Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 12/15 maq. 21-24
  • Boitšoaro bo Bohlokoa ho Bakreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boitšoaro bo Bohlokoa ho Bakreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melemo ea Boitšoaro
  • Boitšoaro bo Tsoala Tsoelopele
  • Boitšoaro Boboleling
  • Tsela ea ho Hlaolela Boitšoaro
  • Ho Hlaolela Tholoana ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Boitšoaro—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • E le Hore U Hape Moputso, Sebelisa Boitšoaro!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Tsebong ea Lōna le Eketse Boitšoaro
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 12/15 maq. 21-24

Boitšoaro bo Bohlokoa ho Bakreste

HA MAPOLESA toropong e nyenyane New Mexico, U.S.A., a phallela moo ho thuntšitsoeng, a fumana kichini ea banyalani ba bacha e tletse mali le linaoa tse tala li hasane hohle. Mosali o ne a tsoile kotsi. Molato? Mohlaseli oa hae, molekane oa hae, a re ho mapolesa: “Na u ne u ke ke ua halefa haeba u ne u tlameha ho ja linaoa tse tala kamehla?”

Na ho thata ho lumela hore ntho e joalo e ka etsahala? Mohlomong. Empa batho ba bolauoe ka baka la lintho tse joalo tse sa reng letho. Liketsahalo tse joalo li se li tloaelehile. Mabakeng a mangata sena se bakoa ke ho hloka boitšoaro. Ka ho hlōleha ho laola maikutlo, batho ba hlahatsa bohale bo hlalositsoeng ke moapostola Pauluse e le o mong oa “mesebetsi ea nama.”—Ba-Galata 5:19-21.

Ho eketseha hona ha ho hloka boitšoaro ke karolo ea bopaki ba hore re phela ‘linakong tse bohloko’ “tse thata ho sebetsana le tsona,” ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea khale ea Satane. Ha Pauluse a hlalosa mehla ena, o ngotse hore banna (le basali) e tla ba ‘ba hanang ho boelanngoa, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō.’ (2 Timothea 3:1, 3, NW) Ho hlakile hore ‘mehla ea qetello’ e holim’a rōna, ʼme e ntse e tlala qhoebeshano ka ho fetisisa.

Bakreste ba lokela ho etsa eng ka sena? Pauluse o ba khothaletsa ho loantša “mesebetsi ea nama” ka ho hlaolela tholoana ea moea oa Molimo, ho kopanyelletsa le boitšoaro. (Ba-Galata 5:19, 22, 23) Boitšoaro ke eng? Ke ka baka la’ng ha Pauluse a bo buella? Ke melemo efe e meng e tlisoang ke bona?

Boitšoaro bo hlalosoa e le “ho ithiba litšusumetsong tsa motho, maikutlo, kapa litakatso.” Pauluse o bontšitse hore ho ithiba ho joalo ho thusa ho khetholla Mokreste oa ʼnete. Ha e le hantle, ho bontša boitšoaro ho thusa ho hlaoleleng litholoana tse ling tsa moea oa Molimo, joaloka khotso, sebete, khauho, molemo le bonolo. Ho etsa hore Mokreste a phehelle ho sebeletsa Molimo le ho hanela likhatello tsa Satane, lefatše, le nama e sa phethahalang. Ke kahoo Pauluse a ileng a ngolla Ba-Galata: “Tsamaeang ka Moea, ʼme le se ke la kholisa litakatso tsa nama.”—Ba-Galata 5:16.

Sena se bohlokoa haholo hona joale kaha mehla ea rōna e tšoailoe ka ho eketseha ha ho hloka boitšoaro. Ka mohlala, mapolesa metseng e mengata a hlokomela hore bakhanni ba bangata ba makoloi ba hlokomoloha melao ea tsela. Ho hlokomolohuoa ho joalo ha melao ea tsela ho hlahisa lipolelo tse bohale tse ka ʼnang tsa baka lintoa. ʼMila o mong Houston, Texas, o na le karolo e bitsoang “Sebaka sa Liqabang” ka baka la lintoa tse ngata tse loanoang mono. Mohlala o mong, hlokomela se ileng sa etsahala ka linako tse ling ha bo-ramakoloi ba ne ba eme ka mola ho tšela petrole. Ho hloka boitšoaro ha fella ka bohale le lipolaeano kaha bo-ramakoloi ba bang ka boithati ba ne ba kenella ka pele ho ba bang hore ba fumana petrole eo ba e batlang.

Maemong ana le a mang a hatellang, Mokreste o lokela ho tiisa hore a se susumetsoe ke ba tšollelang bohale ho ba bang. Kamehla o lokela ho khetholloa ka boitšoaro le bonolo.

Melemo ea Boitšoaro

Boitšoaro bo tlisa melemo e mengata, e meng ea eona ke e pepenene. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le nyatsa bonyollo le botahoa. (Liproverbia 23:20, 21) Moapostola Pauluse o-oa eletsa: “Empa leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (1 Ba-Korinthe 10:31) Boitšoaro bo re thusa ho utloa melao, ʼme sena se tlisa melemo ea ʼnete ea bophelo. Leha ho le joalo, botahoa le bonyollo ha se feela hore bo kotsi bophelong empa bo ka etsa hore Mokreste a tlosoe ka phuthehong ea Bokreste. Ka hona, boitšoaro mabakeng ana bo thusa Mokreste ho ba haufi le Jehova.

Hape boitšoaro bo re thusa ho hanela bolokolohi bo feteletseng ba lefatše lena. (1 Ba-Korinthe 2:12) Kajeno, bofebe, bosodoma, bohlola le mefuta eohle ea likamano tse litšila tsa likobo li phatlalalitsoe hohle e le tse amoheloang le tse tloaelehileng. Leha ho le joalo, banna ba Bakreste le basali ba hanela lipuello tsa boitšoaro bo joalo ʼme ba loanela hore ba ipoloke ba hloekile mahlong a Molimo. Ba tseba hore “ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ʼmuso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Boitšoaro bo ba nolofaletsa ho hanela ho itšilafatsa ka ho nahana ka boitšoaro bo litšila ho neng ho ba nea boikutlo ba hore lintho tse joalo li lokile.

Kajeno monahano o fosahetseng o eketsehile ka tsela tse fapaneng empa haholo-holo ka boithabiso, e ka ba thelevishene, libaesekopo, ʼmino, litšoantšiso, libuka kapa mecha e meng. Mokreste o lokela ho bontša boitšoaro mabapi le nako eo a e sebelisang boithabisong, a hlokomela hore motho o hloka feela boithabiso bo lekaneng hore a khatholohe, empa ha a fetisa tekanyo eo, boithabiso bo fetoha temallo. O boetse o lokela o sebelisa boitšoaro mofuteng oa boithabiso boo a bo phehellang, a hlokometse hore boithabiso bo bongata bo tloaelehileng kajeno bo totobatsa maikutlo a boitšoaro bo litšila, litšekamelo tsa pefo, kapa ho tšoasoa ke bonohe. Lintho tsena ha lia lokela Bakreste.—Ba-Efese 2:1-3.

Boitšoaro bo Tsoala Tsoelopele

Boitšoaro ha se feela tšireletso. Bo boetse bo thusa Mokreste hore a tsoele pele moeeng le tšebeletsong ea hae. Moapostola Petrose a hatella sena ha a ne a ngola: “Le eketse tumelo ea lōna ka matla, le matla a eketsoe ka tsebo, le tsebo ka boitšoaro.” A bolela hore litšoaneleho tsena, hammoho le mamello, boinehelo ba Molimo, lerato la boena, le lerato, “li ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botsoa le sa ho nyopa tsebong ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (2 Petrose 1:5-8) Boitšoaro bo re thusa joang ho tsoela pele re le basebeletsi ba Bakreste?

Hangata Mokreste o sebelisa nako e ngata khoeli le khoeli a bolella ba bang ka litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba ka kopanela mosebetsing ona ka ngope-a-setšoha kahobane nako ea bona e nkuoa ke mesebetsi e meng kapa ba nyahama kahobane ba bang ba sa thahaselle molaetsa. Ho ka etsahala hore ba joalo ba na le tsebo e ntle ea Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba tsoele pele, ba chechela morao, mohlomong ho fihla ntlheng ea ho ‘nyopa’ ho feletseng. Ke eng seo ba lokelang ho se etsa?

Moapostola Petrose o eletsa ka hore ba ‘eketse tsebo ea bona ka boitšoaro.’ Taba ena e ka bolela ho itšoara mabapi le nako e sebelisetsoang boikhathollo, mesebetsi ea kahisano kapa ha esita le mosebetsi oa boipheliso. Kapa boitšoaro bo ka ʼna ba akarelletsa ho imatlafatsa kamehla ho phehella ho sa tsotellehe boiphapanyo ba batho. Motho a ka hlaolela sena ka boithuto ba botho ba Bibele ba kamehla, hammoho le ho ba libokeng tsa Bakreste.

Hape boitšoaro bo thusa Mokreste ho hōlisa likamano tsa hae le ba bang. Ka ho hlaolela boitšoaro, o tla thabela katleho e ngata litšebelisanong le ba bang ka phuthehong, ʼme moea oa thabo le khotso o tla ba teng. (Ba-Efese 4:3) Ka baka la boitšoaro, e mong le e mong o tla batla hore e se be mohloli oa likhopiso ho ba bang ka phuthehong.—Ba-Filippi 1:9, 10.

Boitšoaro bo akarelletsa haholo-holo ho laola leleme. Sena se bohlokoa haeba re tla qoba ho khopisa ba bang. Empa sena ha se bonolo. Morutuoa Jakobo o ngotse: “Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jakobo 3:2) Leha ho le joalo, Jakobo o ile a atleha ho sena, a khothaletsa Bakreste bohle ho ithuta ho laola leleme la bona, e le hore ba ka le sebelisetsa ho hlohonolofatsa ba bang. (Jakobo 3:5-12) Ka hona, a ngola: “ʼMe tholoana tsa ho loka li jalloa khotsong ho ba etsang khotso.”—Jakobo 3:18.

Boitšoaro Boboleling

Ka linako tse ling, Mokreste ha a le mosebetsing oa boboleli a ka ʼna a teana le motho ea sa tsebeng ho itšoara. Linakong tse joalo Mokreste o lokela ho itšoara haholo. A khutse kapa a se iphetetse ka polelo kapa ka ketso. Mosali e mong oa Mokreste a fana ka mohlala o hlollang tabeng ena. Ka Moqebelo o mong hoseng a etela tlung ea boraro, mong’a ntlo a bula monyako ʼme a qala ho mo thunya. Empa mosebeletsi a ikhutsetsa. A re: “U nthuntse,” mong’a ntlo a araba, “E, ke u thuntse,” ʼme a tsoela pele a thunya. Paki ea tlaleha: “Ke ne ke e-na le masoba a mabeli a likulo baking ea ka, a mang a mabeli mokotlaneng oa ka ʼme le leng leotong. Kulo e ʼngoe ea feta pakeng tsa maoto a ka. Maoto a ka a ne a chesa ha ke leka ho baleha monyakong.”

Mosali oa Mokreste a boloka boitšoaro bo sa tloaelehang tekong eo. A rapela Jehova hore a mo thuse a ee tlung e latelang ʼme a se oe tseleng. A fihla, a tsamaea a itšoareletsa. Mong’a ntlo a mo bulela, ʼme ha a utloa hore o thuntšoe, ka mosa a mo kenya ka tlung. Mosali eo hammoho le morali oa hae e moholo oa mooki ba mo nea thuso ea potlako ha morali e mong a letsetsa mapolesa le koloi ea bakuli. Boitšoaro ba mosebeletsi enoa oa Mokreste ba makatsa mapolesa pele, bathusi ba lingaka ba tsamaeang ka koloi ea bakuli, letšoele le neng le bokane, le basebetsi ba sepetlele.

