Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 64
  • Thuto ea ho Tšoarela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea ho Tšoarela
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Ho Tšoarela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Tšoarelana
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lebaka Leo ka Lona re Lokelang ho Tšoarela
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “Ha e le Hantle ke Mang eo e Leng Lekhoba le Tšepahalang le le Masene?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 64

Khaolo ea 64

Thuto ea ho Tšoarela

HO BONAHALA Jesu a sa ntse a le ka tlung Kapernauma le barutuoa ba hae. O ne a ntse a buisana le bona ka tsela ea ho sebetsana le mathata a pakeng tsa baena, kahoo Petrose oa botsa: “Morena, ngoan’eso ha a ntse a ntšiteloa, ke tla mo tšoarela hakae na?” Kaha baruti ba bolumeli ba Bajode ba buella ho tšoarela ho fihlela ka makhetlo a mararo, mohlomong Petrose o ho nka e le ho mosa haholo ho etsa tlhahiso: “E tla ba hasupa na?”

Empa khopolo eohle ea ho boloka tlaleho e joalo e fosahetse. Jesu o lokisa monahano oa Petrose: “E se ke ea e-⁠ba hasupa, e mpe e be hamashome a supileng a baloang hasupa.” O bontša hore ha ho moeli o lokelang ho beoa bakeng sa makhetlo ao Petrose a tšoarelang ngoan’abo ka ’ona.

Ho hatisa ho barutuoa tlamo ea bona ea ho tšoarela, Jesu o ba bolella setšoantšo. Ke sa morena ea batlang ho lokisa litaba tsa melato ea bahlanka ba hae. Mohlanka e mong ea nang le molato o moholohali oa lidenare tse 60 000 000 o tlisoa ho eena. Ha ho tsela eo a ka lefang molato ka eona. Kahoo, joalokaha Jesu a hlalosa, morena o laela hore eena le mosali oa hae le bana ba hae ba rekisoe ’me ho lefshoe molato.

Ha a rialo mohlanka eo itihela maotong a mong’a hae ’me oa mo rapela: ‘Nkhauhele, ke tla u lefa tsohle.’

A susumelitsoe ke qenehelo, ka mohau mong’a hae o hlakola molato oohle o moholohali oa mohlanka eo. Jesu o tsoela pele ho bolela hore, empa hang ha a qeta ho etsa joalo, mohlanka enoa oa tsoa ’me o fumana mohlanka ’moho le eena ea mo kolotang lidenare tse 100 feela. Monna eo o tlenya mohlanka ’moho le eena ka ’metso ’me o qala ho mo khama, a re: “Lefa molato oa hao.”

Empa mohlanka ’moho le eena ha a na chelete eo. Kahoo o itihela maotong a mohlanka eo a mo kolotang, oa rapela: ‘Nkhauhele, ke tla u lefa.’ Ho fapana le mong’a hae, mohlanka eo ha a na mohau, ’me u etsa hore mohlanka ’moho le eena a hlahleloe teronkong.

Jesu o tsoela pele ho bolela hore bahlanka ba bang ba boneng se etsahetseng ba tsamaea ho ea bolella mong’a bona. Ka khalefo o bitsa mohlanka eo. O re: “Mohlanka ea lonya, ke ne ke u leseletse molato oohle oa hao, kahobane u no o nthapetse. Ana e ne e se tšoanelo ea hao le uena ho hauhela molekane oa hao oa bohlanka joale ka ha ke ne ke u hauhetse le uena na?” Ka bohale, mong’a bona o nea balebeli ba teronko mohlanka ea se nang mohau ho fihlela a ka lefa molato oohle oa hae.

Joale Jesu o qetella ka hore: “Le tla etsoa joalo ke Ntate ea maholimong, ha e mong le e mong oa lōna a sa tšoarele ngoan’abo litlōlo ka pelo ea hae eohle.”

Ke thuto e molemo hakaakang ea ho tšoarela! Ha o bapisoa le molato o moholo oa sebe oo Molimo o re tšoaretseng oona, ka sebele tlōlo leha e le efe eo moena oa rōna oa Mokreste a re sitetsoeng ka eona e nyenyane. Ho feta moo, Jehova Molimo o ’nile a re tšoarela ka makhetlo a likete. Hangata, ha re hlokomele le libe tseo re mo siteloang ka tsona. Kahona, na re ke ke ra tšoarela moena oa rōna ka makhetlo a seng makae, le haeba re e-⁠na le lebaka le utloahalang la ho belaela? Hopola, joalokaha Jesu a ile a ruta Thutong ea Thabeng, Molimo o tla ‘re tšoarela melato ea rōna, joale ka ha le rōna re tšoarela ba nang le melato ho rōna.’ Mattheu 18:21-35; 6:12; Ba-Kolosse 3:13.

▪ Potso ea Petrose mabapi le ho tšoarela ngoan’abo e tlisoa ke eng, ’me mohlomong ke hobane’ng ha a nahana hore tlhahiso ea hae ea ho tšoarela motho e mong ka makhetlo ke e mosa?

▪ Karabelo ea morena kōpong ea mohlanka oa hae e fapana joang le karabelo ea mohlanka eo kōpong ea mohlanka ’moho le eena?

▪ Re ithuta eng setšoantšong sa Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela