha aa ka a khona ho laola sebe, o ile a bolaea ngoan’abo Abele. (Genese 4:6-12) Mosali oa Lota le eena o ile a hlōleha ho sebelisa boitšoaro. O ile a hlōleha ka ho felletseng ho hanela moleko oa ho hetla morao. Ho haelloa ha hae ke boitšoaro ho ile ha etsa hore a lahleheloe ke eng? Ho ile ha etsa hore a lahleheloe ke bophelo ba hae!—Genese 19:17, 26.
8. Ke liphihlelo tsa banna bafe ba bararo ba boholo-holo tse re fang litemoso mabapi le bohlokoa ba boitšoaro?
8 Mora oa Jakobo oa letsibolo, Rubene, o ile a lahleheloa ke tokelo ea hae ea tsoalo ka baka la ho haelloa ke boitšoaro. O ile a silafatsa liphate tsa ntat’ae ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le se seng sa lirethe tsa Jakobo. (Genese 35:22; 49:3, 4; 1 Likronike 5:1) Kaha Moshe o ile a halefisoa ke tsela eo Baiseraele ba ileng ba ’meha tekong ka eona ka ho korotla, ho belaela, le bofetoheli ba bona, o ile a haneloa ka tokelo eo a neng a e lakatsa haholo ea ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 20:1-13; Deuteronoma 32:50-52) Esita le Morena Davida ea tšepahalang, eo e neng e le ‘motho ea thabisang Molimo pelo,’ o ile a kena khathatsong e tebileng ka baka la ho haelloa ke boitšoaro ka nako e ’ngoe. (1 Samuele 13:14; 2 Samuele 12:7-14) Mehlala ena kaofela e re fa litemoso tse loketseng tsa hore ho hlokahala hore re sebelise boitšoaro.
Seo ho Hlokahalang Hore re se Laole
9. Ke mangolo afe a mang a totobatsang bohlokoa ba boitšoaro?
9 Pele ho tsohle, boitšoaro bo akarelletsa menahano ea rōna le maikutlo. Hangata ka Mangolong ho buuoa ka lintho tsena ’me ho sebelisoa mantsoe a kang “pelo” le “liphio” ka tsela ea tšoantšetso. Seo re lumellang likelello tsa rōna ho nahana ka sona se ka re thusa boitekong ba rōna ba ho khahlisa Jehova kapa sa re sitisa. Ho hlokahala boitšoaro e le hore re ka utloa keletso ea Mangolo e fumanoang ho Ba-Filippi 4:8, ea hore re ’ne re nahane ka lintho tsa ’nete, tse hloekileng, le tse hlomphehang. Mopesaleme Davida o buile se tšoanang thapelong, o itse: “U khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova, lefika la ka le monamoleli oa ka!” (Pesaleme ea 19:14) Taelo ea leshome—e bolelang hore u se ke ua lakatsa ntho leha e le efe ea ngoan’eno—e ne e hloka hore motho a laole menahano ea hae. (Exoda 20:17) Jesu o ile a hatisa hore na ho tebile hakae hore re laole menahano le maikutlo a rōna ha a re: “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.”—Mattheu 5:28.
10. Ke litemana life tsa Bibele tse hatisang bohlokoa ba ho laola lipuo tsa rōna?
10 Boitšoaro bo boetse bo akarelletsa mantsoe a rōna, le lipuo tsa rōna. Ha e le hantle ho na le mangolo a mangata a re eletsang hore re laole maleme a rōna. Ka mohlala: “Molimo o maholimong, athe uena, u lefatšeng; ha ho le joalo, mantsoe a hao a be a se makae.” (Moeklesia 5:2) “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) “Mahlapa a se ke a tsoa melomong ea lōna, ho mpe ho tsoe lipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba li utloang . . . Felisang . . . lerata, le bonyefoli, le bobe bohle.” ’Me Pauluse o tsoela pele ho fana ka keletso ea hore re lahle lipuo tsohle tsa booatla le mesoaso e sa lokang.—Ba-Efese 4:29, 31, BPN; 5:3, 4.
11. Jakobo o tšohla bothata ba ho laola leleme joang?
11 Jakobo, ngoan’abo Jesu ka bo-’m’a bona, o nyatsa lipuo tse sa laoleheng ’me o bontša kamoo ho leng thata ka teng ho laola leleme. O re: “Leleme, leha e le sethoana se senyenyane, le ithorisa ka tse kholo. Bonang, molloana o monyenyane o ka chesa moru o mokakang! Le lona leleme ke mollo, ke naha ea bokhopo; mokhoa oa leleme har’a litho tsa rōna, ke ho silafatsa ’mele kaofela, ke ho kenya khanare tseleng eohle ea khōlo ea motho, etsoe le hotelitsoe ke mollo oa lihele [“Gehenna,” NW]. Athe mefuta eohle ea liphoofolo, le ea linonyana, le ea lihahabi, le ea [tse] phelang leoatleng, e na le ho thapisoa, ’me e se e kile ea thapisoa ke batho. Ha e le leleme, che, lona ha ho motho ea tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlōloeng; le tletse mahloko a bolaeang. Ka lona, re ee re boke Molimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo. Molomong o le mong ho tsoa poko le thohako! Banab’eso, taba ha lia tšoanela ho lula joalo.”—Jakobo 3:5-10.
12, 13. Mangolo a mang a bontšang bohlokoa ba ho laola liketso le boitšoaro ba rōna ke afe?
12 Ha e le hantle, boitšoaro bo akarelletsa liketso tsa rōna. Karolo e ’ngoe eo ho eona ho hlokahalang boitšoaro bo matla e amana le litšebelisano tsa rōna le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le rōna. Bakreste baa laeloa: “Balehang boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.” (1 Ba-Korinthe 6:18, New International Version) Banna ba khothatsoa ka matla hore thahasello ea bona ea likamano tsa botona le botšehali e felle ho basali ba bona feela, ba bolelloa tjena: “U noe metsi a sekoti see u se chekileng, metsi a phallang meeling ea seliba see e leng sa hao.” (Liproverbia 5:15-20) Re bolelloa ka ho hlaka hore “Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) Ba hlaolelang neo ea bosoha ke bona haholo-holo bao ho hlokahalang hore ba be le boitšoaro.—Mattheu 19:11, 12; 1 Ba-Korinthe 7:37.
13 Jesu o ile a akaretsa taba eohle e amanang le liketso tsa rōna ho batho ba bang ha a ne a fana ka hoo ka tloaelo ho thoeng ke “Molao oa Gauda,” a re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna; hobane ke oona molao le baprofeta.” (Mattheu 7:12) Ke ’nete hore ho se lumelle litšekamelo tsa rōna tsa boithati kapa likhatello tse ka ntle kapa meleko hore li re susumelletse ho tšoara ba bang ka tsela e fapaneng le eo re batlang hore ba re tšoare ka eona ho hloka boitšoaro.
14. Lentsoe la Molimo le fana ka keletso efe mabapi le lijo le lino?
14 Taba e ’ngoe ke ea ho sebelisa boitšoaro tabeng ea lijo le lino. Ka bohlale Lentsoe la Molimo le eletsa tjena: “Se tsamaee le ba itlopang veine, kapa ba khetšèlakang linama.” (Liproverbia 23:20, BPN) Haholo-holo mabapi le mehla ea rōna, Jesu o lemositse: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi.” (Luka 21:34, 35) E, boitšoaro bo akarelletsa menahano le maikutlo a rōna, hammoho le mantsoe le liketso tsa rōna.
Lebaka Leo ka Lona Boitšoaro e Leng Phephetso e Khōlō
15. Mangolo a bontša joang hore khanyetso ea Satane khahlanong le hore Bakreste ba sebelise boitšoaro ke ea sebele?
15 Boitšoaro ha bo itlise habonolo hobane, joalokaha Bakreste kaofela ba tseba, ho na le litšusumetso tse tharo tse matla tse lokiselitsoeng ho re sitisa ho sebelisa boitšoaro. Tabeng ea pele, ke Satane le bademona ba hae. Mangolo ha aa siee khoao mabapi le hore ka sebele ke batho ba teng. Ka hona, re bala hore “Satane a kena ho” Judase pejana a il’o eka Jesu. (Johanne 13:27) Moapostola Petrose o ile a botsa Ananiase: “Ke hobane’ng ha Satane a u betefalitse hore u thetse moea o halalelang?” (Liketso 5:3, NW) Ka ho loketseng haholo, Petrose le eena o lemositse: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.”—1 Petrose 5:8.
16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlameha ho sebelisa boitšoaro lefatšeng lee?