Ke ʼnete hore Bakreste ba bangata ba basebeletsi ha ba ke ba thunngoa. Empa kamehla ba thulana le batho ba sa thabang le ba halefileng. Ba lokela ho hopola hore “karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” (Liproverbia 15:1) Jesu ke mohlala oa bona. Petrose ha a ngola ka eena, o itse: “Enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:23) E, boitšoaro ke puello e ntle ho mosebeletsi oa Mokreste.

Tsela ea ho Hlaolela Boitšoaro

Kaha boitšoaro ke tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, re hloka moea oo ho hōlisa boitšoaro. Pauluse o ngotse: “Tsamaeang ka Moea.” (Ba-Galata 5:16, 22, 23) Bakreste bohle e tlameha ho ba liithuti tse chesehelang Lentsoe la Molimo, le hlahisitsoeng ke moea o halalelang. Boithuto ba kamehla ba Lentsoe leo, le ho sebelisa seo re ithutang sona bophelong ba rōna, ho tla re nolofaletsa ho laola mehopolo ea rōna, ‘le ho hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.’ (2 Ba-Korinthe 10:5; Ba-Roma 12:2) E, ho bohlokoa hore Mokreste a ithute ho nahana joaloka Jesu le Jehova Molimo.

Pelo, setsi sa tšusumetso, e tlameha ho susumetsoa ke moea oa Molimo kaha boitšoaro bo bolela ho laola, kapa ho thibela maikutlo a motho kapa litakatso, tse hlahang pelong. (Mattheu 15:19) Hopola keletso ena e molemo: “Boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.” (Liproverbia 4:23) Lumella moea oa Molimo o ame pelo ea hao ha u ntse u ithuta metheo ea Bibele. Haeba ho khoneha, tšoara ka hlooho likeletso tsa Mangolo tseo u ka li hopolang ha u tobane le liteko.

Litloaelano tse molemo le Bakreste ʼmoho li boetse li thusa ho hōlisa boitšoaro. (Ba-Heberu 10:23-25) Liboka tse sa tšoaneng tsa phutheho ea Bokreste li lokiselitsoe ho thusa Bakreste bohle ho hōla tsebong ea Bibele le ho khona ho hlahisa litholoana tsa moea oa Molimo. Ho phaella moo, etsa metsoalle le bao e leng mehlala ea boitšoaro. Ka hona, le uena u tla khothalletsoa ho hōlisa tšoaneleho ena.—Liproverbia 13:20; 27:17.

Taba ea bohlokoa eo le ka mohla e sa lokelang ho qheleloa kathoko ke ho buisana kamehla le Jehova ka thapelo. Mokreste o tlameha ho kōpa thuso ea oona kamehla ha a hlaolela boitšoaro. Kōpa moea oa hae hore o u thuse. ʼMe haeba u fumana hore u hlōlehile ho bontša boitšoaro tabeng e itseng, ka boikokobetso le ka botebo kōpa Jehova hore a u tšoarele. Jesu o re rutile ho rapela: “U se ke ua re isa molekong.” Pauluse o khothalelitse Bakreste ‘ho tiea thapelong.’ Ka hona, e-ea ho Jehova u sa ‘phetse’ u mo kōpe thuso ha u ntse u phehella ho hlaolela boitšoaro bophelong ba hao.—Mattheu 6:13; Ba-Roma 12:12; 1 Ba-Thessalonika 5:17.

Boitšoaro ke tšoaneleho e ntle hakaakang ea Mokreste! Tsoela pele ho e hlaolela. Ba etsang joalo ba na le boitlhompho bo boholo. Ba thabela khotso e khōlō le thabo lelapeng la bona le likamanong tsa phutheho, hammoho le likamano tse molemo le ba bang bophelong ba bona ba letsatsi ka leng. Ha bohlokoa ka ho fetisisa, boitšoaro bo thusa ho tiisa kamano e molemo le ʼMopi ’me hape bo sebetsa ho ba khetholla e le bahlanka ba ʼnete ba Bakreste ba Molimo oa rōna, Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela