Ho Hlaolela Tholoana ea Boitšoaro
“Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.”—BA-GALATA 5:22, 23, NW.
1. Ke bo-mang ba re behetseng mehlala e metle ka ho fetisisa ea boitšoaro, joalokaha ho bontšoa ke mangolo afe?
JEHOVA MOLIMO le Jesu Kreste ba re file mehlala e metle ka ho fetisisa ea boitšoaro. Ho tloha haesale motho a bontša ho hloka kutlo tšimong ea Edene, Jehova o ’nile a tsoela pele ho sebelisa tšoaneleho ena. (Bapisa le Esaia 42:14.) Ka Mangolong a Seheberu, ka makhetlo a robong re bala hore o ‘lieha ho halefa.’ (Exoda 34:6) Sena se hloka boitšoaro. Ka sebele Mora oa Molimo o ile a sebelisa boitšoaro bo matla, hobane “enere ha a rohakoa, o na a sa rohake.” (1 Petrose 2:23) Leha ho le joalo, Jesu a ka be a ile a kōpa Ntate oa hae oa leholimo hore a mo fe tšehetso ea “lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang.”—Mattheu 26:53.
2. Ke mehlala efe e metle ea Mangolo eo re nang le eona ea batho ba sa phethahalang ba ileng ba sebelisa boitšoaro?
2 Hape re na le mehlala e meng e metle ea Mangolo ea batho ba sa phethahalang ba ileng ba sebelisa boitšoaro. Ka mohlala, tšoaneleho ena e ile ea bonahala ketsahalong e ikhethang e etsahetseng bophelong ba Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo. Josefa o ile a sebelisa boitšoaro bo boholo hakaakang ha mosali oa Potifaro a leka ho mo hoka! (Genese 39:7-9) Hape ho na le mohlala o motle oa bacha ba bane ba Baheberu ba ileng ba sebelisa boitšoaro ka ho hana ho ja lijo tsa limenye-menye tsa morena oa Babylona ka baka la lithibelo tsa Molao oa Moshe.—Daniele 1:8-17.
3. Ke batho bafe ba ikhethang ka baka la boitšoaro ba bona bo botle, joalokaha ho bontšoa ke bopaki bofe?
3 Bakeng sa mehlala ea morao-rao ea boitšoaro, re ka supa Lipaki tsa Jehova ka kakaretso. Li tšoaneloa ke pabatso eo li e nehiloeng ke New Catholic Encyclopedia—ea hore ke “se seng sa lihlopha tse itšoereng hantle ka ho fetisisa lefatšeng.” Morupeli univesithing ea Philippines o ile a re “Lipaki li sebelisa ka hloko seo li ithutang sona ka Mangolong.” Mabapi le kopano eo Lipaki li neng li e tšoere Warsaw ka 1989, motlalehi oa litaba oa Poland o ngotse: “Ka matsatsi a mararo batho ba 55 000 ba ne ba sa tsube sakarete! . . . Pontšo ena ea koetliso e phahametseng ea motho e ile ea ’makatsa ea ba ea nkhapa maikutlo.”
Ho Tšaba Molimo le ho Hloea ho Hobe
4. E ’ngoe ea lithuso tse khōlō ka ho fetisisa ea ho sebelisa boitšoaro ke efe?
4 E ’ngoe ea lithuso tse khōlō ka ho fetisisa ea ho hlaolela boitšoaro ke ho tšaba Molimo, tšabo e molemo ea hore re se halefise Ntate oa rōna oa leholimo. Hore tšabo e nang le borapeli ho Molimo e lokela ho ba ea bohlokoa hakae ho rōna ho ka bonoa tabeng ea hore Mangolo a bua ka eona ka makhetlo a mangata. Ha Abrahama a le lekhatheng la ho nyehela mora oa hae Isaaka, Molimo o ile oa re: “Se ise letsoho la hao ho moshanyana, u se ke ua mo etsa letho; hobane joale, kea tseba hoba u tšaba Molimo, ha u sa ka ua nkhanela le mora oa hao, ea mong ho uena.” (Genese 22:12) Ntle ho pelaelo ho ile ha ba le khatello e matla ea maikutlo nakong eo, kahoo e tlameha ebe ho ile ha hlokahala hore Abrahama a sebelise boitšoaro bo matla hore a ntšetse pele taelo ea Molimo ho isa bohōleng ba hore a phahamise thipa ea hae ’me a bolaee mora oa hae ea ratoang, Isaaka. E, ho tšaba Molimo ho tla re thusa ho sebelisa boitšoaro.
5. Ho hloea bobe ho phetha karolo efe mabapi le ho sebelisa ha rōna boitšoaro?
5 Ho hloea bobe ho amana haufi-ufi le ho tšaba Jehova. Ho Liproverbia 8:13 rea bala: “Ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe.” Joale, ho hloea ho hobe ho boetse ho re thusa ho sebelisa boitšoaro. Nako le nako, Mangolo a re bolella hore re hloee ho hobe—e, re ho nyonye. (Pesaleme ea 97:10; Amose 5:14, 15; Ba-Roma 12:9) Hangata ntho e mpe e thabisa haholo, e ipiletsa haholo, e khahleha haholo hoo re tlamehang ho e hloea ka ho felletseng e le hore re ka ba le matla a ho e loantša. Ho hloea ho hobe ka tsela eo ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho sebelisa boitšoaro ’me ka tsela eo hoa re sireletsa.
Boitšoaro, ke Tsela e Bohlale
6. Ke hobane’ng ha e le tsela e bohlale ho loantša litšekamelo tsa rōna tsa boithati ka ho sebelisa boitšoaro?
6 Thuso e ’ngoe e khōlō e tla re thusa ho sebelisa boitšoaro ke ho ananela bohlale bo tlisoang ke ho sebelisa tšoaneleho ena. Jehova o re kōpa hore re sebelise boitšoaro molemong oa rōna ka borōna. (Bapisa le Esaia 48:17, 18.) Lentsoe la hae le na le keletso e ngata e bontšang kamoo ho leng bohlale ka teng ho loantša litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe ka ho sebelisa boitšoaro. Ho hang re ke ke ra qoba melao ea Molimo e sa fetoheng. Lentsoe la oona lea re bolella: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” (Ba-Galata 6:7, 8) Mohlala o totobetseng ke oa ho ja le ho noa. Mafu a mangata a bakoa ke hore batho ba ja haholo kapa ba noa haholo. Ho inehela boithating bo joalo ho amoha motho boitlhompho. Ho feta moo, motho a ke ke a inehela boithating ntle le hore a senye kamano ea hae le batho ba bang. Ho hobe le ho feta, ho haelloa ke boitšoaro ho senya kamano ea rōna le Ntate oa rōna oa leholimo.
7. Sehlooho se seholo sa buka ea Liproverbia ke sefe, joalokaha se bontšoa ke litemana life tsa Bibele?
7 Ka hona, re tlameha ho lula re ntse re ipolella hore boithati bo ka re ntša kotsi. Sehlooho se ikhethang sa buka ea Liproverbia, se hatisang ho ikhalemela, ke hore ho hang boithati ha bo putse le hore ho sebelisa boitšoaro ke ntho e bohlale. (Liproverbia 14:29; 16:32) Ho ke ho hlokomeloe hore ho ikhalemela ho akarelletsa ho hongata haholo ho feta ho qoba ho hobe. Ho ikhalemela, kapa boitšoaro, ho boetse hoa hlokahala e le hore re ka etsa se nepahetseng, e leng ho ka ’nang ha ba thata hobane ho khahlanong le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe.
8. Ke phihlelo efe e totobatsang hore ke bohlale ho sebelisa boitšoaro?
8 Se bontšang hore ke ntho e bohlale ho sebelisa boitšoaro ke taba ea e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a eme moleng bankeng eaba monna e mong o itšohlometsa ka pel’a hae. Le hoja Paki ena e ne e batla e tenehile, e ile ea sebelisa boitšoaro. Letsatsing lona leo e ne e lokela ho bona moenjinere ea itseng e le hore a ka tekenela lipolane tse itseng tsa Holo ea ’Muso. Moenjinere eo e ne e le mang? E ne e le eena monna eane ea ileng a itšohlometsa ka pel’a eona bankeng! Moenjinere enoa ha aa ka a e bontša botsoalle feela empa o ile a lefisa Paki ena chelete e ka tlaase ho tefello e tloaelehileng ka karolo ea leshome. Paki eo e ile ea thaba hakaakang hore ebe e ile ea sebelisa boitšoaro pejana letsatsing leo, ea se ke ea lumela hore e halefe!
9. Ke tsela efe e bohlale eo re ka e nkang ha re teana le batho ba re nyefolang tšebeletsong?
9 Nako le nako ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo kapa re eme likoung tsa literata re leka ho tsosa thahasello ea batho ba fetang ka tsela ka molaetsa oa rōna, re teana le batho ba re nyefolang. Tsela e bohlale ke efe? Ho Liproverbia 15:1 ho fanoa ka tlhaloso ena e bohlale: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” Ka mantsoe a mang, ho hlokahala hore re sebelise boitšoaro. Hase Lipaki tsa Jehova feela tse hlokometseng hore sena ke ’nete empa le batho ba bang ba se hlokometse. Basebetsi ba phekolo ea meriana ba ntse ba utloisisa ka ho eketsehileng bohlokoa ba boitšoaro bo nang le matla a ho phekola.
Lerato le Hlokang Boithati Lea Thusa
10, 11. Ke hobane’ng ha lerato e le thuso ea sebele ea ho sebelisa boitšoaro?
10 Tlhaloso ea Pauluse ea lerato e ho 1 Ba-Korinthe 13:4-8, (NW) e bontša hore matla a lona a ka re thusa ho sebelisa boitšoaro. “Lerato lea mamella.” Ho mamella ho hloka boitšoaro. “Lerato ha le boulele, ha le ikhantše, ha le ikhohomose.” Tšoaneleho ea lerato e re thusa ho laola menahano le maikutlo a rōna, ho loantša tšekamelo leha e le efe ea ho boulela, ho ikhantša, kapa ho ikhohomosa. Lerato le etsa hore re se ke ra ba joalo, le etsa hore re be ba ikokobelitseng, ba nang le likelello tse ikokobelitseng, joaloka Jesu.—Mattheu 11:28-30, NW.
11 Pauluse o tsoela pele ho re lerato “ha le itšoare hampe.” Ho itšoara hantle ka linako tsohle ho hloka boitšoaro. Tšoaneleho ea lerato e re thibela ho ba meharo, e re thibela ‘ho ipatlela lithahasello tsa rōna.’ Lerato “ha le halefe.” Ho bonolo hakaakang ho halefisoa ke seo ba bang ba se buang kapa ba se etsang! Empa lerato le tla re thusa ho sebelisa boitšoaro le hore re se ke ra bua kapa ra etsa lintho tseo re tla ikoahlaela tsona hamorao. Lerato “ha le boloke tlaleho ea khopiso.” Sebōpeho sa botho se na le tšekamelo ea ho koetla likhopiso kapa ho hōlisa lehloeo. Empa lerato le tla re thusa ho lahla menahano e joalo likelellong tsa rōna. Lerato “ha le thabele ho sa lokang.” Ho se thabele ho sa lokang, joaloka libuka le litšoantšo tsa bootsoa kapa lipale tse hlephisang boitšoaro tse tsoelang pele thelevisheneng, ho hloka boitšoaro. Lerato le boetse “le jara lintho tsohle” ’me “le mamella lintho tsohle.” Ho mamella lintho ho hloka boitšoaro, ho mamella lintho tse khopisang kapa tse boima le ho se li lumelle hore li re nyahamise, li re susumelletse ho iphetetsa ka se tšoanang, kapa ho re susumelletsa ho khaotsa ho sebeletsa Jehova.
12. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang kananelo ea rōna ka eona ka sohle seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re etselitseng sona ke efe?
12 Haeba kannete re rata Ntate oa rōna oa leholimo ’me re ananela litšoaneleho tsa hae tse tsotehang le sohle seo a re etselitseng sona, re tla mo khahlisa ka ho sebelisa boitšoaro ka linako tsohle. Hape, haeba kannete re rata Morena le Monghali oa rōna, Jesu Kreste, ’me re ananela sohle seo a re etselitseng sona, re tla utloa taelo ea hae ea hore ‘re jare thupa ea rōna ea tlhokofatso ’me re mo latele re sa khaotse.’ (Mareka 8:34, NW) Ka sebele seo se hloka hore re sebelise boitšoaro. Lerato bakeng sa baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste le tla boela le re thibele ho ba utloisa bohloko ka ho latela tsela e itseng ea boithati.
Tumelo le Boikokobetso Joaloka Lithuso
13. Ke hobane’ng ha tumelo e ka re thusa ho sebelisa boitšoaro?
13 Thuso e ’ngoe e khōlō ea ho sebelisa boitšoaro ke ho bontša tumelo ho Molimo le litšepisong tsa oona. Tumelo e tla re nolofalletsa ho tšepa Jehova le ho letela nako ea hae e loketseng ea ho lokisa lintho. Moapostola Pauluse o hatisa ntlha eona ena ha a re ho Ba-Roma 12:19: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, . . . hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” Tabeng ena, boikokobetso le bona bo ka re thusa. Haeba re le ba ikokobelitseng, re ke ke ra khopeha ka potlako ka baka la khopiso eo re inahanelang eona kapa ea sebele. Re ke ke ra inkela molao matsohong ka lepotla-potla, empa re tla sebelisa boitšoaro ’me re ikemisetse ho letela Jehova.—Bapisa le Pesaleme ea 37:1, 8.
14. Ke phihlelo efe e bontšang hore esita le batho ba haelloang haholo ke boitšoaro ba ka bo hlaolela?
14 Hore re ka ithuta ho sebelisa boitšoaro ho ile ha hlakisoa ka matla ke phihlelo ea monna e mong ea neng a e-na le botho bo mabifi. O ne a e-na le botho bo mabifi hoo e itseng ha mapolesa a bitsoa ka baka la lerata leo eena le ntate oa hae ba neng ba le etsa, a ileng a otla mapolesa a mararo pele a mang a mo tšoara! Leha ho le joalo, ka mor’a nako o ile a teana le Lipaki tsa Jehova ’me a ithuta ho sebelisa boitšoaro, e leng e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23, NW) Kajeno, lilemo tse 30 hamorao, monna enoa o ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Ho Sebelisa Boitšoaro ka Lapeng
15, 16. (a) Ke eng se tla thusa monna ho sebelisa boitšoaro? (b) Ke boemong bofe boo ho bona boitšoaro bo hlokahalang haholo, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo efe? (c) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore mosali a sebelise boitšoaro?
15 Ka sebele ka lapeng ho hlokahala boitšoaro. E le hore monna a ka rata mosali oa hae joalokaha a ithata ho hlokahala hore a laole menahano ea hae, mantsoe, le liketso tsa hae ka matla. (Ba-Efese 5:28, 29) E, ho hlokahala hore banna ba sebelise boitšoaro e le hore ba ka utloa mantsoe a moapostola Petrose a ho 1 Petrose 3:7, (NW): “Lōna banna, tsoelang pele ho phela le bona ka mokhoa o tšoanang ho latela tsebo.” Haholo-holo ha mosali oa hae e le ea sa lumelang ho hlokahala hore monna ea lumetseng a sebelise boitšoaro.
16 Ha re etsa papiso: Moholo e mong o ne a e-na le mosali ea sa lumelang ea bohale. Leha ho le joalo, o ile a sebelisa boitšoaro, ’me sena se ile sa mo ruisa molemo haholo hoo ngaka ea hae e ileng ea ’molella: “John, e tlameha e be ka tlhaho u motho ea nang le mamello e khōlō kapa ho seng joalo u na le bolumeli bo matla.” Ka sebele re na le bolumeli bo matla, hobane “Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello,” o re nolofalletsang ho sebelisa boitšoaro. (2 Timothea 1:7) Ho phaella moo, ho hlokahala hore mosali a sebelise boitšoaro e le hore e ka ba ea ikokobelitseng, haholo-holo ha monna oa hae e le motho ea sa lumelang.—1 Petrose 3:1-4.
17. Ke hobane’ng ha boitšoaro e le ba bohlokoa litšebelisanong tsa motsoali le ngoana?
17 Boitšoaro bo boetse boa hlokahala litšebelisanong tsa motsoali le ngoana. E le hore batsoali ba ka ba le bana ba nang le boitšoaro, pele ho tsohle bona ka bobona ba tlameha ho beha mohlala o motle. ’Me ha ho hlokahala hore bana ba khalemeloe ka tsela e itseng, ka linako tsohle ba lokela ho khalemeloa ka mosa le ka lerato, e leng ho hlokang boitšoaro ba sebele. (Ba-Efese 6:4; Ba-Kolosse 3:21) Hape, e le hore bana ba ka bontša hore ka sebele ba rata batsoali ba bona ho hlokahala kutlo, ’me ka sebele ho bontša kutlo ho hloka boitšoaro.—Ba-Efese 6:1-3; bapisa le 1 Johanne 5:3.
Ho Sebelisa Thuso eo Molimo o Fanang ka Eona
18-20. Ke litokisetso life tsa moea tse tharo tseo re tlamehang ho li sebelisa hamolemo e le hore re ka hlaolela litšoaneleho tse tla re thusa ho sebelisa boitšoaro?
18 Ho hlokahala hore re sebelise hamolemo lithuso tsohle tseo Jehova Molimo a faneng ka tsona e le hore re ka hōla tšabong ea Molimo, leratong le hlokang boithati, tumelong, ho hloeeng ho hobe, le boitšoarong. A re buisaneng ka litokisetso tse tharo tsa moea tse ka re thusang ho sebelisa boitšoaro. Pele ho tsohle, ho na le tokelo ea bohlokoa ea thapelo. Le ka mohla ha re batle ho tšoareha haholo hoo re sitoang ho rapela. E, re lokela ho lakatsa ho ‘se phetse ho rapela,’ ho ‘tiisetsa thapelong.’ (1 Ba-Thessalonika 5:17; Ba-Roma 12:12, NW) A re rapelleng taba ea ho hlaolela boitšoaro. Empa ha re haelloa ke ho sebelisa boitšoaro, a re rapeleng Ntate oa rōna oa leholimo hore a re tšoarele ’me re bontše pako.
19 Karolo ea bobeli e ka re thusang ho bonahatsa boitšoaro ke ho fumana thuso e tlisoang ke ho iphepa ka Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse re nolofalletsang ho utloisisa le ho sebelisa Mangolo. Ho bonolo haholo ho hlokomoloha karolo ena ea tšebeletso ea rōna e halalelang! Re tlameha ho sebelisa boitšoaro ’me re lule re ipolella hore ha ho sa na boitsebiso bo baloang boo e leng ba bohlokoa ho feta Bibele le boitsebiso bo fanoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ka hona re tlameha ho bo etelletsa pele. (Mattheu 24:45-47) Ka nepo ho ’nile ha thoe bophelong re tlameha ho itekanya mesikaro. Na kannete re banna le basali ba moea? Haeba re ela hloko tlhoko ea rōna ea moea, re tla sebelisa boitšoaro bo hlokahalang ba hore re time thelevishene ’me re lokisetse liboka tsa rōna kapa re bale Molula-Qhooa oo mohlomong re sa tsoa o fumana posong.
20 Ntlha ea boraro, taba e ’ngoe ke ho etsa sohle seo re lokelang ho se etsa bakeng sa liboka tsa rōna tsa phutheho le likopano tse khōloanyane le likopano tse khōlō. Na re ikutloa re tlamehile ka ho felletseng ho ba teng libokeng tse joalo kaofela? Na re tla ho tsona re itokiselitse ho kopanela ’me ebe re etsa joalo ha re fumana monyetla? Ha re etsa sohle seo re lokelang ho se etsa bakeng sa liboka tsa rōna ka tekanyo e itseng, re tla matlafala ka tekanyo e tšoanang boikemisetsong ba rōna ba ho sebelisa boitšoaro tlas’a maemo ’ohle.
21. E meng ea meputso eo re ka e thabelang haeba re hlaolela tholoana ea moea ea boitšoaro ke efe?
21 Re ka lebella ho fumana meputso efe ha re leka ka matla ho sebelisa boitšoaro ka linako tsohle? Tabeng ea pele, le ka mohla re ke ke ra kotula litholoana tse bohloko tsa boithati. Re tla ba le boitlhompho le letsoalo le hloekileng. Re tla itšireletsa likhathatsong tse ngata ’me re tla lula re ntse re le tseleng e isang bophelong. Ho phaella moo, re tla khona ho etsetsa ba bang se molemo ka ho fetisisa. Ka holim’a tsohle, re tla be re bontša hore re utloa Liproverbia 27:11: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” Oo ke moputso o moholo ka ho fetisisa oo re ka o fumanang—tokelo ea ho thabisa pelo ea Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova!
Na U sa Hopola?
◻ Ho tšaba Molimo ho re thusa ho sebelisa boitšoaro?
◻ Ke hobane’ng ha lerato le ka re thusa ho sebelisa boitšoaro?
◻ Boitšoaro bo ka thusa joang litšebelisanong tsa lelapa?
◻ Ke litokisetso life tseo re tlamehang ho li sebelisa hamolemo e le hore re ka hlaolela boitšoaro?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Josefa o ile a sebelisa boitšoaro ha a le tlas’a teko
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho khalemela ngoana ka mosa le ka lerato ho hloka boitšoaro ba sebele