16 Ha Bakreste ba ntse ba iteka ho bonahatsa boitšoaro, ba boetse ba tlameha ho loantša lefatše lena le leng “ka tlas’a taolo ea ea khopo,” e leng Satane Diabolose. Mabapi le lona, moapostola Johanne o ngotse: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Ntle le hore re sebelise boitšoaro ’me re hanele ka matla tšekamelo leha e le efe ea ho rata lefatše, re tla inehela tšusumetsong ea lona, joaloka Demase eo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba mosebetsi-’moho le Pauluse.—1 Johanne 2:15-17; 5:19; 2 Timothea 4:10.
17. Mabapi le boitšoaro, ke bothata bofe boo re tsoaloang re e-na le bona?
17 Joaloka Bakreste, hape re hloka boitšoaro e le hore re ka loana ka katleho le mefokolo ea rōna ea nama le liphoso tseo re li futsitseng. Re ke ke ra iphapanyetsa hore “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.” (Genese 8:21, NW) Joaloka Morena Davida, ‘re tsoaletsoe bokhopong, ’me bo-’mè ba rōna ba re emoletse sebeng.’ (Pesaleme ea 51:5) Ngoana ea sa tsoa tsoaloa ha a tsebe letho ka boitšoaro. Ha a batla ntho e itseng, o lulela ho lla ho fihlela a e fumana. Tlaleho e ’ngoe e buang ka ho koetlisa bana e re: ‘Bana ba itlhalosa ka tsela e fapaneng ka ho felletseng le ea batho ba baholo. Bana ba na le boithati ’me hangata ha ba arabele tšusumetsong e loketseng ka ho fetisisa hobane ha ba khone ho “ipeha boemong ba motho e mong.”’ Ke ’nete hore “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana.” Leha ho le joalo, ha ho sebelisoa “thupa ea taeo,” butle-butle o ithuta hore ho na le melao-motheo eo a tlamehang ho e utloa le hore boithati bo tlameha ho loantšoa.—Liproverbia 22:15.
18. (a) Ho latela seo Jesu a se boletseng, ke litšekamelo life tse fumanoang pelong ea tšoantšetso? (b) Ke mantsoe afe a Pauluse a bontšang hore o ne a hlokomela bothata ba ho sebelisa boitšoaro?
18 E, litšekamelo tsa rōna tsa boithati tseo re tsoetsoeng ka tsona li re hlahisetsa phephetso ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisa boitšoaro. Litšekamelo tseo li fumanoa pelong ea tšoantšetso, eo Jesu a ileng a re ka eona: “Mehopolo e mebe, lipolao, lipōko, mafebe, likutso, liketselletso, le linyefolo, li tsoa pelong.” (Mattheu 15:19) Ke ka baka leo Pauluse a ileng a ngola: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. ’Me ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le ’na ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho ’na.” (Ba-Roma 7:19, 20) Leha ho le joalo, e ne e se boemo bo hlokisang tšepo, hobane Pauluse o boetse a ngola: “Ke otla ’mele oa ka le ho o khanna joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ’na ke tle ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.” Ho otla ’mele oa hae ho ne ho hloka hore a sebelise boitšoaro.—1 Ba-Korinthe 9:27, NW.
19. Ka nepo, ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka re o otla ’mele oa hae?
19 Ka nepo Pauluse o ne a ka re o otla ’mele oa hae, hobane ho sebelisa boitšoaro ho mpefatsoa ke mathata a mangata ’meleng, a kang khatello e phahameng ea mali, ho tšoaroa ke methapo, ho hlobaela, ho tšoaroa ke hlooho, ho pipitleloa, joalo-joalo. Sehloohong se latelang, re tla buisana ka litšoaneleho le lithuso tse tla re thusa ho sebelisa boitšoaro.
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha boitšoaro e le ba bohlokoa?
◻ Mehlala e meng ea batho ba ileng ba lahleheloa ke ho itseng ka baka la ho haelloa ke boitšoaro ke efe?
◻ Re tlameha ho sebelisa boitšoaro likarolong life?
◻ Lira tse tharo tse re thatafalletsang ho sebelisa boitšoaro ke life?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho hlokahala hore Bakreste ba sebelise boitšoaro lijong le linong
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Boitšoaro bo tla re thusa ho hanela ho seba ho kotsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
Historical Pictures Service